25 Moshe a ema a ea ho Dathane le Abirame. Baholo+ ba Iseraele ba ea le eena. 26 A re ho sechaba: “Ke kopa le tlohe pel’a litente tsa banna bana ba khopo ’me le se ke la thetsa ntho leha e le efe ea bona e le hore le se ke la felisoa ka lebaka la libe tsa bona.”
17 Bana beso, ke le eletsa hore le hlokomele ba bakang likarohano le ba khelosang ba bang tumelong ka ho ruta lithuto tse sa tsamaisaneng le tseo le ithutileng tsona. Le ba qobe.+
10 Ha motho e mong a tla ho lona ’me a le ruta lintho tse sa lumellaneng le tseo Jesu a li rutileng, le se ke la mo amohela malapeng a lona+ kapa la mo lumelisa.