Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 53:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  7 O ile a hatelloa+ ’me a itumella hore a hlorisoe+

      Empa ha ho letho leo a ileng a le bua.

      O ile a tlisoa joaloka nku e tl’o hlajoa+

      Joaloka nku e tšehali e khutsitseng ka pel’a bakuti ba eona,

      Ha ho letho leo a ileng a le bua.+

  • Esaia 53:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Ka lebaka la mahlomola a hae,* o tla bona ’me a khotsofale.

      Ka tsebo ea hae, mohlanka oa ka ea lokileng+

      O tla thusa batho ba bangata hore ba fihlele ho loka+

      ’Me a jare liphoso tsa bona.+

  • 1 Bakorinthe 15:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Tse ling tsa lintho tsa bohlokoa tseo ke ileng ka le bolella tsona ke tseo le ’na ke ileng ka li rutoa e leng hore ho ea ka Mangolo, Kreste o shoetse libe tsa rona.+

  • Baheberu 9:13, 14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Motho ea sa hloekang o hlaha a hloekile ho Molimo hobane feela moprista a sebelisa mali a lipoli le a lipoho+ le ho mo fafatsa ka molora oa khomo ea sethojana* ho mo hloekisa.+ 14 Mali a Kreste ’ona a bohlokoa le ho feta+ hobane ka thuso ea moea o halalelang,* o ile a fa Molimo bophelo ba hae e le sehlabelo se phethahetseng. Mali a hae a etsa hore re be le matsoalo a khutsitseng hobane re tlohetse mesebetsi e mebe+ e le hore re ka sebeletsa Molimo ea phelang.+

  • 1 Petrose 2:24
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 O ile a jara libe tsa rona+ ha a khokhotheloa palong*+ e le hore a re lokolle sebeng ’me re phelele ho etsa lintho tse ntle. “Le ile la folisoa ka lebaka la maqeba a hae.”+

  • 1 Johanne 3:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Le lona lea tseba hore o ile a bonahatsoa hore a tlose libe+ tsa rona empa eena ha a na sebe.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela