Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Timothea 3:1-7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Mantsoe ao ke tl’o a bua ke ’nete: Haeba monna a etsa boiteko ba ho ba molebeli,+ o lakatsa mosebetsi o motle. 2 Molebeli o lokela ho phela ka tsela eo ho seng motho ea ka mo tšoaeang phoso, a be le mosali a le mong, a be le teka-tekano linthong tsohle tseo a li etsang, a be le kelello,+ a hlophisehe, a amohele baeti+ a be a khone ho ruta.+ 3 E se ke ea e-ba letahoa,+ a se ke a rata ntoa, a se ke a ba manganga,+ a se ke a rata ho pheha khang+ hape a se ke a rata chelete.+ 4 E be motho ea laolang lelapa la hae hantle, ea nang le bana ba mamelang le ba itšoereng hantle.+ 5 Etsoe motho a ka hlokomela phutheho ea Molimo joang empa a sitoa ho laola lelapa la hae? 6 E se ke ea e-ba motho eo e sa tsoa ba Mokreste+ esere a ikhohomosa eaba o fumana kahlolo e tšoanang le ea Diabolose. 7 Hape e lokela ho ba motho ea buuoang hantle ke batho bao e seng balumeli+ e le hore a se ke a tlotlolleha le ho oela lerabeng la Diabolose.

  • Tite 1:5-9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Ke ile ka u siea Kreta e le hore u ka lokisa lintho tse hlokang ho otlolloa* le hore u ka khetha baholo motseng o mong ka mor’a o mong joalokaha ke u laetse: 6 Moholo e lokela ho ba motho eo ho seng letho leo a qosoang ka lona, a be le mosali a le mong, bana ba hae e be balumeli ba sa tsebahaleng ka ho ba hlaha kapa ho ba marabele.+ 7 Kaha moholo ke mohlanka oa Molimo, o lokela hore a se ke a ba le letho leo a qosoang ka lona, a se ke a tsitlella thato ea hae,+ a se ke a rata ho halefa,+ e se ke ea e-ba letahoa, a se ke a rata ho loana,* a se ke a ba meharo ea ho fumana leruo ka bolotsana. 8 Empa e be motho ea amohelang baeti,+ ea ratang ho etsa lintho tse lokileng, ea nang le kelello,*+ ea lokileng, ea tšepahalang,+ ea itšoarang.+ 9 Tsela eo a rutang ka eona e be tumellanong le lentsoe le tšepahalang*+ e le hore a ka khona ho khothatsa* ka thuto e nepahetseng*+ le ho khalemela+ ba hanyetsang.

  • Baheberu 13:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Mamelang ba le etellang pele+ le be le ikokobeletse bona+ hobane ba lula ba le hlokometse kaha Molimo o tla ba ahlola.+ Haeba le etsa joalo, ba tla etsa mosebetsi oa bona ba thabile eseng ba utloile bohloko. Haeba ba ne ba ka o etsa ba utloile bohloko, le ne le tla ba kotsing.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2022)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2023 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela