-
Johanne 11:44Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
44 Lazaro a tsoa a thatetsoe maoto le matsoho ka masela le sefahleho sa hae se ne se thatetsoe ka lesela. Jesu a re: “Thatollang masela ao le mo tlohele a tsamaee.”
-
-
Liketso 9:40, 41Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
40 Petrose a re batho bohle ba tsoele ka ntle+ eaba oa khumama oa rapela. Ha a qeta a sheba ka ho mofu a re: “Tabitha, tsoha.” A bula mahlo, eare ha a bona Petrose, a tsoha.+ 41 Petrose a tšoara Tabitha ka letsoho, a mo phahamisa eaba o bitsa bahlolohali le barutuoa ba bang, a ba bontša hore Tabitha oa phela.+
-
-
Liketso 20:9, 10Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
9 Mohlankana ea bitsoang Eutikase o ne a lutse fensetereng ha Pauluse a ntse a bua eaba o ea le sephume sa boroko ’me a oa a le mokatong oa boraro. Ha ba fihla ho eena ba mo fumana a se a shoele. 10 Pauluse a theohela mokatong o ka tlase, a paqama holim’a hae, a mo kopa ka matsoho+ eaba o re: “Khaotsang ho lla hobane oa phela.”+
-