3 Bangoli ba bang ba buela ka pelong ba re: “Motho enoa o rohaka Molimo.” 4 Kaha Jesu o ne a tseba hore na ba nahana’ng, a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le nahana lintho tse fosahetseng joalo?+
6 Ba bang ba bangoli ba ne ba lutse moo ba ntse ba re ka lipelong:+7 “Ke hobane’ng ha monna eo a bua tjee? O tella Molimo. Ke mang ea ka tšoarelang libe haese Molimo?”+8 Empa hang-hang Jesu a tseba* hore ba nahana joalo eaba o re ho bona: “Ke hobane’ng ha le nahana lintho tse joalo?+
47 Ha Jesu a bona Nathanaele a tla ho eena a re: “Enoa kannete ke Moiseraele ea se nang bolotsana.”+48 Nathanaele a re ho eena: “U ntsebella kae?” Jesu a re: “Ke u bone u le tlas’a sefate sa feie* pele Filipi a u bitsa.”
23 Ke tla bolaea bana ba hae ka lefu la seoa e le hore liphutheho tsohle li tsebe hore ke hlahloba menahano e tebileng* le lipelo ’me ke tla putsa e mong le e mong oa lona ho ea ka mesebetsi ea hae.+