Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bi12 Genese 1:1-50:26
  • Genese

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Genese
  • Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
Genese

Genese

1 Tšimolohong+ Molimo+ o ile a bōpa+ maholimo le lefatše.+

2 Joale lefatše le ne le se na sebōpeho ebile le se na letho ’me lefifi le ne le le holim ’a boliba;+ matla a sebetsang a Molimo a ne a e-ea koana le koana+ holim ’a metsi.+

3 Molimo a re:+ “Leseli le ke le be teng.” Joale leseli la e-ba teng.+ 4 Ka mor’a moo Molimo a bona hore leseli le molemo, ’me Molimo a hlahisa karohano pakeng tsa leseli le lefifi.+ 5 Molimo a bitsa leseli Motšehare,+ empa lefifi a le bitsa Bosiu.+ Ea e-ba mantsiboea ’me ea e-ba hoseng, letsatsi la pele.

6 Molimo a tsoela pele ho re: “Ho ke ho be le sepakapaka+ pakeng tsa metsi ’me ho ke ho be le karohano pakeng tsa metsi le metsi.”+ 7 Joale Molimo a etsa sepakapaka ’me a etsa karohano pakeng tsa metsi a lokelang ho ba ka tlas’a sepakapaka le metsi a lokelang ho ba ka holim ’a sepakapaka.+ ’Me ha e-ba joalo. 8 Molimo a bitsa sepakapaka Leholimo.+ Ea e-ba mantsiboea ’me ea e-ba hoseng, letsatsi la bobeli.

9 Molimo a tsoela pele ho re: “Metsi a ka tlas’a maholimo a ke a bokelloe sebakeng se le seng ’me ho ke ho hlahe naha e omileng.”+ ’Me ha e-ba joalo. 10 Molimo a bitsa naha e omileng Lefatše,+ empa pokello ea metsi a e bitsa Maoatle.+ Ho ekelletsa moo, Molimo a bona hore ho molemo.+ 11 Molimo a tsoela pele ho re: “Lefatše le ke le hlahise joang, limela tse behang peō,+ lifate tsa litholoana tse behang litholoana ho ea ka mefuta ea tsona,+ tseo peō ea tsona e leng ho tsona,+ holim ’a lefatše.” ’Me ha e-ba joalo. 12 Lefatše la qala ho hlahisa joang, limela tse behang peō ho ea ka mefuta ea tsona+ le lifate tse behang litholoana, tseo peō ea tsona e leng ho tsona ho ea ka mefuta ea tsona.+ Joale Molimo a bona hore ho molemo. 13 Ea e-ba mantsiboea ’me ea e-ba hoseng, letsatsi la boraro.

14 Molimo a tsoela pele ho re: “Ho ke ho be le mehloli ea leseli sepakapakeng sa maholimo ho etsa karohano pakeng tsa motšehare le bosiu;+ ’me e tla ba lipontšo le linako tsa selemo le matsatsi le lilemo.+ 15 E tla ba mehloli ea leseli sepakapakeng sa maholimo hore e khanye holim ’a lefatše.”+ ’Me ha e-ba joalo. 16 Molimo a etsa mehloli e ’meli e meholo ea leseli, mohloli o moholo oa leseli bakeng sa ho laola motšehare le mohloli o monyenyane oa leseli bakeng sa ho laola bosiu, le linaleli.+ 17 Kahoo Molimo a e beha sepakapakeng sa maholimo hore e khanye holim ’a lefatše,+ 18 le ho laola motšehare le bosiu le ho etsa karohano pakeng tsa leseli le lefifi.+ Joale Molimo a bona hore ho molemo.+ 19 Ea e-ba mantsiboea ’me ea e-ba hoseng, letsatsi la bone.

20 Molimo a tsoela pele ho re: “Metsi a ke a nyeunye boieane ba meea e phelang+ ’me libōpuoa tse fofang li ke li fofe holim ’a lefatše sepakapakeng sa maholimo.”+ 21 Eaba Molimo o bōpa liphoofolo tsa litonanahali tsa leoatle+ le moea o mong le o mong o phelang o tsamaeang,+ tseo metsi a li hlahisitseng ka bongata ho ea ka mefuta ea tsona, le sebōpuoa se seng le se seng se fofang se nang le mapheo ho ea ka mofuta oa sona.+ ’Me Molimo a bona hore ho molemo. 22 Eaba Molimo oa li hlohonolofatsa, o re: “Atang le ngatafale ’me le tlale metsi a bolibeng ba maoatle,+ ’me libōpuoa tse fofang li ke li ngatafale lefatšeng.” 23 Ea e-ba mantsiboea ’me ea e-ba hoseng, letsatsi la bohlano.

24 Molimo a tsoela pele ho re: “Lefatše+ le ke le hlahise meea e phelang ho ea ka mefuta ea eona, phoofolo e ruuoang+ le phoofolo e hahabang+ le sebata+ sa lefatše ho ea ka mofuta oa sona.” ’Me ha e-ba joalo. 25 Eaba Molimo o etsa libata tsa lefatše ho ea ka mofuta oa tsona le liphoofolo tse ruuoang ho ea ka mofuta oa tsona le phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e hahabang ea lefatše ho ea ka mofuta oa eona.+ ’Me Molimo a bona hore ho molemo.

26 Molimo a tsoela pele ho re: “A re+ etse motho ka setšoantšo sa rōna,+ ho ea ka sebōpeho sa rōna,+ ’me ba laole litlhapi tsa leoatle le libōpuoa tse fofang tsa maholimo le liphoofolo tse ruuoang le lefatše lohle le phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e hahabang lefatšeng.”+ 27 Molimo a bōpa motho ka setšoantšo sa hae, a mo bōpa ka setšoantšo sa Molimo;+ a ba bōpa e le e motona le e motšehali.+ 28 Ho ekelletsa moo, Molimo a ba hlohonolofatsa+ ’me Molimo a re ho bona: “Atang+ le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse,+ ’me le laole+ litlhapi tsa leoatle le libōpuoa tse fofang tsa maholimo le sebōpuoa se seng le se seng se phelang se hahabang lefatšeng.”

29 Eaba Molimo o tsoela pele ho re: “Bonang! ke le file limela tsohle tse behang peō tse holim ’a lefatše lohle le sefate se seng le se seng seo ho sona ho nang le litholoana tsa sefate se behang peō.+ E ke e be lijo tsa lōna.+ 30 ’Me sebata se seng le se seng sa lefatše le sebōpuoa se seng le se seng se fofang sa maholimo le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tsamaeang lefatšeng eo ho eona ho nang le bophelo e le moea [ke li file] limela tsohle tse tala hore e be lijo.”+ ’Me ha e-ba joalo.

31 Ka mor’a moo Molimo a bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e entseng ’me, bonang! e ne e le molemo haholo.+ Ea e-ba mantsiboea ’me ea e-ba hoseng, letsatsi la botšelela.

2 Kahoo maholimo le lefatše le makhotla ’ohle a tsona a phethoa.+ 2 Ka letsatsi la bosupa Molimo a phetha mosebetsi oa hae oo a o entseng, ’me a phomola ka letsatsi la bosupa mosebetsing oohle oa hae oo a o entseng.+ 3 Molimo a hlohonolofatsa letsatsi la bosupa ’me a le halaletsa, hobane o phomotse ka lona mosebetsing oohle oa hae oo Molimo a o bōpileng ka morero oa ho o etsa.+

4 Ena ke histori ea maholimo le lefatše nakong ea ho bōptjoa ha tsona, letsatsing leo ka lona Jehova Molimo a entseng lefatše le leholimo.+

5 Joale ho fihlela ka nako eo ho ne ho se sehlahla sa naha se fumanehang lefatšeng ’me ho fihlela ka nako eo ho ne ho se limela tsa naha tse melang, hobane Jehova Molimo o ne a e-s’o nese pula+ holim ’a lefatše ’me ho ne ho se motho ea ka lemang mobu. 6 Empa moholi+ o ne o nyoloha lefatšeng ’me o nosetsa lefatše lohle.+

7 Jehova Molimo a etsa motho ka lerōle+ la lefatše+ ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea bophelo,+ ’me motho ea e-ba moea o phelang.+ 8 Ho ekelletsa moo, Jehova Molimo a lema serapa Edene,+ ka nģ’a bochabela, ’me moo a beha motho eo a mo entseng.+ 9 Kahoo Jehova Molimo a melisa lefatšeng sefate se seng le se seng se lakatsehang ponong ea motho le se molemo bakeng sa lijo le sefate sa bophelo+ har’a serapa le sefate sa tsebo ea botle le bobe.+

10 Joale ho ne ho e-na le nōka e tsoang Edene ho nosetsa serapa seo, ’me ho tloha moo e ne e qala ho arohana ’me e fetoha likarolo tse ’nè. 11 Lebitso la ea pele ke Pishone; ke e teelang hare naha eohle ea Havila,+ moo ho nang le khauta. 12 Khauta ea naha eo e ntle.+ Ho boetse ho na le boroku ba deliame+ le lejoe la onyxe.+ 13 Lebitso la nōka ea bobeli ke Gihone; ke e teelang hare naha eohle ea Kushe. 14 Lebitso la nōka ea boraro ke Hidekele;+ ke e eang ka bochabela ho Assyria.+ ’Me nōka ea bone ke Eufrate.+

15 Jehova Molimo a nka motho a mo beha serapeng sa Edene+ ho se lema le ho se hlokomela.+ 16 Jehova Molimo a boela a laela motho sena: “U ka ja tsa sefate se seng le se seng sa serapa hore u khotsofale.+ 17 Empa ha e le sefate sa tsebo ea botle le bobe u se ke ua ja tsa sona, etsoe ka letsatsi leo ka lona u jang tsa sona ka sebele u tla shoa.”+

18 Jehova Molimo a tsoela pele ho re: “Ha ho hotle hore motho a ’ne a be mong. Ke tla mo etsetsa mothusi, e be motlatsi oa hae.”+ 19 Joale Jehova Molimo a etsa ka mobu sebata se seng le se seng sa naha le sebōpuoa se seng le se seng se fofang sa maholimo, eaba o qala ho li tlisa ho motho ho bona hore na se seng le se seng sa tsona o tla se reha eng; ’me eng kapa eng eo motho a neng a e reha moea o mong le o mong o phelang,+ e ne e e-ba lebitso la oona.+ 20 Kahoo motho a reha liphoofolo tsohle tse ruuoang mabitso le libōpuoa tse fofang tsa maholimo le sebata se seng le se seng sa naha, empa bakeng sa motho ha hoa ka ha fumanoa mothusi eo e leng motlatsi oa hae. 21 Kahoo Jehova Molimo a tlisetsa motho boroko bo tebileng+ ’me, ha a ntse a robetse, a nka e ’ngoe ea likhopo tsa hae ’me sebakeng sa eona a koala ka nama. 22 Eaba Jehova Molimo o etsa mosali ka khopo eo a e nkileng ho monna ’me o mo tlisa ho monna.+

23 Joale monna a re:

“Qetellong enoa ke lesapo la masapo a ka

Le nama ea nama ea ka.+

Enoa o tla bitsoa Mosali,

Hobane o nkiloe ho monna.”+

24 Ke ka lebaka leo monna a tla siea ntat’ae le ’m ’ae+ a khomarele mosali oa hae ’me e tla ba nama e le ’ngoe.+ 25 Ka bobeli ba ile ba tsoela pele ba hlobotse,+ monna le mosali oa hae, ’me leha ho le joalo ha baa ka ba hlajoa ke lihlong.+

3 Joale noha+ e ne e le seli+ ka ho fetisisa har’a libata tsohle tsa naha tseo Jehova Molimo a li entseng.+ Kahoo ea qala ho re ho mosali:+ “Na ehlile Molimo o itse le se ke la ja tsa sefate se seng le se seng se serapeng?”+ 2 Eaba mosali o re ho noha: “Re ka ja litholoana tsa lifate tse serapeng.+ 3 Empa ha e le ho ja litholoana tsa sefate se har’a serapa,+ Molimo o itse, ‘Le se ke la ja tsa sona, che, le se ke la li ama e le hore le se ke la shoa.’”+ 4 Eaba noha e re ho mosali: “Ka sebele le ke ke la shoa.+ 5 Etsoe Molimo oa tseba hore letsatsing leo ka lona le jang tsa sona mahlo a lōna a tla tutuboloha ’me le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe.”+

6 Ka lebaka leo mosali a bona hore sefate se loketse ho jeoa le hore sea lakatseha mahlong, e, sefate se ne se lakatseha ha se talingoa.+ Kahoo a qala ho kha tholoana ea sona ’me a e ja. Ka mor’a moo a fa le monna oa hae ha a se a e-na le eena ’me a qala ho e ja.+ 7 Joale mahlo a bona ka bobeli a tutuboloha ’me ba qala ho hlokomela hore ba hlobotse.+ Kahoo ba rōkahanya makhasi a feiga eaba ba iketsetsa liaparo tsa letheka.+

8 Hamorao ba utloa lentsoe la Jehova Molimo a tsamaea serapeng karolong ea letsatsi ea ha ho foka moea o pholileng,+ ’me monna le mosali oa hae ba ipatela sefahleho sa Jehova Molimo pakeng tsa lifate tsa serapa.+ 9 Jehova Molimo a ’na a bitsa monna eaba o re ho eena: “U hokae?”+ 10 Qetellong a re: “Ke utloile lentsoe la hao serapeng, empa ke ile ka tšaba kahobane ke ne ke hlobotse kahoo ka ipata.”+ 11 Eaba o re: “U boleletsoe ke mang hore u hlobotse?+ Na u jele tsa sefate seo ke u laetseng hore u se ke ua li ja?”+ 12 Eaba monna o tsoela pele ho re: “Mosali eo u faneng ka eena hore a be le ’na, o mphile tholoana ea sefate kahoo ke e jele.”+ 13 Eaba Jehova Molimo o re ho mosali: “U entse’ng?” Eaba mosali oa araba: “Noha—e nthetsitse kahoo ke jele.”+

14 Jehova Molimo a re ho noha:+ “Kahobane u entse ntho ena, u rohakiloe har’a liphoofolo tsohle tse ruuoang le har’a libata tsohle tsa naha. U tla hahaba ka mpa ’me u tla ja lerōle ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hao.+ 15 Ke+ tla beha bora+ pakeng tsa hao+ le mosali+ le pakeng tsa peō ea hao+ le peō ea hae.+ E+ tla u khoba+ hlooho+ ’me uena+ u tla e loma+ serethe.”+

16 A re ho mosali: “Ke tla eketsa bohloko ba boimana ba hao haholo;+ u tla tsoala bana ka bohloko bo hlabang ba pelehi,+ ’me u tla ba le takatso bakeng sa monna oa hao, ’me o tla u laola.”+

17 Eaba o re ho Adama: “Kahobane u mametse lentsoe la mosali oa hao ’me u jele tsa sefate seo ke u laetseng tjena malebana le sona,+ ‘U se ke ua ja tsa sona,’ lefatše le rohakiloe ka lebaka la hao.+ U tla ja lihlahisoa tsa lona ka bohloko ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hao.+ 18 Le tla u melisetsa meutloa le lihlabahlabane,+ ’me u tla ja limela tsa naha. 19 U tla ja bohobe ka mofufutso oa phatla ea hao ho fihlela u khutlela mobung, kaha u ntšitsoe ho oona.+ Etsoe u lerōle ’me u tla khutlela lerōleng.”+

20 Ka mor’a sena Adama a reha mosali oa hae lebitso la Eva,+ hobane o ne a tla fetoha ’mè oa e mong le e mong ea phelang.+ 21 Eaba Jehova Molimo o etsetsa Adama le mosali oa hae liaparo tse telele tsa letlalo ’me o ba apesa tsona.+ 22 Jehova Molimo a tsoela pele ho re: “Motho o fetohile ea tšoanang le e mong oa rōna ka ho tseba botle le bobe,+ ’me joale e le hore a se ke a isa letsoho eaba o kha le litholoana tsa sefate sa bophelo+ a ja ’me a phela ho isa nakong e sa lekanyetsoang,—” 23 Eaba Jehova Molimo o mo ntša serapeng sa Edene+ ho ea lema mobu oo a ntšitsoeng ho oona.+ 24 Kahoo a leleka motho ’me ka bochabela ho serapa sa Edene+ a beha likerubime+ le lehare le halimang la sabole le iphetholang le sa khaotse bakeng sa ho lebela tsela e eang sefateng sa bophelo.

4 Joale Adama a kopanela liphate le mosali oa hae Eva eaba oa ima.+ Ka mor’a nako a tsoala Kaine+ ’me a re: “Ke hlahisitse monna ka thuso ea Jehova.”+ 2 Hamorao a boela a tsoala moen ’ae Abele.+

Abele ea e-ba molisa oa linku,+ empa Kaine ea e-ba molemi oa mobu.+ 3 Eitse ha ho fetile nako e itseng Kaine a tlisa tse ling tsa litholoana tsa naha+ e le nyehelo ho Jehova.+ 4 Empa ha e le Abele, le eena a tlisa a mang a matsibolo+ a mohlape oa hae, esita le likarolo tsa ’ona tse nonneng.+ Joale le hoja Jehova a ile a talima Abele le nyehelo ea hae ka mokhoa o bontšang kamohelo,+ 5 ha aa ka a talima Kaine le nyehelo ea hae ka mokhoa leha e le ofe o bontšang kamohelo.+ Kaine a tuka ke bohale,+ ’me sefahleho sa hae sa qala ho sosobana. 6 Eaba Jehova o re ho Kaine: “Ke hobane’ng ha u tuka ke bohale ’me ke hobane’ng ha sefahleho sa hao se sosobane? 7 Haeba u fetoha hore u etse se molemo, na ho phahamisoa ho ke ke ha e-ba teng?+ Empa haeba u sa fetohe hore u etse se molemo, sebe se laletse monyako, ebile sea u lakatsa;+ na u tla se laola?”+

8 Ka mor’a moo Kaine a re ho moen ’ae Abele: [“A re ee naheng.”] Kahoo eitse ha ba ntse ba le naheng Kaine a hlasela moen ’ae Abele ’me a mo bolaea.+ 9 Hamorao Jehova a re ho Kaine: “Moen ’ao Abele o hokae?”+ eaba o re: “Ha ke tsebe. Na ke ’na mohlokomeli oa moen ’a ka?”+ 10 Eaba o re: “U entse’ng? Mamela! Mali a moen ’ao a hoeletsa ho ’na a le mobung.+ 11 Joale u rohakiloe ka ho lelekoa lefatšeng,+ le ahlamisitseng molomo oa lona ho amohela mali a moen ’ao letsohong la hao.+ 12 Ha u lema mobu, o ke ke oa u khutlisetsa matla a oona.+ U tla ba moleleri le ’malehi lefatšeng.”+ 13 Eaba Kaine o re ho Jehova: “Kotlo ea ka bakeng sa phoso e khōlō haholo hore nka e jara. 14 Bona! ha e le hantle letsatsing lena u nteleka holim ’a lefatše, ’me ke tla pateloa sefahleho sa hao;+ ke tla ba moleleri+ le ’malehi lefatšeng, ’me ka sebele mang kapa mang ea mphumanang o tla mpolaea.”+ 15 Eaba Jehova o re ho eena: “Ka lebaka leo mang kapa mang ea bolaeang Kaine ho tla phetetsoa ho eena ka makhetlo a supileng.”+

Jehova a hloma pontšo bakeng sa Kaine e le hore ho se ke ha e-ba le ea mo fumanang ea tlang ho mo bolaea.+ 16 Eaba Kaine o tloha pel’a sefahleho sa Jehova+ ’me o lula naheng ea Bobalehi ka nģ’a bochabela ho Edene.

17 Ka mor’a moo Kaine a kopanela liphate le mosali oa hae+ eaba oa ima ’me o tsoala Enoke. Eaba o haha motse ’me o rehella motse ka lebitso la mora oa hae Enoke.+ 18 Hamorao Enoke a tsoalloa Irade. Irade a tsoala Mehujaele, Mehujaele a tsoala Methushaele, ’me Methushaele a tsoala Lameke.

19 Lameke a inkela basali ba babeli. Lebitso la oa pele e ne e le Ada ’me lebitso la oa bobeli e ne e le Tsilla. 20 Ka mor’a nako Ada a tsoala Jabale. Ea e-ba mothehi oa ba lulang litenteng+ le ba nang le liphoofolo tse ruiloeng.+ 21 Lebitso la mor’abo e ne e le Jubale. Ea e-ba mothehi oa bohle ba tšoarang harepa+ le phala.+ 22 Ha e le Tsilla, le eena o ile a tsoala Tubale-kaine, setei sa mofuta o mong le o mong oa sesebelisoa sa koporo le tšepe.+ Khaitseli ea Tubale-kaine e ne e le Naama. 23 Ka lebaka leo Lameke a hlophisa mantsoe ana bakeng sa basali ba hae Ada le Tsilla:

“Utloang lentsoe la ka, lōna basali ba Lameke;

Mamelang polelo ea ka:

Ke bolaile monna ka lebaka la ho ’ntša leqeba,

E, ka bolaea mohlankana ka lebaka la ho nkotla.

24 Haeba Kaine o tla pheteletsoa ka makhetlo a supileng,+

Joale Lameke o tla pheteletsoa ka makhetlo a mashome a supileng le a supileng.”

25 Adama a boela a kopanela liphate le mosali oa hae kahoo a tsoala mora eaba o mo reha lebitso la Setha,+ hobane, joalokaha a boletse: “Molimo o mpehetse peō e ’ngoe sebakeng sa Abele, hobane Kaine o mo bolaile.”+ 26 Setha le eena a tsoalloa mora ’me a mo reha lebitso la Enoshe.+ Ka nako eo ho ile ha qaloa ho ipiletsa lebitsong la Jehova.+

5 Ena ke buka ea histori ea Adama. Letsatsing leo Molimo a bōpileng Adama ka lona o ile a mo etsa ka sebōpeho sa Molimo.+ 2 A ba bōpa e le e motona le e motšehali.+ Ka mor’a moo a ba hlohonolofatsa eaba o ba reha lebitso la Motho+ letsatsing leo ba bōpiloeng ka lona.+

3 Adama a tsoela pele ho phela lilemo tse lekholo le mashome a mararo. Joale a tsoala mora ea tšoanang le eena, ka setšoantšo sa hae, eaba o mo reha lebitso la Setha.+ 4 Matsatsi a Adama ka mor’a ho tsoala Setha e bile lilemo tse makholo a robeli. Khabareng a tsoala bara le barali.+ 5 Kahoo matsatsi ’ohle a Adama ao a a phetseng e bile lilemo tse makholo a robong le mashome a mararo eaba oa shoa.+

6 Setha a tsoela pele ho phela lilemo tse lekholo le metso e mehlano. Joale a tsoala Enoshe.+ 7 Ka mor’a ho tsoala Enoshe, Setha a tsoela pele ho phela lilemo tse makholo a robeli le metso e supileng. Khabareng a tsoala bara le barali. 8 Kahoo matsatsi ’ohle a Setha e bile lilemo tse makholo a robong le leshome le metso e ’meli eaba oa shoa.

9 Enoshe a tsoela pele ho phela lilemo tse mashome a robong. Joale a tsoala Kenane.+ 10 Ka mor’a ho tsoala Kenane, Enoshe a tsoela pele ho phela lilemo tse makholo a robeli le leshome le metso e mehlano. Khabareng a tsoala bara le barali. 11 Kahoo matsatsi ’ohle a Enoshe e bile lilemo tse makholo a robong le metso e mehlano eaba oa shoa.

12 Kenane a tsoela pele ho phela lilemo tse mashome a supileng. Joale a tsoala Mahalalele.+ 13 Ka mor’a ho tsoala Mahalalele, Kenane a tsoela pele ho phela lilemo tse makholo a robeli le mashome a mane. Khabareng a tsoala bara le barali. 14 Kahoo matsatsi ’ohle a Kenane e bile lilemo tse makholo a robong le leshome eaba oa shoa.

15 Mahalalele a tsoela pele ho phela lilemo tse mashome a tšeletseng a metso e mehlano. Joale a tsoala Jarede.+ 16 Ka mor’a ho tsoala Jarede, Mahalalele a tsoela pele ho phela lilemo tse makholo a robeli le mashome a mararo. Khabareng a tsoala bara le barali. 17 Kahoo matsatsi ’ohle a Mahalalele e bile lilemo tse makholo a robeli le mashome a robong a metso e mehlano eaba oa shoa.

18 Jarede a tsoela pele ho phela lilemo tse lekholo le mashome a tšeletseng a metso e ’meli. Joale a tsoala Enoke.+ 19 Ka mor’a ho tsoala Enoke, Jarede a tsoela pele ho phela lilemo tse makholo a robeli. Khabareng a tsoala bara le barali. 20 Kahoo matsatsi ’ohle a Jarede e bile lilemo tse makholo a robong le mashome a tšeletseng a metso e ’meli eaba oa shoa.

21 Enoke a tsoela pele ho phela lilemo tse mashome a tšeletseng a metso e mehlano. Joale a tsoala Methusela.+ 22 Ka mor’a ho tsoala Methusela, Enoke a tsoela pele ho tsamaea le Molimo oa ’nete ka lilemo tse makholo a mararo. Khabareng a tsoala bara le barali. 23 Kahoo matsatsi ’ohle a Enoke e bile lilemo tse makholo a mararo le mashome a tšeletseng a metso e mehlano. 24 Enoke a ’na a tsamaea+ le Molimo oa ’nete.+ Joale ha aa ka a hlola a e-ba teng, etsoe Molimo o ile a mo nka.+

25 Methusela a tsoela pele ho phela lilemo tse lekholo le mashome a robeli a metso e supileng. Joale a tsoala Lameke.+ 26 Ka mor’a ho tsoala Lameke, Methusela a tsoela pele ho phela lilemo tse makholo a supileng le mashome a robeli a metso e ’meli. Khabareng a tsoala bara le barali. 27 Kahoo matsatsi ’ohle a Methusela e bile lilemo tse makholo a robong le mashome a tšeletseng a metso e robong eaba oa shoa.

28 Lameke a tsoela pele ho phela lilemo tse lekholo le mashome a robeli a metso e ’meli. Joale a tsoala mora. 29 Eaba o mo reha lebitso la Noe,+ a re: “Enoa o tla re tlisetsa matšeliso mosebetsing oa rōna le bohlokong ba matsoho a rōna bo bakoang ke lefatše leo Jehova a le rohakileng.”+ 30 Ka mor’a ho tsoala Noe, Lameke a tsoela pele ho phela lilemo tse makholo a mahlano le mashome a robong a metso e mehlano. Khabareng a tsoala bara le barali. 31 Kahoo matsatsi ’ohle a Lameke e bile lilemo tse makholo a supileng le mashome a supileng a metso e supileng eaba oa shoa.

32 Noe a ba lilemo li makholo a mahlano. Ka mor’a moo Noe a tsoala Sema,+ Kama+ le Jafeta.+

6 Eitse ha batho ba qala ho eketseha holim ’a lefatše ’me ba tsoalloa barali,+ 2 joale bara ba Molimo oa ’nete+ ba qala ho hlokomela+ barali ba batho, hore ba batle; eaba ba inkela basali, e leng, bohle bao ba ba khethileng. 3 Ka mor’a moo Jehova a re: “Moea oa ka+ o ke ke oa sebetsa ho motho ka nako e sa lekanyetsoang+ kaha ebile ke nama.+ Ka lebaka leo matsatsi a hae e tla ba lilemo tse lekholo le mashome a mabeli.”+

4 Banefilime ba ne ba le teng lefatšeng matsatsing ao, le ka mor’a moo, ha bara ba Molimo oa ’nete ba tsoela pele ho kopanela liphate le barali ba batho ’me ba ba tsoalla bara, e ne e le banna ba khale ba matla, ba tummeng.

5 Ka lebaka leo Jehova a bona hore bobe ba motho bo bongata lefatšeng ’me tšekamelo+ eohle ea menahano ea pelo ea hae e mpe feela ka linako tsohle.+ 6 Jehova a ikutloa a soabile+ hore ebe o entse batho lefatšeng, ’me pelo ea hae ea utloa bohloko.+ 7 Kahoo Jehova a re: “Ke tla felisa batho bao ke ba bōpileng+ holim ’a lefatše, ho tloha ho motho ho ea ho phoofolo e ruuoang, ho ea ho phoofolo e hahabang le ho ea ho sebōpuoa se fofang sa maholimo,+ kahobane ke soabile hore ebe ke li entse.”+ 8 Empa Noe a fumana kamohelo mahlong a Jehova.

9 Ena ke histori ea Noe.

Noe e ne e le motho ea lokileng.+ O ne a se na molato har’a batho ba mehleng ea hae. Noe o ne a tsamaea le Molimo oa ’nete.+ 10 Ka mor’a nako Noe a tsoala bara ba bararo, Sema, Kama le Jafeta.+ 11 Lefatše le ne le senyehile mahlong a Molimo oa ’nete+ ’me lefatše le ne le tletse pefo.+ 12 Kahoo Molimo a bona lefatše ’me, bonang! le ne le senyehile,+ hobane nama eohle e ne e sentse tsela ea eona lefatšeng.+

13 Ka mor’a moo Molimo a re ho Noe: “Bofelo ba nama eohle bo fihlile ka pel’a ka,+ hobane lefatše le tletse pefo ka lebaka la bona; ’me bona! ke tla ba felisa hammoho le lefatše.+ 14 Iketsetse areka ka lehong la sefate se ntšang boroku.+ U tla etsa liphaposi ka arekeng, ’me u e koahele ka sekontiri ka hare le ka ntle.+ 15 U tla e etsa ka mokhoa ona: bolelele ba areka e be litsoe tse makholo a mararo,+ bophara ba eona e be litsoe tse mashome a mahlano, ’me bophahamo ba eona e be litsoe tse mashome a mararo. 16 U tla etsetsa areka tsohar [marulelo; kapa, fensetere], ’me u tla e phetha ho isa tekanyong ea setsoe ho ea holimo, u tla beha monyako oa areka lehlakoreng la eona;+ ’me u tla e etsa e e-na le mokato o ka tlaase, mokato oa bobeli le mokato oa boraro.

17 “Ha e le ’na, bona! ke tlisa moroallo+ oa metsi holim ’a lefatše ho felisa nama eohle eo matla a bophelo+ a sebetsang ho eona tlas’a maholimo. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng e tla shoa.+ 18 Ke tiisa selekane sa ka le uena; ’me u tla kena ka arekeng, uena hammoho le bara ba hao le mosali oa hao le basali ba bara ba hao.+ 19 Ho sebōpuoa se seng le se seng se phelang sa nama ea mofuta o mong le o mong,+ u tlise tse peli tsa mofuta o mong le o mong ka arekeng ho li boloka li phela hammoho le uena.+ E tla ba tse tona le tse tšehali. 20 Ho libōpuoa tse fofang ho ea ka mefuta ea tsona le liphoofolo tse ruuoang ho ea ka mefuta ea tsona,+ le liphoofolo tsohle tse hahabang tsa lefatše ho ea ka mefuta ea tsona, tse peli tsa mofuta o mong le o mong li tla kena moo ho uena hore u li boloke li phela.+ 21 Ha e le uena, u inkele lijo tse jeoang tsa mofuta o mong le o mong;+ ’me u ipokellele tsona, e tla ba lijo tsa hao le tsa tsona.”+

22 Eaba Noe o etsa ho ea ka sohle seo Molimo a mo laetseng sona. A fela a etsa joalo.+

7 Ka mor’a moo Jehova a re ho Noe: “E-ea, uena le bohle ba ntlo ea hao,+ le kene ka arekeng, hobane ke uena eo ke mo boneng a lokile ka pel’a ka har’a moloko ona.+ 2 Ho phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e hloekileng u inkele tse supileng, e tona le molekane oa eona;+ ’me ho phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e sa hloekang e be tse peli feela, e tona le molekane oa eona; 3 le ho libōpuoa tse fofang tsa maholimo e be tse supileng, e tona le e tšehali,+ ho boloka malinyane a phela holim ’a lefatše lohle.+ 4 Etsoe ho setse matsatsi a supileng feela ’me ke tla nesa pula+ holim ’a lefatše ka matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane;+ ke tla felisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang eo ke e entseng holim ’a lefatše.”+ 5 Noe a etsa ho ea ka sohle seo Jehova a mo laetseng sona.

6 Noe o ne a le lilemo li makholo a tšeletseng ha moroallo oa metsi o e-ba teng lefatšeng.+ 7 Kahoo Noe a kena ka arekeng, hammoho le bara ba hae le mosali oa hae le basali ba bara ba hae, pele ho metsi a moroallo.+ 8 Ho phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e hloekileng le ho phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e sa hloekang le ho libōpuoa tse fofang le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hahabang lefatšeng,+ 9 tsa kena ka bobeli ho Noe ka arekeng, e tona le e tšehali, feela joalokaha Molimo a ne a laetse Noe. 10 Matsatsi a supileng hamorao metsi a moroallo a tšolohela lefatšeng.

11 Ka selemo sa makholo a tšeletseng sa bophelo ba Noe, ka khoeli ea bobeli, ka letsatsi la leshome le metso e supileng la khoeli, ka letsatsi lena mehloli eohle ea boliba bo boholo ea phunyeha ’me likhoro tsa moroallo tsa maholimo tsa buleha.+ 12 Pula ea litloebelele ea tsoela pele ho na lefatšeng ka matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane.+ 13 Ka lona letsatsi lena Noe a kena ka arekeng,+ hammoho le Sema le Kama le Jafeta, bara ba Noe,+ le mosali oa Noe le basali ba bararo ba bara ba hae; 14 bona hammoho le sebata se seng le se seng ho ea ka mofuta oa sona,+ le phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e ruuoang ho ea ka mofuta oa eona, le phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e hahabang lefatšeng ho ea ka mofuta oa eona,+ le sebōpuoa se seng le se seng se fofang ho ea ka mofuta oa sona,+ nonyana e ’ngoe le e ’ngoe, sebōpuoa se seng le se seng se nang le mapheo.+ 15 Tsa ’na tsa ea ho Noe ka har’a areka, ka bobeli, nameng ea mofuta o mong le o mong eo matla a bophelo a neng a sebetsa ho eona.+ 16 Tse kenang, tse tona le tse tšehali tsa nama ea mofuta o mong le o mong, tsa kena, feela joalokaha Molimo a ne a mo laetse. Ka mor’a moo Jehova a koala monyako ka mor’a hae.+

17 Moroallo oa tsoela pele ka matsatsi a mashome a mane holim ’a lefatše, metsi a ’na a eketseha eaba a qala ho nka areka ’me ea phaphamala ka holim ’a lefatše. 18 Metsi a eketseha ’me a ’na a e-ba mangata haholo holim ’a lefatše, empa areka ea ’na ea e-ba ka holim ’a metsi.+ 19 Metsi a koahela lefatše haholo hoo lithaba tsohle tse telele tse ka tlas’a maholimo ’ohle li ileng tsa koaheloa.+ 20 Metsi a li koahela ho fihlela litsoeng tse leshome le metso e mehlano ’me lithaba tsa koaheloa.+

21 Kahoo nama eohle e tsamaeang holim ’a lefatše ea shoa,+ har’a libōpuoa tse fofang le har’a liphoofolo tse ruuoang le har’a libata le har’a boieane bohle ba lintho tse nyekenyehang lefatšeng, le moloko oohle oa batho.+ 22 Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo phefumoloho ea matla a bophelo e neng e sebetsa linkong tsa eona, e leng, tsohle tse neng li le holim ’a mobu o omileng, tsa shoa.+ 23 Kahoo a felisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang e holim ’a lefatše, ho tloha ho motho ho ea ho phoofolo, ho ea ho phoofolo e hahabang le ho ea ho sebōpuoa se fofang sa maholimo, ’me tsa felisoa lefatšeng;+ ke Noe feela le ba nang le eena ka arekeng ba ileng ba sala ba ntse ba phela.+ 24 Metsi a tsoela pele ho koahela lefatše ka matsatsi a lekholo le mashome a mahlano.

8 Ka mor’a moo Molimo a hopola+ Noe le sebata se seng le se seng le phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e ruuoang e neng e e-na le eena ka arekeng,+ ’me Molimo a fetisa moea holim ’a lefatše, eaba metsi a qala ho kokobela.+ 2 Mehloli ea boliba+ le likhoro tsa maholimo tsa moroallo+ tsa koaloa, kahoo pula ea litloebelele e tsoang maholimong ea thijoa. 3 Metsi a qala ho fokotseha lefatšeng, a fokotseha hanyane ka hanyane; ’me qetellong ea matsatsi a lekholo le mashome a mahlano metsi a ne a fokola.+ 4 Ka khoeli ea bosupa, ka letsatsi la leshome le metso e supileng la khoeli, areka+ ea lula lithabeng tsa Ararate.+ 5 Metsi a ’na a qepha hanyane ka hanyane ho fihlela khoeling ea leshome. Ka khoeli ea leshome, ka letsatsi la pele la khoeli, litlhōrō tsa lithaba tsa bonahala.+

6 Eitse qetellong ea matsatsi a mashome a mane Noe a bula fensetere+ eo a neng a e entse ea areka. 7 Ka mor’a moo a romela lekhoaba,+ ’me la ’na la fofa ka ntle, le ntse le e-ea ’me le khutla, ho fihlela metsi a psha lefatšeng.

