-
1 Bathesalonika 2:14-16Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
14 Bana beso, le ile la etsisa liphutheho tsa Molimo tse Judea tse ikarabellang ho Kreste Jesu hobane le ile la hlorisoa ke batho ba naha ea habo lona+ feela joalokaha le bona ba ntse ba hlorisoa ke Bajuda. 15 Hape Bajuda bao ba ile ba bolaea Morena Jesu+ le baprofeta ’me ba re hlorisa.+ Ha ba thabise Molimo, le lintho tseo ba li etsang ha li tsoele mang kapa mang molemo. 16 Ba leka ho re sitisa ho bolella batho ba lichaba hore na ba ka etsa’ng e le hore ba pholosoe.+ Ha ba etsa joalo, ba lula ba eketsa libe tsa bona. Leha ho le joalo, khalefo ea Molimo e ba fihletse.+
-