Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 6:25-30
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Ka lebaka lena ke re ho lona, tlohelang ho tšoenyeha+ ka bophelo ba lona hore na le tla ja’ng kapa le tla noa’ng kapa la tšoenyeha ka ’mele ea lona hore na le tla apara’ng.+ Na bophelo ha bo bohlokoa ho feta lijo le ’mele ha o bohlokoa ho feta liaparo?+ 26 Shebang linonyana,+ ha li jale peo leha e le ho kotula kapa ho boloka lijo ka setorong empa Ntate oa lona ea leholimong oa li fepa. Na ha le bohlokoa ho li feta? 27 Ke mang ho lona eo ha a tšoenyeha a ka lelefatsang bophelo ba hae leha e le hanyenyane feela?*+ 28 Hape ke hobane’ng ha le tšoenyeha ka liaparo? Ithuteng kamoo lipalesa* tsa naha li holang kateng. Ha li lohe liaparo ebile ha li sebetse ka thata 29 empa kea le bolella hore esita le Solomone+ le hoja a ne a apara hantle, o ne a sa apare joaloka tsona. 30 Joale haeba ena ke tsela eo Molimo a apesang limela tsa naha ka eona, tse leng teng kajeno ’me hosane li lahleloa ka ontong, na lona a ke ke a le apesa le ho feta, lona ba nang le tumelo e nyenyane?

  • Bafilipi 4:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Le se ke la tšoenyeha ka letho.+ Ho e-na le hoo, le rapele Molimo kamehla, le mo kope ka tieo* hore a le tataise linthong tsohle ’me le mo lebohe kamehla.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela