52 Le malimabe lona litsebi tsa Molao hobane le timme batho monyetla oa ho fumana tsebo.* Ha lea ka la kena ’Musong oa Molimo ebile le sitisa ba kenang.”+
49 Lentsoe la Jehova* la phatlalatsoa naheng eo eohle. 50 Bajuda ba hlohlelletsa basali ba balumeli ba tummeng hammoho le banna ba hlaheletseng ba motse. Ba tsosetsa Pauluse le Barnabase mahloriso+ eaba ba ba ntšetsa ka ntle ho meeli ea bona.