-
Levitike 23:5-8Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
5 Ka letsatsi la bo14 la khoeli ea pele,+ ka shoalane* ke Paseka+ ea Jehova.
6 Ka letsatsi la bo15 khoeling ena ke Mokete oa Mahobe a se Nang Tomoso oa Jehova.+ Le je mahobe a se nang tomoso ka matsatsi a supileng.+ 7 Letsatsing la pele, le be le kopano e halalelang.+ Le se ke la etsa mosebetsi leha e le ofe o boima. 8 Empa le hlahise nyehelo e chesetsoang Jehova ka matsatsi a supileng. Ka letsatsi la bosupa ke kopano e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi leha e le ofe o boima.’”
-