Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 17:2-5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Haeba ho e meng ea metse ea lona eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona, ho ka fumanoa monna kapa mosali ea etsang lintho tse sa thabiseng Jehova Molimo oa lona ’me a tlola selekane sa hae+ 3 ebile a kheloha ’me a rapela melimo e meng ’me a e inamela kapa a inamela letsatsi kapa khoeli kapa makhotla ’ohle a maholimo,+ e leng ntho eo ke sa e laelang+ 4 ’me le boleletsoe kapa le utloile ka taba ena, joale le batlisise ka eona. Haeba ho tiisoa hore ke ’nete+ hore ntho ena e nyonyehang e entsoe Iseraele, 5 le ntšetse monna kapa mosali ea entseng ntho ena e mpe ka ntle ho likeiti tsa motse ’me a tlepetsoe ka majoe ho fihlela a shoa.+

  • Baroma 16:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Bana beso, ke le eletsa hore le hlokomele ba bakang likarohano le ba khelosang ba bang tumelong ka ho ruta lithuto tse sa tsamaisaneng le tseo le ithutileng tsona. Le ba qobe.+

  • 1 Bakorinthe 5:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Empa ke le ngolla hore le khaotse ho itsoakanya le mang kapa mang+ ea tsejoang e le ngoan’abo rona ea tloaetseng ho etsa* boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,* ea sa khotsofaleng,*+ ea rapelang litšoantšo, ea litlhapa, ea tahoang+ kapa ea utsoang.+ Esita le ho ja le se ke la ja le motho ea joalo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela