Selelekela
KE BOIKARABELO bo tebileng haholo ho fetolela Mangolo a Halalelang ho tloha lipuong tsa ’ona tsa pele tsa Seheberu, Searame le Segerike ho a tlisa puong ea kajeno. Ho fetolela Mangolo a Halalelang ho bolela ho hlalosa ka puo e ’ngoe mehopolo le lipolelo tsa Jehova Molimo, Mongoli oa leholimo oa laebrari ena e halalelang ea libuka tse mashome a tšeletseng a metso e tšeletseng tseo banna ba khale ba halalelang ba ileng ba bululeloa hore ba li ngole molemong oa rōna kajeno.
Eo ke khopolo e etsang hore motho a nahane ka ho teba haholo. Bafetoleli ba buka ena, ba tšabang le ba ratang Mongoli oa Bomolimo oa Mangolo a Halalelang, ba ikutloa ba e-na le boikarabelo bo khethehileng ho Eena bakeng sa ho fetisa mehopolo ea hae le lipolelo tsa hae ka mokhoa o nepahetseng kahohle kamoo ho ka khonehang kateng. Ba boetse ba ikutloa ba e-na le boikarabelo ho babali ba batlisisang ba itšetlehileng ka phetolelo ea Lentsoe le bululetsoeng la Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa hore ba bolokehe ka ho sa feleng.
E bile ka boikutlo bo joalo ba boikarabelo bo tebileng hore ebe ka lilemo tse ngata komiti ena ea batho ba inehetseng e hlahisitse Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang. Buka eohle e ile ea lokolloa qalong ka meqolo e tšeletseng, ho tloha ka 1950 ho ea ho 1960. Ho tloha qalong e bile takatso ea bafetoleli hore meqolo ena eohle e kopanngoe hore e be buka e le ’ngoe, feela joalokaha Mangolo a Halalelang e hlile e le buka e le ’ngoe ea Mongoli a le Mong. Le hoja meqolo ea pele e ne e e-na le litšupiso tse bohareng ba leqephe le mengolo e botlaaseng ba leqephe, khatiso e nchafalitsoeng ea moqolo o le mong, e lokolotsoeng ka 1961, e ne e se na mengolo e botlaaseng ba leqephe kapa litšupiso tse bohareng ba leqephe. Khatiso ea bobeli e nchafalitsoeng e ile ea lokolloa ka 1970 ’me khatiso ea boraro e nchafalitsoeng e nang le mengolo e botlaaseng ba leqephe e ile ea latela ka 1971. Ka 1969 komiti e ile ea lokolla The Kingdom Interlinear Translation of the Greek Scriptures, e neng e fana ka phetolelo ea lentsoe ka lentsoe ea Senyesemane tlas’a taba e ngotsoeng ea Segerike e hatisitsoeng ka 1881 ke Westcott le Hort.
Khatiso ena e ncha hase feela ho lokisoa ha taba e ngotsoeng ho fetang ho seng ho entsoe likhatisong tsa eona tse fetileng, empa e ekelitsoe hore e kopanyelletse ho nchafatsoa le ho ntlafatsoa ho feletseng ha litšupiso tse bohareng ba leqephe tseo qalong li neng li le teng ka Senyesemane, ho tloha ka 1950 ho ea ho 1960.
Re ile ra lokolla khatiso ena e nchafalitsoeng ea 1984 ho Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania hore e hatisoe, e fetoleloe ka lipuo tse ling tse khōlō le hore e abuoe. Ka hona re etsa hore e fumanehe ka boikutlo bo tebileng ba teboho ho Mongoli oa Bomolimo oa Mangolo a Halalelang, ea re fileng tokelo e khōlō hakaalo le eo re ileng ra tšepa moea oa hae ha re hlahisa khatiso ena e nchafalitsoeng. Re rapela hore tlhohonolofatso ea hae e be ho ba sebelisang phetolelo ena bakeng sa hore ba hatele pele moeeng.
Komiti ea Phetolelo ea Bibele ea Lefatše le Lecha
June 1, 1984, New York, N.Y.
Khatiso ea Sesotho ea libuka tse 27 tsa Mangolo a Segerike a Bakreste e hatisitsoe ka 1995. Phetolelo ena e ncha ea Sesotho e na le phetolelo ea Mangolo a Seheberu le Searame le khatiso e nchafalitsoeng ea Sesotho ea Mangolo a Segerike a Bakreste ea 1995, ’me e thehiloe khatisong e nchafalitsoeng ea Senyesemane ea 1984, e boletsoeng ka holimo. Ho boetse ho akarellelitsoe litšupiso tse bohareng ba leqephe tse fetang 125 000.