8 Hamorao a romela leeba+ ho bona hore na ebe metsi a kokobetse holim ’a lefatše. 9 Leeba ha lea ka la fumanela bohato ba leoto la lona sebaka sa phomolo, kahoo la khutlela ho eena ka arekeng hobane ho ne ho sa ntse ho e-na le metsi holim ’a lefatše lohle.+ Eaba o ntša letsoho la hae oa le nka ’me o le kenya ho eena ka arekeng. 10 A tsoela pele ho leta hape matsatsi a mang a supileng, ’me a boela a romela leeba ho tloha arekeng. 11 Hamorao leeba la fihla ho eena hoo e ka bang mantsiboea ’me, bonang! molomong oa lona ho ne ho e-na le lekhasi la mohloaare+ le qetang ho khuoa, kahoo Noe a tseba hore metsi a kokobetse lefatšeng.+ 12 A tsoela pele ho leta hape matsatsi a mang a supileng. Joale a romela leeba, empa ha lea ka la hlola le khutlela ho eena hape.+

13 Joale ka selemo sa makholo a tšeletseng a motso o mong,+ ka khoeli ea pele, ka letsatsi la pele la khoeli, metsi a ne a pshele lefatšeng; eaba Noe o tlosa sekoahelo sa areka oa talima, ’me bonang! bokaholimo ba lefatše bo ne bo omile.+ 14 Ka khoeli ea bobeli, ka letsatsi la mashome a mabeli a metso e supileng la khoeli, lefatše le ne le omile.+

15 Joale Molimo a bua le Noe, a re: 16 “Tsoa ka arekeng, uena hammoho le mosali oa hao le bara ba hao le basali ba bara ba hao.+ 17 Sebōpuoa se seng le se seng se phelang se nang le uena sa nama ea mofuta o mong le o mong,+ har’a libōpuoa tse fofang+ le har’a liphoofolo+ le har’a lihahabi tsohle tse hahabang lefatšeng,+ u se ntše hammoho le uena, kaha li tla nyekenyeha lefatšeng li ate ’me li ngatafale holim ’a lefatše.”+

18 Eaba Noe oa tsoa, hammoho le bara ba hae+ le mosali oa hae le basali ba bara ba hae. 19 Sebōpuoa se seng le se seng se phelang, phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e hahabang le sebōpuoa se seng le se seng se fofang, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hahabang lefatšeng, li ile tsa tsoa ka arekeng ho ea ka mefuta ea tsona.+ 20 Noe a qala ho hahela Jehova aletare+ le ho nka tse ling tsa liphoofolo tsohle tse hloekileng+ le tse ling tsa libōpuoa tsohle tse fofang tse hloekileng+ ’me a nyehela linyehelo tsa secheso aletareng.+ 21 Jehova a qala ho fofonela monko o khathollang,+ kahoo Jehova a re ka pelong ea hae:+ “Le ka mohla nke ke ka hlola ke rohaka lefatše+ ka lebaka la motho, hobane tšekamelo+ ea pelo ea motho e mpe ho tloha bocheng ba hae;+ ’me le ka mohla nke ke ka hlola ke otla ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang feela joalokaha ke entse.+ 22 Etsoe ka matsatsi ’ohle ao lefatše le ntseng le le teng ka ’ona, ha ho mohla ho jaloa ha peō le kotulo, le serame le mocheso, le lehlabula le mariha, le bosiu le motšehare, li tla khaotsa.”+

9 Molimo a tsoela pele ho hlohonolofatsa Noe le bara ba hae ’me a re ho bona: “Atang le ngatafale le tlale lefatše.+ 2 Sebōpuoa se seng le se seng se phelang sa lefatše le sebōpuoa se seng le se seng se fofang sa maholimo, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hahabang lefatšeng, le litlhapi tsohle tsa leoatle li tla tsoela pele ho le tšaba le ho le tšoha. Joale ho nehelanoe ka tsona matsohong a lōna.+ 3 Phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e hahabang e phelang e tla ba lijo tsa lōna.+ Joalokaha ke le nehile limela tse tala, ke le neha tsona kaofela.+ 4 Ke feela nama e nang le moea oa eona+—mali a eona+—eo le ke keng la e ja.+ 5 Ntle ho moo, ke tla batla mali a meea ea lōna. Ke tla a batla letsohong la sebōpuoa se seng le se seng se phelang; ’me ke tla batla moea oa motho letsohong la motho, letsohong la e mong le e mong eo e leng mor’abo.+ 6 Mang kapa mang ea tšollang mali a motho, mali a hae a tla tšolloa ke motho,+ etsoe o entse motho ka setšoantšo sa Molimo. 7 Ha e le lōna, atang le ngatafale, tlalang lefatše ’me le ngatafale ho lona.”+

8 Molimo a tsoela pele ho re ho Noe hammoho le ho bara ba hae: 9 “Ha e le ’na, bonang! ke tiisa selekane+ sa ka le lōna le bana ba lōna ba tlang ka mor’a lōna,+ 10 le moea o mong le o mong o nang le lōna, har’a linonyana, har’a liphoofolo le har’a libōpuoa tsohle tse phelang tsa lefatše tse nang le lōna, ho tloha ho tsohle tse tsoang ka arekeng ho ea ho sebōpuoa se seng le se seng se phelang sa lefatše.+ 11 E, ke tiisa selekane sa ka le lōna: Nama eohle ha e sa tla hlola e felisoa ka metsi a moroallo, ’me ha ho sa tla hlola ho e-ba le moroallo o tla felisa lefatše.”+

12 Eaba Molimo oa eketsa: “Ena ke pontšo+ ea selekane seo ke fanang ka sona pakeng tsa ka le lōna le moea o mong le o mong o phelang o nang le lōna, melokong ea ho isa nakong e sa lekanyetsoang. 13 Ke fana ka mookoli+ oa ka marung, ’me e tla ba pontšo ea selekane pakeng tsa ka le lefatše. 14 Etlare ha ke tlisa leru holim ’a lefatše, ka sebele mookoli o tla bonahala marung. 15 Ka sebele ke tla hopola selekane+ sa ka se pakeng tsa ka le lōna le moea o mong le o mong o phelang nameng eohle;+ ’me metsi ha a sa tla hlola a fetoha moroallo ho felisa nama eohle.+ 16 Mookoli o tla ba teng marung,+ ’me ka sebele ke tla o bona hore ke hopole selekane sa ho isa nakong e sa lekanyetsoang+ pakeng tsa Molimo le moea o mong le o mong o phelang nameng eohle e holim ’a lefatše.”+

17 Molimo a boela a re ho Noe: “Ena ke pontšo ea selekane seo ke se tiisang pakeng tsa ka le nama eohle e holim ’a lefatše.”+

18 Bara ba Noe+ ba tsoileng ka arekeng ke Sema le Kama le Jafeta. Hamorao Kama a tsoala Kanana.+ 19 Bana ba bararo ke bara ba Noe, ’me baahi bohle ba lefatše ba hasaneng hohle ba tsoile ho bona.+

20 Joale Noe a qala ho ba sehoai+ ’me a lema serapa sa morara.+ 21 A qala ho noa veine ’me a tahoa,+ kahoo a ikapola ka har’a tente ea hae. 22 Hamorao Kama+ ntat’a Kanana a bona bofeela ba ntat’ae+ ’me a ea bolella barab’abo ba babeli ka ntle.+ 23 Eaba Sema le Jafeta ba nka seaparo sa ka holimo+ ’me ba se beha mahetleng a bona eaba ba tsamaea ka santhao. Kahoo ba koahela bofeela ba ntat’a bona, lifahleho tsa bona li ntse li shebile thōko, ’me ha baa ka ba bona bofeela ba ntat’a bona.+

24 Qetellong Noe a hlaphoheloa veineng ea hae ’me a tseba seo mora oa hae e monyenyane a mo entseng sona. 25 Eaba o re:

“Kanana a rohakoe.+

E ke e be lekhoba le tlaase-tlaase la barab’abo.”+

26 Eaba oa eketsa:

“Ho bokoe Jehova,+ Molimo oa Sema,

’Me Kanana e ke e be lekhoba la hae.+

27 Molimo a ke a fe Jafeta sebaka se seholo,

’Me a lule litenteng tsa Sema.+

Kanana le eena e ke e be lekhoba la hae.”

28 Noe a tsoela pele ho phela lilemo tse makholo a mararo le mashome a mahlano ka mor’a moroallo.+ 29 Kahoo matsatsi ’ohle a Noe e bile lilemo tse makholo a robong le mashome a mahlano eaba oa shoa.+

10 Ena ke histori ea bara ba Noe,+ Sema, Kama le Jafeta.

Joale ba qala ho tsoalloa bara ka mor’a moroallo.+ 2 Bara ba Jafeta e ne e le Gomere+ le Magogo+ le Madai+ le Javane+ le Tubale+ le Mesheke+ le Tirase.+

3 Bara ba Gomere e ne e le Ashkenaze+ le Rifathe+ le Togarma.+

4 Bara ba Javane e ne e le Elisha+ le Tarshishe,+ Kitime+ le Dodanime.+

5 Ho bona ho tsoile baahi ba lihlekehleke tsa lichaba ba ileng ba hasana linaheng tsa bona, e mong le e mong ho ea ka puo ea hae, ho ea ka malapa a bona, ka lichaba tsa bona.

6 Bara ba Kama e ne e le Kushe+ le Mizraime+ le Pute+ le Kanana.+

7 Bara ba Kushe e ne e le Seba+ le Havila le Sabta le Rama+ le Sabteka.

Bara ba Rama e ne e le Sheba le Dedane.+

8 Eaba Kushe o tsoala Nimrode.+ Ke eena oa pele oa ho ba matla lefatšeng. 9 O ile a iponahatsa e le setsomi se matla se hanyetsang Jehova. Ke ka lebaka leo ho nang le polelo e reng: “Feela joaloka Nimrode setsomi se matla se hanyetsang Jehova.”+ 10 ’Muso oa hae o ile oa simoloha Babele+ le Ereke+ le Akade le Kalene, naheng ea Shinare.+ 11 Ho tloha naheng eo a ea Assyria+ ’me a haha Ninive+ le Rehobothe-Ire le Kala 12 le Resene pakeng tsa Ninive le Kala: ona ke motse o moholo.

13 Mizraime+ a tsoala Ludime+ le Anamime le Lehabime le Naftuhime+ 14 le Patrusime+ le Kasluhime+ (bao Bafilista+ ba tsoileng har’a bona) le Kaftorime.+

15 Kanana a tsoala Sidone+ letsibolo la hae le Hethe+ 16 le Mojebuse+ le Moamore+ le Mogirgashe 17 le Moheve+ le Moarke le Mosine 18 le Moarvade+ le Mozemare le Mohamathe;+ ’me ka mor’a moo malapa a Mokanana a hasana. 19 Kahoo moeli oa Mokanana oa e-ba ho tloha Sidone ho ea fihla Gerare,+ haufi le Gaza,+ ho ea fihla Sodoma le Gomora+ le Adma+ le Zeboime,+ haufi le Lasha. 20 Bana e ne e le bara ba Kama ho ea ka malapa a bona, ho ea ka lipuo tsa bona, linaheng tsa bona, ka lichaba tsa bona.

21 Sema, moholo-holo oa bara bohle ba Ebere,+ mor’abo Jafeta e moholo, le eena a tsoalloa bana. 22 Bara ba Sema e ne e le Elame+ le Asshure+ le Arpakshade+ le Lude le Arame.

23 Bara ba Arame e ne e le Utse le Hule le Gethere le Mashe.+

24 Arpakshade a tsoala Shela,+ ’me Shela a tsoala Ebere.

25 Ebere a tsoalloa bara ba babeli. Lebitso la e mong e ne e le Pelege,+ hobane lefatše le ile la aroloa matsatsing a hae;+ ’me lebitso la mor’abo e ne e le Jokthane.+

26 Jokthane a tsoala Almodade le Shelefe le Hazaremavethe le Jera+ 27 le Hadorame le Uzale le Dikla+ 28 le Obale le Abimaele le Sheba+ 29 le Ofire+ le Havila+ le Jobabe;+ bana bohle e ne e le bara ba Jokthane.

30 Sebaka sa bona sa bolulo sa nama ho tloha Mesha ho ea fihla Sefare, sebaka se lithaba sa Bochabela.

31 Bana e ne e le bara ba Sema ho ea ka malapa a bona, ho ea ka lipuo tsa bona, linaheng tsa bona, ho ea ka lichaba tsa bona.+

32 Ana ke malapa a bara ba Noe ho ea ka masika a bona, ka lichaba tsa bona, ’me lichaba tse ileng tsa hasanngoa lefatšeng ka mor’a moroallo li tsoa ho bona.+

11 Joale lefatše lohle la tsoela pele le e-na le puo e le ’ngoe le pokello e le ’ngoe ea mantsoe. 2 Eitse ha ba le leetong le eang nģ’a bochabela ba qetella ba fumane thota naheng ea Shinare,+ ’me ba lula teng. 3 Eaba ba qala ho buisana, ba re: “Tloong! A re etseng litene ’me re li bese ka ho li chesa.” Kahoo setene ea e-ba lejoe la bona, empa sekontiri se thata ea e-ba seretse sa bona.+ 4 Joale ba re: “Tloong! A re ikaheleng motse le tora eo tlhōrō ea eona e leng maholimong,+ ’me re iketsetseng lebitso le tummeng,+ esere ra hasanngoa lefatšeng lohle.”+

5 Jehova a theoha ho ea bona motse le tora eo bara ba batho ba e hahileng.+ 6 Ka mor’a moo Jehova a re: “Bonang! Ke sechaba se le seng ebile bohle ba na le puo e le ’ngoe,+ ’me sena ke seo ba qalang ho se etsa. Joale ha ho letho leo ba ka hopolang ho le etsa leo ba ke keng ba le fihlela.+ 7 Tloong joale! A re+ theoheng ’me re ferekanye+ puo ea bona e le hore e mong a se ke a utloa puo ea e mong.”+ 8 Tumellanong le hoo Jehova a ba hasanya lefatšeng lohle ho tloha moo,+ ’me butle-butle ba tlohela ho haha motse.+ 9 Ke ka lebaka leo o rehiloeng lebitso la Babele,+ kahobane Jehova o ile a ferekanya puo ea lefatše lohle moo, ’me Jehova a ba hasanya+ lefatšeng lohle ho tloha moo.

10 Ena ke histori ea Sema.+

Sema o ne a le lilemo li lekholo ha a tsoala Arpakshade+ lilemo tse peli ka mor’a moroallo. 11 Ka mor’a ho tsoala Arpakshade, Sema a tsoela pele ho phela lilemo tse makholo a mahlano. Khabareng a tsoala bara le barali.+

12 Arpakshade a tsoela pele ho phela lilemo tse mashome a mararo a metso e mehlano. Joale a tsoala Shela.+ 13 Ka mor’a ho tsoala Shela, Arpakshade a tsoela pele ho phela lilemo tse makholo a mane a metso e meraro. Khabareng a tsoala bara le barali.

14 Shela a tsoela pele ho phela lilemo tse mashome a mararo. Joale a tsoala Ebere.+ 15 Ka mor’a ho tsoala Ebere, Shela a tsoela pele ho phela lilemo tse makholo a mane a metso e meraro. Khabareng a tsoala bara le barali.

16 Ebere a tsoela pele ho phela lilemo tse mashome a mararo a metso e mene. Joale a tsoala Pelege.+ 17 Ka mor’a ho tsoala Pelege, Ebere a tsoela pele ho phela lilemo tse makholo a mane le mashome a mararo. Khabareng a tsoala bara le barali.

18 Pelege a tsoela pele ho phela lilemo tse mashome a mararo. Joale a tsoala Reu.+ 19 Ka mor’a ho tsoala Reu, Pelege a tsoela pele ho phela lilemo tse makholo a mabeli a metso e robong. Khabareng a tsoala bara le barali.

20 Reu a tsoela pele ho phela lilemo tse mashome a mararo a metso e ’meli. Joale a tsoala Seruge.+ 21 Ka mor’a ho tsoala Seruge, Reu a tsoela pele ho phela lilemo tse makholo a mabeli a metso e supileng. Khabareng a tsoala bara le barali.

22 Seruge a tsoela pele ho phela lilemo tse mashome a mararo. Joale a tsoala Nakore.+ 23 Ka mor’a ho tsoala Nakore, Seruge a tsoela pele ho phela lilemo tse makholo a mabeli. Khabareng a tsoala bara le barali.

24 Nakore a tsoela pele ho phela lilemo tse mashome a mabeli a metso e robong. Joale a tsoala Tera.+ 25 Ka mor’a ho tsoala Tera, Nakore a tsoela pele ho phela lilemo tse lekholo le leshome le metso e robong. Khabareng a tsoala bara le barali.

26 Tera a tsoela pele ho phela lilemo tse mashome a supileng, ka mor’a moo a tsoala Abrame,+ Nakore+ le Harane.

27 Ena ke histori ea Tera.

Tera o ile a tsoala Abrame, Nakore le Harane; ’me Harane a tsoala Lota.+ 28 Hamorao Harane a shoa a ntse a e-na le ntat’ae Tera naheng eo a tsoaletsoeng ho eona, Ure+ ea Bakalde.+ 29 Eaba Abrame le Nakore ba inkela basali. Lebitso la mosali oa Abrame e ne e le Sarai,+ ha lebitso la mosali oa Nakore e ne e le Milka,+ morali oa Harane, ntat’a Milka le ntat’a Iska. 30 Empa Sarai a tsoela pele e le nyopa;+ a se na ngoana.

31 Ka mor’a moo Tera a nka mora oa hae Abrame le Lota, mora oa Harane, setloholo sa hae,+ le ngoetsi ea hae Sarai+, mosali oa mora oa hae Abrame, ’me ba tsamaea le eena ba tloha Ure ea Bakalde ba ea naheng ea Kanana.+ Ka mor’a nako ba fihla Harane+ eaba ba lula teng. 32 Matsatsi a Tera ea e-ba lilemo tse makholo a mabeli a metso e mehlano. Joale Tera a shoela Harane.

12 Jehova a re ho Abrame: “Tloha naheng ea heno le ho beng ka uena le ntlong ea ntat’ao u ee naheng eo ke tla u bontša eona;+ 2 ke tla u etsa sechaba se seholo ’me ke tla u hlohonolofatsa ke hōlise lebitso la hao; u be tlhohonolofatso.+ 3 Ke tla hlohonolofatsa ba u hlohonolofatsang, ’me ke tla rohaka ea u rohakang,+ ’me ka sebele malapa ’ohle a lefatše a tla itlhohonolofatsa ka uena.”+

4 Abrame a tsamaea feela joalokaha Jehova a buile le eena, ’me Lota a tsamaea le eena. Abrame o ne a le lilemo li mashome a supileng a metso e mehlano ha a tloha Harane.+ 5 Kahoo Abrame a nka mosali oa hae+ Sarai le Lota mora oa mor’abo+ le thepa eohle eo ba e bokeletseng+ le meea eo ba e fumaneng Harane, eaba baa tsamaea ba ea naheng ea Kanana.+ Qetellong ba fihla naheng ea Kanana. 6 Eaba Abrame o haola naha eo ho ea fihla sebakeng sa Shikeme,+ haufi le lifate tse khōlō tsa More;+ ’me ka nako eo Bakanana ba ne ba le naheng eo. 7 Joale Jehova a hlaha ho Abrame a re: “Ke tla fa peō+ ea hao naha ena.”+ Ka mor’a moo a haha aletare moo bakeng sa Jehova, ea ileng a hlaha ho eena. 8 Hamorao a tloha moo a ea sebakeng se lithaba ka nģ’a bochabela ho Bethele+ eaba o hloma tente ea hae Bethele e le bophirimela ’me Ai+ e le bochabela. Joale a hahela Jehova+ aletare moo eaba o qala ho ipiletsa lebitsong la Jehova.+ 9 Ka mor’a moo Abrame a hlomolla liahelo, a tloha liahelong tse ling ho ea ho tse ling nģ’a Negebe.+

10 Joale tlala ea e-ba teng naheng eo ’me Abrame a theohela nģ’a Egepeta ho ea lula teng e le mojaki,+ hobane tlala e ne e le khōlō naheng eo.+ 11 Eitse hang ha a le haufi le ho kena Egepeta, a re ho mosali oa hae Sarai: “Bona hle! ke tseba hantle hore u mosali ea nang le ponahalo e ntle.+ 12 Etlare ha Baegepeta ba u bona ba tla re, ‘Enoa ke mosali oa hae.’ ’Me ka sebele ba tla mpolaea, empa uena ba tla u boloka u phela. 13 Ka kōpo e-re u khaitseli ea ka,+ e le hore lintho li ntsamaele hantle ka lebaka la hao, ’me ka sebele moea oa ka o tla phela ka lebaka la hao.”+

14 Eitse hang ha Abrame a kena Egepeta, Baegepeta ba bona mosali eo, hore o motle haholo. 15 Le likhosana tsa Faro tsa mo bona eaba li qala ho mo rorisa ho Faro, hoo mosali enoa a ileng a isoa ka tlung ea Faro. 16 Eaba o tšoara Abrame hantle ka lebaka la hae, ’me a ba le linku le likhomo le liesele le bahlanka le makhabunyane le liesele tse tšehali le likamele.+ 17 Joale Jehova a tlisetsa Faro le ba ntlo ea hae likotlo tse khōlō+ ka lebaka la Sarai, mosali oa Abrame.+ 18 Eaba Faro o bitsa Abrame o re: “Ke eng sena seo u nkentseng sona? Ke hobane’ng ha u sa ka ua mpolella hore ke mosali oa hao?+ 19 Ke hobane’ng ha u itse, ‘Ke khaitseli ea ka,’+ hoo ke neng ke le makhatheng a ho mo nka hore e be mosali oa ka? Joale mosali oa hao ke enoa. Mo nke ’me u tsamaee!” 20 Eaba Faro o laela banna malebana le eena, ’me ba mo felehetsa le mosali oa hae le tsohle tseo a nang le tsona.+

13 Ka mor’a moo Abrame a tloha Egepeta, eena le mosali oa hae le tsohle tseo a nang le tsona, hammoho le Lota, a ea Negebe.+ 2 Abrame o ne a ruile mehlape e mengata le silevera le khauta.+ 3 Eaba o tloha liahelong tse ling ho ea ho tse ling ho tsoa Negebe le ho ea fihla Bethele, ho ea fihla sebakeng seo tente ea hae e neng e le ho sona pele pakeng tsa Bethele le Ai,+ 4 sebakeng seo a ileng a etsa aletare ho sona qalong;+ ’me Abrame a ipiletsa lebitsong la Jehova moo.+

5 Joale Lota, ea neng a tsamaea le Abrame, le eena o ne a e-na le linku le likhomo le litente. 6 Kahoo naha ha ea ka ea ba lumella hore ba lule hammoho, hobane thepa ea bona e ne e le ngata ’me ba ne ba sa khone ho lula hammoho.+ 7 Eaba ho tsoha qabang pakeng tsa balisa ba liphoofolo tse ruiloeng tsa Abrame le balisa ba liphoofolo tse ruiloeng tsa Lota; ’me ka nako eo Bakanana le Bapereze ba ne ba lula naheng eo.+ 8 Kahoo Abrame a re ho Lota:+ “Ka kōpo, ho se ke ha tsoela pele ho e-na le qabang leha e le efe pakeng tsa ka le uena le pakeng tsa balisa ba ka le balisa ba hao, etsoe re bara ba motho.+ 9 Na naha eohle ha ea u bulehela? Ke kōpa hore re arohane. Haeba u e-ea ka ho le letšehali, ke tla ea ka ho le letona; empa haeba u e-ea ka ho le letona, joale ke tla ea ka ho le letšehali.”+ 10 Kahoo Lota a phahamisa mahlo ’me a bona Setereke sohle sa Jordane,+ hore kaofela ha sona e ne e le sebaka se noselitsoeng hantle pele Jehova a felisa Sodoma le Gomora, se tšoana le serapa sa Jehova,+ se tšoana le naha ea Egepeta ho ea fihla Zooare.+ 11 Joale Lota a ikhethela Setereke sohle sa Jordane, ’me Lota a tlosa liahelo a li isa bochabela. Kahoo ba arohana. 12 Abrame a lula naheng ea Kanana, empa Lota a lula har’a metse ea Setereke seo.+ Qetellong a hloma tente haufi le Sodoma. 13 Banna ba Sodoma ba ne ba le babe ’me e le baetsalibe ba baholo khahlanong le Jehova.+

14 Eaba Jehova o re ho Abrame ka mor’a hore Lota a arohane le eena: “Ka kōpo, phahamisa mahlo, ’me ho tloha sebakeng seo u leng ho sona, u talime nģ’a leboea le nģ’a boroa le nģ’a bochabela le nģ’a bophirimela,+ 15 hobane naha eohle eo u e talimileng, ke tla e fa uena le peō ea hao ho fihlela nakong e sa lekanyetsoang.+ 16 Ke tla etsa hore peō ea hao e be joaloka lerōle la lefatše, hoo haeba motho a ka khona ho bala lerōle la lefatše, le peō ea hao a ka khonang ho e bala.+ 17 Ema, pholletsa le naha ho ea ka bolelele ba eona le bophara ba eona, hobane ke tla u fa eona.”+ 18 Kahoo Abrame a tsoela pele a phela litenteng. Hamorao a tla ’me a lula har’a lifate tse khōlō tsa Mamre,+ tse Hebrone;+ ’me a hahela Jehova aletare moo.+

14 Eitse matsatsing a Amrafele morena oa Shinare,+ Arioke morena oa Elasare, Kedorlaomere+ morena oa Elame,+ le Tidale morena oa Goime,+ 2 marena ana a loantša Bera morena oa Sodoma,+ le Birsha morena oa Gomora,+ Shinabe morena oa Adma,+ le Shemebere morena oa Zeboime,+ le morena oa Bela (ke hore, Zooare).+ 3 Ana ’ohle a ile a tsamaea a entse selekane+ a ea Khohlong ea Sidime,+ ke hore, Leoatleng la Letsoai.+

4 A ne a sebelelitse Kedorlaomere ka lilemo tse leshome le metso e ’meli, empa ka selemo sa leshome le metso e meraro a rabela. 5 Ka selemo sa leshome le metso e mene Kedorlaomere a tla, hammoho le marena a neng a e-na le eena, ’me ba hlōla Barefaime ba leng Ashterothe-karnaime,+ le Bazuzime ba leng Hame, le Baemime+ ba leng Shave-kiriathaime, 6 le Bahore+ thabeng ea bona ea Seire,+ ho ea fihla Ele-parane,+ e lefeelleng. 7 Joale ba reteleha ’me ba tla Ene-mishpate, ke hore, Kadeshe,+ ’me ba hlōla naha eohle ea Baamaleke+ le Baamore+ ba lulang Hazazone-tamare.+

8 Ntlheng ena morena oa Sodoma a tsamaea, le morena oa Gomora le morena oa Adma le morena oa Zeboime le morena oa Bela (ke ho re, Zooare), ’me ba etsa thekō ea ntoa khahlanong le bona Khohlong ea Sidime,+ 9 khahlanong le Kedorlaomere morena oa Elame le Tidale morena oa Goime le Amrafele morena oa Shinare le Arioke morena oa Elasare;+ marena a mane khahlanong le a mahlano. 10 Joale Khohlo ea Sidime+ e ne e tletse likoti tsa sekontiri se thata;+ marena a Sodoma le Gomora+ a baleha ’me a oela ka har’a tsona, eaba a setseng a balehela sebakeng se lithaba.+ 11 Joale bahlōli ba nka thepa eohle ea Sodoma le Gomora le lijo tsohle tsa ’ona ’me ba tsamaea.+ 12 Ba nka le Lota mora oa mor’abo Abrame le thepa ea hae ’me ba tsoela pele ho tsamaea. Ka nako eo o ne a lula Sodoma.+

13 Ka mor’a moo monna ea balehileng a tla ’me a bolella Abrame oa Moheberu.+ Ka nako eo o ne a lula ka nakoana har’a lifate tse khōlō tsa Mamre oa Moamore,+ mor’abo Eshkole le mor’abo Anere;+ ’me ba ne ba entse selekane le Abrame. 14 Kahoo Abrame a utloa hore mor’abo o isitsoe kholehong.+ Eaba o khobokanya banna ba hae ba koetlisitsoeng,+ makhoba a makholo a mararo le leshome le metso e robeli a tsoaletsoeng ntlong ea hae,+ ’me a ba lelekisa ho fihlela Dane.+ 15 Bosiu a arola makhotla a hae,+ eena le makhoba a hae, khahlanong le bona, kahoo a ba hlōla ’me a tsoela pele ho ba lelekisa ho fihlela Hoba, e ka leboea ho Damaseka. 16 Eaba o lopolla thepa eohle,+ a lopolla le Lota mor’abo le thepa ea hae le basali le sechaba.+

17 Joale morena oa Sodoma a tsoa ho ea mo khahlanyetsa ka mor’a hore a khutle ha a qeta ho hlōla Kedorlaomere le marena a neng a e-na le eena, Khohlong ea Shave, ke hore, Khohlong ea morena.+ 18 Melkizedeke+ morena oa Saleme+ a tlisa bohobe le veine,+ ’me e ne e le moprista oa Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa.+ 19 Joale a mo hlohonolofatsa eaba o re:

“Abrame a hlohonolofatsoe ke Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa,+

Moetsi oa leholimo le lefatše;+

20 ’Me ho bokoe Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa,+

Ea nehelaneng ka bahatelli ba hao matsohong a hao!”+

Eaba Abrame o mo fa karolo ea leshome ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe.+

21 Ka mor’a moo morena oa Sodoma a re ho Abrame: “Mphe meea,+ empa u inkele thepa.” 22 Eaba Abrame o re ho morena oa Sodoma: “Ke phahamisa letsoho la ka ka kano+ ho Jehova Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa, Moetsi oa leholimo le lefatše, 23 hore nke ke ka nka letho nthong leha e le efe ea hao,+ ho tloha khoeleng ho ea leqhoeleng la moqathatso, che, e le hore u se ke ua re, ‘Ke ’na ea ruisitseng Abrame.’ 24 U se ke ua mpha letho!+ E be feela seo bahlankana ba seng ba se jele, le karolo ea banna ba tsamaileng le ’na, Anere, Eshkole le Mamre+—ba ke ba nke karolo ea bona.”+

15 Ka mor’a lintho tsena lentsoe la Jehova la tlela Abrame ponong,+ la re: “Abrame, u se ke ua tšaba.+ Ke ’na thebe ea hao.+ Moputso oa hao o tla ba moholo haholo.”+ 2 Eaba Abrame o re: “’Musi Morena Jehova, u tla mpha eng, ha e le moo ke se na ngoana ’me ea tla rua ntlo ea ka e le monna oa Damaseka, Eliezere?”+ 3 Abrame a eketsa: “Bona! Ha ua mpha peō,+ ’me, bona! mora+ oa ba ntlo ea ka o tla ntlhahlama e le mojalefa.” 4 Empa, bonang! lentsoe la Jehova la re ho eena: “Monna enoa a ke ke a u hlahlama e le mojalefa, empa ea tlang ho tsoa lithong tsa hao tse ka hare o tla u hlahlama e le mojalefa.”+

5 Joale a mo ntšetsa ka ntle ’me a re: “Ka kōpo, talima maholimong ’me u bale linaleli, haeba u ka khona ho li bala.”+ Eaba o tsoela pele ho re ho eena: “Peō ea hao e tla ba joalo.”+ 6 ’Me a beha tumelo ho Jehova;+ eaba o mo balla hoo e le ho loka.+ 7 Joale a eketsa a re ho eena: “Ke ’na Jehova, ea u ntšitseng Ure ea Bakalde ho u fa naha ena hore u e rue.”+ 8 Eaba o re: “’Musi Morena Jehova, ke tla tseba ka’ng hore ke tla e rua?”+ 9 Eaba o re ho eena: “Nkukele khomo ea sethole e lilemo li tharo le pōli e tšehali e lilemo li tharo le pheleu e lilemo li tharo le leebana-khoroana le leebana.”+ 10 Kahoo a nka lintho tsena tsohle eaba oa li khekhetha ’me o matahanya mokhekhetho ka mong hore o matahane le o mong, empa ha aa ka a arola linonyana likoto.+ 11 Eaba linonyana tse jang nama li qala ho theohela litopong tseo,+ empa Abrame a ’na a li leleka.

12 Ka mor’a nako letsatsi le ne le le haufi le ho likela, eaba Abrame o tšoaroa ke boroko bo tebileng,+ ’me, bonang! a oeloa ke lefifi le leholo ka mokhoa o tšosang. 13 Eaba o qala ho re ho Abrame: “Tseba hore ruri peō ea hao e tla ba bajaki naheng eo e seng ea eona,+ e tla lokela ho ba sebeletsa, ’me ka sebele ba tla e hlorisa ka lilemo tse makholo a mane.+ 14 Empa ke tla ahlola+ sechaba seo e tla se sebeletsa, ’me ka mor’a moo e tla tloha ka thepa e ngata.+ 15 Ha e le uena, u tla ea ho baholo-holo ba hao ka khotso; u tla patoa u tsofetse haholo.+ 16 Empa e tla khutlela mona molokong oa bone,+ hobane phoso ea Baamore ha e e-s’o phethehe.”+

17 Joale letsatsi la likela ’me ha tla lefifi le letšo-letšo ’me bonang! pakeng tsa mekhekhetho ena ha feta sebōpi se kubellang mosi le serumula sa mollo.+ 18 Letsatsing leo Jehova a hlaba selekane le Abrame,+ a re: “Ke tla fa peō ea hao naha ena,+ ho tloha nōkeng ea Egepeta ho ea nōkeng e khōlō, nōka ea Eufrate:+ 19 Bakene+ le Bakenize le Bakadmone 20 le Bahethe+ le Bapereze+ le Barefaime+ 21 le Baamore le Bakanana le Bagirgashe le Bajebuse.”+

16 Joale Sarai, mosali oa Abrame, o ne a sa mo tsoalla bana;+ empa o ne a e-na le lekhabunyane la Moegepeta ’me lebitso la lona e ne e le Hagare.+ 2 Kahoo Sarai a re ho Abrame: “Ka kōpo! Jehova o nkoetse hore ke se ke ka tsoala bana.+ Ka kōpo, kopanela liphate le lekhabunyane la ka. Mohlomong ke tla fumana bana ka lona.”+ Kahoo Abrame a mamela lentsoe la Sarai.+ 3 Joale Sarai, mosali oa Abrame, a nka Hagare lekhabunyane la hae la Moegepeta, bofelong ba lilemo tse leshome Abrame a lula naheng ea Kanana, eaba o le fa monna oa hae Abrame hore e be mosali oa hae.+ 4 Tumellanong le hoo a kopanela liphate le Hagare, ’me a ima. Ha a hlokomela hore o imme, joale mong’a hae Sarai a qala ho nyeliseha mahlong a hae.+

5 Eaba Sarai o re ho Abrame: “Bobe boo ke bo etselitsoeng bo be holim ’a hao. Ke nehelane ka lekhabunyane la ka sefubeng sa hao, ’me la hlokomela hore le imme, eaba ke qala ho nyeliseha mahlong a lona. E se eka Jehova a ka ahlola pakeng tsa ka le uena.”+ 6 Kahoo Abrame a re ho Sarai:+ “Bona! Lekhabunyane la hao le matsohong a hao. Le etse se molemo mahlong a hao.”+ Eaba Sarai o qala ho le tlotlolla hoo le ileng la mo balehela.+

7 Hamorao lengeloi la Jehova+ la le fumana selibeng sa metsi lefeelleng, selibeng se tseleng e eang Shure.+ 8 Eaba le qala ho re: “Hagare, lekhabunyane la Sarai, hantle-ntle u tsoa hokae ’me u ea hokae?” Eaba o re: “Ke balehela mong’a ka Sarai.” 9 Lengeloi la Jehova la tsoela pele ho re ho eena: “Khutlela ho mong’a hao Sarai ’me u ikokobetse ka tlas’a letsoho la hae.”+ 10 Eaba lengeloi la Jehova le re ho eena: “Ke tla atisa peō ea hao haholo,+ hoo e ke keng ea baloa ka lebaka la bongata.”+ 11 Hape lengeloi la Jehova la eketsa la re ho eena: “Bona! u imme, ’me u tla tsoala mora ’me u tla mo reha lebitso la Ishmaele;+ etsoe Jehova o utloile mahloreho a hao.+ 12 Ha e le eena, o tla fetoha monna ea kang qoaha. Letsoho la hae le tla loantša e mong le e mong, ’me letsoho la e mong le e mong le tla mo loantša;+ o tla lula ka nakoana ka pel’a barab’abo kaofela.”+

13 Joale a qala ho bitsa lebitso la Jehova, ea neng a bua le eena: “U Molimo oa pono,”+ etsoe o ile a re: “Na ha e le hantle ke talimile ea mponang?” 14 Ke ka lebaka leo seliba seo se ileng sa bitsoa Beere-lahai-roi.+ Bonang! se pakeng tsa Kadeshe le Berede. 15 Hamorao Hagare a tsoalla Abrame mora ’me Abrame a reha mora oa hae eo Hagare a mo tsoetseng lebitso la Ishmaele.+ 16 Abrame o ne a le lilemo li mashome a robeli a metso e tšeletseng ha Hagare a tsoalla Abrame Ishmaele.

17 Ha Abrame a e-ba lilemo li mashome a robong a metso e robong, Jehova a hlaha ho Abrame ’me a re ho eena:+ “Ke ’na Molimo ea Matla ’Ohle.+ Tsamaea ka pel’a ka ’me u be ea se nang molato.+ 2 Ke tla fana ka selekane sa ka pakeng tsa ka le uena,+ e le hore ke tle ke u atise haholo.”+

3 Eaba Abrame o itihela fatše ka sefahleho,+ ’me Molimo a tsoela pele ho bua le eena, a re: 4 “Ha e le ’na, bona! ke entse selekane le uena,+ ’me ka sebele u tla ba ntat’a lichaba tse ngata.+ 5 Ha u sa tla hlola u bitsoa Abrame, lebitso la hao e tla ba Abrahama, hobane ke tla u etsa ntat’a lichaba tse ngata. 6 Ke tla u atisa haholo, ke etse hore u be lichaba, ’me marena a tla tsoa ho uena.+

7 “Ke tla phetha selekane sa ka pakeng tsa ka le uena+ le peō ea hao e tlang ka mor’a hao ho ea ka meloko ea eona bakeng sa selekane ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+ e le hore ke be Molimo oa hao le oa peō ea hao e tlang ka mor’a hao.+ 8 Ke tla fa uena le peō ea hao e tlang ka mor’a hao naha ea bojaki ba hao,+ esita le naha eohle ea Kanana, hore le e rue ho isa nakong e sa lekanyetsoang; ’me ke tla ba Molimo oa eona.”+

9 Eaba Molimo o eketsa ka ho re ho Abrahama: “Ha e le uena, u lokela ho boloka selekane sa ka, uena le peō ea hao e tlang ka mor’a hao ho ea ka meloko ea eona.+ 10 Sena ke selekane sa ka seo le tla se boloka, pakeng tsa ka le lōna, esita le peō ea hao e tlang ka mor’a hao:+ E mong le e mong e motona ho lōna a bolotsoe.+ 11 Le bolotsoe nama ea ntlha ea letlalo la litho tsa lōna tsa botona, ’me e tla ba pontšo ea selekane pakeng tsa ka le lōna.+ 12 E mong le e mong e motona ho lōna ea matsatsi a robeli a bolotsoe,+ ho ea ka meloko ea lōna, mang kapa mang ea tsoalloang ka tlung le mang kapa mang ea rekiloeng ka chelete ho motho leha e le ofe osele eo e seng oa peō ea hao. 13 Monna e mong le e mong ea tsoaletsoeng ka tlung ea hao le monna e mong le e mong ea rekiloeng ka chelete ea hao ruri a bolotsoe;+ ’me selekane sa ka nameng ea lōna e be selekane ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ 14 Motho e motona ea sa bolotsoang ea ke keng a bolotsa ntlha ea letlalo la setho sa hae sa botona, moea oo o felisoe bathong ba habo oona.+ O tlōtse selekane sa ka.”

