Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 16:21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 Ho tloha ka nako eo ho ea pele Jesu a hlalosetsa barutuoa ba hae hore o tla ea Jerusalema, a hlorisoe hampe ke baholo, baprista ba baholo le bangoli, a be a bolaoe ebe o tsosoa ka letsatsi la boraro.+

  • Matheu 17:22, 23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Ha ba ntse ba bokane Galilea Jesu a re ho bona: “Mor’a motho o tl’o rekisoa* ebe ho fanoa ka eena matsohong a batho.+ 23 Ba tla mo bolaea ebe o tsosoa ka letsatsi la boraro.”+ Eaba barutuoa ba sareloa haholo.

  • Mareka 8:31
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 31 Hape, a qala ho ba ruta hore Mor’a motho o tla hlorisoa hampe, baholo, baprista ba baholo le bangoli ba ke ke ba mo amohela le hore o tla bolaoa+ ebe o tsosoa ka letsatsi la boraro.+

  • Luka 9:44, 45
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 44 “Mamelang mantsoe ana ka hloko, le a hopole: Mor’a motho o tl’o rekisoa* ebe ho fanoa ka eena matsohong a batho.”+ 45 Leha ho le joalo, ba ne ba sa utloisise hore na o bolela’ng. Taba ena e ne e entsoe lekunutu e le hore ba se ke ba e utloisisa hape ba ne ba tšaba ho mo botsa hore na o bolela’ng.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela