25 Molimo o ile a fana ka Jesu e le nyehelo+ e le hore re ka khutlela ho eena ka hore re bontše tumelo maling a Jesu.+ O entse joalo e le hore a bonahatse ho loka ha hae hobane a ne a bontša hore o na le mamello ka ho tšoarela libe tse entsoeng nakong e fetileng.
14 Mali a Kreste ’ona a bohlokoa le ho feta+ hobane ka thuso ea moea o halalelang,* o ile a fa Molimo bophelo ba hae e le sehlabelo se phethahetseng. Mali a hae a etsa hore re be le matsoalo a khutsitseng hobane re tlohetse mesebetsi e mebe+ e le hore re ka sebeletsa Molimo ea phelang.+
22 Kahoo, a re atameleng Molimo ka lipelo tsohle ebile re e-na le tumelo e matla hobane lipelo tsa rona li hloekisitsoe, matsoalo a rona ha a sa re tšoenya+ le ’mele ea rona e hlatsoitsoe ka metsi a hloekileng.+
5 Hape e se eka Jesu Kreste a ka le bontša mosa le ho le fa khotso. Ke “Paki e Tšepahalang,”+ “oa pele ho ba tsositsoeng bafung”+ le “’Musi oa marena a lefatše.”+
Jesu oa re rata+ hape o re lokolotse libeng tsa rona ka mali a hae,+