15 Molimo a tsoela pele ho re ho Abrahama: “Ha e le mosali oa hao Sarai, u se ke ua mo bitsa Sarai, hobane lebitso la hae ke Sara.+ 16 Ke tla mo hlohonolofatsa ’me ke u fe mora ka eena;+ ke tla mo hlohonolofatsa ’me o tla fetoha lichaba;+ marena a lichaba a tla tsoa ho eena.”+ 17 Eaba Abrahama o itihela fatše ka sefahleho ’me o qala ho tšeha le ho re ka pelong:+ “Na monna ea lilemo li lekholo o tla tsoalloa ngoana, ’me na Sara, e, na mosali ea lilemo li mashome a robong o tla beleha?”+

18 Ka mor’a tseo Abrahama a re ho Molimo oa ’nete: “E se eka Ishmaele a ka phela ka pel’a hao!”+ 19 Eaba Molimo o re: “Ruri mosali oa hao Sara o tla u tsoalla mora, ’me u tla mo reha lebitso la Isaka.+ Ke tla tiisa selekane sa ka le eena bakeng sa selekane ho isa nakong e sa lekanyetsoang ho peō ea hae e tlang ka mor’a hae.+ 20 Empa ke u utloile mabapi le Ishmaele. Bona! Ke tla mo hlohonolofatsa ke mo atise ’me ke etse hore a ngatafale haholo.+ Ka sebele o tla hlahisa marenana a leshome le metso e ’meli, ’me ke tla mo etsa sechaba se seholo.+ 21 Leha ho le joalo, ke tla tiisa selekane sa ka le Isaka,+ eo Sara a tla u tsoalla eena selemong se tlang ka nako ena e behiloeng.”+

22 Eaba Molimo o khaotsa ho bua le eena ’me o tloha ho Abrahama.+ 23 Joale Abrahama a nka mora oa hae Ishmaele le banna bohle ba tsoaletsoeng ka tlung ea hae le e mong le e mong ea rekiloeng ka chelete ea hae, e mong le e mong e motona har’a banna ba ntlo ea Abrahama, eaba o bolotsa nama ea ntlha ea letlalo la litho tsa bona tsa botona hona letsatsing lena, feela joalokaha Molimo a ne a buile le eena.+ 24 Abrahama o ne a le lilemo li mashome a robong a metso e robong ha nama ea ntlha ea letlalo la setho sa hae sa botona e bolotsoa.+ 25 Mora oa hae Ishmaele o ne a le lilemo li leshome le metso e meraro ha nama ea ntlha ea letlalo la setho sa hae sa botona e bolotsoa.+ 26 Hona letsatsing lena Abrahama a bolotsoa, le mora oa hae Ishmaele.+ 27 Le banna bohle ba ntlo ea hae, mang kapa mang ea tsoaletsoeng ka tlung le mang kapa mang ea rekiloeng ka chelete ho osele, ba bolotsoa le eena.+

18 Ka mor’a moo Jehova a hlaha+ ho eena har’a lifate tse khōlō tsa Mamre,+ ha a ntse a lutse monyako oa tente hoo e ka bang nakong ea ha ho chesa motšehare.+ 2 Ha a phahamisa mahlo,+ a talima ’me banna ba bararo ba ne ba eme hōjana le eena. Ha a re heli! ’me a ba bona a qala ho matha ho ba khahlanyetsa monyako oa tente ’me a inamela fatše.+ 3 Joale a re: “Joale, Jehova, haeba ke fumane kamohelo mahlong a hao, ka kōpo u se ke ua feta mohlanka oa hao.+ 4 Ka kōpo, ho ke ho nkoe metsinyana, ’me maoto a lōna a hlatsuoe.+ Joale le otle ka lehlakore tlas’a sefate.+ 5 E-re ke nke sengoathoana sa bohobe, ke khatholle lipelo tsa lōna.+ Ka mor’a moo, le ka fetela pele, ke ka lebaka leo le fetileng ka tsela ena la tla ho mohlanka oa lōna.” Eaba ba re: “Ke hantle. U ka etsa feela joalokaha u boletse.”

6 Kahoo Abrahama a potlakela tenteng ho Sara eaba o re: “Potlaka! Nka litekanyo tse tharo tsa seah tsa phofo e thumisehileng, u lube hlama ’me u etse lipolokoe.”+ 7 Ka mor’a moo Abrahama a mathela mohlapeng a nka pohoana e ntle e nyenyane a e fa mohlanka, ’me a potlakela ho e lokisa.+ 8 Joale a nka sereleli le lebese le pohoana tseo a li lokisitseng ’me a li beha ka pel’a bona.+ Kahoo a ’na a ema pel’a bona tlas’a sefate ha ba ntse ba ja.+

9 Joale ba re ho eena: “Mosali oa hao Sara o hokae?”+ Eaba o re: “O ka mona ka tenteng!”+ 10 Kahoo a tsoela pele: “Ruri ke tla khutlela ho uena selemong se tlang ka nako ena, ’me, bona! mosali oa hao Sara o tla ba le mora.”+ Joale Sara o ne a mametse a le monyako oa tente, ’me o ne o le ka mor’a monna eo. 11 Abrahama le Sara ba ne ba tsofetse, ba se ba ile lilemong.+ Sara o ne a khaolitse ho ilela khoeli.+ 12 Kahoo Sara a qala ho tšehela ka pelong,+ a re: “Ha ke se ke tsofetse tjee, na ka sebele nka nyakalla, ebile morena oa ka a tsofetse?”+ 13 Joale Jehova a re ho Abrahama: “Sara o ne a tšeha’ng, ha a re, ‘Na ka kannete-nete ke tla beleha le hoja ke tsofetse?’+ 14 Na ho na le ntho e sa tloaelehang bakeng sa Jehova?+ Ke tla khutlela ho uena ka nako e behiloeng, selemong se tlang ka nako ena, ’me Sara o tla ba le mora.” 15 Empa Sara a qala ho latola, a re: “Ha kea tšeha!” Etsoe o ne a tšohile. Eaba o re: “Che! empa u tšehile.”+

16 Hamorao banna bao ba ema eaba ba talima tlaase nģ’a Sodoma,+ ’me Abrahama a tsamaea le bona a ba felehetsa.+ 17 Eaba Jehova o re: “Na ke patela Abrahama seo ke se etsang?+ 18 Ruri Abrahama e tla ba sechaba se seholo le se matla, ’me lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa ka eena.+ 19 Etsoe ke mo tsebile e le hore a ka laela bara ba hae le ba ntlo ea hae ba tlang ka mor’a hae hore ba boloke tsela ea Jehova ba etse ho loka le kahlolo;+ e le hore ka sebele Jehova a ka tlisetsa Abrahama seo a se buileng ka eena.”+

20 Ka lebaka leo Jehova a re: “Mohoo oa pelaelo ka Sodoma le Gomora,+ e, o moholo, le sebe sa bona, e, se boima haholo.+ 21 Ke hlile ke ikemiselitse ho theoha ke bone hore na ba etsa ho ea ka mohoo o etsoang mabapi le bona o tlileng ho ’na, ’me haeba ho se joalo, ke tle ke tsebe.”+

22 Ntlheng ena banna bao ba reteleha ’me ba ea Sodoma; empa ha e le Jehova,+ o ne a ntse a eme ka pel’a Abrahama.+ 23 Joale Abrahama a atamela ’me a qala ho re: “Na ka sebele u tla felisa ea lokileng le ea khopo?+ 24 A re re ho na le batho ba lokileng ba mashome a mahlano ka har’a motse. Joale, na u tla ba felisa ’me u se ke ua tšoarela sebaka seo ka lebaka la ba lokileng ba mashome a mahlano ba ka har’a sona?+ 25 Ha ho utloahale hore u etse ka mokhoa ona, u bolaee motho ea lokileng le ea khopo hoo ho tlang ho etsahala ho motho ea lokileng joalokaha ho etsahala ho ea khopo!+ Ha ho utloahale bakeng sa hao.+ Na Moahloli oa lefatše lohle a ke ke a etsa se nepahetseng?”+ 26 Joale Jehova a re: “Haeba nka fumana banna ba mashome a mahlano ka har’a motse oa Sodoma ke tla tšoarela sebaka sohle ka lebaka la bona.”+ 27 Empa Abrahama a tsoela pele ho araba ’me a re: “Ka kōpo, bona! ke ikhethetse ho bua le Jehova, athe ke lerōle le molora.+ 28 A re re ba lokileng ba mashome a mahlano ba haelloa ke ba bahlano. Na u tla felisa motse oohle ka lebaka la ba bahlano?” Eaba o re: “Nke ke ka o felisa haeba ke fumana ba mashome a mane a metso e mehlano teng.”+

29 Empa a boela a bua le eena ’me a re: “A re re ho fumanoa ba mashome a mane teng.” Eaba o re: “Nke ke ka ho etsa ka lebaka la ba mashome a mane.” 30 Empa a tsoela pele: “Ka kōpo, e se eka Jehova a ke ke a tuka ke bohale,+ empa e-re ke tsoele pele ho bua:+ A re re ho fumanoa ba mashome a mararo teng.” Eaba o re: “Nke ke ka ho etsa haeba ke fumana ba mashome a mararo teng.” 31 Empa a tsoela pele: “Ka kōpo, bona! ke ikhethetse ho bua le Jehova:+ A re re ho fumanoa ba mashome a mabeli teng.” Eaba o re: “Nke ke ka o felisa ka lebaka la ba mashome a mabeli.”+ 32 Qetellong a re: “Ka kōpo, e se eka Jehova a ke ke a tuka ke bohale,+ empa e-re ke bue hanngoe lekhetlong lena feela:+ A re re ho fumanoa ba leshome teng.” Eaba o re: “Nke ke ka o felisa ka lebaka la ba leshome.”+ 33 Joale Jehova+ a tloha ha a qeta ho bua le Abrahama, eaba Abrahama o khutlela sebakeng sa hae.

19 Joale mangeloi ao a mabeli a fihla Sodoma mantsiboea, ’me Lota o ne a lutse hekeng ea Sodoma.+ Ha Lota a re heli! ’me a a bona, joale a a khahlanyetsa eaba o inamela fatše.+ 2 A re: “Joale, ka kōpo, maren ’a ka, fapohelang ka tlung ea mohlanka oa lōna ’me le hlole bosiu ’me maoto a lōna a hlatsuoe.+ Joale le tsohe hoseng haholo le tsamaee.”+ Eaba a re: “Che, empa re tla hlola bosiu lepatlelong.”+ 3 Empa a a phehella haholo,+ hoo a ileng a fapohela ho eena ’me a kena ka tlung ea hae. Joale a a etsetsa mokete,+ ’me a apeha mahobe a sa lomosoang,+ eaba aa ja.

4 Pele a robala, banna ba motse, banna ba Sodoma, ba pota-pota ntlo,+ ho tloha ho moshanyana ho ea ho monna-moholo, batho bohle e le mokhopi o le mong.+ 5 Eaba ba ntse ba hoeletsa Lota ba re ho eena: “Banna ba tlileng ho uena bosiung bona ba hokae? Re ntšetse bona e le hore re kopanele liphate le bona.”+

6 Qetellong Lota a tsoela ho bona monyako, empa a koala lemati ka mor’a hae. 7 Joale a re: “Ka kōpo, barab’eso, le se ke la etsa hampe.+ 8 Ka kōpo, bonang! ke na le barali ba babeli bao ho seng mohla ba kileng ba kopanela liphate le monna.+ Ka kōpo, e-reng ke le ntšetse bona. Joale le ba etse kamoo ho leng molemo kateng mahlong a lōna.+ Feela banna bana le se ke la ba etsa letho,+ hobane ke ka lebaka leo ba tlileng tlas’a moriti oa marulelo a ka.”+ 9 Eaba ba re: “Emella morao koana!” ’Me ba eketsa: “Monna enoa oa motoaitoai o tlile mona ho tla lula e le mojaki+ ’me leha ho le joalo o iketsa moahloli.+ Joale re tla u etsa hampe ho feta bona.” Eaba ba petetsa monna eo haholo,+ e leng Lota, ’me ba ne ba le haufi le ho thuha lemati.+ 10 Kahoo banna bao ba otlolla matsoho ’me ba tlisa Lota ho bona, ka tlung, eaba ba koala lemati. 11 Empa ba otla banna ba leng monyako oa ntlo ka bofofu,+ ho tloha ho e monyenyane ho ea ho e moholo,+ hoo ba ileng ba iqeta matla ha ba leka ho fumana monyako.+

12 Joale banna bao ba re ho Lota: “Na ho na le motho e mong eo u nang le eena moo? Mokhoenyana le bara ba hao le barali ba hao le bohle bao e leng ba hao motseng, u ba ntše sebakeng sena!+ 13 Etsoe re tlil’o felisa sebaka sena, hobane mohoo o entsoeng khahlanong le bona o moholo ka pel’a Jehova,+ hoo Jehova a re rometseng ho tla felisa motse.”+ 14 Kahoo Lota a tsoa eaba o qala ho bua le bakhoenyana ba hae ba neng ba lokela ho nka barali ba hae, ’me a ’na a re: “Emang! Tsoang sebakeng sena, hobane Jehova o tlil’o felisa motse!”+ Empa mahlong a bakhoenyana ba hae a bonahala joaloka motho ea neng a soasoa.+

15 Leha ho le joalo, ha mafube a hlaha, joale mangeloi a phehella Lota hore a potlake, a re: “Ema! Nka mosali oa hao le barali ba hao ba babeli ba leng mona,+ esere ua felisoa ka lebaka la phoso ea motse!”+ 16 Ha a ntse a lieha,+ joale ka lebaka la qenehelo ea Jehova ho eena,+ banna bao ba mo tšoara ka letsoho ’me ba tšoara mosali oa hae le barali ba hae ba babeli ka matsoho ’me ba mo ntša ba mo beha ka ntle ho motse.+ 17 Eitse hang ha ba ba ntšelitse mathōkong, a qala ho re: “Balehisang meea ea lōna!+ Le se ke la hetla+ ’me le se ke la ema Seterekeng sohle!+ Balehelang sebakeng se lithaba esere la felisoa!”+

18 Joale Lota a re ho bona: “Ka kōpo, Jehova, ho se ke ha e-ba joalo! 19 Ka kōpo, mohlanka oa hao joale o fumane kamohelo mahlong a hao+ hoo u hōlisang mosa oa hao o lerato,+ oo u mpontšitseng oona bakeng sa ho boloka moea oa ka o phela,+ empa ’na—ha ke khone ho balehela sebakeng se lithaba esere tlokotsi ea lula e le haufi le ’na ’me ka sebele ka shoa.+ 20 Joale ka kōpo, motse ona o haufi hore nka balehela ho oona ’me ke ntho e nyenyane.+ Ka kōpo, na nka balehela teng—na hase ntho e nyenyane?—’me moea oa ka o tla tsoela pele o phela.”+ 21 Kahoo a re ho eena: “Bona! ke u nahanela le ho isa tekanyong ena,+ ka hore ke se ke ka heletsa motse oo u buileng ka oona.+ 22 Potlaka! Balehela teng, hobane ha ke khone ho etsa letho ho fihlela u fihla moo!”+ Ke ka lebaka leo a ileng a reha motse oo lebitso la Zooare.+

23 Letsatsi le ne le chabetse naha ena ha Lota a fihla Zooare.+ 24 Joale Jehova a nesa sebabole le mollo o tsoang ho Jehova, maholimong, holim ’a Sodoma le holim ’a Gomora.+ 25 Kahoo a heletsa metse ena, esita le Setereke sohle le baahi bohle ba metse ena le limela tsa naha.+ 26 Mosali oa hae a qala ho qamaka a le ka mor’a hae, ’me a fetoha sefika sa letsoai.+

27 Joale hoseng haholo Abrahama a ea sebakeng seo a neng a eme ho sona ka pel’a Jehova.+ 28 Eaba o talima tlaase nģ’a Sodoma le Gomora le nģ’a naha eohle ea Setereke ’me a bona pono. Bonang! mosi o teteaneng o ne o nyoloha naheng joaloka mosi o teteaneng oa sebōpi!+ 29 Eitse ha Molimo a felisa metse ea Setereke seo, Molimo a lula a hopotse Abrahama ka hore ebe o ile a nka mehato ea ho ntša Lota har’a ho lihuoa ha a ne a heletsa metse eo Lota a neng a lula ho eona.+

30 Hamorao Lota a tloha Zooare ’me a qala ho lula sebakeng se lithaba hammoho le barali ba hae ba babeli,+ kahobane a tšaba ho lula Zooare.+ Kahoo a qala ho lula ka lehaheng, eena le barali ba hae ba babeli. 31 Eaba oa letsibolo o re ho ngoanana e monyenyane: “Ntate o tsofetse ’me naheng ena ha ho monna ea tla kopanela liphate le rōna ho ea ka tsela ea lefatše lohle.+ 32 Tloo, a re fe Ntate veine hore a noe+ ’me re robale le eena re bolokele Ntate bana.”+

33 Kahoo ba ’na ba fa ntat’a bona veine hore a noe bosiung boo;+ joale oa letsibolo a kena eaba o robala le ntat’ae, empa ha aa ka a tseba ha oa letsibolo a robala le ha a tsoha. 34 Eitse letsatsing le hlahlamang joale oa letsibolo a re ho e monyenyane: “Bona! ke robetse le Ntate bosiung ba maobane. A re mo fe veine hore a noe le bosiung bona. Joale u kene, u robale le eena, ’me re bolokele Ntate bana.” 35 Kahoo ba ’na ba fa ntat’a bona veine hore a noe le bosiung boo; joale e monyenyane a ema eaba o robala le eena, empa ha aa ka a tseba ha e monyenyane a robala le ha a tsoha. 36 Barali ba Lota ka bobeli ba imisoa ke ntat’a bona.+ 37 Ka mor’a nako oa letsibolo a tsoala mora eaba o mo reha lebitso la Moabe.+ Ke ntat’a Moabe, ho fihlela letsatsing lena.+ 38 Ha e le e monyenyane, le eena a tsoala mora a ntan’o mo reha lebitso la Ben-ami. Ke ntat’a bara ba Ammone,+ ho fihlela letsatsing lena.

20 Joale Abrahama a tlosa liahelo moo+ a li isa naheng ea Negebe eaba o lula pakeng tsa Kadeshe+ le Shure+ ’me a lula e le mojaki Gerare.+ 2 Abrahama a boela a re malebana le mosali oa hae Sara: “Ke khaitseli ea ka.”+ Eaba Abimeleke morena oa Gerare oa romeletsa ’me o nka Sara.+ 3 Ka mor’a moo Molimo a tla ho Abimeleke torong bosiu eaba o re ho eena: “Bona! ho tšoana leha u shoele ka lebaka la mosali eo u mo nkileng,+ kaha o ruiloe ke monghali e mong joaloka mosali oa hae.”+ 4 Leha ho le joalo, Abimeleke o ne a e-s’o mo atamele.+ Kahoo a re: “Jehova, na u tla bolaea sechaba seo ka sebele e leng se lokileng?+ 5 Na Abrahama ha aa ka a re ho ’na, ‘Ke khaitseli ea ka’? ’me Sara—na le eena ha aa ka a re, ‘Ke khaitseli ea ka’? Ke entse sena ka pelo e tšepahalang le ka matsoho a hlokang molato.”+ 6 Eaba Molimo oa ’nete o re ho eena torong: “Le ’na ke tsebile hore u entse sena ka pelo e tšepahalang,+ ’me ke ne ke u thibela hore u se ke ua ntšiteloa.+ Ke ka lebaka leo ke sa kang ka u lumella hore u mo ame.+ 7 Empa joale khutlisa mosali oa monna eo, etsoe ke moprofeta,+ ’me o tla u etsetsa thapeli.+ Kahoo u ’ne u phele. Empa haeba u sa mo khutlise, tseba hore ka sebele u tla shoa, uena le bohle bao e leng ba hao.”+

8 Kahoo Abimeleke a tsoha hoseng haholo eaba o bitsa bahlanka bohle ba hae ’me o bua ka lintho tsena tsohle moo ba ntseng ba utloa. Banna bao ba tšoha haholo. 9 Joale Abimeleke a bitsa Abrahama eaba o re ho eena: “U re entse’ng, ’me ke u sitetsoe ka eng hore ebe u tliselitse ’na le ’muso oa ka sebe se seholo hakaale?+ U nkentse liketso tse sa lokelang ho etsoa.”+ 10 Eaba Abimeleke o tsoela pele ho re ho Abrahama: “Sepheo sa hao e ne e le sefe ka hore ebe u entse ntho ee?”+ 11 Eaba Abrahama o re: “Ke kahobane ke ipoleletse ho re, ‘Ntle ho pelaelo ha ho tšajoe Molimo sebakeng sena,+ ’me ka sebele ba tla mpolaea ka lebaka la mosali oa ka.’+ 12 Ntle ho moo, kannete ke khaitseli ea ka, morali oa Ntate, feela eseng morali oa ’Mè; ’me ke mosali oa ka.+ 13 Eitse ha Molimo a etsa hore ke hlahlathele ke tlohe ntlong ea Ntate,+ joale ka re ho eena, ‘Ona ke mosa o lerato+ oo u tla mpontša oona: Sebakeng se seng le se seng seo re fihlang ho sona u re ka ’na: “Ke khaitseli ea ka.”’”+

14 Ka mor’a moo Abimeleke a nka linku le likhomo le bahlanka le makhabunyane eaba o a fa Abrahama ’me o mo khutlisetsa mosali oa hae Sara.+ 15 Ho ekelletsa moo Abimeleke a re: “Bona! ke tla u fa naha ea ka. Lula moo ho leng hotle mahlong a hao.”+ 16 Ho Sara a re: “Bona! ke fa khaitseli ea hao chelete ea likotoana tse sekete tsa silevera.+ Bona! ke lesira+ la mahlo bakeng sa bohle ba nang le uena, le ka pel’a e mong le e mong, ’me u hlakotsoe nyeliso.” 17 Abrahama a qala ho etsa thapeli ho Molimo oa ’nete;+ ’me Molimo a folisa Abimeleke le mosali oa hae le makhabunyane a hae, eaba ba qala ho tsoala bana. 18 Etsoe Jehova o ne a thibile ka thata pōpelo e ’ngoe le e ’ngoe ea ntlo ea Abimeleke ka lebaka la Sara, mosali oa Abrahama.+

21 Eaba Jehova o lebisa tlhokomelo ea hae ho Sara feela joalokaha a boletse, ’me joale Jehova a etsa Sara feela joalokaha a boletse.+ 2 Sara a ima+ a ntan’o tsoalla Abrahama mora botsofaling ba hae ka nako e behiloeng eo Molimo a mo boleletseng eona.+ 3 Tumellanong le hoo Abrahama a reha mora oa hae eo a mo tsoaletsoeng, eo Sara a mo tsoaletseng eena, lebitso la Isaka.+ 4 Eaba Abrahama o bolotsa mora oa hae Isaka ha a le matsatsi a robeli, feela joalokaha Molimo a mo laetse.+ 5 Abrahama o ne a le lilemo li lekholo ha a tsoalloa mora oa hae Isaka. 6 Joale Sara a re: “Molimo o ntokiselitse litšeho: e mong le e mong ea utloang ka hona o tla ntšeha.”+ 7 Eaba oa eketsa: “Ke mang ea neng a ka bolella Abrahama a re, ‘Ka sebele Sara o tla anyesa bana,’ athe ke tsoetse mora botsofaling ba hae?”

8 Joale ngoana a ’na a hōla ’me a khoesoa;+ eaba Abrahama o lokisetsa mokete o moholo letsatsing leo Isaka a khoesoang ka lona. 9 Sara a ’na a hlokomela mora oa Hagare Moegepeta,+ eo a mo tsoaletseng Abrahama, a ntse a soma.+ 10 Kahoo a qala ho re ho Abrahama: “Leleka lekhabunyane lena le mora oa lona, etsoe mora oa lekhabunyane lena e ke ke ea e-ba mojalefa le mora oa ka, le Isaka!”+ 11 Empa ntho ena ha ea ka ea khahlisa Abrahama mabapi le mora oa hae.+ 12 Joale Molimo a re ho Abrahama: “U se ke ua lumella hore ntho leha e le efe eo Sara a ntseng a u bolella eona e be e sa khahliseng ho uena ka moshanyana le ka lekhabunyane la hao. Mamela lentsoe la hae, hobane se tla bitsoa peō ea hao se tla ba teng ka Isaka.+ 13 Ha e le mora oa lekhabunyane,+ le eena ke tla mo etsa sechaba, hobane ke ngoana oa hao.”+

14 Kahoo Abrahama a tsoha hoseng haholo ’me a nka bohobe le lekuka la metsi a li fa Hagare,+ a li beha lehetleng la hae, le ngoana,+ a ntan’o re a tsamaee. Eaba oa tsamaea ’me o lelera lefeelleng la Beerseba.+ 15 Qetellong metsi a fela+ ka lekukeng eaba o lahlela+ ngoana tlas’a se seng sa lihlahla. 16 Eaba oa tloha ’me o lula a le mong hoo e ka bang bohōle ba ho fula ka seqha, hobane o ile a re: “E-re ke se ke ka bona ha ngoana a shoa.”+ Kahoo a lula fatše sebakana eaba o qala ho phahamisa lentsoe ’me oa lla.+

17 Eaba Molimo o utloa lentsoe la moshanyana,+ ’me lengeloi la Molimo la bitsa Hagare le le maholimong la re ho eena:+ “Molato ke’ng, Hagare? U se ke ua tšoha, hobane Molimo o mametse lentsoe la moshanyana moo a leng teng. 18 Ema, phahamisa moshanyana ’me u mo tšoare ka letsoho, hobane ke tla mo etsa sechaba se seholo.”+ 19 Joale Molimo a mo bula mahlo hoo eitseng ha a re heli! a ileng a bona seliba sa metsi;+ eaba oa ea ’me o qala ho tlatsa lekuka ka metsi ’me a a fa moshanyana hore a noe. 20 Molimo a tsoela pele ho ba le moshanyana,+ a ’na a hōla eaba o lula lefeelleng; ’me ea e-ba ea fulang metsu.+ 21 Eaba o lula lefeelleng la Parane,+ ’me ’m ’ae a mo nkela mosali naheng ea Egepeta.

22 Joale ka nako eo, Abimeleke hammoho le Fikole molaoli oa lebotho la hae ba re ho Abrahama: “Molimo o na le uena nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang.+ 23 Kahoo joale ntlhapanyetse mona ka Molimo+ hore u ke ke ua hloka botšepehi ho ’na le ho bana ba ka le ho litloholo tsa ka;+ hore, ho ea ka lerato le tšepahalang leo ke sebetsaneng le uena ka lona,+ u tla sebetsana le ’na le naha eo u ’nileng ua lula ho eona u le mojaki.”+ 24 Kahoo Abrahama a re: “Ke tla hlapanya.”+

25 Ha Abrahama a nyatsa Abimeleke ka matla mabapi le seliba sa metsi seo bahlanka ba Abimeleke ba se nkileng ka mabifi,+ 26 joale Abimeleke a re: “Ha ke tsebe hore na ke mang ea entseng ntho ena, le uena ha ua ka ua mpolella eona, hape ha ke e-s’o utloele ka eona haese kajeno.”+ 27 Eaba Abrahama o nka linku le likhomo o li fa Abimeleke,+ ’me ka bobeli ba hlaba selekane.+ 28 Ha Abrahama a behella likonyana tse tšehali tse supileng tsa mohlape ka thōko, 29 Abimeleke a tsoela pele ho re ho Abrahama: “Likonyana tsena tse tšehali tse supileng tseo u li beheletseng ka thōko li bolela’ng?” 30 Joale a re: “U lokela ho amohela likonyana tsena tse tšehali tse supileng letsohong la ka, e le hore e be bopaki+ bakeng sa ka hore ke chekile seliba sena.” 31 Ke ka lebaka leo a ileng a reha sebaka seo Beerseba,+ hobane ka bobeli ba nkile kano moo. 32 Kahoo ba hlaba selekane+ Beerseba, ka mor’a moo Abimeleke a ema hammoho le Fikole molaoli oa lebotho la hae eaba ba khutlela naheng ea Bafilista.+ 33 Ka mor’a moo a lema sefate sa tamariske Beerseba ’me moo a ipiletsa lebitsong la Jehova+ Molimo ea hlolang ka nako e sa lekanyetsoang.+ 34 Eaba Abrahama o lelefatsa bolulo ba hae e le mojaki naheng ea Bafilista ka matsatsi a mangata.+

22 Joale eitse ka mor’a lintho tsena Molimo oa ’nete a leka Abrahama.+ Tumellanong le hoo a re ho eena: “Abrahama!” eaba o re: “Ke ’na enoa!”+ 2 A tsoela pele ho re: “Ka kōpo, nka mora oa hao, mora oa hao ea mong eo u mo ratang haholo,+ Isaka,+ u nke leeto u ee naheng ea Moria+ ’me moo u mo nyehele e le nyehelo ea secheso ho e ’ngoe ea lithaba tseo ke tla u bontša tsona.”+

3 Kahoo Abrahama a tsoha hoseng haholo a qhaneha esele ea hae eaba o nka bahlanka ba hae ba babeli le mora oa hae Isaka;+ eaba o ratha patsi bakeng sa nyehelo ea secheso. Joale a ema eaba o nka leeto ho ea sebakeng seo Molimo oa ’nete a mo bontšitseng sona. 4 E ne e le letsatsing la boraro ha ka lekhetlo la pele Abrahama a phahamisa mahlo ’me a qala ho bonela sebaka seo hōjana. 5 Joale Abrahama a re ho bahlanka ba hae:+ “Salang mona le esele, empa ’na le moshanyana re batla ho ea mane ho ea rapela+ ’me re tla khutlela ho lōna.”

6 Ka mor’a moo Abrahama a nka patsi ea nyehelo ea secheso a e jarisa mora oa hae Isaka + ’me eena matsohong a hae a nka mollo le thipa e selakhang, eaba ka bobeli ba tsamaea hammoho.+ 7 Isaka a qala ho re ho ntat’ae Abrahama: “Ntate!”+ Eaba o re: “Ke ’na enoa, mora oa ka!”+ Kahoo a tsoela pele: “Mollo le patsi ke tsena, empa nku ea nyehelo ea secheso e hokae?”+ 8 Eaba Abrahama o re: “Molimo o tla iphumanela nku ea nyehelo ea secheso,+ mora oa ka.” ’Me ka bobeli ba tsamaea hammoho.

9 Qetellong ba fihla sebakeng seo Molimo oa ’nete a mo bontšitseng sona, eaba Abrahama o haha aletare+ moo ’me o beha patsi ka tlhophiso eaba o tlama mora oa hae Isaka maoto le matsoho ’me o mo beha aletareng holim ’a patsi.+ 10 Eaba Abrahama o ntša letsoho o nka thipa e selakhang hore a bolaee mora oa hae.+ 11 Empa lengeloi la Jehova la qala ho mo bitsa le le maholimong la re:+ “Abrahama, Abrahama!” eaba oa araba: “Ke ’na enoa!” 12 Eaba le tsoela pele ho re: “U se ke ua isa letsoho la hao ho moshanyana ’me u se ke ua mo etsa letho ho hang,+ etsoe joale kea tseba hore u tšaba Molimo kahobane ha ua nkhanela ka mora oa hao, ea mong feela.”+ 13 Abrahama a phahamisa mahlo a talima, ’me pele mane hare-hare, ho ne ho e-na le pheleu e tšoasitsoeng ka linaka moferong. Kahoo Abrahama a ea ’me a nka pheleu a e nyehela e le nyehelo ea secheso sebakeng sa mora oa hae.+ 14 Abrahama a qala ho reha sebaka seo lebitso la Jehova-jire. Ke ka lebaka leo kajeno ka tloaelo ho thoeng: “Ho tla etsoa tokisetso thabeng ea Jehova.”+

15 Lengeloi la Jehova la bitsa Abrahama ka lekhetlo la bobeli le le maholimong 16 la re: “‘Ke hlapanya ka ’na,’ ho bolela Jehova,+ ‘hore ka lebaka la hore u entse ntho ena ’me ha ua ka ua nkhanela ka mora oa hao, ea mong feela,+ 17 ruri ke tla u hlohonolofatsa ’me ruri ke tla atisa peō ea hao joaloka linaleli tsa maholimo le joaloka lehlabathe le lebōpong la leoatle;+ ’me peō ea hao e tla rua heke ea lira tsa eona.+ 18 Ka sebele lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa ka peō+ ea hao ka lebaka la hore u mametse lentsoe la ka.’”+

19 Ka mor’a moo Abrahama a khutlela ho bahlanka ba hae, eaba baa tloha ’me ba ea hammoho Beerseba;+ eaba Abrahama o tsoela pele ho lula Beerseba.

20 Joale eitse ka mor’a lintho tsena tlaleho ea fihla ho Abrahama e re: “Bona! Milka+ o tsoaletse mor’eno Nakore+ bara: 21 Utse letsibolo la hae le Buze+ mor’abo le Kemuele ntat’a Arame, 22 le Kesede le Hazo le Pildashe le Jidlafe le Bethuele.”+ 23 Bethuele o tsoetse Rebeka.+ Ba robeli bana ke bao Milka a ba tsoaletseng Nakore mor’abo Abrahama. 24 Ho ne ho boetse ho e-na le serethe sa hae, seo lebitso la sona e neng e le Reuma. Ka mor’a nako le sona sa tsoala Teba le Gahame le Tahashe le Maaka.+

23 Bophelo ba Sara ea e-ba lilemo tse lekholo le mashome a mabeli a metso e supileng. E bile lilemo tsa bophelo ba Sara.+ 2 Kahoo Sara a shoela Kiriathe-arba,+ ke ho re, Hebrone,+ naheng ea Kanana,+ ’me Abrahama a bokollela Sara le ho mo llela. 3 Joale Abrahama a tloha ka pel’a mofu oa hae eaba o bua le bara ba Hethe,+ o re: 4 “’Na ke osele ebile ke mojaki har’a lōna.+ Mpheng sebaka sa lepato har’a lōna e le hore ke pate mofu oa ka hore ke se ke ka hlola ke mo bona.”+ 5 Eaba bara ba Hethe ba araba Abrahama, ba re ho eena: 6 “Re utloe, moren ’a ka.+ U morenana oa Molimo har’a rōna.+ Pata mofu oa hao libakeng tsa rōna tse khethehileng tsa lepato.+ Ha ho le ea mong oa rōna ea tla u hanela ka sebaka sa hae sa lepato ho u thibela ho pata mofu oa hao.”+

7 Ka mor’a moo Abrahama a ema eaba o inama ka pel’a matsoalloa ao,+ bara ba Hethe,+ 8 a bua le bona, a re: “Haeba meea ea lōna e lumela hore ke pate mofu oa ka hore ke se ke ka hlola ke mo bona, ’mameleng ’me le phehelle Efrone mora oa Zohare bakeng sa ka,+ 9 hore a mphe lehaha la Makpela,+ leo e leng la hae, le qetellong ea tšimo ea hae. A mphe lona har’a lōna ka tekanyo e feletseng ea silevera hore e be sebaka sa lepato.”+

10 Efrone o ne a lutse har’a bara ba Hethe. Kahoo Efrone Mohethe+ a araba Abrahama moo bara ba Hethe ba ntseng ba utloa le bohle ba kenang hekeng ea motse oa hae, a re:+ 11 “Che, moren ’a ka! ’Mamele. Ke u fa tšimo, ke u fa le lehaha le ho eona. Ke u fa lona ka pel’a mahlo a bara ba sechaba sa heso.+ Pata mofu oa hao.” 12 Eaba Abrahama o inama ka pel’a matsoalloa ao 13 ’me o bua le Efrone moo matsoalloa a ntseng a utloa, o re: “Ke feela haeba uena—che, ’mamele! Ke tla u fa silevera bakeng sa tšimo. E nke ho ’na,+ e le hore ke pate mofu oa ka teng.”

14 Joale Efrone a araba Abrahama, a re ho eena: 15 “Moren ’a ka, ’mamele. Tšimo e ka rekoang ka lishekele tse makholo a mane, seo ke eng pakeng tsa ka le uena? Kahoo pata mofu oa hao.”+ 16 Tumellanong le hoo Abrahama a mamela Efrone, eaba Abrahama o bekhela Efrone silevera eo a buileng ka eona moo bara ba Hethe ba ntseng ba utloa, lishekele tsa silevera tse makholo a mane tse sebelisoang ke bahoebi.+ 17 Kahoo tšimo ea Efrone e Makpela, e ka pel’a Mamre, tšimo le lehaha le ho eona le lifate tsohle tse neng li le tšimong,+ tse neng li le ka har’a meeli eohle ea eona ho potoloha, tsa tiisetsoa+ 18 Abrahama e le thepa ea hae e rekiloeng ka pel’a mahlo a bara ba Hethe har’a bohle ba kenang hekeng ea motse oa hae.+ 19 Ka mor’a moo Abrahama a pata mosali oa hae Sara lehaheng la tšimo ea Makpela ka pel’a Mamre, ke ho re, Hebrone, naheng ea Kanana.+ 20 Kahoo tšimo le lehaha le ho eona tsa tiisetsoa Abrahama matsohong a bara ba Hethe hore e be sebaka sa lepato.+

24 Joale Abrahama o ne a tsofetse, a ile lilemong; ’me Jehova o ne a hlohonolofalitse Abrahama nthong e ’ngoe le e ’ngoe.+ 2 Kahoo Abrahama a re ho mohlanka oa hae, e moholo ho ba ntlo ea hae, eo e neng e le motsamaisi oa sohle seo a nang le sona:+ “Ka kōpo, beha letsoho la hao tlas’a serope sa ka,+ 3 kaha ke tla u hlapantša ka Jehova,+ Molimo oa maholimo le Molimo oa lefatše, hore u ke ke ua nkela mora oa ka mosali ho barali ba Bakanana bao ke lulang har’a bona,+ 4 empa u tla ea naheng ea heso le ho beng ka ’na,+ ’me ka sebele u nkele mora oa ka Isaka mosali.”

5 Leha ho le joalo, mohlanka a re ho eena: “Ho thoe’ng haeba mosali eo a sa lakatse ho tla le ’na naheng ena? Na ke tiise hore ke khutlisetsa mora oa hao naheng eo u tlohileng ho eona?”+ 6 Eaba Abrahama o re ho eena: “Itebele hore u se ke ua khutlisetsa mora oa ka moo.+ 7 Jehova Molimo oa maholimo, ea ntlositseng ntlong ea Ntate le naheng ea beng ka ’na+ le ea buileng le ’na le ea ntlhapanyelitseng,+ a re, ‘Ke tla fa peō ea hao+ naha ena,’+ o tla romela lengeloi la hae hore le u etelle pele,+ ’me ka sebele u tla nkela mora oa ka mosali moo.+ 8 Empa haeba mosali eo a sa lakatse ho tla le uena, le uena u tla be u lokolohile kanong ena eo u nketselitseng eona.+ U mpe u se ke ua khutlisetsa mora oa ka moo.” 9 Eaba mohlanka o beha letsoho la hae tlas’a serope sa mong’a hae Abrahama ’me o mo hlapanyetsa malebana le taba ena.+

10 Kahoo mohlanka a nka likamele tse leshome likameleng tsa mong’a hae eaba o tsamaea a nkile ntho e ntle ea mofuta o mong le o mong ea mong’a hae letsohong.+ Joale a tloha a ea Mesopotamia motseng oa Nakore. 11 Qetellong a etsa hore likamele li khumame ka ntle ho motse selibeng sa metsi hoo e ka bang mantsiboea,+ hoo e ka bang ka nako eo basali ba khang metsi ba tloaetseng ho tsoa ka eona.+ 12 Eaba o tsoela pele ho re: “Jehova Molimo oa mong’a ka Abrahama,+ ka kōpo, etsa hore ho etsahale ka pel’a ka letsatsing lena, ’me u etse mong’a ka Abrahama+ ka mosa o lerato.+ 13 Bona! ke eme selibeng sa metsi, ’me barali ba banna ba motse ona ba tsoa ho tla kha metsi.+ 14 Moroetsana eo ke tla re ho eena, ‘Ka kōpo, theola nkho ea hao ea metsi e le hore ke noe,’ ’me ebe ruri o re, ‘Noa, ’me ke tla noesa le likamele tsa hao,’ enoa ke eena eo u tla mo abela mohlanka oa hao,+ Isaka; etsa hore ke tsebe ka sena hore u sebelisitse lerato le tšepahalang ho mong’a ka.”+

15 Joale, eitse pele a qeta ho bua,+ bonang! Rebeka a tsoa, ea tsoaletsoeng Bethuele+ mora oa Milka+ mosali oa Nakore,+ mor’abo Abrahama, ’me nkho ea hae ea metsi e ne e le lehetleng la hae.+ 16 Joale moroetsana enoa o ne a e-na le ponahalo e khahlehang,+ e le moroetsana, ’me ho ne ho se monna ea kileng a kopanela liphate le eena;+ eaba o theohela selibeng ’me o qala ho tlatsa nkho ea hae ea metsi a ntan’o nyoloha. 17 Hang-hang mohlanka a matha ho ea mo khahlanyetsa ’me a re: “Ka kōpo, mphe metsinyana ka nkhong ea hao.”+ 18 Eaba o re: “Noa, moren ’a ka.” Ka potlako a theola nkho ea hae ea metsi a e tšoara ka letsoho ’me a mo fa se nooang.+ 19 Ha a qeta ho mo fa se nooang, joale a re: “Le likamele tsa hao ke tla li khella metsi ho fihlela li qetile ho noa.”+ 20 Kahoo ka potlako a tšollela nkho ea hae ka senoelong eaba o matha ka makhetlo a mangata ho ea kha metsi,+ ’me a khella likamele tsohle tsa hae. 21 Ka nako ena eohle monna enoa o ne a ntse a mo talimisisa ka ho makala, a khutsitse hore a tsebe hore na ebe Jehova o atlehisitse leeto la hae kapa che.+

22 Ka lebaka leo eitse ha likamele li qetile ho noa, joale monna enoa a nka lesale la nko la khauta+ la boima ba halofo ea shekele le lipetja+ tse peli bakeng sa matsoho a hae, boima ba tsona e le lishekele tse leshome tsa khauta, 23 eaba o tsoela pele ho re: “U morali oa mang? Ka kōpo, mpolelle. Na ho na le sebaka ka tlung ea ntat’ao e le hore re hlole bosiu teng?”+ 24 Eaba o re ho eena: “Ke ’na morali oa Bethuele+ mora oa Milka, eo a mo tsoaletseng Nakore.”+ 25 A eketsa ka ho re ho eena: “Re na le joang le furu e ngata, le sebaka sa ho hlola bosiu.”+ 26 Monna eo a inama ’me a itihela fatše ka sefahleho ka pel’a Jehova+ 27 a re: “Ho bokoe Jehova+ Molimo oa mong’a ka Abrahama, ea sa tlohelang ho bontša mosa oa hae o lerato le botšepehi ba hae ho mong’a ka. Ha ke le tseleng, Jehova o ntlisitse ntlong ea barab’abo mong’a ka.”+

28 Moroetsana a matha ’me a bolella ba ntlo ea ’m ’ae lintho tsena. 29 Joale Rebeka o ne a e-na le khaitseli ’me lebitso la eona e le Labane.+ Kahoo Labane a qala ho mathela ho monna ea ka ntle selibeng. 30 Eitse ha a bona lesale la nko le lipetja+ tse matsohong a khaitseli ea hae le ha a utloa mantsoe a khaitseli ea hae Rebeka, ha a re: “Monna eo o buile le ’na ka tsela ena,” joale a ea ho monna eo, ’me a mo fumana moo, a eme pel’a likamele selibeng. 31 Hang-hang a re: “Tloo, uena ea hlohonolofalitsoeng oa Jehova.+ Ke hobane’ng ha u ntse u eme moo ka ntle, ha ke lokisitse ntlo le sebaka bakeng sa likamele?” 32 Eaba monna eo o kena ka tlung, ’me o qhanolla likamele le ho fa likamele joang le furu, a mo fa le metsi bakeng sa ho hlatsoa maoto a hae le maoto a banna bao a nang le bona.+ 33 Joale ha behoa se jeoang ka pel’a hae, empa a re: “Nke ke ka ja ho fihlela ke buile litaba tsa ka.” Kahoo a re: “Bua!”+

34 Joale a tsoela pele a re: “Ke ’na mohlanka oa Abrahama.+ 35 Jehova o hlohonolofalitse mong’a ka haholo ka hore ebe o tsoela pele ho mo etsa e moholo ’me o mo fa linku le likhomo le silevera le khauta le bahlanka le makhabunyane le likamele le liesele.+ 36 Ho ekelletsa moo, Sara mosali oa mong’a ka o tsoaletse mong’a ka mora a se a tsofetse;+ ’me o tla mo fa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona.+ 37 Kahoo mong’a ka o ntlhapantšitse, a re, ‘U se ke ua nkela mora oa ka mosali ho barali ba Bakanana bao ke lulang naheng ea bona.+ 38 Che, empa u ee ntlong ea Ntate le ho ba lelapa leso+ ’me u nkele mora oa ka mosali.’+ 39 Empa ka re ho mong’a ka, ‘Ho thoe’ng haeba mosali eo a ke ke a tla le ’na?’+ 40 Joale a re ho ’na, ‘Jehova, eo ke tsamaileng ka pel’a hae,+ o tla romela lengeloi+ la hae hore le be le uena ’me ka sebele o tla atlehisa tsela ea hao;+ u nkele mora oa ka mosali ho ba lelapa leso le ntlong ea Ntate.+ 41 Ka nako eo u tla lokolloa boitlamong boo u bo entseng ho ’na ka kano ha u fihla lelapeng leso, ’me haeba ba sa u nehe eena, joale u tla lokoloha boitlamong boo u bo entseng ho ’na ka kano.’+

42 “Ha ke fihla selibeng kajeno, joale ka re, ‘Jehova Molimo oa mong’a ka Abrahama, haeba ruri u atlehisa tsela ea ka eo ke tsamaeang ka eona,+ 43 bona! ke eme selibeng sa metsi. Moroetsana+ ea tsoang ho tla kha metsi eo ke tlang ho re ho eena: “Ka kōpo, e-re ke noe metsinyana ka nkhong ea hao,” 44 ebe ruri o re ho ’na: “Noa, hape ke tla khella likamele tsa hao metsi,” ke eena mosali eo Jehova a mo abetseng mora oa mong’a ka.’+

45 “Pele ke qeta ho bua+ ka pelong ea ka,+ bonang! Rebeka a tsoa, nkho ea hae e le lehetleng la hae; ’me a theohela selibeng eaba o qala ho kha metsi.+ Joale ka re ho eena, ‘Ka kōpo, mphe se nooang.’+ 46 Kahoo a theola nkho ea hae ka potlako a re, ‘Noa,+ ’me ke tla noesa likamele tsa hao.’ Joale ka noa, eaba o noesa le likamele. 47 Ka mor’a moo ka mo botsa ka re, ‘U morali oa mang?’+ eaba o re, ‘Ke morali oa Bethuele mora oa Nakore, eo Milka a mo tsoaletseng eena.’ Tumellanong le hoo ke ile ka mo roesa lesale la nko ’me ka mo roesa lipetja matsohong.+ 48 Eaba kea inama ’me ke itihela fatše ka sefahleho ka pel’a Jehova ke boka Jehova Molimo oa mong’a ka Abrahama,+ ea ntsamaisitseng tseleng ea ’nete+ hore ke nkele mora oa hae morali oa mor’abo mong’a ka. 49 Joale haeba le hlile le bontša mosa o lerato le botšepehi ho mong’a ka,+ mpolelleng; empa haeba ho se joalo, mpolelleng, hore ke retelehele ka letsohong le letona kapa ka ho le letšehali.”+

50 Joale Labane le Bethuele ba araba ’me ba re: “Ntho ena e tsoa ho Jehova.+ Ha re khone ho bua hampe kapa hantle ho uena.+ 51 Rebeka ke enoa ka pel’a hao. Mo nke ’me u tsamaee, ’me e be mosali oa mora oa mong’a hao, feela joalokaha Jehova a buile.”+ 52 Eitse ha mohlanka oa Abrahama a utloa mantsoe a bona, hang-hang a itihela fatše ka sefahleho ka pel’a Jehova.+ 53 Eaba mohlanka o qala ho ntša lintho tsa silevera le lintho tsa khauta le liaparo ’me o li fa Rebeka; a fa khaitseli ea hae le ’m ’ae lintho tse ntle.+ 54 Ka mor’a moo ba ja ’me ba noa, eena le banna bao a nang le bona, eaba ba hlola bosiu teng ’me ba tsoha hoseng.

Joale a re: “E-reng ke tsamaee ke ee ho mong’a ka.”+ 55 Eaba khaitseli ea hae le ’m ’ae ba re: “E-re moroetsana a lule le rōna bonyane ka matsatsi a leshome. Ka mor’a moo a ka tsamaea.” 56 Empa a re ho bona: “Le se ke la nthibela ho tsamaea, kaha Jehova o atlehisitse tsela ea ka.+ E-reng ke tsamaee, e le hore ke ee ho mong’a ka.”+ 57 Kahoo ba re: “A re bitseng moroetsana ’me re utloe se tsoang molomong oa hae.”+ 58 Joale ba bitsa Rebeka ba re ho eena: “Na u tla tsamaea le monna enoa?” Eaba o re: “Ke ikemiselitse ho tsamaea.”+

59 Eaba ba re khaitseli ea bona Rebeka+ a tsamaee le mohlokomeli+ oa hae le mohlanka oa Abrahama le banna ba hae. 60 Ba qala ho hlohonolofatsa Rebeka ba re ho eena: “Uena, khaitseli ea rōna, e se eka u ka ba likete tse leshome tse iphetileng ka likete tse leshome, ’me peō ea hao e rue heke ea ba e hloileng.”+ 61 Ka mor’a moo Rebeka le makhabunyane+ a hae ba tloha ’me ba palama likamele+ ba latela monna eo; eaba mohlanka o nka Rebeka ’me oa tsamaea.

62 Joale Isaka o ne a tla ka tsela e eang Beere-lahai-roi,+ etsoe o ne a lula naheng ea Negebe.+ 63 Isaka o ne a ntse a itsamaela e le hore a thuise+ tšimong ha e tla tloha e e-ba mantsiboea. Ha a phahamisa mahlo a talima, a bona likamele li tla! 64 Ha Rebeka a phahamisa mahlo, a re heli! ’me a bona Isaka eaba o theoha kameleng. 65 Joale a re ho mohlanka: “Monna eloa ea tsamaeang tšimong ho tla re khahlanyetsa ke mang?” ’me mohlanka a re: “Ke mong’a ka.” Eaba o nka lesela le roaloang hloohong oa ikhurumetsa.+ 66 Mohlanka a phetela Isaka lintho tsohle tseo a li entseng. 67 Ka mor’a moo Isaka a mo tlisa ka tenteng ea ’m ’ae Sara.+ Ka hona a nka Rebeka ea e-ba mosali oa hae;+ a mo rata,+ ’me Isaka a fumana matšeliso ka mor’a ho shoeloa ke ’m ’ae.+

25 Ho feta moo, Abrahama a boela a nka mosali, ’me lebitso la hae e ne e le Ketura.+ 2 Ka mor’a nako a mo tsoalla Zimrane le Jokshane le Medane le Midiane+ le Ishbake le Shua.+

3 Eaba Jokshane o tsoala Sheba+ le Dedane.+

Bara ba Dedane ea e-ba Ashurime le Letushime le Leumime.

4 Bara ba Midiane e ne e le Efa+ le Efere le Hanoke le Abida le Elda.+

Bana bohle e ne e le bara ba Ketura.

5 Hamorao Abrahama a fa Isaka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona,+ 6 empa bara ba lirethe bao Abrahama a nang le bona, Abrahama a ba fa limpho.+ Joale a re ba tlohe ho mora oa hae Isaka,+ ha a sa ntse a phela, ba ee nģ’a bochabela, naheng ea Bochabela.+ 7 Ana ke matsatsi a lilemo tsa bophelo ba Abrahama tseo a li phetseng, lilemo tse lekholo le mashome a supileng a metso e mehlano. 8 Joale Abrahama a phefumoloha la ho qetela ’me a shoa a tsofetse haholo, a tsofetse ’me a khotsofetse, eaba o nkeloa ho batho ba habo.+ 9 Kahoo bara ba hae Isaka le Ishmaele ba mo pata lehaheng la Makpela tšimong ea Efrone mora oa Zohare Mohethe e ka pel’a Mamre,+ 10 tšimo eo Abrahama a e rekileng ho bara ba Hethe. Abrahama a patoa moo, le mosali oa hae Sara.+ 11 Eitse ka mor’a lefu la Abrahama Molimo a tsoela pele ho hlohonolofatsa mora oa hae Isaka,+ ’me Isaka o ne a lula haufi le Beere-lahai-roi.+

12 Ena ke histori ea Ishmaele+ mora oa Abrahama eo Hagare Moegepeta lekhabunyane la Sara a mo tsoaletseng Abrahama.+

13 Joale ana ke mabitso a bara ba Ishmaele, ka mabitso a bona, ho ea ka metso ea malapa a bona: letsibolo la Ishmaele Nebajothe+ le Kedare+ le Adbele le Mibsame+ 14 le Mishma le Duma le Masa, 15 Hadade+ le Tema,+ Jeture, Nafishe le Kedema.+ 16 Bana ke bara ba Ishmaele, ’me ana ke mabitso a bona ka mabala a bona le ka liahelo tsa bona tse pota-potiloeng ke lerako:+ marenana a leshome le metso e ’meli ho ea ka meloko ea ’ona.+ 17 Tsena ke lilemo tsa bophelo ba Ishmaele, lilemo tse lekholo le mashome a mararo a metso e supileng. Joale a phefumoloha la ho qetela eaba oa shoa ’me o nkeloa ho batho ba habo.+ 18 Eaba ba lula ka nakoana Havila+ haufi le Shure,+ e ka pel’a Egepeta, ho ea fihla Assyria. A aha ka pel’a barab’abo kaofela.+

19 Ena ke histori ea Isaka mora oa Abrahama.+

Abrahama a tsoala Isaka. 20 Isaka o ne a le lilemo li mashome a mane ha a nka Rebeka morali oa Bethuele+ Mosyria+ oa Padane-arame, khaitseli ea Labane Mosyria, hore e be mosali oa hae. 21 Isaka a ’na a kōpa Jehova ka tieo haholo-holo bakeng sa mosali oa hae,+ hobane e le nyopa;+ kahoo Jehova a itumella hore a kōptjoe ka tieo ke eena,+ ’me mosali oa hae Rebeka a ima. 22 Eaba bara ba qala ho loantšana ka hare ho eena,+ hoo a ileng a re: “Haeba ho ka tsela ena, hantle-ntle ke phelela’ng?” Eaba o il’o botsa Jehova.+ 23 Jehova a re ho eena: “Lichaba tse peli li ka mpeng ea hao,+ ’me lihlopha tse peli tsa lichaba li tla aroloa lithong tsa hao tse ka hare;+ sehlopha se seng sa sechaba se tla ba matla ho feta sehlopha se seng sa sechaba,+ ’me e moholo o tla sebeletsa e monyenyane.”+

24 Butle-butle matsatsi a hae a ho beleha a phethahala, ’me, bonang! o ne a e-na le mafahla ka mpeng ea hae.+ 25 Joale la pele la tsoa le le lefubelu hohle joaloka seaparo se khethehileng sa boea;+ kahoo ba le reha lebitso la Esau.+ 26 Ka mor’a moo mor’abo lona a tsoa ’me letsoho la hae le ne le tšoere serethe sa Esau;+ kahoo a mo reha lebitso la Jakobo.+ Isaka o ne a le lilemo li mashome a tšeletseng ha Rebeka a a tsoala.

27 Bashanyana ba hōla, ’me Esau ea e-ba monna ea tsebang ho tsoma,+ monna oa naheng, empa Jakobo ea e-ba monna ea sa tšoauoeng phoso,+ ea lulang litenteng.+ 28 Isaka o ne a rata Esau, hobane ho ne ho bolela hore ho tla ba le nama ea phoofolo e tsonngoeng ka hanong la hae, athe Rebeka o ne a rata Jakobo.+ 29 Ka nako e ’ngoe Jakobo o ne a phehile sechu, ha Esau a fihla a tsoa naheng ’me a khathetse. 30 Kahoo Esau a re ho Jakobo: “Ka kōpo, potlaka u mphe ke je bofubelu—bofubelu boo, etsoe ke khathetse!” Ke ka lebaka leo a rehiloeng lebitso la Edomo.+ 31 Eaba Jakobo o re: “Pele ho tsohle, nthekisetse tokelo ea hao joaloka letsibolo!”+ 32 Eaba Esau o tsoela pele: “Bona! ke tlil’o shoa, ’me tokelo ea tsoalo e na le molemo ofe ho ’na?” 33 Eaba Jakobo oa eketsa: “Pele ho tsohle, ntlhapanyetse!”+ Eaba oa mo hlapanyetsa ’me o rekisetsa Jakobo tokelo ea hae joaloka letsibolo.+ 34 Jakobo a fa Esau bohobe le sechu sa lensisi, eaba oa ja oa noa.+ Joale a ema ’me a tsamaea. Kahoo Esau a nyelisa tokelo ea tsoalo.+

26 Joale ha e-ba le tlala naheng, ntle ho tlala ea pele e bileng teng matsatsing a Abrahama,+ hoo Isaka a ileng a leba Gerare ho Abimeleke, morena oa Bafilista.+ 2 Joale Jehova a hlaha ho eena ’me a re:+ “U se ke ua theohela Egepeta. Lula ka nakoana naheng eo ke u bontšang eona.+ 3 Lula u le mojaki naheng ena,+ ’me ke tla ba le uena ke u hlohonolofatse, hobane ke tla fa uena le peō ea hao linaha tsena kaofela,+ ’me ke tla phetha polelo e hlapanyelitsoeng eo ke e hlapanyelitseng ntat’ao Abrahama,+ 4 ‘Ke tla atisa peō ea hao joaloka linaleli tsa maholimo ’me ke tla fa peō ea hao linaha tsena tsohle;+ ka sebele lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa ka peō ea hao,’+ 5 hobane Abrahama o ile a mamela lentsoe la ka ’me a tsoela pele ho boloka tlamo ea hae ho ’na, litaelo tsa ka, litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng, le melao ea ka.”+ 6 Kahoo Isaka a tsoela pele ho lula Gerare.+

7 Joale, banna ba sebaka seo ba ’na ba botsa ka mosali oa hae, ’me o ne a re: “Ke khaitseli ea ka.”+ Kaha o ne a tšaba hore a re “Ke mosali oa ka” esere, ho qotsa mantsoe a hae, “banna ba sebaka sena ba mpolaea ka lebaka la Rebeka,” hobane o ne a e-na le ponahalo e khahlehang.+ 8 Kahoo eitse ha matsatsi a hae moo a ata, Abimeleke morena oa Bafilista, o ne a shebile ka fensetere a talimile, ’me a bona Isaka a ithabisa le mosali oa hae Rebeka.+ 9 Hang-hang Abimeleke a bitsa Isaka a re: “Ke mosali oa hao! Kahoo ho tla joang hore ebe u itse, ‘Ke khaitseli ea ka’?” Eaba Isaka o re ho eena: “Ke ho boletse esere ka shoa ka lebaka la hae.”+ 10 Empa Abimileke a tsoela pele: “U re entse’ng?+ Ho setse hanyenyane ’me ka sebele e mong oa batho a ka be a robetse le mosali oa hao, ’me u ka be u re tliselitse molato!”+ 11 Joale Abimeleke a laela batho bohle, a re: “Motho leha e le mang ea amang monna enoa le mosali oa hae ruri o tla bolaoa!”

12 Ka mor’a moo Isaka a qala ho jala peō naheng eo,+ ’me selemong seo a fumana litekanyo tse fihlang lekholong ho e le ’ngoe,+ kaha Jehova o ne a mo hlohonolofatsa.+ 13 Tumellanong le hoo monna enoa a ba moholo ’me a ’na a tsoela pele ho hōla ho fihlela a e-ba moholo haholo.+ 14 A ba le mehlape ea linku le mehlape ea likhomo le sehlopha se seholo sa bahlanka,+ hoo Bafilista ba ileng ba qala ho mo honohela.+

15 Ha e le liliba tsohle tseo bahlanka ba ntat’ae ba li chekileng matsatsing a ntat’ae Abrahama,+ Bafilista ba li thiba ’me ba li tlatsa ka mobu o omileng.+ 16 Qetellong Abimeleke a re ho Isaka: “Tloha tikolohong ea rōna, hobane u fetohile ea matla haholo ho re feta.”+ 17 Kahoo Isaka a tloha moo eaba o hloma liahelo phuleng ea molapo o phoroselang ea Gerare+ ’me o lula teng. 18 Isaka a boela a cheka liliba tsa metsi tseo ba ileng ba li cheka matsatsing a ntat’ae Abrahama empa tseo Bafilista ba ileng ba li thiba ka mor’a lefu la Abrahama;+ a boela a li bitsa ka mabitso ao ntat’ae a neng a li rehile ’ona.+

19 Bahlanka ba Isaka ba tsoela pele ho cheka phuleng ea molapo o phoroselang, kahoo ba fumana seliba sa metsi a hloekileng teng. 20 Balisa ba Gerare ba qabana le balisa ba Isaka,+ ba re: “Metsi ana ke a rōna!” Kahoo a reha seliba seo lebitso la Eseke, hobane ba ne ba phehisane le eena. 21 Eaba ba cheka seliba se seng, ’me ba qabana ka lebaka la sona hape. Kahoo a se reha lebitso la Sitna. 22 Hamorao a tloha moo ’me a cheka seliba se seng,+ empa ha baa ka ba qabana ka lebaka la sona. Kahoo a se reha lebitso la Rehobothe ’me a re: “Ke hobane joale Jehova o re file sebaka se seholo+ ’me o re atisitse lefatšeng.”+

23 Joale a tloha moo a ea Beerseba.+ 24 Jehova a bonahala ho eena bosiung boo ’me a re: “Ke ’na Molimo oa ntat’ao Abrahama.+ U se ke ua tšoha,+ hobane ke na le uena, ’me ke tla u hlohonolofatsa ke atise peō ea hao ka lebaka la mohlanka oa ka Abrahama.”+ 25 Tumellanong le hoo a haha aletare moo eaba o ipiletsa lebitsong la Jehova+ ’me o hloma tente ea hae moo,+ ’me bahlanka ba Isaka ba cheka seliba moo.

26 Hamorao Abimeleke a tla ho eena a tsoa Gerare a e-na le Ahuzathe motsoalle oa hae ea tšepeloang makunutu le Fikole molaoli oa lebotho la hae.+ 27 Eaba Isaka o re ho bona: “Ke hobane’ng ha le tlile ho ’na, kaha le ntlhoile ’me le itse ke tlohe tikolohong ea lōna?”+ 28 Eaba ba re: “Ruri re bone hore Jehova o na le uena.+ Kahoo re itse, ‘Ka kōpo, ho ke ho be le kano e tlamang pakeng tsa rōna,+ pakeng tsa rōna le uena, ’me re hlabe selekane le uena,+ 29 hore u ke ke ua re etsa letho le lebe feela joalokaha re sa ka ra u ama le joalokaha re u entse se molemo feela ka hore ebe re itse u tsamaee ka khotso.+ Joale u ea hlohonolofalitsoeng oa Jehova.’”+ 30 Joale a ba etsetsa mokete eaba baa ja ’me baa noa.+ 31 Hoseng ho hlahlamang ba tsoha kapele ’me ba hlapanyetsana.+ Ka mor’a moo Isaka a re ba tsamaee ’me ba tloha ho eena ka khotso.+

32 Joale letsatsing leo bahlanka ba Isaka ba tla ’me ba mo tlalehela ka seliba seo ba neng ba se chekile,+ ’me ba re ho eena: “Re fumane metsi!” 33 Kahoo a se reha lebitso la Seba. Ke ka lebaka leo lebitso la motse e leng Beerseba,+ ho fihlela kajeno.

34 Esau a hōla a ba lilemo li mashome a mane. Joale a nka Judithe morali oa Beri Mohethe hore e be mosali oa hae le Basmathe morali oa Elone Mohethe.+ 35 Ba utloisa moea oa Isaka le Rebeka bohloko.+

27 Joale eitse ha Isaka a tsofetse le mahlo a hae a fifetse hoo a sa boneng+ a bitsa Esau mora oa hae e moholo ’me a re ho eena:+ “Mora oa ka!” eaba o re ho eena: “Ke ’na enoa!” 2 Eaba o tsoela pele ho re: “Bona! joale ke tsofetse.+ Ha ke tsebe letsatsi la lefu la ka.+ 3 Kahoo lekhetlong lena, ka kōpo, nka lisebelisoa tsa hao, khohlopo ea hao le seqha sa hao, ’me u ee naheng u ntsomele phoofolo.+ 4 Joale u nketsetse lijo tse hlabosang tseo ke li ratang ’me u li tlise ho ’na, ke je, e le hore moea oa ka o ka u hlohonolofatsa pele ke shoa.”+

5 Leha ho le joalo, Rebeka o ne a mametse ha Isaka a bua le mora oa hae Esau. Esau a ea naheng ho ea tsoma phoofolo ’me a e tlisa.+ 6 Rebeka a re ho mora oa hae Jakobo:+ “Ke utloile ntat’ao a bua le mor’eno Esau, a re, 7 ‘Ntlisetse phoofolo e tsonngoeng ’me u nketsetse lijo tse hlabosang ’me ke je, e le hore nka u hlohonolofatsa ka pel’a Jehova pele ho lefu la ka.’+ 8 Joale, mora oa ka, mamela lentsoe la ka ho seo ke u laelang sona.+ 9 Ka kōpo e-ea mohlapeng ’me u ntlele le lipotsanyane tse peli, tse ntle, e le hore ke phehele ntat’ao lijo tse hlabosang tseo a li ratang. 10 Joale u li ise ho ntat’ao ’me o tla li ja, e le hore a ka u hlohonolofatsa pele ho lefu la hae.”

11 Eaba Jakobo o re ho ’m ’ae Rebeka: “Empa mor’eso Esau ke monna ea mohoete ’me ’na ke monna ea lehoete.+ 12 Ho thoe’ng haeba Ntate a mphopholetsa?+ Joale ka sebele mahlong a hae ke tla tšoana le ea somang,+ ’me ka sebele ke tla itlisetsa bomalimabe eseng tlhohonolofatso.”+ 13 Eaba ’m ’ae o re ho eena: “Bomalimabe bo reretsoeng uena bo be holim ’a ka, mora oa ka.+ U mpe u mamele lentsoe la ka ’me u tsamaee, u ntlisetse tsona.”+ 14 Tumellanong le hoo a tsamaea eaba oa li nka o li tlisa ho ’m ’ae, eaba ’m ’ae o pheha lijo tse hlabosang tseo ntat’ae a li ratang. 15 Ka mor’a moo Rebeka a nka liaparo tsa mora oa hae e moholo Esau,+ tse khahlehang ka ho fetisisa tseo a nang le tsona ka tlung,+ a li apesa mora oa hae e monyenyane Jakobo.+ 16 A beha matlalo a lipotsanyane matsohong a hae le karolong e lehoete ea molala oa hae.+ 17 Joale lijo tse hlabosang le bohobe boo a bo entseng a fana ka tsona letsohong la mora oa hae Jakobo.+

18 Kahoo a kena ho ntat’ae ’me a re: “Ntate!” eaba eena o re: “Ke ’na enoa! U mang, mora oa ka?” 19 Jakobo a tsoela pele ho re ho ntat’ae: “Ke ’na Esau letsibolo la hao.+ Ke entse feela joalokaha u mpoleletse. Ka kōpo tsoha. Lula fatše ’me u je phoofolo e tsonngoeng ke ’na, e le hore moea oa hao o ka ntlhohonolofatsa.”+ 20 Eaba Isaka o re ho mora oa hae: “Ho tla joang hore ebe u e fumane kapele hakaale, mora oa ka?” Eaba o re: “Hobane Jehova Molimo oa hao o entse hore e kopane le ’na.” 21 Joale Isaka a re ho Jakobo: “Ka kōpo, atamela e le hore ke u phopholetse, mora oa ka, e le hore ke tsebe hore na ka sebele u mora oa ka Esau kapa che.”+ 22 Kahoo Jakobo a atamela ntat’ae Isaka, ’me a qala ho mo phopholetsa, ka mor’a moo a re: “Lentsoe ke lentsoe la Jakobo, empa matsoho ke matsoho a Esau.”+ 23 ’Me ha aa ka a mo tseba, hobane matsoho a hae a ne a le mohoete joaloka matsoho a Esau mor’abo. Kahoo a mo hlohonolofatsa.+

24 Ka mor’a moo a re: “Na ruri u mora oa ka Esau?” eaba eena o re: “Ke eena.”+ 25 Joale a re: “E atametse ho ’na e le hore ke je phoofolo e tsonngoeng ke mora oa ka, moea oa ka o tle o u hlohonolofatse.”+ Eaba o e atametsa ho eena ’me o qala ho ja, eaba o mo tlisetsa veine ’me o qala ho noa. 26 Joale ntat’ae Isaka a re ho eena: “Ka kōpo, atamela u nkake, mora oa ka.”+ 27 Kahoo a atamela a mo aka, ’me a fofonela monko oa liaparo tsa hae.+ Eaba oa mo hlohonolofatsa o re:

“Bona, monko oa mora oa ka o joaloka monko oa naha e hlohonolofalitsoeng ke Jehova. 28 E se eka Molimo oa ’nete a ka u fa phoka ea maholimo+ le mobu o nonneng oa lefatše+ le lijo-thollo tse ngata le veine e ncha.+ 29 Batho ba ke ba u sebeletse ’me lichaba li ke li u inamele.+ E-ba monghali oa barab’eno, ’me bara ba ’m ’ao ba u inamele.+ Ho rohakoe e mong le e mong oa ba u rohakang, ’me ho hlohonolofatsoe e mong le e mong oa ba u hlohonolofatsang.”+

30 Joale eitse hang ha Isaka a qetile ho hlohonolofatsa Jakobo, e, ruri eitse ha Jakobo a sa tsoa tloha ka pel’a sefahleho sa ntat’ae Isaka, Esau mor’abo a khutla a tsoa tsoma.+ 31 Eaba le eena o etsa lijo tse hlabosang. Joale a li tlisa ho ntat’ae ’me a re ho ntat’ae: “Ntate a ke a tsohe ’me a je nama ea phoofolo e tsonngoeng ke mora oa hae, e le hore moea oa hao o ka ntlhohonolofatsa.”+ 32 Eaba ntat’ae Isaka o re ho eena: “U mang?” eaba o re: “Ke ’na mora oa hao, letsibolo la hao, Esau.”+ 33 Eaba Isaka o qala ho thothomela haholo ka ho fetisisa, ’me kahoo a re: “Joale, ke mang ea ntsometseng phoofolo ’me a ntlisetsa eona, hoo ke jeleng sohle pele u tla ’me ka mo hlohonolofatsa? O tla hle a hlohonolofale!”+

34 Ha Esau a utloa mantsoe a ntat’ae a qala ho hoeletsa ka mokhoa o lerata le o bontšang ho utloa bohloko ka ho fetisisa ’me a re ho ntat’ae:+ “Ntlhohonolofatse le ’na, Ntate!”+ 35 Empa a tsoela pele ho re: “Mor’eno o tlile ka thetso e le hore a fumane tlhohonolofatso e reretsoeng uena.”+ 36 Eaba o re: “Na hase ka lona lebaka leo a rehiloeng lebitso la Jakobo, hore a nkukele sebaka ka makhetlo ana a mabeli?+ O se a ntse a nkile tokelo ea ka ea tsoalo,+ ’me bona! lekhetlong lena o nkile tlhohonolofatso ea ka!”+ Joale a eketsa: “Na ha ua mpolokela tlhohonolofatso?” 37 Empa ha Isaka a araba Esau, a tsoela pele: “Bona! ke mo entse mong’a hao,+ le barab’abo kaofela ke mo file bona hore e be bahlanka ba hae,+ ’me bakeng sa ho mo tšehetsa ke fane ka lijo-thollo le veine e ncha,+ ke sa tla u etsetsa eng, mora oa ka?”

38 Joale Esau a re ho ntat’ae: “Ntate, na u na le tlhohonolofatso e le ’ngoe feela? Ntate, ntlhohonolofatse le ’na!”+ Eaba Esau o phahamisa lentsoe ’me o itšela ka meokho.+ 39 Kahoo ha ntat’ae Isaka a araba a re ho eena:

“Bona, sebaka sa hao sa bolulo se tla fumanoa hōle le mobu o nonneng oa lefatše, ’me se be hōle le phoka ea maholimo a holimo.+ 40 U tla phela ka sabole ea hao,+ ’me u tla sebeletsa mor’eno.+ Empa ka sebele etlare ha u se u hloka phomolo, ruri u tla roba joko ea hae molaleng oa hao.”+

41 Leha ho le joalo, Esau a koetlela Jakobo lehloeo ka lebaka la tlhohonolofatso eo ntat’ae a mo hlohonolofalitseng ka eona,+ ’me Esau a ’na a re ka pelong:+ “Matsatsi a nako ea ho siamela Ntate aa atamela.+ Ka mor’a moo ke tla bolaea mor’eso Jakobo.”+ 42 Ha Rebeka a bolelloa mantsoe a Esau mora oa hae e moholo, hang-hang a romeletsa ’me a bitsa Jakobo mora oa hae e monyenyane eaba o re ho eena: “Bona! Mor’eno Esau o itšelisa ka uena—hore o tla u bolaea.+ 43 Kahoo, joale mora oa ka, mamela lentsoe la ka ’me u tlohe,+ u balehele ho Labane khaitseli ea ka ea leng Harane.+ 44 U lule le eena ka matsatsi a itseng ho fihlela khalefo ea mor’eno e kokobela,+ 45 ho fihlela khalefo ea mor’eno e tloha ho uena ’me a lebala seo u mo entseng sona.+ Ka sebele ke tla romeletsa ’me ke u tlose moo. Ke hobane’ng ha ke lokela ho amohuoa lōna ka bobeli ka letsatsi le le leng?”

