Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Liketso 9:1, 2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Saule a ’na a hlorisa barutuoa ba Morena+ a bile a batla ho ba bolaea. O ile a ea ho moprista ea phahameng 2 a kopa hore a mo fe mangolo a eang matlong a thapelo* a Damaseka, e le hore a ka tšoara mang kapa mang oa Tsela ea Morena+ a be a mo ise Jerusalema.

  • Liketso 22:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Ke ne ke hlorisa banna le basali ba Tsela ea Morena, ke ba isa teronkong ke bile ke fana ka bona hore ba bolaoe.+

  • Liketso 26:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Ke eona ntho eo ke neng ke e etsa Jerusalema. Kaha ke ne ke fuoe matla ke baprista ba baholo,+ ke ne ke koalla barutuoa ba Jesu* literonkong.+ Ke ne ke tšehetsa qeto ea hore ba bolaoe.

  • Bagalata 1:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Le utloile hore na ke ne ke itšoere joang ha ke ntse ke le bolumeling ba Bojuda,+ ke ne ke hlorisa phutheho ea Molimo haholo eseng hanyane ebile ke batla ho e felisa.+

  • Bafilipi 3:5, 6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Ke bololitsoe ka letsatsi la borobeli,+ ke oa sechaba sa Iseraele, ke oa leloko la Benjamine, ke Moheberu ea tsoetsoeng ke Baheberu,+ ke ne ke le Mofarisi+ ke latela molao. 6 Kaha ke ne ke cheseha haholo, ke ne ke hlorisa phutheho.+ Ke ne ke bontša hore ha ke na molato ka ho etsa lintho tse lokileng ho ea ka molao.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela