21 A paqama holim’a ngoana ka makhetlo a mararo ’me a rapela Jehova a re: “Jehova Molimo oa ka, ke kopa u etse hore ngoana enoa a phele hape.” 22 Jehova a mamela kopo ea Elia+ ’me ngoana a boela a phela.+
34 A robala holim’a moshanyana ’me a beha molomo oa hae holim’a molomo oa hae, mahlo a hae holim’a mahlo a hae le matsoho a hae holim’a matsoho a hae, a etsa joalo ho fihlela ’mele oa moshanyana o futhumala.+