46 Ka mor’a moo Rebeka a ’na a re ho Isaka: “Ke nyonya bophelo ba ka ka lebaka la barali ba Hethe.+ Haeba le ka mohla Jakobo a ka nka mosali ho barali ba Hethe joaloka bana ba tsoang har’a barali ba naha, bophelo bo na le molemo oa eng ho ’na?”+

28 Tumellanong le hoo Isaka a bitsa Jakobo ’me a mo hlohonolofatsa eaba oa mo laela o re ho eena: “U se ke ua nka mosali ho barali ba Kanana.+ 2 Tloha, u ee Padane-arame ntlong ea Bethuele ntat’a ’m ’ao ’me moo u inkele mosali ho barali ba malom ’ao Labane.+ 3 Molimo ea Matla ’Ohle o tla u hlohonolofatsa a u atise ’me a u ngatafatse, ’me ka sebele u tla ba phutheho ea lichaba.+ 4 O tla u fa tlhohonolofatso ea Abrahama,+ uena hammoho le peō ea hao,+ e le hore u rue naha ea bojaki ba hao,+ eo Molimo a e fileng Abrahama.”+

5 Kahoo Isaka a re Jakobo a tsamaee, eaba oa tloha o ea Padane-arame, ho Labane mora oa Bethuele Mosyria,+ khaitseli ea Rebeka,+ ’mè oa Jakobo le Esau.+

6 Ha Esau a bona hore Isaka o hlohonolofalitse Jakobo ’me o itse a tsamaee a ee Padane-arame ho ea inkela mosali teng, le hore ha a mo hlohonolofatsa o mo laetse, a re: “U se ke ua nka mosali ho barali ba Kanana”;+ 7 le hore Jakobo o ne a mamela ntat’ae le ’m ’ae ’me o ne a le tseleng e eang Padane-arame;+ 8 joale Esau a bona hore barali ba Kanana ha ba khahlise mahlong a ntat’ae Isaka.+ 9 Kahoo Esau a ea ho Ishmaele ’me a nka Mahalathe morali oa Ishmaele mora oa Abrahama, khaitseli ea Nebajothe, hore e be mosali oa hae, ho phaella ho basali ba bang ba hae.+

10 Eaba Jakobo o tsoela pele tseleng ea hae ho tloha Beerseba ’me a ’na a tsamaea ho ea Harane.+ 11 Ka mor’a nako a fihla sebakeng se seng ’me a itokisetsa ho hlola bosiu teng hobane letsatsi le ne le liketse. Kahoo a nka le leng la majoe a sebaka seo ’me a le sama eaba o robala sebakeng seo.+ 12 A qala ho lora,+ ’me, bonang! ho ne ho e-na le lere e emeng lefatšeng tlhōrō ea eona e fihla maholimong; ’me, bonang! ho ne ho e-na le mangeloi a Molimo a ntseng a nyoloha ’me a theoha ka eona.+ 13 Bonang! Jehova o ne a eme holim ’a eona, eaba o re:+

“Ke ’na Jehova Molimo oa ntat’ao Abrahama le Molimo oa Isaka.+ Naha eo u robetseng ho eona, ke tla e fa uena le peō ea hao.+ 14 Ka sebele peō ea hao e tla ba joaloka lerōle la lefatše,+ ’me ka sebele u tla namela hohle ka bophirimela le ka bochabela le ka leboea le ka boroa,+ ’me ka sebele malapa ’ohle a lefatše a tla itlhohonolofatsa ka uena le ka peō ea hao.+ 15 Bona! ke na le uena ’me ke tla u boloka tseleng eohle eo u tsamaeang ka eona ’me ke tla u khutlisetsa naheng ena,+ hobane nke ke ka u tlohela ho fihlela ke phethile seo ke se buileng ho uena.”+

16 Joale Jakobo a tsoha borokong ’me a re: “Kannete Jehova o sebakeng sena ’me ha kea ka ka tseba.” 17 Eaba oa tšoha ’me oa eketsa:+ “Sebaka see se tšabeha hakaakang!+ Ka sebele ena ke ntlo ea Molimo+ ’me ena ke heke ea maholimo.” 18 Kahoo Jakobo a tsoha hoseng haholo a nka lejoe leo a neng a le samme eaba o le hloma e le sefika ’me o tšela oli holim ’a lona.+ 19 Ho ekelletsa moo, a reha sebaka seo lebitso la Bethele;+ empa ’nete ke hore, lebitso la motse oo pele e ne e le Luze.+

20 Jakobo a tsoela pele ho etsa boitlamo,+ a re: “Haeba Molimo o tla tsoela pele a e-na le ’na ’me ka sebele a mpoloke tseleng ena eo ke tsamaeang ka eona ’me ka sebele a mphe bohobe hore ke je le liaparo hore ke apare+ 21 ’me ka sebele ke khutlele ntlong ea Ntate ka khotso, joale Jehova e tla be e le Molimo oa ka.+ 22 Lejoe lena leo ke le hlomileng e le sefika le tla fetoha ntlo ea Molimo,+ ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u tla mpha eona ruri ke tla u fa karolo ea eona ea leshome.”+

29 Ka mor’a moo Jakobo a tsamaea a ea naheng ea baahi ba Bochabela.+ 2 Joale a talima, ’me bonang! ho ne ho e-na le seliba tšimong ’me bonang! mehlape e meraro ea linku e ne e bothile pel’a sona, hobane ba ne ba tloaetse ho noesa mehlape selibeng seo;+ ’me ho ne ho e-na le lejoe le leholo molomong oa seliba.+ 3 Ha mehlape eohle e bokeletsoe moo, ba phikolosa lejoe ba le tlosa molomong oa seliba, eaba ba noesa mehlape, ka mor’a moo ba khutlisetsa lejoe molomong oa seliba sebakeng sa lona.

4 Kahoo Jakobo a re ho bona: “Barab’eso, le tsoa sebakeng sefe?” eaba ba re: “Re tsoa Harane.”+ 5 Joale a re ho bona: “Na le tseba Labane+ setloholo sa Nakore?”+ eaba ba re: “Rea mo tseba.” 6 A re ho bona: “Na o ntse a ikela hantle?”+ Eaba ba re: “O ikela hantle. Le morali oa hae Ragele+ ke enoa a tla le linku!”+ 7 A tsoela pele ho re: “E sa le motšehare. Hase nako ea ho bokella mehlape. Noesang linku, joale le ntan’o li fulisa.”+ 8 Ba re: “Ha rea lumelloa ho etsa joalo ho fihlela mehlape eohle e bokeletsoe ’me ba phikolositse lejoe ba le tlositse molomong oa seliba. Joale re tla noesa linku.”

9 Ha a sa ntse a bua le bona, Ragele+ a tla le linku tsa ntat’ae, etsoe e ne e le molisa.+ 10 Eitse ha Jakobo a bona Ragele morali oa malom ’ae Labane le linku tsa malom ’ae Labane, Jakobo a atamela ka potlako a phikolosa lejoe a le tlosa molomong oa seliba ’me a noesa linku tsa malom ’ae Labane.+ 11 Joale Jakobo a aka+ Ragele eaba o phahamisa lentsoe o itšela ka meokho.+ 12 Jakobo a qala ho bolella Ragele hore ke mor’abo+ ntat’ae le hore ke mora oa Rebeka. Eaba oa matha ’me o bolella ntat’ae.+

13 Joale eitse hang ha Labane a utloa tlaleho mabapi le Jakobo mora oa khaitseli ea hae, a matha a mo khahlanyetsa.+ Joale a mo kopa eaba oa mo aka ’me o mo tlisa ka tlung ea hae.+ Eaba o qala ho phetela Labane lintho tsena tsohle. 14 Ka mor’a moo Labane a re ho eena: “Ruri u lesapo la ka le nama ea ka.”+ Kahoo a lula le eena khoeli eohle.

15 Ka mor’a moo Labane a re ho Jakobo: “Na u tla ntšebeletsa mahala,+ u le mor’eso?+ Mpolelle, Moputso oa hao e tla ba eng?”+ 16 Labane o ne a e-na le barali ba babeli. Lebitso la e moholo e ne e le Lea+ ’me lebitso la e monyenyane e le Ragele. 17 Empa mahlo a Lea a ne a sa khanye, athe Ragele+ o ne a e-na le sebōpeho se setle ’me a le sefahleho se setle.+ 18 Jakobo o ne a rata Ragele. Kahoo a re: “Ke ikemiselitse ho u sebeletsa ka lilemo tse supileng bakeng sa morali oa hao e monyenyane Ragele.”+ 19 Eaba Labane o re: “Ho molemo hore ke u fe eena ho e-na le hore ke mo fe monna e mong.+ Tsoela pele u lula le ’na.” 20 Eaba Jakobo o sebeletsa Ragele ka lilemo tse supileng,+ empa mahlong a hae tsa e-ba joaloka matsatsi a seng makae ka lebaka la lerato la hae ho eena.+

21 Joale Jakobo a re ho Labane: “’Nehe mosali oa ka, hobane matsatsi a ka a phethehile, ’me ke kopanele liphate le eena.”+ 22 Eaba Labane o bokella banna bohle ba sebaka seo ’me o etsa mokete.+ 23 Empa eare ka shoalane a nka morali oa hae Lea ’me a mo tlisa ho Jakobo hore a kopanele liphate le eena. 24 Ho feta moo, Labane a mo fa lekhabunyane la hae Zilpa,+ a le fa morali oa hae Lea, hore e be lekhabunyane la hae. 25 Kahoo hoseng, bonang! e ne e le Lea! Ka lebaka leo a re ho Labane: “Ke eng ena eo u nkentseng eona? Na ha kea u sebeletsa bakeng sa Ragele? Kahoo ke hobane’ng ha u nqhekeletse?”+ 26 Eaba Labane o re: “Ha hoa tloaeleha ho etsa ka tsela ena sebakeng sa habo rōna, ho fana ka ngoanana e monyenyane pele ho oa letsibolo. 27 Keteka+ ka ho feletseng beke ea ngoanana enoa. Ka mor’a moo u tla fuoa le ngoanana enoa e mong bakeng sa tšebeletso eo u tla ntšebeletsa ka eona ka lilemo tse ling tse supileng.”+ 28 Tumellanong le hoo Jakobo a etsa joalo ’me a keteka ka ho feletseng beke ea ngoanana enoa, ka mor’a moo a mo fa morali oa hae Ragele hore e be mosali oa hae. 29 Ntle ho moo, Labane a fa morali oa hae Ragele lekhabunyane la hae Bilha+ hore e be lekhabunyane la hae.

30 Joale a kopanela liphate le Ragele ka ho tšoanang, ’me a bontša lerato le eketsehileng ho Ragele ho feta ho Lea,+ eaba o mo sebeletsa ka lilemo tse ling tse supileng.+ 31 Ha Jehova a bona hore Lea o hloiloe, joale a bula pōpelo ea hae,+ empa Ragele e ne e le nyopa.+ 32 Eaba Lea oa ima ’me o tsoala mora a ntan’o mo reha lebitso la Rubene,+ etsoe o ile a re: “Ke hobane Jehova a bone ho sohlokeha ha ka,+ hore joale monna oa ka o tla qala ho nthata.” 33 Eaba o boetse oa ima ’me o tsoala mora eaba joale o re: “Ke hobane Jehova o mametse,+ hore ke ne ke hloiloe ’me kahoo o mphile le enoa.” Kahoo a mo reha lebitso la Simeone.+ 34 Eaba o boetse oa ima ’me o tsoala mora eaba joale o re: “Joale nakong ena monna oa ka o tla ikopanya le ’na, hobane ke mo tsoaletse bara ba bararo.” Ka hona a rehoa lebitso la Levi.+ 35 Eaba o ima hape ’me o tsoala mora eaba joale o re: “Lekhetlong lena ke tla roka Jehova.” Ka hona a mo reha lebitso la Juda.+ Ka mor’a moo a khaotsa ho beleha.

30 Ha Ragele a bona hore ha aa tsoalla Jakobo letho, Ragele a honohela morali’abo ’me a qala ho re ho Jakobo:+ “Mphe bana ho seng joalo ke tla ba mosali ea shoeleng.”+ 2 Eaba bohale ba Jakobo bo tukela Ragele ’me o re:+ “Na ke sebakeng sa Molimo, ea u hanetseng ka litholoana tsa mpa?”+ 3 Kahoo a re: “Bilha+ lekhabunyane la ka ke enoa. Kopanela liphate le eena, hore a belehele mangoleng a ka e le hore nka fumana bana ka eena.”+ 4 Eaba o mo fa Bilha lekhabunyane la hae hore e be mosali oa hae, ’me Jakobo a kopanela liphate le eena.+ 5 Joale Bilha a ima ’me ka mor’a nako a tsoalla Jakobo mora.+ 6 Joale Ragele a re: “Molimo e bile moahloli oa ka+ hape o mametse lentsoe la ka, hoo a mphileng mora.” Ke ka lebaka leo a mo rehileng lebitso la Dane.+ 7 Bilha, lekhabunyane la Ragele, a boela a ima ’me ka mor’a nako a tsoalla Jakobo mora oa bobeli. 8 Joale Ragele a re: “Ke loanne le morali’eso ntoa e boima. Hape ke mo hlōtse!” Kahoo a mo reha lebitso la Nefthali.+

9 Ha Lea a bona hore o khaolitse ho beleha, a nka Zilpa lekhabunyane la hae a mo fa Jakobo hore e be mosali oa hae.+ 10 Ka mor’a nako Zilpa, lekhabunyane la Lea, a tsoalla Jakobo mora. 11 Joale Lea a re: “Ka lehlohonolo!” Kahoo a mo reha lebitso la Gade.+ 12 Ka mor’a moo Zilpa, lekhabunyane la Lea, a tsoalla Jakobo mora oa bobeli. 13 Joale Lea a re: “Ke thabile hakaakang! Etsoe ka sebele barali ba tla phatlalatsa hore ke thabile.”+ Kahoo a mo reha lebitso la Ashere.+

14 Joale Rubene+ o ne a itsamaela e le nakong ea kotulo ea koro+ eaba o fumana limandrake tšimong. Kahoo a li tlisa ho ’m ’ae Lea. Joale Ragele a re ho Lea: “Ka kōpo, mphe tse ling tsa limandrake tsa mora oa hao.”+ 15 Eaba o re ho eena: “Na ke ntho e nyenyane hore ebe u nkile monna oa ka,+ ’me joale u nka limandrake tsa mora oa ka?” Kahoo Ragele a re: “Ka lebaka leo o tla robala le uena bosiung bona e le phapanyetsano bakeng sa limandrake tsa mora oa hao.”

16 Ha Jakobo a tsoa tšimong mantsiboea,+ Lea a mo khahlanyetsa a ntan’o re: “U tla kopanela liphate le ’na, hobane ke u hirile ka ho toba ka limandrake tsa mora oa ka.” Tumellanong le hoo a robala le eena bosiung boo.+ 17 Molimo a utloa ’me a araba Lea eaba oa ima ’me ka mor’a nako o tsoalla Jakobo mora oa bohlano.+ 18 Joale Lea a re: “Molimo o mphile moputso oa ea ikhirisang, hobane ke file monna oa ka lekhabunyane la ka.” Kahoo a mo reha lebitso la Isakare.+ 19 Eaba Lea o boetse oa ima ’me ka mor’a nako o tsoalla Jakobo mora oa botšelela.+ 20 Joale Lea a re: “Molimo o ntšitsitse, e, ’na, ka tšitso e ntle. Qetellong monna oa ka o tla ’mamella,+ hobane ke mo tsoaletse bara ba tšeletseng.”+ Kahoo a mo reha lebitso la Zabulone.+ 21 Ka mor’a moo a tsoala morali ’me joale a mo reha lebitso la Dina.+

22 Qetellong Molimo a hopola Ragele, ’me Molimo a utloa eaba o mo araba ka hore a bule pōpelo ea hae.+ 23 Eaba oa ima ’me o tsoala mora. Joale a re: “Molimo o tlositse nyeliso ea ka!”+ 24 Kahoo a mo reha lebitso la Josefa,+ a re: “Jehova o nkekelelitse mora e mong.”

25 Eitse ha Ragele a tsoetse Josefa, kapele-pele Jakobo a re ho Labane: “E-re ke tsamaee e le hore ke ee sebakeng sa heso le naheng ea heso.+ 26 ’Nehe basali ba ka le bana ba ka, bao ke u sebelelitseng bakeng sa bona, e le hore nka tsamaea; etsoe u tseba tšebeletso eo ke u etselitseng eona.”+ 27 Joale Labane a re ho eena: “Joale, haeba ke fumane kamohelo mahlong a hao,—ke nkile e le pontšo ea se tlang hore Jehova o ntlhohonolofatsa ka lebaka la hao.”+ 28 A eketsa: “Mpehele moputso oa hao ’me ke tla fana ka oona.”+ 29 Kahoo a re ho eena: “U tseba kamoo ke u sebelelitseng kateng le kamoo mohlape oa hao o ileng oa tsoella kateng ho ’na;+ 30 hore u ne u e-na le mohlape o monyenyane pele ke tla, ’me o qalile ho eketseha ea e-ba o moholo, hobane Jehova o u hlohonolofalitse ho tloha ha ke kenella.+ Kahoo joale ba ntlo ea ka le bona ke tla ba etsetsa ntho e ’ngoe neng?”+

31 Joale a re: “Ke u fe eng?” Jakobo a tsoela pele ho re: “U se ke ua mpha letho!+ Haeba u tla nketsetsa ntho ena, ke tla qala hape ho alosa mohlape oa hao.+ Ke tla tsoela pele ho o lebela.+ 32 Ke tla feta har’a mohlape oohle oa hao kajeno. U behelle ka thōko nku e ’ngoe le e ’ngoe e thobosha e mebala-bala, le nku e ’ngoe le e ’ngoe e hlaba har’a lipheleu tse nyenyane le efe kapa efe e mebala-bala le e thobosha har’a lipōli tse tšehali. Ka mor’a moo tseo e tla ba moputso oa ka.+ 33 Ketso ea ka e nepahetseng e tla nkarabella letsatsing leha e le lefe le tlang mohlang u tlileng ho tla talima moputso oa ka;+ e ’ngoe le e ’ngoe e seng thobosha le e seng mebala-bala har’a lipōli tse tšehali le e seng hlaba har’a lipheleu tse nyenyane ke ntho e utsoitsoeng haeba e le ho ’na.”+

34 Eaba Labane o re: “Ho lokile! Ho ke ho be ho ea ka lentsoe la hao.”+ 35 Joale a behella ka thōko letsatsing leo liphooko tse mechato le tse mebala-bala le lipōli tsohle tse tšehali tse thobosha le tse mebala-bala, e ’ngoe le e ’ngoe eo ho eona ho nang le bosoeu le e ’ngoe le e ’ngoe e hlaba har’a lipheleu tse nyenyane, empa a nehelana ka tsona matsohong a bara ba hae. 36 Ka mor’a moo a beha sebaka se bohōle ba leeto la matsatsi a mararo pakeng tsa hae le Jakobo, ’me Jakobo a alosa mohlape oa Labane o setseng.

37 Joale Jakobo a nka mare a ntseng a le mongobo a sefate sa storaxe+ le a sefate sa almonde+ le a sefate sa poleini+ ’me a a ebola hore a be le likarolo tse tšoeu tse ebohileng ka ho hlahisa libaka tse tšoeu tse neng li le mareng.+ 38 Qetellong a beha mare ao a a ebotseng ka pel’a mohlape, linoelong,+ moo mehlape e noelang teng, hore e palese ka pel’a ’ona ha e tlil’o noa.

39 Ka lebaka leo mehlape e ne e palesa ka pel’a mare, ’me mehlape e ne e hlahisa tse mechato, tse thobosha le tse mebala-bala.+ 40 Eaba Jakobo o arola lipheleu tse nyenyane a ntan’o retelletsa lifahleho tsa mehlape ho tse mechato le tsohle tse hlaba har’a mehlape ea Labane. Joale a beha mehlape ea hae ka thōko ’me ha aa ka a e beha pel’a mehlape ea Labane. 41 Kamehla e ne e re neng kapa neng ha mehlape e matla+ e palesa, Jakobo o ne a beha mare ka linoelong+ ka pel’a mahlo a mehlape, hore e palese ka pel’a mare. 42 Empa ha mehlape e bontša ho fokola o ne a sa a behe moo. Kahoo kamehla e fokolang e ne e e-ba ea Labane, empa e matla e e-ba ea Jakobo.+

43 Monna enoa a ’na a eketseha haholoanyane, ’me a ba le mehlape e mengata le makhabunyane le bahlanka le likamele.+

31 Ka mor’a nako a utloa mantsoe a bara ba Labane, ba re: “Jakobo o nkile ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea Ntate; ’me o bokeletse leruo lena lohle la hae ka seo e leng sa Ntate.”+ 2 Ha Jakobo a talima sefahleho sa Labane, bonang! o ne a se a se joaloka pele.+ 3 Qetellong Jehova a re ho Jakobo: “Khutlela naheng ea bo-ntat’ao le ho beng ka uena,+ ’me ke tla tsoela pele ke e-na le uena.”+ 4 Joale Jakobo a romeletsa ’me a bitsetsa Ragele le Lea tšimong hore ba tle mohlapeng oa hae, 5 eaba o re ho bona:

“Ke bona sefahleho sa ntat’a lōna, hore ho ’na ha a sa le joaloka pele;+ empa Molimo oa Ntate o na le ’na.+ 6 Ka sebele lea tseba hore ke sebelelitse ntat’a lōna ka matla a ka ’ohle.+ 7 Ntat’a lōna o nkentse ka mano ’me o fetotse moputso oa ka ka makhetlo a leshome, empa Molimo ha aa ka a mo lumella ho nketsa hampe.+ 8 Haeba ka lehlakoreng le leng a ne a re, ‘Tse thobosha e tla ba moputso oa hao,’ joale mohlape oohle o ne o hlahisa tse thobosha; empa haeba ka lehlakoreng le leng a ne a re, ‘Tse mechato e tla ba moputso oa hao,’ joale mohlape oohle o ne o hlahisa tse mechato.+ 9 Kahoo Molimo o ’nile a nka mohlape oa ntat’a lōna ’me a mpha oona.+ 10 Qetellong eitse nakong ea ha mohlape o palesa ka phahamisa mahlo ’me ka bona pono torong+ ’me bonang! liphooko tse tlōlelang mohlape li ne li le mechato, li le thobosha ’me li le matheba.+ 11 Joale lengeloi la Molimo oa ’nete la re ho ’na torong, ‘Jakobo!’ eaba ke re, ‘Ke ’na enoa.’+ 12 Eaba le tsoela pele, ‘Ka kōpo, phahamisa mahlo, u bone liphooko tsohle tse tlōlelang mohlape hore li mechato, li thobosha ’me li matheba, etsoe ke bone sohle seo Labane a u etsang sona.+ 13 Ke ’na Molimo oa ’nete oa Bethele,+ moo u tlotsitseng sefika+ le moo u entseng boitlamo ho ’na.+ Joale ema, tloha naheng ena ’me u khutlele naheng eo u tsoaletsoeng ho eona.’”+

14 Eaba Ragele le Lea baa araba ’me ba re ho eena: “Na ho sa ntse ho e-na le karolo ea lefa la rōna ka tlung ea Ntate?+ 15 Na ruri ha re nkoe re le basele ho eena kaha o re rekisitse, hoo a ntseng a ja ka ho tsoelang pele esita le chelete eo re e ntšelitsoeng?+ 16 Etsoe maruo ’ohle ao Molimo a a nkileng ho Ntate ke a rōna le bana ba rōna.+ Kahoo joale u etse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Molimo a u boleletseng eona.”+

17 Joale Jakobo a ema ’me a palamisa bana ba hae le basali ba hae likameleng;+ 18 eaba o qala ho khanna mohlape oohle oa hae le thepa eohle eo a e bokeletseng,+ mohlape oo a o fumaneng oo a o bokeletseng Padane-arame, e le hore a ee ho ntat’ae Isaka naheng ea Kanana.+

19 Joale Labane o ne a il’o kuta linku tsa hae. Ho sa le joalo Ragele a utsoa literafime+ tsa ntat’ae. 20 Kahoo Jakobo a sebetsana le Labane Mosyria ka mano, hobane o ne a sa mo bolella hore oa baleha. 21 A baleha ’me a tloha a ba a tšela Nōka,+ eena le sohle seo a nang le sona. Ka mor’a moo a lebisa sefahleho sa hae sebakeng se lithaba sa Gileade.+ 22 Hamorao, ka letsatsi la boraro, Labane a bolelloa hore Jakobo o balehile. 23 Eaba o nka barab’abo o qala ho mo lelekisa+ sebaka se bohōle ba leeto la matsatsi a supileng ’me a mo fumana sebakeng se lithaba sa Gileade. 24 Joale Molimo a tla ho Labane Mosyria+ torong bosiu+ ’me a re ho eena: “Itebele hore u se ke ua qala ho bua hantle kapa hampe le Jakobo.”+

25 Kahoo Labane a atamela Jakobo, kaha Jakobo o ne a hlomme tente ea hae thabeng ’me Labane a hlometse barab’abo liahelo sebakeng se lithaba sa Gileade. 26 Joale Labane a re ho Jakobo: “U entse’ng, ka hore ebe u khethile ho sebetsana le ’na ka mano ’me u tsamaile ka barali ba ka joalokaha eka ke baholehuoa ba hapuoeng ka sabole?+ 27 Ke hobane’ng ha u balehile ka sephiri ’me u sebetsane le ’na ka mano ’me u sa ka ua mpolella, e le hore nka re u tsamaee ka thabo le lipina,+ ka moropa o monyenyane le ka harepa?+ 28 Ha ua mpha sebaka sa ho aka bana ba ka le barali ba ka.+ Joale u entse ka booatla. 29 Ho matleng a letsoho la ka ho le ntša kotsi,+ empa Molimo oa ntat’a lōna o buile le ’na bosiung ba maobane, a re, ‘Itebele khahlanong le ho bua hantle kapa hampe le Jakobo.’+ 30 Le hoja u tsamaile hobane u ’nile ua hloloheloa ntlo ea ntat’ao haholo, leha ho le joalo, ke hobane’ng ha u utsoitse melimo ea ka?”+

31 Ha Jakobo a araba a re ho Labane: “Ke hobane ke ne ke tšohile.+ Etsoe ke ipoleletse ho re, ‘U ka ’na ua nkamoha barali ba hao ka mahahapa.’ 32 Mang kapa mang eo u ka fumanang melimo ea hao ho eena, a se ke a phela.+ Ka pel’a barab’abo rōna, itlhahlobele seo ke nang le sona ’me u inkele eona.”+ Empa Jakobo o ne a sa tsebe hore Ragele o e utsoitse.+ 33 Kahoo Labane a kena tenteng ea Jakobo le tenteng ea Lea le tenteng ea makhabunyane a mabeli,+ empa a se ke a e fumana. Qetellong a tsoa tenteng ea Lea eaba o kena tenteng ea Ragele. 34 Joale Ragele o ne a nkile literafime, eaba o khetha ho li kenya ka har’a baskete ea sale ea basali ea kamele, ’me a ’na a lula holim ’a tsona. Kahoo Labane a qala ho phopholetsa ka har’a tente eohle, empa a se ke a li fumana. 35 Joale a re ho ntat’ae: “U se ke ua lumella hore bohale bo tuke mahlong a morena oa ka,+ hobane ha ke khone ho ema ka pel’a hao, etsoe ke tšoeroe ke ntho e tloaelehileng ho basali.”+ Kahoo a batlisisa, empa ha aa ka a fumana literafime.+

36 Eaba Jakobo oa halefa+ ’me o qala ho qabana le Labane, ’me ha Jakobo a araba a tsoela pele ho re ho Labane: “Bofetoheli ba ka ke bofe,+ sebe sa ka ke sefe, e leng lebaka leo ka lona u mpehileng merebele?+ 37 Joalokaha u se u phopholelitse ka har’a thepa eohle ea ka, u fumane’ng ea thepa eohle ea ntlo ea hao?+ E behe mona ka pel’a barab’eso le barab’eno,+ ’me ba etse qeto pakeng tsa rōna ba babeli.+ 38 Ka lilemo tsena tse mashome a mabeli ke ’nile ka ba le uena. Linku tsa hao tse tšehali le lipōli tsa hao tse tšehali ha lia ka tsa folotsa,+ ’me le ka mohla ha kea ka ka ja lipheleu tsa mohlape oa hao. 39 Phoofolo leha e le efe e rusolotsoeng ha kea ka ka e tlisa ho uena.+ Ke ne ke jara tahlehelo ea eona. Ebang e ’ngoe e ne e utsuoa motšehare kapa e utsuoa bosiu, u ne u e batla letsohong la ka.+ 40 Ke ile ka qetoa ke mocheso motšehare le ke serame bosiu, ’me boroko bo ne bo baleha mahlong a ka.+ 41 Ke lilemo tse mashome a mabeli ke le ka tlung ea hao. Ke u sebelelitse lilemo tse leshome le metso e mene bakeng sa barali ba hao ba babeli le lilemo tse tšeletseng bakeng sa mohlape oa hao, ’me u ’nile ua fetola moputso oa ka ka makhetlo a leshome.+ 42 Hoja Molimo oa Ntate,+ Molimo oa Abrahama le Tšabo ea Isaka,+ a ne a sa ka a ba lehlakoreng la ka, u ka be u itse ke tsamaee ke sa nka letho. Molimo o bone ho sohlokeha ha ka le ho sehla ha matsoho a ka, ’me kahoo o u khalemetse bosiung ba maobane.”+

43 Joale ha Labane a araba a re ho Jakobo: “Barali ke barali ba ka le bana ke bana ba ka le mohlape ke mohlape oa ka, le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e talimileng ke ea ka le ea barali ba ka. Nka etsa’ng khahlanong le bona kajeno kapa khahlanong le bana bao ba ba tsoetseng? 44 Joale, tloo, a re hlabe selekane,+ ’na le uena, ’me e tla ba bopaki pakeng tsa ka le uena.”+ 45 Tumellanong le hoo Jakobo a nka lejoe ’me a le hloma e le sefika.+ 46 Joale Jakobo a re ho barab’abo: “Nkang majoe!” Eaba ba qala ho nka majoe le ho etsa mokolokotoane.+ Ka mor’a moo ba jella moo mokolokotoaneng. 47 Labane a qala ho o bitsa Jegare-sahadutha, empa Jakobo a o bitsa Galede.

48 Eaba Labane o re: “Mokolokotoane ona ke bopaki pakeng tsa ka le uena kajeno.” Ke ka lebaka leo a o rehileng lebitso la Galede,+ 49 le Tora ea ho Lebela, hobane a itse: “Jehova a ke a lebele pakeng tsa ka le uena ha re lutse re sa bonahale e mong ho e mong.+ 50 Haeba u hlorisa barali+ ba ka le haeba u nka basali ba bang ho phaella ho barali ba ka, ha ho motho ea nang le rōna. Bona! Molimo ke paki pakeng tsa ka le uena.”+ 51 Eaba Labane o tsoela pele ho re ho Jakobo: “Mokolokotoane ke ona le sefika ke sena seo ke se emisitseng pakeng tsa ka le uena. 52 Mokolokotoane ona ke bopaki, ’me sefika sena ke ntho e pakang,+ hore nke ke ka feta mokolokotoane ona khahlanong le uena le hore u ke ke ua feta mokolokotoane ona le sefika sena khahlanong le ’na ho ’ntša kotsi.+ 53 Molimo oa Abrahama+ le molimo oa Nakore+ a ke a ahlole pakeng tsa rōna, molimo oa ntat’a bona.” Empa Jakobo a hlapanya ka Tšabo ea ntat’ae Isaka.+

54 Ka mor’a moo Jakobo a etsa sehlabelo thabeng eaba o mema barab’abo hore ba je bohobe.+ Tumellanong le hoo ba ja bohobe ’me ba hlola bosiu thabeng. 55 Leha ho le joalo, Labane a tsoha hoseng haholo eaba o aka+ bana ba hae le barali ba hae ’me oa ba hlohonolofatsa.+ Joale Labane a tsamaea e le hore a khutlele sebakeng sa habo.+

32 Ha e le Jakobo, a tsamaea, eaba joale mangeloi a Molimo a kopana le eena.+ 2 Kapele-pele Jakobo a re, ha a a bona: “Lena ke lebotho la Molimo!”+ Kahoo a reha sebaka seo lebitso la Mahanaime.+

3 Joale Jakobo a romela manģosa+ hore a mo etelle pele ho ea ho Esau mor’abo naheng ea Seire,+ naha ea Edomo,+ 4 a a laela, a re: “Le tle le re ho moren ’a ka,+ Esau, ‘Mohlanka oa hao Jakobo o itse: “Ke lutse le Labane ke le mojaki ’me ke lutse ka nako e telele ho fihlela joale.+ 5 Ke na le lipoho le liesele, linku, bahlanka le makhabunyane,+ ’me ke rata ho romeletsa ho tsebisa moren ’a ka, e le hore nka fumana kamohelo mahlong a hao.”’”+

6 Ka mor’a nako manģosa a khutlela ho Jakobo, a re: “Re fihlile ho mor’eno Esau, ’me le eena o tseleng ho u khahlanyetsa, hammoho le banna ba makholo a mane.”+ 7 Eaba Jakobo o tšoha haholo ’me oa tšoenyeha.+ Kahoo a arola batho bao a nang le bona, le mehlape ea likhutšoane le likhomo le likamele ka lihlopha tse peli,+ 8 eaba o re: “Haeba Esau a ka tla sehlopheng se seng a se hlasela, joale ka sebele ho tla ba le sehlopha se setseng se tla pholoha.”+

9 Ka mor’a moo Jakobo a re: “Molimo oa Ntate Abrahama le Molimo oa Ntate Isaka,+ Jehova, ea reng ho ’na, ‘Khutlela naheng ea heno le ho beng ka uena ’me ke tla sebetsana hantle le uena,’+ 10 ha ke tšoaneloe ke mosa oohle o lerato le botšepehi bohle boo u bo bontšitseng mohlanka oa hao,+ etsoe ke tšetse Jordane ena ke e-na le lere la ka feela ’me joale ke fetohile lihlopha tse peli.+ 11 Kea u rapela,+ ntopolle letsohong la mor’eso, letsohong la Esau, hobane ke tšaba hore o tla tla ’me ka sebele a ntlhasele,+ ’mè hammoho le bana. 12 Uena, u itse, ‘Ntle ho pelaelo ke tla sebetsana hantle le uena ’me ke tla etsa hore peō ea hao e be joaloka lehlabathe la leoatle, le ke keng la baloa ka bongata.’”+

13 A ’na a lula moo bosiung boo. A nkela Esau mor’abo mpho ho se neng se le letsohong la hae:+ 14 lipōli tse tšehali tse makholo a mabeli le liphooko tse mashome a mabeli, linku tse tšehali tse makholo a mabeli le lipheleu tse mashome a mabeli, 15 likamele tse mashome a mararo tse anyesang le manamane a tsona, likhomo tsa lithole tse mashome a mane le lipoho tse leshome, liesele tse tšehali tse mashome a mabeli le liesele tse hōlileng ka ho feletseng tse leshome.+

16 Eaba o neha bahlanka ba hae mehlape ka ho latellana ’me ka ho pheta-pheta a re ho bahlanka ba hae: “Tšelang pele ho ’na, ’me le siee sebaka pakeng tsa mohlape ka mong.”+ 17 Ho ekelletsa moo a laela oa pele, a re: “Haeba mor’eso Esau a ka kopana le uena ’me a u botsa, a re, ‘U oa mang, ’me u ea hokae ’me tsena tse ka pel’a hao ke tsa mang?’ 18 joale u re, ‘Ke tsa mohlanka oa hao, Jakobo. Ke mpho,+ e rometsoeng ho moren ’a ka,+ ho Esau, ’me bona! le eena o ka mor’a rōna.’” 19 Eaba o tsoela pele ho laela le oa bobeli, le oa boraro, le bohle ba latelang mehlape, o re: “Le bue ho ea ka lentsoe lena le Esau ha le teana le eena.+ 20 Hape le re, ‘Mohlanka oa hao Jakobo ke enoa ka mor’a rōna.’”+ Etsoe o ile a ipolella ho re: “Nka bōpa khotso le eena ka mpho e nketellang pele,+ ’me ka mor’a moo ke tla bona sefahleho sa hae. Mohlomong o tla nkamohela ka mosa.”+ 21 Kahoo mpho ea tšela pele ho eena, empa a lula liahelong bosiung boo.+

22 Hamorao bosiung boo a ema a nka basali ba hae ba babeli+ le makhabunyane a hae a mabeli+ le bara ba hae ba banyenyane ba leshome le motso o mong+ ’me a tšela leliboho la Jaboke.+ 23 Kahoo a ba nka eaba o ba tšelisa phula ea molapo o phoroselang,+ a tšelisa seo a nang le sona.

