Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 16:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Jesu a re ho eena: “U hlohonolofetse uena Simone mora oa Jona hobane ha se motho* ea u senoletseng taba ena empa u e senoletsoe ke Ntate ea maholimong.+

  • Mareka 4:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Eaba o re ho bona: “Le lumeletsoe ho utloisisa sephiri se halalelang+ sa ’Muso oa Molimo empa ba bang bona ba bolelloa lintho tsohle ka ho etsetsoa lipapiso+

  • Baefese 3:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Molimo ha aa ka a tsebisa batho ba meloko e fetileng lekunutu leo ka tsela e hlakileng. Hona joale o le senoletse baapostola ba halalelang le baprofeta ka tsela e hlakileng a sebelisa moea o halalelang.+

  • 2 Timothea 1:9, 10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 O ile a re pholosa a ba a re bitsetsa ho ba bahalaleli+ eseng ka lebaka la liketso tsa rona empa ka lebaka la morero oa hae le mosa oa hae.+ O re bontšitse mosa oa hae ka Kreste Jesu khale. 10 Hona joale mosa oo o bonahetse ka ho hlaka ha Mopholosi oa rona Jesu Kreste a ne a bonahatsoa.+ O ile a felisa lefu+ ’me ka litaba tse monate+ a re bontša hore na re ka fumana bophelo+ le ’mele o sa boleng+ joang.

  • 1 Petrose 1:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Molimo o ile a etsa hore baprofeta ba hlokomele hore lintho tseo ba neng ba li profeta, ba ne ba li profeta bakeng sa lona eseng bona. Baprofeta ba ile ba ngola ka lintho tseo le li boleletsoeng ke batho ba phatlalatsang litaba tse monate ka thuso ea moea o halalelang o tsoang leholimong.+ Mangeloi a lakatsa ho utloisisa lintho tsena.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela