54 Jesu a re: “Haeba ke itlotlisa, thoriso ea ka ha se letho. Ke Ntate ea ntlotlisang,+ eena eo le reng ke Molimo oa lona. 55 ’Na kea mo tseba,+ lona ha le mo tsebe.+ Hoja ke itse ha ke mo tsebe, ke ne ke tla be ke le leshano joaloka lona. Empa ehlile kea mo tseba ebile kea mo mamela.