Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 11:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Ha barutuoa ba Johanne ba ntse ba le tseleng, Jesu a re ho matšoele ka Johanne: “Monna eo le mo boneng lefeelleng ke mang?+ Na ke motho ea kang lehlaka le ntseng le tsukutloa ke moea?+

  • Matheu 11:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Enoa ke eo ho ngotsoeng tjena ka eena: ‘Ke romela moromuoa oa ka pele ho uena* ea tla lokisa tsela ea hao ka pel’a hao.’+

  • Luka 1:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Leha ho le joalo, lengeloi la re ho eena: “Zakaria, u se ke oa tšoha hobane Molimo o utloile thapelo ea hao. Kahoo, mosali oa hao Elizabetha o tla u tsoalla mora ’me u tla mo reha Johanne.+

  • Luka 1:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Hape Molimo o tla mo roma hore a mo etelle pele ka moea le matla a tšoanang le a Elia.+ O tla etsa hore lipelo tsa bo-ntate li tšoane le tsa bana,+ a thuse ba sa mameleng hore ba be bohlale ’me ba etse lintho tse nepahetseng, e le hore a lokisetse Jehova* sechaba.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela