-
Luka 18:31-33Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
31 A nkela baapostola lekunutung eaba o re ho bona: “Re nyolohela Jerusalema ’me lintho tsohle tseo baprofeta ba li ngotseng ka Mor’a motho li tla phethahala.+ 32 Mohlala, ba tla nehelana ka eena ho balichaba,+ a songoe,+ a tšoeloe ka mathe le ho tšoaroa hampe.+ 33 Ba tla mo shapa ba be ba mo bolaee+ empa o tla tsoha ka letsatsi la boraro.”+
-