24 Qetellong Jakobo a sala a le mong. Joale monna e mong a qala ho betana le eena ho fihlela ha mafube a hlaha.+ 25 Ha a bona hore ha aa mo hlōla,+ joale a ama komiki ea lenonyello la serope sa hae; ’me komiki ea lenonyello la serope sa Jakobo ea tsoa malulong nakong eo a ntseng a betana le eena.+ 26 Ka mor’a moo a re: “Ntlohele ke tsamaee, etsoe mafube a se a hlahile.” Eaba o re: “Nke ke ka u tlohela ho fihlela u ntlhohonolofatsa pele.”+ 27 Kahoo a re ho eena: “Lebitso la hao u mang?” eaba o re: “Ke Jakobo.” 28 Joale a re: “Lebitso la hao ha e sa tla hlola e e-ba Jakobo empa e tla ba Iseraele,+ etsoe u loanne+ le Molimo le batho hoo qetellong u hlōtseng.” 29 Eaba Jakobo oa botsa o re: “Ka kōpo, mpolelle lebitso la hao.” Leha ho le joalo, a re: “Ke hobane’ng ha u mpotsa lebitso?”+ Eaba o mo hlohonolofaletsa moo. 30 Kahoo Jakobo a reha sebaka seo lebitso la Peniele,+ hobane, ho qotsa mantsoe a hae, “Ke bone Molimo lifahleho li talimane ’me leha ho le joalo moea oa ka o lopolotsoe.”+

31 Eaba letsatsi le qala ho mo chabela hang ha a feta Penuele, empa o ne a hlotsa ka lebaka la serope sa hae.+ 32 Ke ka lebaka leo bara ba Iseraele ba sa tloaelang ho ja mosifa oa tšika ea serope, o komiking ea lenonyello la serope, ho fihlela letsatsing lena, hobane o ile a ama komiki ea lenonyello la Jakobo ka mosifa oa tšika ea serope.+

33 Ka mor’a nako Jakobo a phahamisa mahlo a talima, ’me bonang! Esau o ne a tla le banna ba makholo a mane.+ Ka lebaka leo a arola bana pakeng tsa Lea le Ragele le makhabunyane a mabeli,+ 2 eaba o beha makhabunyane le bana ba ’ona ka pele-pele+ ’me Lea le bana ba hae ba ba latela+ ’me Ragele le Josefa ba le ka mor’a bona.+ 3 A fetela ka pele ho bona ’me a inama ka makhetlo a supileng ho fihlela a fihla haufi le mor’abo.+

4 Esau a matha ho mo khahlanyetsa,+ ’me a qala ho mo kopa+ le ho itihela molaleng oa hae le ho mo aka, eaba ba itšela ka meokho. 5 Joale a phahamisa mahlo a bona basali le bana ’me a re: “Ke bo-mang bana ba nang le uena?” eaba o re: “Ke bana bao Molimo a hauhetseng mohlanka oa hao ka bona.”+ 6 Makhabunyane a atamela, ’ona le bana ba ’ona, ba inama; 7 le Lea a atamela, le bana ba hae, ba inama, ’me ka mor’a moo Josefa a atamela, le Ragele, ba inama.+

8 Joale a re: “U bolela eng ka sehlopha sena sohle sa batsamai seo ke kopaneng le sona?”+ Eaba o re: “Ke hore ke tle ke fumane kamohelo mahlong a moren ’a ka.”+ 9 Joale Esau a re: “Ke na le tse ngata haholo, mor’eso.+ Tsa hao e ’ne e be tsa hao.” 10 Leha ho le joalo, Jakobo a re: “Che, ka kōpo. Joale, haeba ke fumane kamohelo mahlong a hao,+ joale u nke mpho letsohong la ka, hobane tumellanong le morero oa eona ke bone sefahleho sa hao joalokaha eka ke bone sefahleho sa Molimo ka hore u nkamohetse ka nyakallo.+ 11 Ka kōpo, nka mpho e fetisetsang tlhohonolofatso ea ka e tlisitsoeng ho uena,+ hobane Molimo o nkhauhetse le hobane ke na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe.”+ Eaba o tsoela pele ho mo phehella, hoo a ileng a e nka.+

12 Hamorao a re: “A re tlohe re tsamaee, ’me ke tsamaee ka pele ho uena.” 13 Empa a re ho eena: “Moren ’a ka o hlokometse hore bana ha baa tiea le linku le likhomo tse anyesang li taolong ea ka,+ ’me haeba ba ka li potlakisa haholo ka letsatsi le le leng, joale ka sebele mohlape oohle o tla shoa.+ 14 Ka kōpo, moren ’a ka a ke a fetele ka pele ho mohlanka oa hae, ’me e se eka nka tsoela pele leetong ka nako e ntoketseng ho ea ka lebelo la liphoofolo tse ruiloeng+ tse ka pel’a ka le ho ea ka lebelo la bana+ ho fihlela ke fihla ho moren ’a ka Seire.”+ 15 Joale Esau a re: “Ka kōpo, e-re ke behe ba bang ba batho bao ke nang le bona taolong ea hao.” Eaba o re: “Hobane’ng? A nke ke fumane kamohelo mahlong a moren’a ka.”+ 16 Kahoo letsatsing leo Esau a khutla tseleng ea hae a ea Seire.

17 Jakobo a ea Sukothe,+ a ikahela ntlo ’me a etsetsa mohlape oa hae maphephe.+ Ke ka lebaka leo a rehileng sebaka seo lebitso la Sukothe.

18 Ka mor’a nako Jakobo a fihla a sireletsehile ’me a phetse hantle motseng oa Shikeme,+ o naheng ea Kanana,+ ha a tsoa Padane-arame;+ eaba o hloma liahelo ka pel’a motse. 19 Joale a fumana tšimo moo a ileng a hloma tente ea hae teng matsohong a bara ba Hamore ntat’a Shikeme, ka likotoana tse lekholo tsa chelete.+ 20 Ka mor’a moo a hloma aletare moo ’me a e bitsa Molimo, Molimo oa Iseraele.+

34 Joale Dina morali oa Lea,+ eo a mo tsoaletseng Jakobo, o ne a ee a tsoe ho ea bona+ banana ba naha eo.+ 2 Eaba Shikeme mora oa Hamore Moheve,+ morenana oa naha, oa mo bona a ntan’o mo nka a robala le eena ’me a mo beta.+ 3 Moea oa hae oa qala ho khomarela Dina morali oa Jakobo, a qala ho rata moroetsana eo ’me a ’na a bua le moroetsana ka mokhoa o susumetsang. 4 Qetellong Shikeme a re ho ntat’ae Hamore:+ “Mphumanele mofumahatsana enoa hore e be mosali oa ka.”+

5 Eaba Jakobo oa utloa hore o silafalitse morali oa hae Dina. Bara ba hae ba ne ba le naheng le mohlape oa hae;+ Jakobo a khutsa ho fihlela ba kena.+ 6 Hamorao Hamore, ntat’a Shikeme, a ea ho Jakobo ho ea bua le eena.+ 7 Bara ba Jakobo ba khutla naheng hang ha ba utloa ka hona; ’me banna bana ba utloa bohloko ’me ba halefa haholo,+ hobane a entse booatla bo nyelisehang khahlanong le Iseraele ka ho robala le morali oa Jakobo,+ athe ha hoa tšoanela hore ho etsoe ntho e joalo.+

8 Hamore a bua le bona, a re: “Ha e le mora oa ka Shikeme, moea oa hae o khomaretse morali oa lōna.+ Ka kōpo, mo feng eena hore e be mosali oa hae,+ 9 ’me le etse selekane sa lenyalo le rōna.+ Le re fe barali ba lōna, ’me le tla inkela barali ba rōna.+ 10 Le tla lula le rōna, ’me le tla fuoa naha. Lulang le hoebe ho eona ’me le ahe ho eona.”+ 11 Joale Shikeme a re ho ntat’a Dina le ho likhaitseli tsa hae: “A nke ke fumane kamohelo mahlong a lōna, ’me ke tla fana ka eng kapa eng eo le tla mpolella eona. 12 Nyollang chelete ea bohali haholo le mpho e batloang ho ’na,+ ’me ke itokiselitse ho fana ho ea ka seo le tla mpolella sona; feela le mphe moroetsana enoa hore e be mosali oa ka.”

13 Bara ba Jakobo ba qala ho araba Shikeme le ntat’ae Hamore ka thetso le ho bua joalo hobane a silafalitse khaitseli ea bona Dina.+ 14 Eaba ba tsoela pele ho re ho bona: “Re ke ke ra etsa ntho e joalo, ho fana ka khaitseli ea rōna ho monna ea nang le ntlha ea letlalo la setho sa botona,+ hobane hona ke nyeliso ho rōna. 15 Ke feela ka tumellano ena re ka lumelang, hore le be joaloka rōna, ka hore e mong le e mong e motona ho lōna a bolle.+ 16 Joale ka sebele re tla le fa barali ba rōna, ’me re tla inkela barali ba lōna, ’me re tla lula le lōna re fetohe sechaba se le seng.+ 17 Empa haeba le sa re mamele hore le bolle, joale re tla nka morali oa rōna re tsamaee.”

18 Mantsoe a bona a bonahala a le molemo mahlong a Hamore le mahlong a Shikeme, mora oa Hamore,+ 19 ’me mohlankana ha aa ka a lieha ho etsa ho ea ka tumellano,+ hobane a khahliloe ke morali oa Jakobo ’me mohlankana e ne e le ea hlomphehang ka ho fetisisa+ ho bohle ba ntlo ea ntat’ae.+

20 Kahoo Hamore le mora oa hae Shikeme ba ea hekeng ea motse oa bona ’me ba qala ho bua le banna ba motse,+ ba re: 21 “Banna bana ba rata ho ba le khotso le rōna.+ Kahoo a re ba tloheleng hore ba lule naheng ba hoebe ho eona, kaha naha e pharaletse haholo ka pel’a bona.+ Re ka nka barali ba bona hore e be basali ba rōna ’me re ka ba fa barali ba rōna.+ 22 Ke feela ka tumellano ena banna bana ba ka re fang tumello ea ho lula le rōna e le hore re ka fetoha sechaba se le seng, hore e mong le e mong e motona ho lōna a bolle hantle feela ka tsela eo ba bolotseng ka eona.+ 23 Joale matlotlo a bona le leruo la bona le liphoofolo tsohle tsa bona tse ruiloeng, na e ke ke ea e-ba tsa rōna?+ A re ba feng tumello ea hore ba lule le rōna.”+ 24 Joale bohle ba tsoang ka heke ea motse ba mamela Hamore le mora oa hae Shikeme, ’me bohle ba batona ba bolla, bohle ba tsoang hekeng ea motse.

25 Leha ho le joalo, eitse ka letsatsi la boraro, ha ba opeloa,+ bara ba babeli ba Jakobo, Simeone le Levi,+ likhaitseli tsa Dina,+ ba nka e mong le e mong sabole ea hae ba ea motseng ba sa belaelloe ’me ba bolaea e mong le e mong e motona.+ 26 Ba bolaea Hamore le mora oa hae Shikeme ka bohale ba sabole.+ Joale ba nka Dina ntlong ea Shikeme ba tsoa.+ 27 Bara ba bang ba Jakobo ba hlasela banna ba ntšitsoeng maqeba a bolaeang eaba ba tlatlapa motse, hobane ba silafalitse khaitseli ea bona.+ 28 Ba nka mehlape ea bona ea likhutšoane le mehlape ea bona ea liphoofolo tse khōlō le liesele tsa bona le se neng se le motseng le se neng se le tšimong.+ 29 Ba nka sohle seo ba iphelisang ka sona ’me bana bohle ba bona ba banyenyane le basali ba bona ba ba isa kholehong, kahoo ba tlatlapa sohle se neng se le ka matlung.+

30 Eaba Jakobo o re ho Simeone le ho Levi:+ “Le ntliselitse khathatso ka ho nketsa seputa ho baahi ba naha,+ ho Bakanana le Bapereze; athe kea fokola ka palo,+ ka sebele ba tla mpokanela ba ntlhasele ’me ke tla felisoa, ’na le ba ntlo ea ka.” 31 Eaba ba re: “Na ho na le motho ea tšoanetseng ho tšoara khaitseli ea rōna joaloka letekatse?”+

35 Ka mor’a moo Molimo a re ho Jakobo: “Ema, u ee Bethele u lule teng,+ ’me u etse aletare moo bakeng sa Molimo oa ’nete ea hlahileng ho uena ha u ne u balehela mor’eno Esau.”+

2 Joale Jakobo a re ho ba ntlo ea hae le ho bohle bao a nang le bona: “Lahlang melimo esele e har’a lōna+ le itlhoekise ’me le fetole liaparo tsa lōna tsa ka holimo,+ 3 ’me re tloheng re nyoloheleng Bethele. Moo ke tla etsa aletare bakeng sa Molimo oa ’nete ea nkarabileng letsatsing la mahlomola+ a ka ka hore a be le ’na tseleng eo ke tsamaileng ka eona.”+ 4 Kahoo ba fa Jakobo melimo esele+ kaofela e matsohong a bona le masale a litsebeng tsa bona, eaba Jakobo o li pata+ tlas’a sefate se seholo se haufi le Shikeme.

5 Ka mor’a moo ba tsamaea, ’me tšabo e tsoang ho Molimo ea e-ba metseng e ba pota-potileng,+ hoo ba sa kang ba lelekisa bara ba Jakobo. 6 Qetellong Jakobo a fihla Luze,+ e naheng ea Kanana, ke ho re, Bethele, eena le batho bohle bao a nang le bona. 7 Joale a haha aletare moo eaba o qala ho bitsa sebaka seo Ele-bethele, hobane moo Molimo oa ’nete a ile a itšenola ho eena nakong ea ha a ne a balehela mor’abo.+ 8 Hamorao Debora+ mosali ea hlokomelang Rebeka a shoa ’me a patoa mosikong oa Bethele tlas’a sefate sa setonanahali. Kahoo a se reha lebitso la Alone-bakuthe.

9 Joale Molimo a boela a hlaha ho Jakobo nakong ea ha a tsoa Padane-arame+ ’me a mo hlohonolofatsa.+ 10 Molimo a tsoela pele ho re ho eena: “Lebitso la hao u Jakobo.+ Lebitso la hao ha e sa tla hlola e e-ba Jakobo, empa lebitso la hao e tla ba Iseraele.” Eaba o qala ho mo reha lebitso la Iseraele.+ 11 Molimo a eketsa ka ho re ho eena: “Ke ’na Molimo ea Matla ’Ohle.+ Ata ’me u ngatafale. Lichaba le phutheho ea lichaba e tla tsoa ho uena, ’me marena a tla tsoa lethekeng la hao.+ 12 Ha e le naha eo ke e fileng Abrahama le Isaka, ke tla u fa eona, ’me peō+ e tlang ka mor’a hao ke tla e fa naha eo.”+ 13 Ka mor’a moo Molimo a tloha ka holimo ho eena sebakeng seo a neng a buile le eena ho sona.+

14 Ka lebaka leo Jakobo a hloma sefika sebakeng seo a buileng le eena ho sona,+ sefika sa lejoe, a tšela nyehelo ea seno holim ’a sona ’me a tšela oli holim ’a sona.+ 15 Eaba Jakobo o tsoela pele ho reha sebaka seo Molimo a buileng le eena ho sona lebitso la Bethele.+

16 Joale ba tloha Bethele. ’Me ha ho sa ntse ho setse sebaka se seholo pele ba fihla Efratha,+ Ragele a beleha, ’me o ne a thatafalloa ke ho beleha.+ 17 Empa eitse ha a sa ntse a thatafalloa ke ho beleha ’melehisi a re ho eena: “U se ke ua tšoha, etsoe le mora enoa u tla ba le eena.”+ 18 Phello e bile hore ha moea+ oa hae o tsoa (hobane o ile a shoa)+ o ile a mo reha lebitso la Ben-oni; empa ntat’ae a mo reha Benjamine.+ 19 Ka hona Ragele a shoa ’me a patoa tseleng e eang Efratha, ke ho re, Bethlehema.+ 20 Kahoo Jakobo a hloma sefika holim ’a lebitla la hae. Sena ke sefika sa lebitla la Ragele ho fihlela letsatsing lena.+

21 Ka mor’a moo Iseraele a tsamaea eaba o hloma tente ea hae pejana ka nģ’ane ho tora ea Edere.+ 22 Eitse ha Iseraele a sa ntse a lutse ka nakoana+ naheng eo ka lekhetlo le leng Rubene a ea ’me a robala le Bilha serethe sa ntat’ae, eaba Iseraele o utloa ka hona.+

Kahoo bara ba Jakobo ba ne ba le leshome le metso e ’meli. 23 Bara ba Lea e ne e le Rubene+ letsibolo la Jakobo le Simeone le Levi le Juda le Isakare le Zabulone. 24 Bara ba Ragele e ne e le Josefa le Benjamine. 25 Bara ba Bilha, lekhabunyane la Ragele, e ne e le Dane le Nefthali. 26 Bara ba Zilpa, lekhabunyane la Lea, e ne e le Gade le Ashere. Bana ke bara ba Jakobo bao a ba tsoaletsoeng Padane-arame.

27 Qetellong Jakobo a tla ho ntat’ae Isaka Mamre,+ Kiriathe-arba,+ ke ho re, Hebrone, moo Abrahama le Isaka ba ileng ba lula e le bajaki.+ 28 Matsatsi a Isaka ea e-ba lilemo tse lekholo le mashome a robeli.+ 29 Ka mor’a moo Isaka a fela ’me a phefumoloha la ho qetela eaba o nkeloa ho batho ba habo, a tsofetse ’me a khotsofetse ke matsatsi,+ eaba bara ba hae Esau le Jakobo baa mo pata.+

36 Ena ke histori ea Esau, ke ho re, Edomo.+

2 Esau a nka basali ba hae ho barali ba Kanana:+ Ada+ morali oa Elone Mohethe+ le Oholibama+ morali oa Ana, setloholo sa Zibeone Moheve, 3 le Basmathe,+ morali oa Ishmaele, khaitseli ea Nebajothe.+

4 Ada a tsoalla Esau Elifaze, ’me Basmathe a tsoala Reuele,

5 Oholibama a tsoala Jeushe le Jalame le Kora.+

Bana ke bara ba Esau bao a ba tsoaletsoeng naheng ea Kanana. 6 Ka mor’a moo Esau a nka basali ba hae le bara ba hae le barali ba hae le meea eohle ea ntlo ea hae le mohlape oa hae le liphoofolo tse ling tsohle tsa hae le leruo lohle la hae,+ leo a le bokeletseng naheng ea Kanana, a ea naheng e hōle le Jakobo mor’abo,+ 7 hobane thepa ea bona e ne e le ngata haholo hore ba ka lula hammoho ’me naha ea bojaki ba bona e ne e sa khone ho ba phelisa ka lebaka la mehlape ea bona.+ 8 Kahoo Esau a lula sebakeng se lithaba sa Seire.+ Esau ke Edomo.+

9 Ena ke histori ea Esau ntat’a Edomo sebakeng se lithaba sa Seire.+

10 Ana ke mabitso a bara ba Esau: Elifaze mora oa Ada, mosali oa Esau; Reuele mora oa Basmathe, mosali oa Esau.+

11 Bara ba Elifaze e bile Temane,+ Omare, Zefo le Gatame le Kenaze.+ 12 Timna+ ea e-ba serethe sa Elifaze, mora oa Esau. Ka mor’a nako a tsoalla Elifaze Amaleke.+ Bana ke bara ba Ada, mosali oa Esau.

13 Bana ke bara ba Reuele: Nahathe le Zera, Shama le Miza.+ Bana e bile bara ba Basmathe,+ mosali oa Esau.

14 Bana e bile bara ba Oholibama morali oa Ana, setloholo sa Zibeone, mosali oa Esau, ka hore ebe o ile a tsoalla Esau Jeushe le Jalame le Kora.+

15 Bana ke baeta-pele+ ba bara ba Esau: Bara ba Elifaze, letsibolo la Esau: Moeta-pele Temane,+ moeta-pele Omare, moeta-pele Zefo, moeta-pele Kenaze, 16 moeta-pele Kora, moeta-pele Gatame, moeta-pele Amaleke. Bana ke baeta-pele ba Elifaze+ naheng ea Edomo. Bana ke bara ba Ada.

17 Bana ke bara ba Reuele, mora oa Esau: Moeta-pele Nahathe, moeta-pele Zera, moeta-pele Shama, moeta-pele Miza. Bana ke baeta-pele ba Reuele naheng ea Edomo.+ Bana ke bara ba Basmathe, mosali oa Esau.

18 Qetellong bana ke bara ba Oholibama, mosali oa Esau: Moeta-pele Jeushe, moeta-pele Jalame, moeta-pele Kora. Bana ke baeta-pele ba Oholibama morali oa Ana, mosali oa Esau.

19 Bana ke bara ba Esau, ’me bana ke baeta-pele ba bona. Ke eena Edomo.+

20 Bana ke bara ba Seire Mohore, baahi ba naha:+ Lotane le Shobale le Zibeone le Ana+ 21 le Dishone le Ezere le Dishane.+ Bana ke baeta-pele ba Mohore, bara ba Seire, naheng ea Edomo.

22 Bara ba Lotane e bile Hori le Hemame; ’me khaitseli ea Lotane e ne e le Timna.+

23 Bana ke bara ba Shobale: Alvane le Manahathe le Ebale, Shefo le Oname.

24 Bana ke bara ba Zibeone: Aja le Ana. Enoa ke Ana ea fumaneng liliba tsa metsi a chesang lefeelleng ha a ntse a hlokometse liesele tsa ntat’ae Zibeone.+

25 Bana ke bana ba Ana: Dishone le Oholibama morali oa Ana.

26 Bana ke bara ba Dishone: Hemdane le Eshbane le Ithrane le Kerane.+

27 Bana ke bara ba Ezere: Bilhane le Zavane le Akane.

28 Bana ke bara ba Dishane: Utse le Arane.+

29 Bana ke baeta-pele ba Mohore: Moeta-pele Lotane, moeta-pele Shobale, moeta-pele Zibeone, moeta-pele Ana, 30 moeta-pele Dishone, moeta-pele Ezere, moeta-pele Dishane.+ Bana ke baeta-pele ba Mohore ho ea ka baeta-pele ba bona naheng ea Seire.

31 Joale ana ke marena a busitseng naheng ea Edomo+ pele morena leha e le ofe a busa bara ba Iseraele.+ 32 Bela mora oa Beore a busa Edomo,+ ’me lebitso la motse oa hae e ne e le Dinhaba. 33 Ha Bela a shoa, Jobabe mora oa Zera ea tsoang Bozra+ a qala ho busa sebakeng sa hae.+ 34 Ha Jobabe a shoa, Hushame ea tsoang naheng ea Batemane+ a qala ho busa sebakeng sa hae.+ 35 Ha Hushame a shoa, Hadade mora oa Bedade, ea hlōtseng Bamidiane+ naheng ea Moabe,+ a qala ho busa sebakeng sa hae, ’me lebitso la motse oa hae e ne e le Avithe.+ 36 Ha Hadade a shoa, Samla ea tsoang Masreka a qala ho busa sebakeng sa hae.+ 37 Ha Samla a shoa, Shaule ea tsoang Rehobothe pel’a Nōka a qala ho busa sebakeng sa hae.+ 38 Ha Shaule a shoa, Baale-hanane mora oa Akbore a qala ho busa sebakeng sa hae.+ 39 Ha Baale-hanane mora oa Akbore a shoa, Hadare a qala ho busa sebakeng sa hae; lebitso la motse oa hae e ne e le Pau, ’me lebitso la mosali oa hae e ne e le Mehetabele morali oa Matrede morali oa Mezahabe.+

40 Kahoo ana ke mabitso a baeta-pele ba Esau ho ea ka malapa a bona, ho ea ka libaka tsa bona, ka mabitso a bona: Moeta-pele Timna, moeta-pele Aleva, moeta-pele Jethethe,+41 moeta-pele Oholibama, moeta-pele Ela, moeta-pele Pinone,+ 42 moeta-pele Kenaze, moeta-pele Temane, moeta-pele Mibzare,+ 43 moeta-pele Magdiele, moeta-pele Irame. Bana ke baeta-pele ba Edomo+ ho ea ka libaka tsa bona tsa bolulo naheng eo ba e ruileng.+ Enoa ke Esau ntat’a Edomo.+

37 Jakobo a tsoela pele ho lula naheng ea bojaki ba ntat’ae,+ naheng ea Kanana.+

2 Ena ke histori ea Jakobo.

Josefa,+ ha a le lilemo li leshome le metso e supileng, o ne a hlokomela linku le barab’abo har’a mohlape,+ ’me, kaha e ne e sa le moshanyana, o ne a e-na le bara ba Bilha+ le bara ba Zilpa,+ basali ba ntat’ae. Kahoo Josefa a tlisa tlaleho e mpe ka bona ho ntat’a bona.+ 3 Iseraele o ne a rata Josefa ho feta bara ba bang bohle ba hae,+ hobane e le mora oa botsofali ba hae; ’me o ne a mo etselitse seaparo se selelele, se metsero se kang hempe.+ 4 Ha barab’abo ba bona hore ntat’a bona o mo rata ho feta barab’abo bohle, ba qala ho mo hloea,+ ’me ba ne ba sa khone ho bua ka khotso le eena.+

5 Hamorao Josefa a ba le toro ’me a e bolella barab’abo,+ eaba ba fumana lebaka le eketsehileng la ho mo hloea. 6 Eaba o re ho bona: “Ka kōpo, mamelang toro ena eo ke e lorileng.+ 7 Bonang! re ne re tlama mangata har’a tšimo ha ngata ea ka e tsoha ebile e ema e otlolohile ’me bonang! mangata a lōna a pota-pota ngata ea ka ’me a e inamela.”+ 8 Eaba barab’abo ba qala ho re ho eena: “Na ka sebele u tla ba morena oa rōna?+ kapa, Na ka sebele u tla re laola?”+ Kahoo ba fumana lebaka le lecha la ho mo hloea ka lebaka la litoro tsa hae le ka lebaka la mantsoe a hae.

9 Ka mor’a moo a ba le toro e ’ngoe hape, ’me a e phetela barab’abo a re: “Bonang! ke bile le toro e ’ngoe, ’me bonang! letsatsi le khoeli le linaleli tse leshome le motso o mong li ne li inama ka pel’a ka.”+ 10 Joale a e phetela ntat’ae hammoho le barab’abo, ’me ntat’ae a qala ho mo khalemela ka matla a re ho eena:+ “Toro ena eo u e lorileng e bolela’ng? Na ’na le ’m ’ao le barab’eno ka sebele re tla tla ’me re iname ka pel’a hao?” 11 Eaba barab’abo baa mo honohela,+ empa ntat’ae a boloka polelo eo.+

12 Joale barab’abo ba ea fulisa mohlape oa ntat’a bona haufi le Shikeme.+ 13 Ka mor’a nako Iseraele a re ho Josefa: “Barab’eno ba hlokometse mehlape haufi le Shikeme, na ha ho joalo? Tloo, ke u rome ho bona.” Eaba o re ho eena: “Ke ’na enoa!”+ 14 Kahoo a re ho eena: “Ka kōpo, tsamaea. U bone hore na barab’eno ba sireletsehile ’me ba phetse hantle le hore na mohlape o sireletsehile ’me o phetse hantle, ’me u nkhutlisetse karabo.”+ Eaba o re a tsamaee ho tloha khohlong ea Hebrone,+ ’me a ea nģ’a Shikeme. 15 Hamorao a fumanoa ke monna e mong ’me bonang! o ne a hlahlathela naheng. Joale monna eo a mo botsa, a re: “U batla’ng?” 16 Eaba o re: “Ke batla barab’eso. Ka kōpo mpolelle, Ba hlokometse mehlape hokae?” 17 Eaba monna eo o re: “Ba tlohile mona, hobane ke utloile ba re, ‘A re eeng Dothane.’” Kahoo Josefa a ’na a latela barab’abo ’me a ba fumana Dothane.

18 Joale, ba re heli! ba mo bona a le hōjana, ’me pele a ba atamela ba qala ho rera ka mano ho mo bolaea.+ 19 Kahoo ba buisana ba re: “Bonang! Molori eane ke eo a tla.+ 20 Joale tloong re mo bolaeeng ’me re mo lahlele ho se seng sa likoti tsa metsi;+ re tla re sebata se bohale se mo harotse.+ Joale re bone hore na ho tla etsahala’ng ka litoro tsa hae.” 21 Ha Rubene a utloa sena a leka ho mo lopolla matsohong a bona.+ Eaba o re: “A re se keng ra bolaea moea oa hae.”+ 22 Rubene a tsoela pele ho re ho bona: “Le se ke la tšolla mali.+ Mo lahleleng ka sekoting sena sa metsi se lefeelleng ’me le se ke la mo isa letsoho ka mabifi.”+ Morero oa hae e ne e le ho mo lopolla matsohong a bona e le hore a ka mo khutlisetsa ho ntat’ae.

23 Kahoo eitse hang ha Josefa a fihla ho barab’abo, ba hlobolisa Josefa seaparo sa hae se selelele, sona seaparo se selelele se metsero seo a neng a se apere;+ 24 ka mor’a moo ba mo nka ’me ba mo lahlela ka sekoting sa metsi.+ Ka nako eo sekoti se ne se se na letho; ho ne ho se metsi ka ho sona.

25 Joale ba lula fatše ho ja bohobe.+ Ha ba phahamisa mahlo ’me ba sheba, bonang! ho ne ho e-na le sehlopha sa batsamai ba Baishmaele+ ba tsoang Gileade, ’me likamele tsa bona li ne li jere labdaname le balsame le makhapetla a nang le boroku ba sefate,+ ba le tseleng ea ho li isa Egepeta. 26 Eaba Juda o re ho barab’abo: “Molemo e tla ba ofe haeba re bolaea mor’abo rōna ’me re koahela mali a hae?+ 27 Tloong re mo rekisetseng Baishmaele,+ ’me re se ke ra mo isa letsoho.+ Etsoe, ke mor’abo rōna, nama ea rōna.” Kahoo ba mamela mor’abo bona.+ 28 Joale banna, bahoebi ba Bamidiane,+ ba feta. Kahoo ba hula Josefa ba mo nyolla ka sekoting sa metsi+ ba ntan’o rekisa Josefa ho Baishmaele ka likotoana tsa silevera tse mashome a mabeli.+ Qetellong ba tlisa Josefa Egepeta.

29 Hamorao Rubene a khutlela sekoting sa metsi ’me bonang! Josefa o ne a le sieo ka sekoting sa metsi. Ka lebaka leo a hahola liaparo tsa hae.+ 30 Ha a khutlela ho barab’abo ba bang a hooa: “Ngoana o ile! ’Me ’na—ruri ke tla ea hokae?”+

31 Leha ho le joalo, ba nka seaparo sa Josefa se selelele ’me ba hlaba phooko eaba ba ina seaparo se selelele maling khafetsa.+ 32 Ka mor’a moo ba romela seaparo se selelele se metsero ’me ba etsa hore se isoe ho ntat’a bona eaba ba re: “Re fumane sena. Ka kōpo, hlahloba+ hore na ke seaparo se selelele sa mora oa hao kapa che.”+ 33 A qala ho se hlahloba ’me a hooa: “Ke seaparo se selelele sa mora oa ka! E tlameha ebe sebata se bohale se mo harotse!+ Ruri Josefa o rusolotsoe!”+ 34 Jakobo a hahola liaparo tsa hae tsa ka holimo ’me a tlama lesela la mokotla thekeng eaba o tsoela pele ho siamela mora oa hae ka matsatsi a mangata.+ 35 Bara bohle ba hae le barali bohle ba hae ba ’na ba ema ho mo tšelisa,+ empa a ’na a hana ho tšeliseha a re:+ “Etsoe ke tla theohela ho mora oa ka Sheole ke siame!” Eaba ntat’ae o tsoela pele ho mo llela.

36 Leha ho le joalo, Bamidiane ba mo rekisa Egepeta ho Potifaro molaoli oa lekhotla oa Faro,+ mookameli oa balebeli.+

38 Khabareng eitse ha Juda a tloha ho barab’abo a hloma tente ea hae haufi le monna e mong, Moadulame,+ lebitso la hae e le Hira. 2 Moo Juda a bona morali oa Mokanana e mong,+ eo lebitso la hae e neng e le Shua. Kahoo a mo nka ’me a kopanela liphate le eena. 3 Eaba oa ima. Hamorao a tsoala mora ’me a mo reha lebitso la Ere.+ 4 A boela a ima. Ka mor’a nako a tsoala mora ’me a mo reha lebitso la Onane. 5 Ka nako e ’ngoe hape a boela a tsoala mora ’me joale a mo reha lebitso la Shela. Joale o ne a le Akzibe ka nako eo mosali oa hae a mo tsoalang.+

6 Ka mor’a nako Juda a nkela Ere letsibolo la hae mosali, lebitso la hae e ne e le Tamare.+ 7 Empa Ere, letsibolo la Juda, o ne a le mobe mahlong a Jehova;+ kahoo Jehova a mo bolaea.+ 8 Ka lebaka leo Juda a re ho Onane: “Kopanela liphate le mosali oa mor’eno ’me u mo kenele u hlahisetse mor’eno bana.”+ 9 Empa Onane o ne a tseba hore bana e ke ke ea e-ba ba hae;+ eitse ha a kopanela liphate le mosali oa mor’abo a ntšetsa peō ea hae fatše e le hore a se ke a fa mor’abo bana.+ 10 Joale seo a se entseng se ne se le sebe mahlong a Jehova;+ kahoo le eena a mo bolaea.+ 11 Kahoo Juda a re ho ngoetsi ea hae Tamare: “Lula u le mohlolohali ntlong ea ntat’ao ho fihlela Shela mora oa ka a hōlile.”+ Etsoe o ne a ipoleletse ho re: “Le eena a ka ’na a shoa joaloka barab’abo.”+ Tumellanong le hoo Tamare a tsamaea ’me a lula ntlong ea ntat’ae.+

12 Kahoo matsatsi a ngatafala ’me morali oa Shua, mosali oa Juda,+ a shoa; eaba Juda o boloka nako ea ho siama.+ Ka mor’a moo a nyolohela ho bakuti ba linku tsa hae, eena le Hira motsoalle oa hae oa Moadulame,+ ba ea Timna.+ 13 Joale ha bolelloa Tamare: “Bona! ntat’ao matsale o nyolohela Timna ho ea kuta linku tsa hae.”+ 14 A hlobola liaparo tsa bohlolohali ba hae a ikoahela ka tjale eaba o ikhurumetsa ka lesira o lula monyako oa Enaime, e tseleng e eang Timna. Etsoe o ne a bone hore Shela o hōlile ’me leha ho le joalo ha aa mo fuoa hore e be mosali oa hae.+

15 Ha Juda a re heli! a mo bona, hang-hang a nka hore ke seotsoa,+ hobane a ne a ikoahetse sefahleho.+ 16 Kahoo a fapohela ho eena pel’a tsela ’me a re: “Ka kōpo, ntumelle hore ke kopanele liphate le uena.”+ Etsoe o ne a sa tsebe hore ke ngoetsi ea hae.+ Leha ho le joalo, a re: “U tla mpha eng hore u kopanele liphate le ’na?”+ 17 Eaba o re: “Ke tla romela potsanyane ho tsoa mohlapeng.” Empa a re: “Na u tla mpha tebeletso ho fihlela u e romela?”+ 18 Eaba o tsoela pele: “Ke tla u fa tebeletso ea eng?” eaba o re: “Lesale la hao la tiiso+ le thapo ea hao le molamu o letsohong la hao.” Joale a mo fa tsona eaba o kopanela liphate le eena, kahoo a mo imisa. 19 Ka mor’a moo a ema ’me a tsamaea eaba o hlobola tjale ea hae o apara liaparo tsa bohlolohali ba hae.+

20 Joale Juda a romela potsanyane ka letsoho la motsoalle oa hae oa Moadulame+ e le hore a boele a fumane tebeletso letsohong la mosali eo, empa ha aa ka a mo fumana. 21 Eaba o qala ho botsa banna ba sebaka sa habo, o re: “Le hokae letekatse lane la tempele la Enaime pel’a tsela?” Empa ba ’na ba re: “Ha ho mohla ho kileng ha e-ba le letekatse la tempele+ sebakeng sena.” 22 Qetellong a khutlela ho Juda ’me a re: “Ha kea ka ka mo fumana ’me, ntle ho moo, banna ba sebaka seo ba itse, ‘Ha ho mohla ho kileng ha e-ba le letekatse la tempele sebakeng sena.’” 23 Kahoo Juda a re: “A ke a inkele tsona, e le hore re se ke ra oeloa ke nyeliso.+ Leha ho le joalo, ke rometse potsanyane ena, empa uena—ha ua ka ua mo fumana.”

24 Leha ho le joalo, hoo e ka bang likhoeli tse tharo hamorao ha bolelloa Juda: “Ngoetsi ea hao Tamare o ikentse seotsoa,+ ’me bona! o imme+ ka bootsoa ba hae.” Eaba Juda o re: “Mo ntšetseng ka ntle ’me a chesoe.”+ 25 Ha a ntšetsoa ka ntle a romeletsa ho ntat’ae matsale, a re: “Ke imisitsoe ke monna eo tsena e leng tsa hae.”+ Eaba oa eketsa: “Ka kōpo, hlahloba+ hore na tsena ke tsa mang, lesale la tiiso le thapo le molamu.”+ 26 Joale Juda a li hlahloba ’me a re:+ “O lokile ho mpheta,+ ka lebaka la hore ha kea ka ka mo fa mora oa ka Shela.”+ ’Me ha aa ka a hlola a kopanela liphate le eena ka mor’a moo.+

27 Joale eitse ha a beleha, bonang! ho ne ho e-na le mafahla ka mpeng ea hae. 28 Ho ekelletsa moo, eitse ha a beleha le leng la otlolla letsoho la lona, ’me hang-hang ’melehisi a nka sekotoana sa lesela se ’mala oa sekareleta a se tlama letsohong la lona, a re: “Enoa o tsoile pele.” 29 Qetellong hang ha a khutlisa letsoho la hae, bonang! mor’abo a tsoa, kahoo a hooa: “U bolela eng ka sena, hore ebe u itaboletse linoka?” Kahoo a rehoa lebitso la Pereze.+ 30 Ka mor’a moo mor’abo eo letsoho la hae le nang le sekotoana sa lesela se ’mala oa sekareleta a tsoa ’me a rehoa lebitso la Zera.+

39 Ha e le Josefa, a theoleloa Egepeta,+ ’me Potifaro,+ molaoli oa lekhotla oa Faro, mookameli oa balebeli, Moegepeta, a mo reka matsohong a Baishmaele+ ba neng ba mo tlisitse moo. 2 Empa Jehova a ba le Josefa, hoo e ileng ea e-ba monna ea atlehileng+ ’me a laola ntlo ea mong’a hae, oa Moegepeta. 3 Mong’a hae a bona hore Jehova o na le eena le hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang Jehova o ne a e atlehisa letsohong la hae.

4 Josefa a ’na a fumana kamohelo mahlong a hae ’me a mo sebeletsa a sa khaotse, hoo a ileng a mo beha hore a laole ntlo ea hae,+ ’me sohle sa hae a fana ka sona letsohong la hae. 5 Eare ho tloha nakong eo ka eona a mo behileng hore a laole ntlo ea hae le hore a be le taolo ho sohle seo e leng sa hae Jehova a ’na a hlohonolofatsa ntlo ea Moegepeta eo ka lebaka la Josefa, ’me tlhohonolofatso ea Jehova ea e-ba ho sohle seo a nang le sona ka tlung le naheng.+ 6 Qetellong a tlohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea hae matsohong a Josefa;+ ’me ho hang o ne a sa tsebe seo a nang le sona ntle le bohobe boo a bo jang. Ho feta moo, Josefa a hōla a e-na le sebōpeho se setle le ponahalo e ntle.

7 Joale eitse ka mor’a lintho tsena mosali oa mong’a hae a qala ho phahamisetsa mahlo+ ho Josefa ’me a re: “Robala le ’na.”+ 8 Empa a hana+ eaba o re ho mosali oa mong’a hae: “Mong’a ka ha a tsebe seo ke nang le sona ka tlung, ’me o behile ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona letsohong la ka.+ 9 Ha ho e moholo ho mpheta ka tlung ena, ’me ha aa nkhanela ka letho haese uena, hobane u mosali oa hae.+ Kahoo nka etsa bobe bona bo boholo joang ’me ka siteloa Molimo?”+

10 Kahoo le hoja a ne a bua le Josefa letsatsi le letsatsi ha ho mohla a ileng a mo mamela hore a robale haufi le eena, hore a ’ne a be le eena.+ 11 Empa letsatsing lena joaloka matsatsing a mang a kena ka tlung ho ea etsa mosebetsi oa hae, ’me ho ne ho se le ea mong oa banna ba ntlo ka moo ka tlung.+ 12 Eaba o mo tšoara ka seaparo,+ o re: “Robala le ’na!”+ Empa a siea seaparo sa hae letsohong la hae a baleha a tsoela ka ntle.+ 13 Eare hang ha a bona hore o siile seaparo sa hae letsohong la hae e le hore a balehele ka ntle, 14 a qala ho hoeletsa banna ba ntlo ea hae a re ho bona: “Bonang! O re tliselitse monna oa Moheberu, bakeng sa ho re fetola litšeho. O tlile ho ’na ho tla robala le ’na, empa ka qala ho hoeletsa ka lentsoe le phahameng.+ 15 Eitse hang ha a utloa hore ke phahamisitse lentsoe ’me ke qala ho hoeletsa, joale a siea seaparo sa hae pel’a ka eaba oa baleha o tsoela ka ntle.” 16 Ka mor’a moo a boloka seaparo sa Josefa pel’a hae ho fihlela mong’a hae a tla ka tlung ea hae.+

17 Joale a bua le eena mantsoe ana, a re: “Mohlanka oa Moheberu eo u re tliselitseng eena o tlile ho ’na bakeng sa ho mphetola litšeho. 18 Empa eitse hang ha ke phahamisa lentsoe ’me ke qala ho hoeletsa, joale a siea seaparo sa hae pel’a ka ’me a balehela ka ntle.”+ 19 Phello e bile hore hang ha mong’a hae a utloa mantsoe a mosali oa hae ao a mo bolellang ’ona, a reng: “Mohlanka oa hao o nkentse tjena le tjena,” bohale ba hae ba tuka.+ 20 Kahoo mong’a Josefa a mo nka a mo isa ntlong ea chankana, sebakeng seo ho sona batšoaruoa ba morena ba bolokoang litlamong, ’me a hlola moo ntlong ea chankana.+

21 Leha ho le joalo, Jehova a ’na a ba le Josefa ’me a ’na a mo bontša mosa o lerato ’me a lumella hore a fumane kamohelo mahlong a molaoli ea ka sehloohong oa ntlo ea chankana.+ 22 Kahoo molaoli ea ka sehloohong oa ntlo ea chankana a beha batšoaruoa bohle ba ntlong ea chankana letsohong la Josefa; sohle seo ba se etsang moo ke eena ea neng a re se etsoe.+ 23 Molaoli ea ka sehloohong oa ntlo ea chankana o ne a sa hlokomele letho ho hang le letsohong la hae, hobane Jehova o ne a e-na le Josefa ’me a atlehisa seo a se etsang.+

40 Joale eitse ka mor’a lintho tsena moqhatsetsi+ oa morena oa Egepeta le moapehi ba siteloa khosi ea bona morena oa Egepeta.+ 2 Faro a halefela balaoli ba hae ba babeli,+ mookameli oa baqhatsetsi le mookameli oa baapehi.+ 3 Kahoo a ba kenya teronkong ea ntlo ea mookameli oa balebeli,+ ntlong ea chankana,+ sebakeng seo Josefa e leng motšoaruoa ho sona. 4 Joale mookameli oa balebeli a abela Josefa hore a be le bona e le hore a ba sebeletse;+ ’me ba hlola teronkong ka matsatsi a ’maloa.

5 Eaba ka bobeli ba lora toro,+ e mong le e mong toro ea hae ka bosiu bo le bong,+ e mong le e mong toro ea hae e nang le tlhaloso ea eona,+ moqhatsetsi le moapehi oa morena oa Egepeta bao e leng batšoaruoa ntlong ea chankana.+ 6 Ha Josefa a kena ka ho bona hoseng ’me a ba bona, ba ne ba shebahala ba nyahame.+ 7 Eaba o qala ho botsa balaoli ba Faro bao a nang le bona teronkong ea ntlo ea mong’a hae, o re: “Lifahleho tsa lōna li soabisitsoe ke eng kajeno?”+ 8 Eaba ba re ho eena: “Re lorile toro, ’me ha re na ea e hlalosang.” Kahoo Josefa a re ho bona: “Na litlhaloso hase tsa Molimo?+ Ka kōpo, mpheteleng eona.”

9 Mookameli oa baqhatsetsi a phetela Josefa toro ea hae a re ho eena: “Torong ea ka, bonang! ho ne ho e-na le sefate sa morara ka pel’a ka. 10 Sefateng sa morara ho ne ho e-na le makala a mararo, ’me kamoo ho bonahalang kateng se ne se hlōmela letlōbō.+ Lithunthung tsa sona tsa hlaha. Masihla a sona a butsoisa morara oa ’ona. 11 Senoelo sa Faro se ne se le letsohong la ka, eaba ke nka morara ke o tlhotlela ka har’a senoelo sa Faro.+ Ka mor’a moo ka fana ka senoelo letsohong la Faro.”+ 12 Joale Josefa a re ho eena: “Tlhaloso ea eona ke ena:+ Makala a mararo ke matsatsi a mararo. 13 Matsatsi a mararo ho tloha hona joale Faro o tla phahamisa hlooho ea hao ’me ka sebele o tla u khutlisetsa boemong ba hao;+ ka sebele u tla fana ka senoelo letsohong la Faro, ho ea ka tloaelo ea pele ha u ne u sebetsa joaloka moqhatsetsi oa hae.+ 14 Leha ho le joalo, u ’ne u nkhopole hang ha lintho li u tsamaela hantle,+ ’me ka kōpo, u nketse ka mosa o lerato u be u mpolele ho Faro,+ ’me u ’ntše ka tlung ena. 15 Etsoe ha e le hantle ke koetetsoe naheng ea Baheberu;+ le mona ha kea etsa letho ho hang leo ka lona ba lokelang ho nkenya ka sekoting sa chankana.”+

16 Ha mookameli oa baapehi a bona hore o hlalositse ntho e molemo, le eena, a re ho Josefa: “Le ’na ke ne ke lora, ’me bonang! ho ne ho e-na le libaskete tse tharo tsa bohobe bo bosoeu hloohong ea ka, 17 basketeng e ka holimo-limo ho ne ho e-na le mefuta eohle ea lijo tsa Faro,+ tse entsoeng ke moapehi, ’me ho ne ho e-na le linonyana+ tse li jang ka har’a baskete e holim ’a hlooho ea ka.” 18 Joale Josefa a araba a re: “Tlhaloso ea eona ke ena:+ Libaskete tse tharo ke matsatsi a mararo. 19 Matsatsi a mararo ho tloha hona joale Faro o tla u khaola hlooho ’me ka sebele a u fanyehe thupeng;+ ka sebele linonyana li tla ja nama ea hao.”+

20 Joale letsatsi la boraro e ne e le letsatsi la tsoalo ea Faro,+ ’me a etsetsa bahlanka bohle ba hae mokete ’me a phahamisa hlooho ea mookameli oa baqhatsetsi le hlooho ea mookameli oa baapehi har’a bahlanka ba hae.+ 21 Tumellanong le hoo a khutlisetsa mookameli oa baqhatsetsi mosebetsing oa hae oa boqhatsetsi,+ ’me a tsoela pele ho fana ka senoelo letsohong la Faro. 22 Empa a fanyeha mookameli oa baapehi,+ feela joalokaha Josefa a ba file tlhaloso.+ 23 Leha ho le joalo, mookameli oa baqhatsetsi ha aa ka a hopola Josefa ’me a mo lebala.+

41 Eitse bofelong ba lilemo tse feletseng tse peli Faro a lora+ ’me bonang! o ne a eme pel’a nōka ea Nile. 2 Bonang! nōkeng ea Nile ha nyoloha likhomo tse supileng tse nang le ponahalo e ntle ebile li nonne, eaba li qala ho fula har’a joang ba Nile.+ 3 Bonang! ha e-ba le likhomo tse ling tse supileng tse nyolohang ka mor’a tsona nōkeng ea Nile, tse nang le ponahalo e mpe ebile li otile,+ eaba li ema haufi le likhomo tse pel’a lebōpo la nōka ea Nile. 4 Joale likhomo tse nang le ponahalo e mpe ebile li otile tsa qala ho ja likhomo tse supileng tse nang le ponahalo e ntle le tse nonneng.+ Eaba Faro oa tsoha.+

5 Leha ho le joalo, a boela a robala ’me a lora ka lekhetlo la bobeli. Bonang! ha hlaha liqoapi tse supileng tsa lijo-thollo lehlakeng le le leng, li nonne ’me li le ntle.+ 6 Bonang! ka mor’a tsona+ ha hōla liqoapi tse supileng tsa lijo-thollo, tse tšesaane le tse bajuoeng ka lebaka la moea oa bochabela.+ 7 Liqoapi tse tšesaane tsa lijo-thollo tsa qala ho metsa liqoapi tse supileng tse nonneng le tse tletseng.+ Eaba Faro oa tsoha ’me bonang! e ne e le toro.

8 Hoseng moea oa hae o ne o khathatsehile.+ Kahoo a romeletsa ’me a bitsa baprista bohle ba Egepeta+ ba sebelisang boselamose le banna bohle ba bohlale+ ba hona teng, ’me Faro a ba phetela litoro tsa hae.+ Empa ha hoa ka ha e-ba le ea li hlalosetsang Faro.

9 Joale mookameli oa baqhatsetsi a bua le Faro,+ a re: “Ke bolela libe tsa ka kajeno.+ 10 Faro o ile a halefela bahlanka ba hae.+ Kahoo a nkenya teronkong ea ntlo ea mookameli oa balebeli,+ ’na le mookameli oa baapehi. 11 Ka mor’a moo ka bobeli re ile ra lora toro ka bosiu bo le bong, ’na le eena. Ra lora e mong le e mong toro ea hae e nang le tlhaloso ea eona.+ 12 Ho ne ho e-na le mohlankana hammoho le rōna moo, oa Moheberu,+ mohlanka oa mookameli oa balebeli.+ Ha re mo phetela tsona,+ a re hlalosetsa litoro tsa rōna. A hlalosetsa e mong le e mong ho ea ka toro ea hae. 13 Ha etsahala feela joalokaha a re hlaloselitse. ’Na a nkhutlisetsa boemong ba ka,+ empa eena a mo fanyeha.”+

14 Faro a romeletsa ’me a bitsa Josefa,+ hore ba mo tlise kapele ho tsoa sekoting sa chankana.+ Kahoo a beola+ ’me a apara liaparo tse ling tsa hae tsa ka holimo+ eaba o kena ho Faro. 15 Joale Faro a re ho Josefa: “Ke lorile toro, empa ha ho ea e hlalosang. Joale ke utloile ho boleloa hore ha u utloile toro u ka e hlalosa.”+ 16 Eaba Josefa o araba Faro, o re: “Ha ho hlokahale hore ho talingoe ho ’na! Molimo o tla tsebisa Faro boiketlo.”+

17 Eaba Faro o tsoela pele ho bua le Josefa: “Torong ea ka bona! ke ne ke eme lebōpong la nōka ea Nile. 18 Nōkeng ea Nile ha nyoloha likhomo tse supileng tse nonneng le tse ponahalo e ntle, eaba li qala ho fula har’a joang ba Nile.+ 19 Ha nyoloha likhomo tse ling tse supileng ka mor’a tsona, tsa meketa le tse nang le ponahalo e mpe haholo ebile li otile.+ Ha ke e-s’o ka ke bona tse mpe joaloka tsona naheng eohle ea Egepeta. 20 Likhomo tsa meketa le tse mpe tsa qala ho ja likhomo tsa pele tse supileng tse nonneng.+ 21 Kahoo tsena tsa kena ka limpeng tsa tsona, ’me leha ho le joalo ho ne ho ke ke ha tsejoa hore li kene ka limpeng tsa tsona, kaha ponahalo ea tsona e ne e le mpe feela joaloka qalong.+ Eaba kea tsoha.

22 “Ka mor’a moo torong ea ka ka bona liqoapi tse supileng tsa lijo-thollo li hlaha lehlakeng le le leng, li tletse ’me li le ntle.+ 23 Ka mor’a tsona ha hōla liqoapi tsa lijo-thollo tse supileng tse ponneng, tse tšesaane, tse bajuoeng ka lebaka la moea oa bochabela.+ 24 Liqoapi tsa lijo-thollo tse tšesaane tsa qala ho metsa liqoapi tsa lijo-thollo tse supileng tse ntle.+ Kahoo ka e bolella baprista ba sebelisang boselamose,+ empa ha hoa ka ha e-ba le ea mong ea ntlhalosetsang.”+

25 Joale Josefa a re ho Faro: “Toro ea Faro e ’ngoe. Molimo oa ’nete o boleletse Faro seo a tla se etsa.+ 26 Likhomo tse supileng tse ntle ke lilemo tse supileng. Ka ho tšoanang liqoapi tse supileng tsa lijo-thollo tse ntle ke lilemo tse supileng. Toro e ’ngoe. 27 Likhomo tse supileng tsa meketa tse mpe tse nyolohileng ka mor’a tsona ke lilemo tse supileng; ’me liqoapi tse supileng tsa lijo-thollo tse se nang letho, tse bajuoeng ka lebaka la moea oa bochabela,+ e tla ba lilemo tse supileng tsa tlala.+ 28 Ena ke ntho eo ke e boleletseng Faro: Molimo oa ’nete o entse hore Faro a bone seo a tla se etsa.+

29 “Bona! ho tla lilemo tse supileng tsa nala e khōlō naheng eohle ea Egepeta. 30 Empa ka sebele lilemo tse supileng tsa tlala li tla hlaha ka mor’a tsona, ’me nala eohle ea naha ea Egepeta e tla lebaloa ’me tlala e tla timetsa naha.+ 31 Nala e kileng ea e-ba teng naheng e ke ke ea tsejoa ka lebaka la tlala ka mor’a moo, hobane ka sebele e tla ba khōlō haholo. 32 Hore ebe toro e phetiloe habeli ho Faro ho bolela hore ntho ena e tiisitsoe ka thata ke Molimo oa ’nete,+ ’me Molimo oa ’nete o potlakela ho e phetha.+

33 “Kahoo joale Faro a ke a batle monna ea masene le ea bohlale ’me a mo behe hore a okamele naha ea Egepeta.+ 34 Faro a ke a nke bohato ’me a khethe balebeli naheng,+ ’me a nke karolo ea bohlano ea naha ea Egepeta nakong ea lilemo tse supileng tsa nala.+ 35 Ba ke ba bokelle lijo tsa lilemo tsena tse tlang tse ntle, ’me ba bokelle lijo-thollo tlas’a letsoho la Faro e le lijo metseng,+ ’me ba li sireletse. 36 Lijo e tla ba phepelo naheng ena ka lilemo tse supileng tsa tlala, e tlang ho ba teng naheng ea Egepeta,+ e le hore naha e se ke ea felisoa ke tlala.”+

37 Ntho ena ea bonahala e le ntle mahlong a Faro le a bahlanka ba hae bohle.+ 38 Kahoo Faro a re ho bahlanka ba hae: “Na ho ka fumanoa monna e mong ea joaloka enoa eo moea oa Molimo o leng ho eena?”+ 39 Ka mor’a moo Faro a re ho Josefa: “Kaha Molimo o entse hore u tsebe sena sohle,+ ha ho ea masene le ea bohlale joaloka uena.+ 40 U tla okamela ntlo ea ka,+ ’me batho bohle ba ka ba tla u mamela ka ho feletseng.+ Ke tla ba moholo ho uena tabeng ea terone feela.”+ 41 Faro a eketsa a re ho Josefa: “Bona, ke u beha hore u laole naha eohle ea Egepeta.”+ 42 Eaba Faro o rōla lesale la hae la tiiso+ letsohong la hae o le kenya letsohong la Josefa ’me o mo apesa liaparo tsa line ea boleng bo botle eaba o mo roesa sefaha sa khauta molaleng.+ 43 Ho feta moo, a mo palamisa koloing ea bobeli e hlomphehang eo a nang le eona,+ e le hore ba hoeletse ka pel’a hae, “Avrekh!” ka hona ba mo beha hore a laole naha eohle ea Egepeta.

44 Faro a eketsa ka ho re ho Josefa: “Ke ’na Faro, empa ntle ho tumello ea hao ha ho motho ea ka phahamisang letsoho la hae kapa leoto la hae naheng eohle ea Egepeta.”+ 45 Ka mor’a moo Faro a reha Josefa lebitso la Zafnathe-panea ’me a mo fa Asnathe+ morali oa Potifera moprista oa One+ hore e be mosali oa hae. Eaba Josefa o qala ho pholletsa le naha ea Egepeta.+ 46 Josefa o ne a le lilemo li mashome a mararo+ ha a ema ka pel’a Faro morena oa Egepeta.

Joale Josefa a tsoa ka pel’a Faro ’me a hahlaula naheng eohle ea Egepeta. 47 Ka lilemo tse supileng tsa nala naha ea beha ka bongata.+ 48 A ’na a bokella lijo tsohle tsa lilemo tse supileng tse bileng teng naheng ea Egepeta ’me a beha lijo metseng.+ Lijo tsa tšimo e pota-potileng motse a li beha har’a oona.+ 49 Eaba Josefa o tsoela pele ho bokella lijo-thollo tse ngata haholo,+ joaloka lehlabathe la leoatle, ho fihlela qetellong ba tlohela ho li bala, hobane li se na palo.+

50 Pele selemo sa tlala se fihla Josefa a tsoalloa bara ba babeli,+ bao Asnathe morali oa Potifera moprista oa One a mo tsoaletseng bona. 51 Kahoo Josefa a reha letsibolo lebitso la Manase,+ hobane, ho qotsa mantsoe a hae, “Molimo o ntebalitse khathatso eohle ea ka le ntlo eohle ea Ntate.”+ 52 Eaba o reha oa bobeli lebitso la Efraime,+ hobane, ho qotsa mantsoe a hae, “Molimo o nkatisitse naheng ea ho sohlokeha ha ka.”+

53 Lilemo tse supileng tsa nala tse bileng teng naheng ea Egepeta tsa fela butle-butle,+ 54 eaba lilemo tse supileng tsa tlala li qala ho tla, feela joalokaha Josefa a boletse.+ Tlala ea e-ba teng linaheng tsohle, empa naheng eohle ea Egepeta ha fumanoa bohobe.+ 55 Qetellong naha eohle ea Egepeta ea apareloa ke tlala ’me batho ba qala ho hoeletsa ho Faro ba batla bohobe.+ Joale Faro a re ho Baegepeta bohle: “E-eang ho Josefa. Le etse eng kapa eng eo a le bolellang eona.”+ 56 Tlala ea e-ba teng lefatšeng lohle.+ Joale Josefa a qala ho bula meliko eohle ea lijo-thollo e har’a bona ’me a rekisetsa Baegepeta,+ kaha tlala e ne e totile naheng ea Egepeta. 57 Ho feta moo, batho ba lefatše lohle ba tla Egepeta ho tla reka ho Josefa, hobane tlala e ne e totile lefatšeng lohle.+

42 Qetellong Jakobo a bona hore ho na le lijo-thollo Egepeta.+ Joale Jakobo a re ho bara ba hae: “Ke hobane’ng ha le ntse le talimana?” 2 Eaba oa eketsa: “Bonang! ke utloile hore ho na le lijo-thollo Egepeta.+ Theohelang teng ’me le re rekele moo, e le hore re tsoele pele re phela ’me re se ke ra shoa.” 3 Tumellanong le hoo barab’abo Josefa ba leshome+ ba theohela Egepeta ho ea reka lijo-thollo. 4 Empa Jakobo ha aa ka a romela Benjamine,+ mor’abo Josefa, hammoho le barab’abo ba bang, hobane a itse: “Mohlomong a ka hlaheloa ke kotsi e bolaeang.”+

5 Kahoo bara ba Iseraele ba tla le ba bang ba neng ba tlil’o reka, hobane tlala e le teng naheng ea Kanana.+ 6 Josefa e ne e le eena monna ea busang naha.+ Ke eena ea neng a rekisetsa batho bohle ba lefatše.+ Ka lebaka leo barab’abo Josefa ba tla ’me ba mo inamela lifahleho li shebile fatše.+ 7 Ha Josefa a bona barab’abo, hang-hang a ba tseba, empa a ikhakanyetsa bona.+ Kahoo a bua le bona ka thata a re ho bona: “Le tsoa hokae?” eaba ba re: “Re tsoa naheng ea Kanana ho tla reka lijo.”+

8 Kahoo Josefa a tseba barab’abo, empa ba ne ba sa mo tsebe. 9 Kapele-pele Josefa a hopola litoro tseo a ileng a li lora ka bona,+ ’me a tsoela pele ho re ho bona: “Le lihloela! Le tlil’o bona boemo bo pepesehileng ba naha!”+ 10 Joale ba re ho eena: “Che, moren ’a ka,+ empa bahlanka ba hao+ ba tlil’o reka lijo. 11 Kaofela re bara ba motho a le mong. Re banna ba lokileng. Bahlanka ba hao ha se lihloela.”+ 12 Empa a re ho bona: “Ha ho joalo! Hobane le tlil’o bona boemo bo pepesehileng ba naha!”+ 13 Eaba ba re: “Bahlanka ba hao ke bara ba motho ba leshome le metso e ’meli.+ Re bara ba motho a le mong+ naheng ea Kanana; bona! e monyenyane o na le Ntate kajeno,+ athe e mong ha a sa le eo.”+

14 Leha ho le joalo, Josefa a re ho bona: “Ke seo ke le boleletseng sona, ka re, ‘Le lihloela!’ 15 Le tla lekoa ka sena. Ka Faro ea phelang, le ke ke la tloha mona haese ha mor’abo lōna e monyenyane a ka tla mona.+ 16 Romelang e mong oa lōna hore a tle le mor’abo lōna ha le ntse le tlamiloe, hore mantsoe a lōna a lekoe hore ke ’nete tabeng ea lōna.+ Haeba ho se joalo, ka Faro ea phelang, le lihloela.” 17 Eaba o ba kenya hammoho litlamong ka matsatsi a mararo.

18 Ka mor’a moo Josefa a re ho bona letsatsing la boraro: “Etsang sena ’me le tsoele pele le phela. Ke tšaba+ Molimo oa ’nete. 19 Haeba le lokile, ho ke ho sale a le mong oa barab’abo lōna a tlamiloe ka tlung ea lōna ea botlamuoa,+ empa lōna ba bang le tsamaee, le nke lijo-thollo bakeng sa tlala e matlong a lōna.+ 20 Joale le ntlisetse mor’abo lōna e monyenyane, hore mantsoe a lōna a fumanoe a tšepahala; ’me le ke ke la shoa.”+ Eaba ba etsa joalo.

21 Ba qala ho buisana ba re: “Ntle ho pelaelo re molato mabapi le mor’abo rōna,+ hobane re bone mahlomola a moea oa hae ha a kōpa hore re mo qenehele, empa ha rea ka ra mamela. Ke ka lebaka leo mahlomola a re oetseng holimo.”+ 22 Joale Rubene a ba araba, a re: “Na ha kea ka ka re ho lōna, ‘Le se ke la siteloa ngoana,’ empa ha lea ka la mamela?+ Joale mali a hae, bonang! ka sebele aa batloa.”+ 23 Ha e le bona, ba ne ba sa tsebe hore Josefa o mametse, hobane ho ne ho e-na le mofetoleli pakeng tsa bona. 24 Ka lebaka leo a ba furalla eaba o qala ho lla.+ Eaba o khutlela ho bona o bua le bona ’me o nka Simeone+ ho bona o mo tlama ka pel’a mahlo a bona.+ 25 Ka mor’a moo Josefa a fana ka taelo, ’me ba qala ho tlatsa lijo-thollo ho lintho tseo ba tšelang ho tsona. Hape, ba ne ba lokela ho khutlisetsa chelete ea banna bao ka mokotleng+ oa e mong le e mong le ho ba fa mofaho bakeng sa tsela.+ Tumellanong le hoo ba etsetsoa joalo.

26 Kahoo ba belesa lijo-thollo tsa bona lieseleng ’me ba tloha moo. 27 Ha e mong a bula mokotla oa hae hore a fe esele ea hae furu sebakeng sa bolulo,+ a bona chelete ea hae, ’me bonang! e ne e le molomong oa mokotla oa hae.+ 28 Eaba o re ho barab’abo: “Chelete ea ka e khutlisitsoe ’me bonang! e ka mokotleng oa ka!” Joale lipelo tsa bona tsa tepella, kahoo ba shebana ba thothomela,+ ba re: “Ke eng ena eo Molimo a re entseng eona?”+

29 Qetellong ba fihla ho ntat’a bona Jakobo naheng ea Kanana ’me ba mo bolella lintho tsohle tse ba hlahetseng, ba re: 30 “Monna eo e leng morena oa naha o buile ka thata le rōna,+ kaha o ne a nka hore re banna ba hloelang naha.+ 31 Empa re itse ho eena, ‘Re banna ba lokileng.+ Ha re lihloela. 32 Re bara ba motho ba leshome le metso e ’meli,+ bara ba Ntate.+ E mong ha a sa le eo,+ ’me e monyenyane o na le Ntate kajeno naheng ea Kanana.’+ 33 Empa monna eo e leng morena oa naha o itse ho rōna,+ ‘Ke tla tseba ka sena hore le lokile:+ E-reng e mong oa barab’abo lōna a sale le ’na.+ Joale le nke ho hong bakeng sa tlala e matlong a lōna ’me le tsamaee.+ 34 Le ntlisetse mor’abo lōna e monyenyane, ke tle ke tsebe hore ha le lihloela empa le lokile. Ke tla le khutlisetsa mor’abo lōna, ’me le ka hoeba naheng ena.’”+

35 Eitse ha ba tšolla mekotla ea bona seshoba sa chelete sa e mong le e mong se ne se le mokotleng oa hae. Bona hammoho le ntat’a bona ba bona lishoba tsa bona tsa chelete, ’me ba tšoha. 36 Joale ntat’a bona Jakobo a hooa a re ho bona: “Ke ’na eo le mo amohileng bana!+ Josefa ha a sa le eo le Simeone ha a sa le eo,+ ’me le tlil’o nka Benjamine! Ke ’na ea hlahetsoeng ke lintho tsena tsohle!” 37 Empa Rubene a re ho ntat’ae: “U bolaee bara ba ka ba babeli haeba ke sa mo khutlisetse ho uena.+ Mo behe tlhokomelong ea ka, ’me ke tla mo khutlisetsa ho uena.”+ 38 Leha ho le joalo, a re: “Mora oa ka a ke ke a theoha le lōna, hobane mor’abo o shoele ’me o setse a le mong.+ Haeba a ka hlaheloa ke kotsi e bolaeang tseleng eo le tsamaeang ka eona, joale ka sebele le tla theolela moriri oa ka o moputsoa Sheole ka mesarelo.”+

43 Tlala e ne e le khōlō naheng.+ 2 Hang ha ba qetile ho ja lijo-thollo tseo ba tlileng le tsona Egepeta,+ ntat’a bona a re ho bona: “Khutlang, le re rekele lijonyana.”+ 3 Joale Juda a re ho eena:+ “Monna eo o re paketse ka ho hlaka, a re, ‘Le se ke la boela la talima sefahleho sa ka ntle le haeba le e-na le mor’abo lōna.’+ 4 Haeba u romela mor’abo rōna hammoho le rōna,+ re ikemiselitse ho ea le ho u rekela lijo. 5 Empa haeba u sa mo romele, re ke ke ra ea, hobane monna eo o itse ho rōna, ‘Le se ke la boela la talima sefahleho sa ka ntle le haeba le tla le mor’abo lōna.’”+ 6 Eaba Iseraele oa hooa:+ “Ke hobane’ng ha le nkentse hampe ka ho bolella monna eo hore le na le mor’abo lōna e mong?” 7 Eaba ba re: “Monna eo ka ho toba o botsitse ka rōna le beng ka rōna, a re, ‘Na ntat’a lōna o sa ntsane a phela?+ Na le na le mor’abo lōna e mong?’ eaba re mo bolella litaba tsena.+ Re ne re ka tseba joang hore ka sebele o ne a tla re, ‘Tlisang mor’abo lōna’?”+

8 Qetellong Juda a re ho ntat’ae Iseraele: “Romela moshanyana le ’na,+ e le hore re tsamaee re tle re tsoele pele re phela ’me re se ke ra shoa,+ rōna le uena le bana ba rōna ba banyenyane.+ 9 Ke ’na ea tla behoa paneng bakeng sa hae.+ U ka batla tefo ea hae letsohong la ka.+ Haeba ke hlōleha ho mo tlisa ho uena le ho mo hlahisa ho uena, joale ke tla be ke u sitetsoe ka ho sa feleng. 10 Empa haeba re ne re sa lieha, hona joale re ka be re khutletse moo ka makhetlo ana a mabeli.”+

11 Kahoo ntat’a bona Iseraele a re ho bona: “Joale, haeba ho joalo,+ etsang sena: Nkang lihlahisoa tsa boleng bo botle ka ho fetisisa ka linthong tseo le tšelang ho tsona ’me le li ise ho monna eo e le mpho:+ balsame e nyenyane,+ le mahe a linotši a manyenyane,+ labdaname le makhapetla a nang le boroku ba sefate,+ linate tsa pistachio le lialmonde.+ 12 Hape, matsohong le nke chelete e lekanang le ea pele habeli; ’me chelete e ileng ea khutlisetsoa melomong ea mekotla ea lōna le e khutlise ka matsoho a lōna.+ Mohlomong e ne e le phoso.+ 13 Le nke mor’abo lōna ’me le tlohe, le khutlele ho monna eo. 14 E se eka Molimo ea Matla ’Ohle a ka le hauhela ka pel’a monna eo,+ hore ka sebele a le lokollele mor’abo lōna e mong le Benjamine. Empa ’na, haeba ke tla amohuoa bana ba ka, ka sebele ke tla ba amohuoa!”+

15 Tumellanong le hoo banna bao ba nka mpho ena, ’me matsohong ba nka chelete e lekanang le ea pele habeli le Benjamine. Joale ba tloha ba ea Egepeta ’me ba ema ka pel’a Josefa.+ 16 Ha Josefa a bona ba e-na le Benjamine, hang-hang a re ho monna ea okametseng ntlo ea hae: “Isa banna bana ka tlung u hlabe liphoofolo ’me u lokise,+ hobane banna bana ba tla ja le ’na motšehare.” 17 Kapele-pele monna eo a etsa feela joalokaha Josefa a boletse.+ Eaba monna eo o isa banna bana ntlong ea Josefa. 18 Empa banna bao ba tšoha hobane ba isitsoe ka tlung ea Josefa,+ eaba ba qala ho re: “Ke ka lebaka la chelete eo qalong re ileng ra khutla ka eona e le mekotleng ea rōna hore ebe re khutliselitsoe mona bakeng sa hore ba itihele holim ’a rōna ba re hlasele ’me ba re etse makhoba hammoho le liesele tsa rōna!”+

19 Kahoo ba atamela monna ea okametseng ntlo ea Josefa ba bua le eena monyako oa ntlo, 20 ba re: “Re tšoarele, moren ’a ka! Ke ’nete hore qalong re ile ra theohela mona ho tla reka lijo.+ 21 Empa eare ha re fihla sebakeng sa bolulo+ ’me re qala ho bula mekotla ea rōna, bona! chelete ea e mong le e mong e ne e le molomong oa mokotla oa hae, chelete ea rōna ka boima bo feletseng. Kahoo re rata ho e khutlisa ka matsoho a rōna.+ 22 Re tlile le chelete e eketsehileng matsohong a rōna ho tla reka lijo. Ka sebele ha re tsebe hore na ke mang ea kentseng chelete ea rōna ka mekotleng ea rōna.”+ 23 Joale a re: “Ho lokile. Le se ke la tšoha.+ Molimo oa lōna le Molimo oa ntat’a lōna o le file letlotlo ka mekotleng ea lōna.+ Chelete ea lōna e tlile ho ’na pele.” Ka mor’a moo a ba ntšetsa Simeone.+

24 Joale monna eo a tlisa banna bana ka tlung ea Josefa ’me a fana ka metsi hore ba hlatsuoe maoto,+ a fana ka furu bakeng sa liesele tsa bona.+ 25 Eaba ba lokisa mpho+ bakeng sa ha Josefa a tla motšehare, hobane ba ne ba utloile hore ba tlil’o jela bohobe moo.+ 26 Ha Josefa a kena ka tlung, joale ba mo tlisetsa mpho e matsohong a bona ka tlung, ’me ba itihela fatše ka lifahleho ka pel’a hae.+ 27 Ka mor’a moo a ba botsa hore na ebe ba ntse ba ea hantle eaba o re:+ “Na ntat’a lōna, monna ea hōlileng eo le buileng ka eena, o ntse a e-ea hantle? Na o sa ntse a phela?”+ 28 Eaba ba re: “Mohlanka oa hao Ntate o ntse a e-ea hantle. O sa ntse a phela.” Joale ba inama ’me ba itihela fatše ka lifahleho.+

29 Ha a phahamisa mahlo ’me a bona Benjamine mor’abo, mora oa ’m ’ae,+ a re: “Na enoa ke mor’abo lōna, e monyenyane eo le mpoleletseng ka eena?”+ Eaba oa eketsa: “E se eka Molimo a ka u bontša mohau oa hae,+ mora oa ka.” 30 Joale Josefa o ne a potlakile, hobane maikutlo a hae a ile a phahama ka lebaka la mor’abo,+ hoo a ileng a batla sebaka seo a tla llela ho sona eaba o ea kamoreng e ka hare ’me o ntšetsa meokho teng.+ 31 Ka mor’a moo a iphotla ’me a tsoela ka ntle eaba oa itšoara o re:+ “Tšolang lijo.”+ 32 Eaba ba mo tšolela a le mong le bona ba le bang le Baegepeta ba jang le eena ba le bang; etsoe Baegepeta ba ne ba sa khone ho ja le Baheberu, hobane e le ntho e manyala ho Baegepeta.+

33 Ba ne ba lutse ka pel’a hae, letsibolo ho ea ka tokelo ea lona joaloka letsibolo+ le e monyenyane ho ea ka bonyenyane ba hae; ’me banna bana ba ’na ba shebana ka ho makala. 34 A ’na a ba neheletsa lijo, empa a eketsa lijo tsa Benjamine ka makhetlo a mahlano ho feta lijo tsa ba bang kaofela.+ Kahoo ba tsoela pele ho keteka le ho noa le eena ho fihlela ba khotsofala.+

44 Hamorao a laela monna ea neng a okametse ntlo ea hae,+ a re: “Tlatsa mekotla ea banna bao ka lijo ho fihlela tekanyong eo ba tla khona ho e jara ’me u kenye chelete ea e mong le e mong molomong oa mokotla oa hae.+ 2 Empa u kenye senoelo sa ka, senoelo sa silevera, molomong oa mokotla oa e monyenyane le chelete bakeng sa lijo-thollo tsa hae.” Eaba o etsa ho ea ka lentsoe la Josefa leo a le buileng.+

3 E ne e le ka meso ha ho thoe banna bao ba tsamaee,+ bona hammoho le liesele tsa bona. 4 Ba ile ba tsoa motseng. Ba ne ba e-s’o ee hōle ha Josefa a re ho monna ea okametseng ntlo ea hae: “Ema! Lelekisa banna bao ’me ruri u ba fihlele u re ho bona, ‘Ke hobane’ng ha le buselelitse botle ka bobe?+ 5 Na ena hase ntho eo mong’a ka a noelang ho eona le eo a e sebelisetsang ho hlalosa ka botsebi lipontšo tsa se tlang?+ Le entse ketso e mpe.’”

