Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Tšenolo 8:7, 8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 La pele la letsa terompeta ea lona. Sefako le mollo o tsoakaneng le mali tsa nela lefatše.+ Karolo e ’ngoe* ea lefatše ea cha, lifate tse ngata le limela tsohle tse tala tsa cha.+

      8 Lengeloi la bobeli la letsa terompeta ea lona. Ntho e kang thaba e kholo e tukang ea lahleloa ka leoatleng.+ Karolo e ’ngoe* ea leoatle ea fetoha mali.+

  • Tšenolo 8:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Lengeloi la boraro la letsa terompeta ea lona. Naleli e kholo e khanyang joaloka lebone ea theoha leholimong, ea oela linokeng tse ngata le lilibeng.+

  • Tšenolo 8:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Lengeloi la bone la letsa terompeta ea lona. Karolo e ’ngoe* ea letsatsi, karolo e ’ngoe ea khoeli le linaleli tse ngata tsa fifala.+ Ho ne ho se na khanya ka lihora tse ka bang ’nè bosiu le ka lihora tse ka bang ’nè motšehare.

  • Tšenolo 9:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Lengeloi la bohlano la letsa terompeta+ ea lona. Ka bona naleli e neng e theohetse lefatšeng e tsoa leholimong. E ile ea fuoa senotlolo sa sekoti se tebileng.+

  • Tšenolo 9:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Lengeloi la botšelela+ la letsa terompeta+ ea lona. Ka utloa lentsoe le leng le hlahang manakeng a aletare+ ea khauta e ka pel’a Molimo.

  • Tšenolo 11:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Lengeloi la bosupa la letsa terompeta ea lona.+ Ha utloahala mantsoe a phahameng leholimong a reng: “’Muso oa lefatše e se e le ’Muso oa Morena oa rona+ le oa Kreste oa hae.+ O tla busa* e le morena ka ho sa feleng.”+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela