-
Mareka 5:25-34Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
25 Ho ne ho e-na le mosali e mong ea neng a e-na le bothata ba phallo ea mali+ ka lilemo tse 12.+ 26 Lingaka tse ngata li ne li mo baketse bohloko bo boholo. O ne a sebelisitse chelete ea hae kaofela empa ho e-na le hore a fole, o ne a kula le ho feta. 27 Ka mor’a hore a utloele ka Jesu, a tla ka mor’a hae har’a letšoele ’me a tšoara seaparo sa hae,+ 28 kaha o ne a ntse a re ka pelong: “Haeba feela nka tšoara liaparo tsa hae ke tla fola.”+ 29 Hang-hang mali a hae a khaotsa ho phalla ’me a utloa ’meleng oa hae hore o folile.
30 Kapele-pele Jesu a hlokomela hore matla+ a tsoile ho eena. A qamaka har’a letšoele eaba o re: “Ke mang ea thetsitseng liaparo tsa ka?”+ 31 Barutuoa ba hae ba re ho eena: “Na kannete batho ba u petelitse ba le bangata tjee, u ka re na ke mang ea u thetsitseng?” 32 Empa o ne a ntse a qamaka hore na ke mang ea mo thetsitseng. 33 Kaha mosali eo o ne a hlokometse hore o folile, a tla ’me a khumama ka pel’a hae a tšohile a bile a thothomela eaba o ipuela ’nete feela. 34 Jesu a re ho eena: “Ngoan’eso,* tumelo ea hao e u folisitse. Tsamaea ka khotso,+ bohloko ba hao bo fole.”+
-
-
Luka 8:43-48Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
43 Ho ne ho e-na le mosali ea neng a e-na le bothata ba phallo ea mali+ ka lilemo tse 12 ’me ho se na motho ea khonang ho mo phekola.+ 44 A tla ho Jesu a mo hlaha ka morao, a tšoara litjobo tsa seaparo sa hae+ eaba hang-hang oa fola. 45 Jesu a re: “Ke mang ea nthetsitseng?” Kaofela ba itatola. Petrose eena a re: “Mosuoe, batho ba u pota-potileng ba bangata ebile ba u petelitse.”+ 46 Empa Jesu a re: “Ho na le motho ea nthetsitseng hobane ke utloile ha matla+ a tsoa ho ’na.” 47 Ha mosali eo a hlokomela hore ha a na mokhoa oa ho ipata, a khumama ka pel’a Jesu a ntse a thothomela, a mo hlalosetsa ka pel’a batho lebaka leo a mo tšoereng ka lona le kamoo a folisitsoeng hang-hang kateng. 48 Jesu a re ho eena: “Ngoan’eso,* tumelo ea hao e u folisitse. Tsamaea ka khotso.”+
-