Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Liketso 8:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Saule eena a hlasela phutheho. O ne a kena ka ntlo le ntlo, a nka banna le basali ka likhoka ebe o ba isa teronkong.+

  • Liketso 22:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Ke ne ke hlorisa banna le basali ba Tsela ea Morena, ke ba isa teronkong ke bile ke fana ka bona hore ba bolaoe.+

  • Liketso 26:10, 11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Ke eona ntho eo ke neng ke e etsa Jerusalema. Kaha ke ne ke fuoe matla ke baprista ba baholo,+ ke ne ke koalla barutuoa ba Jesu* literonkong.+ Ke ne ke tšehetsa qeto ea hore ba bolaoe. 11 Hangata ke ne ke ea matlong a thapelo,* ke ba hlorisa, ke leka ho ba lahlisa tumelo ea bona. Ke ne ke ba halefetse hoo ke neng ke ba hlorisa le metseng e meng.

  • Bagalata 1:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Le utloile hore na ke ne ke itšoere joang ha ke ntse ke le bolumeling ba Bojuda,+ ke ne ke hlorisa phutheho ea Molimo haholo eseng hanyane ebile ke batla ho e felisa.+

  • 1 Timothea 1:12, 13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Ke leboha Kreste Jesu Morena oa rona ea ileng a mpha matla hobane o ile a bona ke tšepahala eaba o mpha mosebetsi o halalelang+ 13 le hoja qalong ke ne ke nyefola Molimo, ke hlorisa batho ba hae ebile ke ikhohomosa.+ Ke ile ka etsa lintho tseo hobane ke se na tsebo ebile ke se na tumelo empa Kreste o ile a nkhauhela.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela