Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 26:14-16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 E mong oa baapostola ba 12 ea bitsoang Judase Iskariota+ a ea ho baprista ba baholo a re:+ 15 “Le tla mpha eng ha nka le fa eena* hore le mo tšoare?”+ Ba mo tšepisa likotoana tsa silevera tse 30.+ 16 Kahoo, ho tloha ka nako eo a ’na a batla monyetla o motle oa ho ba fa eena.*

  • Mareka 14:10, 11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 E mong oa baapostola ba 12 ea bitsoang Judase Iskariota a ea ho baprista ba baholo ho ba thusa ho tšoara Jesu.+ 11 Ha ba utloa, ba thaba eaba ba mo tšepisa chelete ea silevera.+ Kahoo, a ’na a batla monyetla oa ho mo rekisa.*

  • Johanne 6:70
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 70 Jesu a re ho bona: “Ke ’na ea le khethileng lona ba 12.+ Empa e mong oa lona ke moetselletsi.”*+

  • Johanne 13:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Ha ho ntse ho jeoa lijo tsa mantsiboea, Diabolose o ne a se a susumelitse Judase Iskariota+ mora oa Simone hore a rekise* Jesu.+

  • Johanne 13:27
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 Ka mor’a hore Judase a nke bohobe boo, a kenoa ke Satane.+ Eaba Jesu o re ho eena: “Ntho eo u e etsang u hle u e etse kapele.”

  • Liketso 1:16, 17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 “Bana beso, boprofeta ba lengolo leo moea o halalelang o ileng oa susumetsa Davida hore a bo bolele bo ne bo lokela ho phethahala. Ke boprofeta bo buang ka Judase+ ea ileng a tataisa batho ba ileng ba tšoara Jesu.+ 17 E ne e le e mong oa rona ebile a khethiloe+ hore a etse mosebetsi ona.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela