-
Liketso 3:5-8Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
5 A ba sheba a lebeletse hore ba mo fe ho hong. 6 Leha ho le joalo, Petrose a re: “Ha ke na silevera kapa khauta empa ke u fa ntho eo ke nang le eona. Ka lebitso la Jesu Kreste oa Monazaretha, ema u tsamaee.”+ 7 A mo tšoara ka letsoho le letona, a mo emisa+ eaba maoto a hae le maqaqailana aa tiea.+ 8 A raoha eaba oa tsamaea.+ A kena le bona ka tempeleng a ntse a tlola-tlola a bile a rorisa Molimo.
-