6 Qetellong a ba fihlela ’me a ba bolella mantsoe ana. 7 Empa ba re ho eena: “Ke hobane’ng ha moren ’a ka a bua mantsoe a kang aa? Ha ho utloahale hore bahlanka ba hao ba etse ntho leha e le efe e kang ena. 8 Chelete eo re e fumaneng melomong ea mekotla ea rōna re e khutliselitse ho uena ha re tsoa naheng ea Kanana.+ Joale, ke joang re ka utsoang silevera kapa khauta ka tlung ea mong’a hao?+ 9 Le leng la makhoba a hao leo e ka fumanoang ho lona le ke le bolaoe ’me le rōna re ke re be makhoba a mong’a ka.”+ 10 Eaba o re: “Joale ho ke ho be hantle feela ho ea ka mantsoe a lōna.+ Kahoo eo e tlang ho fumanoa ho eena o tla fetoha lekhoba la ka,+ empa le tla be le se na molato.” 11 Eaba e mong le e mong o theolela mokotla oa hae fatše kapele ’me e mong le e mong a bula mokotla oa hae. 12 Eaba oa batlisisa. A qala ka e moholo ’me a qetella ka e monyenyane. Qetellong senoelo sa fumanoa mokotleng oa Benjamine.+

13 Joale ba hahola liaparo tsa bona tsa ka holimo+ ’me e mong le e mong a boela a belesa esele ea hae mojaro oa hae eaba ba khutlela motseng. 14 Juda+ le barab’abo ba ea ka tlung ea Josefa, ’me o ne a ntse a le moo; eaba ba itihela fatše ka pel’a hae.+ 15 Joale Josefa a re ho bona: “Ke ketso ea mofuta ofe ee eo le e entseng? Na le ne le sa tsebe hore motho ea kang ’na a ka hlalosa ka botsebi lipontšo tsa se tlang?”+ 16 Eaba Juda oa hooa: “Re ka re’ng ho mong’a rōna? Re ka bua eng? Hona re ka paka joang hore re lokile?+ Molimo oa ’nete o fumane phoso ea makhoba a hao.+ Bona! re makhoba a mong’a rōna,+ rōna hammoho le eo senoelo se fumanoeng letsohong la hae!” 17 Leha ho le joalo, a re: “Ha ho utloahale hore ke etse sena!+ Motho eo senoelo se fumanoeng letsohong la hae ke eena eo e tla ba lekhoba la ka.+ Ha e le lōna ba bang kaofela, nyolohelang ho ntat’a lōna ka khotso.”+

18 Joale Juda a atamela ho eena ’me a re: “Kea u rapela, mong’a ka, ka kōpo e-re lekhoba la hao le bue lentsoe moo mong’a ka a ntseng a utloa,+ ’me bohale+ ba hao bo se ke ba tukela lekhoba la hao, hobane uena u tšoana le Faro.+ 19 Mong’a ka o ile a botsa makhoba a hae, a re, ‘Na le na le ntat’a lōna kapa mor’abo lōna?’ 20 Eaba re re ho mong’a ka, ‘Re na le ntate ea hōlileng le ngoana oa botsofali ba hae, e monyenyane.+ Empa mor’abo o shoele kahoo ke eena feela ea setseng oa ’m ’ae,+ ’me ntat’ae oa mo rata.’ 21 Ka mor’a moo ua re ho makhoba a hao, ‘Mo tliseng ho ’na hore ke tle ke mo bone.’+ 22 Empa ra re ho mong’a ka, ‘Moshanyana ha a khone ho siea ntat’ae. Ha a ka mo siea, ka sebele ntat’ae o tla shoa.’+ 23 Eaba u re ho makhoba a hao, ‘Ntle le hore mor’abo lōna e monyenyane a theohe le lōna, le se ke la hlola le talima sefahleho sa ka.’+

24 “Eaba re nyolohela ho lekhoba la hao e leng Ntate ra ntan’o le bolella mantsoe a mong’a ka. 25 Hamorao Ntate a re, ‘Khutlang, le re rekele lijonyana.’+ 26 Empa ra re, ‘Ha re khone ho theoha. Re tla theoha haeba mor’abo rōna e monyenyane a e-na le rōna, hobane ha re khone ho talima sefahleho sa monna eo haeba mor’abo rōna e monyenyane a le sieo ho rōna.’+ 27 Joale lekhoba la hao e leng Ntate la re ho rōna, ‘Le tseba hantle hore mosali oa ka o ntsoaletse bara ba babeli feela.+ 28 Hamorao e mong o tsoile sehlopheng sa ka ’me ka hooa ka re: “Oe, ruri o rusolotsoe!”+ ’me ha ke e-s’o mo bone ho fihlela joale. 29 Haeba le ka tlosa le enoa mahlong a ka ’me a hlaheloa ke kotsi e bolaeang, ka sebele le tla theolela moriri oa ka o moputsoa ka mesarelo Sheole.’+

30 “Joale, hang ha ke fihla ho lekhoba la hao e leng Ntate moshanyana a le sieo ho rōna, athe moea oa hae o tlamahane le moea oa enoa,+ 31 joale ka sebele hang ha a bona hore moshanyana ha a eo o tla shoa, ’me ruri makhoba a hao a tla theolela moriri o moputsoa oa lekhoba la hao e leng Ntate ka mesarelo Sheole. 32 Etsoe lekhoba la hao le ipehile paneng+ bakeng sa moshanyana nakong ea ha a se ho ntat’ae, la re, ‘Haeba nka hlōleha ho mo khutlisetsa ho uena, joale ke tla be ke sitetsoe Ntate ka ho sa feleng.’+ 33 Kahoo joale, ka kōpo, ho ke ho sale lekhoba la hao ho e-na le moshanyana e le lekhoba ho mong’a ka, e le hore moshanyana a nyolohe le barab’abo.+ 34 Etsoe nka ea joang ho Ntate moshanyana a le sieo ho ’na, esere ka bona tlokotsi e tla hlahela Ntate?”+

45 Eaba Josefa ha a sa hlola a khona ho itšoara ka pel’a bohle ba emeng le eena.+ Kahoo a hoeletsa: “E-reng e mong le e mong a tlohe ho ’na!” ’Me ha ho le ea mong ea neng a eme le Josefa ha a itsebisa barab’abo.+

2 A qala ho phahamisa lentsoe a lla,+ hoo Baegepeta ba ileng ba utloa le ntlo ea Faro e ileng ea utloa. 3 Qetellong Josefa a re ho barab’abo: “Ke ’na Josefa. Na Ntate o sa ntse a phela?” Empa barab’abo ba ne ba sa khone ho mo araba ho hang, hobane o ne a ba ferekantse.+ 4 Kahoo Josefa a re ho barab’abo: “Ka kōpo, atamelang ho ’na.” Eaba ba atamela ho eena.

Joale a re: “Ke ’na mor’abo lōna Josefa, eo le mo rekisitseng Egepeta.+ 5 Empa joale le se ke la utloa bohloko+ ’me le se ke la ikhalefela kahobane le nthekisitse mona; hobane Molimo o nthomme hore ke le etelle pele bakeng sa ho boloka bophelo.+ 6 Etsoe sena ke selemo sa bobeli sa tlala lefatšeng,+ ’me ho sa ntse ho e-na le lilemo tse ling tse hlano tseo ka tsona ho ke keng ha e-ba le nako ea ho lema kapa kotulo.+ 7 Ka lebaka leo Molimo o nthomme hore ke le etelle pele bakeng sa hore le be le masala+ lefatšeng le hore le bolokoe le phela ka ho pholosoa ho hoholo. 8 Kahoo hase lōna ba nthometseng mona,+ empa ke Molimo oa ’nete, e le hore a mpehe hore ke be ntat’a+ Faro le morena oa bohle ba ntlo ea hae le ea laolang naheng eohle ea Egepeta.

9 “E-eang ho Ntate kapele, le re ho eena, ‘Mora oa hao Josefa o itse: “Molimo o mpehile hore ke be morena oa Egepeta eohle.+ Theohela ho ’na. U se ke ua lieha. 10 U lule naheng ea Goshene,+ ’me u ’ne u be haufi le ’na, uena le bara ba hao le bara ba bara ba hao le mehlape ea hao ea likhutšoane le mehlape ea hao ea liphoofolo tse khōlō le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u nang le eona. 11 Ke tla u fa lijo hona teng, etsoe ho sa ntse ho e-na le lilemo tse ling tse hlano tsa tlala;+ esere uena le ba ntlo ea hao le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u nang le eona la futsaneha.”’ 12 Bonang! mahlo a lōna le mahlo a mor’eso Benjamine aa bona hore ke molomo oa ka o buang le lōna.+ 13 Kahoo le bolelle Ntate ka khanya eohle ea ka Egepeta le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo le e boneng; le potlake le theolele Ntate mona.”

14 Eaba o itihela molaleng oa Benjamine mor’abo ’me oa lla, le Benjamine a llela molaleng oa hae.+ 15 A aka barab’abo kaofela ’me a ba llela,+ ka mor’a moo barab’abo ba bua le eena.

16 Litaba tseo tsa utloahala ntlong ea Faro, tse reng: “Barab’abo Josefa ba tlile!” ’Me tsa e-ba molemo mahlong a Faro le a bahlanka ba hae.+ 17 Tumellanong le hoo Faro a re ho Josefa: “E-re ho barab’eno, ‘Etsang sena: Belesang lipelesa tsa lōna le tsamaee le kene naheng ea Kanana,+ 18 le nke ntat’a lōna le malapa a lōna ’me le tle mona ho ’na, hore ke tle ke le fe karolo e ntle ea naha ea Egepeta; ’me le je karolo e nonneng ea naha.+ 19 U laetsoe ho re:+ “Etsang sena: Inkeleng likoloi+ naheng ea Egepeta bakeng sa bana ba lōna ba banyenyane le basali ba lōna, le palamise ntat’a lōna ho e ’ngoe ’me le tle mona.+ 20 Mahlo a lōna a se ke a utloela lisebelisoa tsa lōna bohloko,+ hobane karolo e ntle ea naha eohle ea Egepeta ke ea lōna.”’”+

21 Ka mor’a tseo bara ba Iseraele ba etsa joalo, ’me Josefa a ba fa likoloi ho ea ka litaelo tsa Faro ’me a ba fa le mofaho+ bakeng sa tsela. 22 E mong le e mong oa bona a mo fa liaparo tse ling tsa ka holimo,+ empa a fa Benjamine likotoana tsa silevera tse makholo a mararo le liaparo tse ling tse hlano tsa ka holimo.+ 23 Eaba o romella ntat’ae tse latelang: liesele tse leshome tse jereng lintho tse ntle tsa Egepeta le liesele tse tšehali tse leshome tse jereng lijo-thollo le bohobe le lintho tsa ho iphelisa tsa ntat’ae bakeng sa tsela. 24 Kahoo a re barab’abo ba tsamaee, ’me ba tsamaea. Leha ho le joalo, a re ho bona: “Le se ke la khenelana tseleng.”+

25 Ba qala ho tloha Egepeta ’me qetellong ba fihla naheng ea Kanana ho ntat’a bona Jakobo. 26 Joale ba mo tlalehela, ba re: “Josefa o ntse a phela, ebile ke eena ea laolang naheng eohle ea Egepeta!”+ Empa pelo ea hae ea felloa ke matla, hobane a sa ba lumele.+ 27 Ha ba tsoela pele ho mo bolella mantsoe ’ohle ao Josefa a ba boleletseng ’ona ’me a bona likoloi tseo Josefa a li rometseng bakeng sa ho tla mo nka, moea oa ntat’a bona Jakobo oa qala ho hlasimoloha.+ 28 Joale Iseraele a hooa: “Ho lekane! Josefa mora oa ka o ntse a phela! E-re ke tsamaee ’me ke mo bone pele ke shoa!”+

46 Tumellanong le hoo Iseraele le bohle ba hae ba tloha ’me ba fihla Beerseba,+ eaba o hlabela Molimo oa ntat’ae Isaka mahlabelo.+ 2 Joale Molimo a bua le Iseraele liponong tsa bosiu a re:+ “Jakobo, Jakobo!” eaba o re: “Ke ’na enoa!”+ 3 Eaba o tsoela pele ho re: “Ke ’na Molimo oa ’nete,+ Molimo oa ntat’ao.+ U se ke ua tšaba ho theohela Egepeta, etsoe ke tla u etsa sechaba se seholo hona teng.+ 4 Ke tla theohela le uena Egepeta ’me ruri ke tla boela ke u nyolle teng;+ ’me Josefa o tla beha letsoho mahlong a hao.”+

5 Ka mor’a moo Jakobo a tloha Beerseba, ’me bara ba Iseraele ba palamisa ntat’a bona Jakobo le bana ba bona ba banyenyane le basali ba bona likoloing tseo Faro a li rometseng hore ba mo tsamaise ka tsona.+ 6 Ho ekelletsa moo, ba nka mehlape ea bona le thepa, eo ba e bokeletseng naheng ea Kanana.+ Qetellong ba kena Egepeta, Jakobo hammoho le bana bohle ba hae. 7 A tla le bara ba hae le bara ba bara ba hae, barali ba hae le barali ba bara ba hae, esita le bana bohle ba hae, Egepeta.+

8 Ana ke mabitso a bara ba Iseraele ba keneng Egepeta:+ Jakobo le bara ba hae: Letsibolo la Jakobo e ne e le Rubene.+

9 Bara ba Rubene e ne e le Hanoke le Palu le Hezrone le Karmi.+

10 Bara ba Simeone+ e ne e le Jemuele le Jamine le Ohade le Jakine+ le Zohare le Shaule+ mora oa mosali oa Mokanana.

11 Bara ba Levi+ e ne e le Gershone,+ Kohathe+ le Merari.+

12 Bara ba Juda+ e ne e le Ere+ le Onane+ le Shela+ le Pereze+ le Zera.+ Leha ho le joalo, Ere le Onane ba ile ba shoela naheng ea Kanana.+

Bara ba Pereze ea e-ba Hezrone+ le Hamule.+

13 Bara ba Isakare+ e ne e le Thola+ le Puva+ le Jobo le Shimrone.+

14 Bara ba Zabulone+ e ne e le Serede le Elone le Jaliele.+

15 Bana ke bara ba Lea,+ bao a ba tsoaletseng Jakobo a le Padane-arame, hammoho le morali oa hae Dina.+ Meea eohle ea bara ba hae le ea barali ba hae e ne e le mashome a mararo a metso e meraro.

16 Bara ba Gade+ e ne e le Zifione le Hagi, Shuni le Ezbone, Eri le Arodi le Areli.+

17 Bara ba Ashere+ e ne e le Imna le Ishva le Ishvi le Beria,+ ’me ho ne ho e-na le khaitseli ea bona Sera.

Bara ba Beria e ne e le Hebere le Malkiele.+

18 Bana ke bara ba Zilpa,+ eo Labane a ileng a mo fa morali oa hae Lea. Ka mor’a nako bana ke bao a ileng a ba tsoalla Jakobo: meea e leshome le metso e tšeletseng.

19 Bara ba Ragele,+ mosali oa Jakobo, e ne e le Josefa+ le Benjamine.+

20 Naheng ea Egepeta Josefa o ile a tsoalloa Manase+ le Efraime,+ bao Asnathe+ morali oa Potifera moprista oa One a ileng a mo tsoalla bona.

21 Bara ba Benjamine e ne e le Bela+ le Bekere+ le Ashbele, Gera+ le Naamane,+ Ehi le Roshe, Mupime+ le Hupime+ le Arede.

22 Bana ke bara ba Ragele ba tsoaletsoeng Jakobo. Meea eohle e ne e le leshome le metso e mene.

23 Bara ba Dane+ ke Hushime.+

24 Bara ba Nefthali+ e ne e le Jaziele le Guni+ le Jezere le Shileme.+

25 Bana ke bara ba Bilha,+ eo Labane a ileng a mo fa morali oa hae Ragele. Ka mor’a nako bana ke bao a ileng a ba tsoalla Jakobo; meea eohle e ne e le e supileng.

26 Meea eohle e tlileng le Jakobo Egepeta ke e tsoileng nokeng ea hae,+ ntle ho basali ba bara ba Jakobo. Meea eohle e ne e le mashome a tšeletseng a metso e tšeletseng. 27 Bara ba Josefa bao a ba tsoaletsoeng Egepeta e ne e le meea e ’meli. Meea eohle ea ntlo ea Jakobo e tlileng Egepeta e ne e le mashome a supileng.+

28 Eaba o romela Juda+ ho Josefa hore a mo etelle pele hore a fane ka boitsebiso ka pele ho eena Goshene. Ka mor’a moo ba fihla naheng ea Goshene.+ 29 Joale Josefa a lokisa koloi ea hae ’me a nyoloha ho ea khahlanyetsa ntat’ae Iseraele Goshene.+ Ha a mo bona a itihela hang-hang molaleng oa hae ’me a ’na a ntšetsa meokho molaleng oa hae.+ 30 Qetellong Iseraele a re ho Josefa: “Lekhetlong lena ke itokiselitse ho shoa,+ kaha joale ke bone sefahleho sa hao, kaha u sa ntse u phela.”

31 Joale Josefa a re ho barab’abo le ho ba ntlo ea ntat’ae: “E-reng ke nyoloheng ke tlalehele Faro ke re ho eena,+ ‘Barab’eso le ba ntlo ea Ntate ba leng naheng ea Kanana ba tlile mona ho ’na.+ 32 Banna bana ke balisa,+ hobane e bile bahlokomeli ba liphoofolo tse ruiloeng;+ ba tlile mona le mehlape ea bona ea likhutšoane le mehlape ea bona ea liphoofolo tse khōlō le sohle seo ba nang le sona.’+ 33 Ha Faro a le bitsa ’me a re, ‘Le etsa mosebetsi ofe?’ 34 Le tla re, ‘Bahlanka ba hao e ’nile ea e-ba bahlokomeli ba liphoofolo tse ruiloeng ho tloha bocheng ba rōna ho fihlela joale, rōna hammoho le baholo-holo ba rōna,’+ e le hore le ka lula naheng ea Goshene,+ hobane molisa e mong le e mong oa linku ke ntho e manyala Egepeta.”+

47 Tumellanong le hoo Josefa a tla ’me a tlalehela Faro a re:+ “Ntate le barab’eso ba tlile le mehlape ea bona ea likhutšoane le mehlape ea bona ea liphoofolo tse khōlō le sohle seo ba nang le sona ho tsoa naheng ea Kanana, ’me bona! ba naheng ea Goshene.”+ 2 Palong eohle ea barab’abo a nka banna ba bahlano, hore a ba hlahise ho Faro.+

3 Joale Faro a re ho barab’abo: “Le etsa mosebetsi ofe?”+ Kahoo ba re ho Faro: “Bahlanka ba hao ke balisa ba linku,+ rōna hammoho le baholo-holo ba rōna.”+ 4 Ka mor’a moo ba re ho Faro: “Re tlil’o lula re le bajaki naheng ena,+ hobane ha ho lekhulo bakeng sa mohlape oo bahlanka ba hao ba nang le oona,+ etsoe tlala e khōlō naheng ea Kanana.+ Joale, ka kōpo, e-re bahlanka ba hao ba lule naheng ea Goshene.”+ 5 Eaba Faro o re ho Josefa: “Ntat’ao le barab’eno ba tlile ho uena mona. 6 Naha ea Egepeta e taolong ea hao.+ E-re ntat’ao le barab’eno ba lule karolong e ntlehali ea naha.+ E-re ba lule naheng ea Goshene,+ ’me haeba u tseba hore har’a bona ho na le banna ba sebete,+ u ba behe hore e be baokameli ba mehlape ea ka.”+

7 Joale Josefa a tlisa ntat’ae Jakobo a mo tsebisa Faro, ’me Jakobo a hlohonolofatsa Faro.+ 8 Joale Faro a re ho Jakobo: “Matsatsi a lilemo tsa bophelo ba hao a makae?” 9 Kahoo Jakobo a re ho Faro: “Matsatsi a lilemo tsa ho lula ha ka ka bojaki ke lilemo tse lekholo le mashome a mararo.+ Matsatsi a lilemo tsa bophelo ba ka e bile a seng makae le a bakang mahlomola,+ ’me ha aa fihla matsatsing a lilemo tsa bophelo ba bo-Ntate matsatsing a ho lula ha bona ka bojaki.”+ 10 Ka mor’a moo Jakobo a hlohonolofatsa Faro ’me a tsoa ka pel’a Faro.+

11 Kahoo Josefa a lokisetsa hore ntat’ae le barab’abo ba lule ’me a ba fa sebaka naheng ea Egepeta, karolong e ntlehali ea naha, naheng ea Ramsese,+ feela joalokaha Faro a laetse. 12 Josefa a ’na a fa ntat’ae le barab’abo le bohle ba ntlo ea ntat’ae bohobe,+ ho ea ka palo ea bana ba banyenyane.+

13 Joale ho ne ho se bohobe naheng eohle, hobane tlala e ne e le khōlō haholo;+ ’me naha ea Egepeta le naha ea Kanana tsa phophotheha ka lebaka la tlala.+ 14 Eaba Josefa o tsoela pele ho nka chelete eohle e neng e fumaneha naheng ea Egepeta le naheng ea Kanana bakeng sa lijo-thollo tseo batho ba neng ba li reka;+ Josefa a ’na a tlisa chelete ntlong ea Faro. 15 Ka mor’a nako chelete ea naha ea Egepeta le ea naha ea Kanana ea fela, ’me Baegepeta bohle ba qala ho tla ho Josefa, ba re: “Re fe bohobe!+ Ke hobane’ng ha re lokela ho shoa ka pel’a hao kahobane chelete e felile?”+ 16 Joale Josefa a re: “Nehelanang ka liphoofolo tsa lōna tse ruiloeng ’me ke tla le fa bohobe e le phapanyetsano bakeng sa liphoofolo tsa lōna tse ruiloeng, haeba chelete e felile.” 17 Eaba ba qala ho tlisa liphoofolo tsa bona tse ruiloeng ho Josefa; ’me Josefa a ’na a ba fa bohobe e le phapanyetsano bakeng sa lipere tsa bona le mohlape oa likhutšoane le mohlape oa liphoofolo tse khōlō le liesele,+ ’me a ’na a ba fa bohobe e le phapanyetsano bakeng sa liphoofolo tsohle tsa bona tse ruiloeng selemong seo.

18 Butle-butle selemo seo sa fihla qetellong, ’me ba qala ho tla ho eena selemong se hlahlamang ba re ho eena: “Re ke ke ra patela morena oa rōna empa chelete le liphoofolo tse ruuoang li feletse ho morena oa rōna.+ Ha hoa sala letho ka pel’a moren ’a ka haese ’mele ea rōna le naha ea rōna.+ 19 Ke hobane’ng ha re lokela ho shoela ka pel’a mahlo a hao,+ rōna le naha ea rōna? Re rekelle le naha ea rōna bakeng sa bohobe,+ ’me rōna hammoho le naha ea rōna re tla ba makhoba a Faro; u re fe peō e le hore re phele re se ke ra shoa eaba naha ea rōna e fetoha lesupi.”+ 20 Kahoo Josefa a rekela Faro naha eohle ea Baegepeta,+ hobane Moegepeta e mong le e mong a rekisitse tšimo ea hae, etsoe tlala e ne e ba totetse; ’me naha ea e-ba ea Faro.

21 Ha e le batho, a ba tlosa metseng ho tloha pheletsong e ’ngoe ea naha ea Egepeta ho ea pheletsong e ’ngoe ea eona.+ 22 Ke masimo a baprista feela ao a sa kang a a reka,+ hobane tekanyo ea lijo tsa baprista e ne e tsoa ho Faro ’me ba ne ba ja lijo tseo ba li fuoang ke Faro.+ Ke ka lebaka leo ba sa kang ba rekisa masimo a bona.+ 23 Joale Josefa a re ho sechaba: “Bonang, kajeno ke rekile lōna le masimo a lōna bakeng sa Faro. Peō ea lōna ke ena, ’me le e jale masimong.+ 24 Ha a hlahisitse lihlahisoa,+ joale le fe Faro karolo ea bohlano,+ empa likarolo tse ’nè e tla ba tsa lōna e le peō bakeng sa masimo le lijo tsa lōna le tsa ba ka matlung a lōna le tse tla jeoa ke bana ba lōna ba banyenyane.”+ 25 Ka lebaka leo ba re: “U bolokile bophelo ba rōna.+ E-re re fumane kamohelo mahlong a moren ’a ka, ’me re tla ba makhoba a Faro.”+ 26 Eaba Josefa o ho etsa molao-taelo ho fihlela letsatsing lena hore Faro a be le karolo ea bohlano masimong a Egepeta. Ke masimo a baprista feela e le sehlopha se ikhethang ao e sa kang ea e-ba a Faro.+

27 Eaba Baiseraele ba tsoela pele ho lula naheng ea Egepeta, naheng ea Goshene;+ ba aha ho eona ’me ba ata eaba ba ngatafala haholo.+ 28 Jakobo a tsoela pele ho phela naheng ea Egepeta ka lilemo tse leshome le metso e supileng, hoo matsatsi a Jakobo, lilemo tsa bophelo ba hae, e bileng lilemo tse lekholo le mashome a mane a metso e supileng.+

29 Butle-butle matsatsi a atamela a hore Iseraele a shoe.+ Kahoo a bitsa mora oa hae Josefa a re ho eena: “Joale, haeba ke fumane kamohelo mahlong a hao, ka kōpo, beha letsoho la hao tlas’a serope sa ka,+ ’me u mpontše mosa o lerato le botšepehi.+ (Ka kōpo, u se ke ua mpata Egepeta.)+ 30 Ke tla robala le bo-Ntate,+ ’me u ’ntše Egepeta ’me u mpate lebitleng la bona.”+ Tumellanong le hoo a re: “Ke tla etsa tumellanong le lentsoe la hao.” 31 Eaba o re: “Ntlhapanyetse.” Kahoo a mo hlapanyetsa.+ Eaba Iseraele o itihela fatše ka sefahleho hloohong ea setulo se kang bethe.+

48 Eitse ka mor’a lintho tsena ha thoe ho Josefa: “Bona, ntat’ao oa fokola.” Eaba o nka bara ba hae ba babeli Manase le Efraime.+ 2 Joale ha tlaleheloa Jakobo ha thoe: “Bona! mora oa hao Josefa o tlile ho uena.” Kahoo Iseraele a ipha matla ’me a lula setulong sa hae se kang bethe. 3 Eaba Jakobo o re ho Josefa:

“Molimo ea Matla ’Ohle o ile a hlaha ho ’na Luze+ naheng ea Kanana e le hore a ka ntlhohonolofatsa.+ 4 Eaba o tsoela pele ho re ho ’na, ‘Bona! ke tla u atisa,+ ke etse hore u ngatafale ’me ke tla u fetola phutheho ea lichaba+ hape ke fe peō ea hao naha ena hore e e rue ho isa nakong e sa lekanyetsoang.’+ 5 Joale bara ba hao ba babeli bao u ba tsoaletsoeng naheng ea Egepeta pele ke tla mona ho uena Egepeta, ke ba ka.+ Efraime le Manase e tla ba ba ka joaloka Rubene le Simeone.+ 6 Empa bana bao u tlang ho ba tsoala ka mor’a bona e tla ba ba hao. Ba tla bitsetsoa lefeng la bona hammoho le mabitso a barab’abo bona.+ 7 Ha e le ’na, ha ke tsoa Padane,+ Ragele o ile a shoela+ tseleng haufi le ’na naheng ea Kanana ha ho sa ntse ho setse sebaka se seholo pele re fihla Efratha,+ kahoo ka mo pata moo tseleng e eang Efratha, ke ho re, Bethlehema.”+

8 Joale Iseraele a bona bara ba Josefa ’me a re: “Bana ke bo-mang?”+ 9 Kahoo Josefa a re ho ntat’ae: “Ke bara ba ka bao Molimo a mphileng bona sebakeng sena.”+ Eaba o re: “Ka kōpo, ba tlise ho ’na hore ke ba hlohonolofatse.”+ 10 Joale mahlo a Iseraele a ne a le lerootho ka lebaka la botsofali.+ O ne a sa khone ho bona. Ka lebaka leo a ba atametsa haufi le eena, ’me a ba aka eaba oa ba kopa.+ 11 Eaba Iseraele o re ho Josefa: “Ke ne ke sa nahane hore ke tla bona sefahleho sa hao,+ empa bona! Molimo o ntumeletse le ho bona bana ba hao.” 12 Ka mor’a moo Josefa a ba tlosa mangoleng a hae, eaba o inamela fatše ka sefahleho.+

13 Joale Josefa a ba tšoara ka bobeli, Efraime ka letsoho la hae le letona ka letsohong le letšehali la Iseraele,+ le Manase ka letsoho la hae le letšehali ka letsohong le letona la Iseraele,+ eaba o ba atametsa ho eena. 14 Leha ho le joalo, Iseraele a ntša letsoho la hae le letona a le beha hloohong ea Efraime,+ le hoja a ne a le monyenyane,+ ’me letsoho la hae le letšehali a le beha hloohong ea Manase.+ A beha matsoho a hae joalo ka morero, etsoe Manase e ne e le letsibolo.+ 15 Eaba o hlohonolofatsa Josefa ’me o re:+

“Molimo oa ’nete eo bo-Ntate Abrahama le Isaka ba tsamaileng ka pel’a hae,+

Molimo oa ’nete ea ’nileng a ntisa bophelong bohle ba ka ho fihlela letsatsing lena,+

16 Lengeloi le ’nileng la ntopolla tlokotsing eohle,+ u hlohonolofatse bashanyana bana.+

Ba ke ba bitsoe ka lebitso la ka hammoho le la bo-Ntate, Abrahama le Isaka,+

’Me ba ke ba eketsehe ho ba letšoele har’a lefatše.”+

17 Ha Josefa a bona hore ntat’ae o ntse a behile letsoho la hae le letona hloohong ea Efraime, ha hoa ka ha mo khahlisa,+ eaba o leka ho tšoara letsoho la ntat’ae ho le tlosa hloohong ea Efraime ho le isa hloohong ea Manase.+ 18 Kahoo Josefa a re ho ntat’ae: “Eseng joalo, Ntate, hobane enoa ke letsibolo.+ Beha letsoho la hao hloohong ea hae.” 19 Empa ntat’ae a ’na a hana a re: “Kea tseba, mora oa ka, kea tseba. Le eena e tla ba sechaba ’me le eena o tla ba moholo.+ Empa, leha ho le joalo, moen ’ae o tla ba moholo ho eena,+ ’me bana ba hae ba tla lekana ka ho feletseng le lichaba.”+ 20 Eaba o tsoela pele ho ba hlohonolofatsa letsatsing leo,+ o re:

“Ka uena Iseraele a ke a phatlalatse tlhohonolofatso ka ho pheta-pheta, a re,

‘E se eka Molimo a ka u etsa joaloka Efraime le joaloka Manase.’”+

Kahoo a ’na a beha Efraime ka pel’a Manase.+

21 Ka mor’a moo Iseraele a re ho Josefa: “Bona, kea shoa,+ empa ka sebele Molimo o tla ba le lōna a le khutlisetse naheng ea baholo-holo ba lōna.+ 22 Ha e le ’na, ke u fa karolo ea naha ho feta seo ke se fang barab’eno,+ naha eo ke e nkileng letsohong la Baamore ka sabole ea ka le ka seqha sa ka.”

49 Hamorao Jakobo a bitsa bara ba hae ’me a re: “Bokanang e le hore ke le bolelle se tla le etsahalla karolong e qetellang ea matsatsi. 2 Bokanang ’me le mamele, lōna bara ba Jakobo, e, mamelang ntat’a lōna Iseraele.+

3 “Rubene, u letsibolo la ka,+ matla a ka le tšimoloho ea matla a ka a ho ikatisa,+ bokhabane bo hlomphehang le bokhabane ba matla. 4 Ka ho se tsotelle joaloka metsi, u se ke ua ba ea fetisisang,+ hobane u hloeletse betheng ea ntat’ao.+ Ka nako eo u ile ua silafatsa liphate tsa ka.+ A hloella ho tsona!

5 “Simeone le Levi ke bara ba motho.+ Likofuto tsa pefo ke libetsa tsa bona tsa polao.+ 6 U se ke ua kena sehlopheng sa bona sa metsoalle e haufi-ufi,+ Uena moea oa ka. U se ke ua kopana le phutheho ea bona,+ Uena boikutlo ba ka, hobane bohaleng ba bona ba bolaile batho,+ ’me ho tlatlapeng ha bona ba khaotse mesifa ea lipoho. 7 Ho rohakoe bohale ba bona,+ hobane bo sehlōhō,+ le khalefo ea bona, hobane e etsa ka ho se utloele bohloko.+ E-re ke ba arole ho Jakobo ’me ke ba hasanye Iseraele.+

8 “Ha e le uena, Juda,+ barab’eno ba tla u roka.+ Letsoho la hao le tla ba sekotlong sa lira tsa hao.+ Bara ba ntat’ao ba tla itihela fatše ka lifahleho ho uena.+ 9 Juda ke lelinyane la tau.+ Mora oa ka, ka sebele u tla nyoloha phofung. O iname, o ikotlolotse joaloka tau, ke mang ea ka itetang sefuba ho mo tsosa?+ 10 Lere la borena le ke ke la sutha ho Juda,+ leha e le lere la molaoli pakeng tsa maoto a hae, ho fihlela Shilo a tla;+ ’me lichaba li tla mo mamela.+ 11 A tlameletse esele ea hae e hōlileng sefateng sa morara le petsana ea esele ea hae e tšehali sefateng se setle ka ho fetisisa sa morara, ka sebele o tla hlatsoa liphahlo tsa hae veineng ’me seaparo sa hae a se hlatsoe maling a morara.+ 12 Mahlo a hae a bofubelu bo lefifi ka lebaka la veine, ’me meno a hae a masoeu ka lebaka la lebese.

13 “Zabulone o tla lula lebōpong la leoatle,+ ’me o tla ba haufi le lebōpo moo likepe li emisitsoeng teng ka ankora;+ lehlakore la hae le ka thōko le tla ba nģ’a Sidone.+

14 “Isakare+ ke esele e nang le masapo a matla, e bothileng pakeng tsa lisatlelebeke tse peli. 15 O tla bona hore sebaka sa phomolo se setle le hore naha ea khahleha; o tla koba lehetla la hae ho jara meroalo ’me o tla etsa mosebetsi o qobelloang oa bokhoba.

16 “Dane o tla ahlola batho ba hae joaloka o mong oa meloko ea Iseraele.+ 17 Dane e ke e be noha e ka thōko ho tsela, noha e linaka ka thōko ho tsela, e lomang lirethe tsa pere hoo mopalami oa eona a oang ka seetse.+ 18 Jehova, ruri ke tla letela poloko e tsoang ho uena.+

19 “Ha e le Gade, o tla futuheloa ke sehlopha sa bafutuhi, empa o tla futuhela karolo e ka morao-rao.+

20 “Bohobe bo tsoang ho Ashere bo tla ba mafura,+ ’me o tla fana ka lintho tse monate tsa morena.+

21 “Nefthali+ ke khama e tšehali e tšesaane. O fana ka mantsoe a khahlisang.+

22 “Letlōbō la sefate se behang litholoana,+ Josefa ke letlōbō la sefate se behang litholoana pel’a seliba,+ se lebisang makala a sona ka holim ’a lerako.+ 23 Empa ba fulang metsu ba ’nile ba mo tšoenya ’me ba mo fula ’me ba ’na ba mo koetlela lehloeo.+ 24 Leha ho le joalo seqha sa hae se ne se lula sebakeng se sa feleng,+ ’me matla a matsoho a hae a ne a tenyetseha.+ Matsohong a Ea Matla oa Jakobo,+ ho na le Molisa, Lejoe la Iseraele.+ 25 O tsoa ho Molimo oa ntat’ao,+ ’me o tla u thusa;+ o na le Ea Matla ’Ohle,+ ’me o tla u hlohonolofatsa ka litlhohonolofatso tsa maholimo a holimo,+ ka litlhohonolofatso tsa boliba bo tlaase,+ ka litlhohonolofatso tsa matsoele le pōpelo.+ 26 Ruri litlhohonolofatso tsa ntat’ao li tla phahamela litlhohonolofatso tsa lithaba tsa ka ho sa feleng,+ li phahamele mokhabiso oa maralla a hlolang ka nako e sa lekanyetsoang.+ Li tla ’ne li be holim ’a hlooho ea Josefa, esita le har’a hlooho ea ea qolotsoeng ho barab’abo.+

27 “Benjamine o tla ’ne a rusolle joaloka phiri.+ Hoseng o tla ja phoofolo e nkiloeng ’me mantsiboea o tla arola thepa e hapuoeng.”+

28 Ena kaofela ke meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele, ’me sena ke seo ntat’a bona a ba boleletseng sona ha a ba hlohonolofatsa. O hlohonolofalitse e mong le e mong ho ea ka tlhohonolofatso ea hae.+

29 Ka mor’a moo a ba laela a re ho bona: “Ke nkeloa ho batho ba heso.+ Mpateng le bo-Ntate lehaheng le tšimong ea Efrone Mohethe,+ 30 lehaheng le tšimong ea Makpela e ka pel’a Mamre naheng ea Kanana, tšimo eo Abrahama a e rekileng ho Efrone Mohethe hore e be sebaka sa lepato.+ 31 Ba ile ba pata Abrahama le mosali oa hae Sara moo.+ Ba pata Isaka le mosali oa hae Rebeka moo,+ ’me ka pata Lea moo. 32 Tšimo e rekiloeng le lehaha le ho eona li ne li tsoa ho bara ba Hethe.”+

33 Kahoo Jakobo a qeta ho fana ka litaelo ho bara ba hae. Joale a phutha maoto a hae holim ’a setulo se kang bethe eaba oa shoa ’me o nkeloa ho batho ba habo.+

50 Joale Josefa a itihela holim ’a sefahleho sa ntat’ae+ ’me a itšela ka meokho holim ’a hae ’me a mo aka.+ 2 Ka mor’a moo Josefa a laela bahlanka ba hae, lingaka, hore li tlotse setopo+ sa ntat’ae. Kahoo lingaka tsa tlotsa setopo sa Iseraele, 3 ’me tsa nka matsatsi a feletseng a mashome a mane bakeng sa hae, etsoe ka tloaelo li nka matsatsi ana ha li tlotsa setopo, le Baegepeta ba ile ba ’na ba mo llela ka matsatsi a mashome a supileng.+

4 Qetellong matsatsi a ho mo llela a feta, ’me Josefa a bua le ba ntlo ea Faro, a re: “Joale, haeba ke fumane mohau mahlong a lōna,+ ka kōpo, buang moo Faro a ntseng a utloa, le re, 5 ‘Ntate o ntlhapantšitse,+ a re: “Bona! Kea shoa.+ U lokela ho mpata+ sebakeng sa ka sa lepato seo ke ikepetseng sona naheng ea Kanana.”+ Joale, ka kōpo, e-re ke nyolohe ’me ke pate Ntate, ka mor’a moo ke ikemiselitse ho khutla.’” 6 Tumellanong le hoo Faro a re: “Nyoloha ’me u pate ntat’ao feela joalokaha a u hlapantšitse.”+

7 Kahoo Josefa a nyoloha ho ea pata ntat’ae, ’me bahlanka bohle ba Faro ba nyoloha le eena, banna ba baholo+ ba ntlo ea hae le banna bohle ba baholo naheng ea Egepeta, 8 le bohle ba ntlo ea Josefa le barab’abo le ba ntlo ea ntat’ae.+ Ke bana ba bona ba banyenyane feela le mehlape ea bona ea likhutšoane le mehlape ea bona ea liphoofolo tse khōlō eo ba ileng ba e siea naheng ea Goshene. 9 Hape a nyoloha ka likoloi+ hammoho le banna ba lipere, ’me ea e-ba sehlopha se seholo haholo. 10 Ba fihla seotlong+ sa Atade, se sebakeng sa Jordane,+ ’me ba bokolla haholo moo eaba ba etsa moetlo oa ho siamela ntat’ae ka matsatsi a supileng.+ 11 Baahi ba naha, Bakanana, ba bona moetlo oa ho siama seotlong sa Atade, ’me ba hooa: “Hona ke ho siama ho hoholo bakeng sa Baegepeta!” Ke ka lebaka leo se rehiloeng lebitso la Abele-mizraime, sebakeng sa Jordane.+

12 Bara ba hae ba mo etsetsa hantle feela joalokaha a ne a ba laetse.+ 13 Kahoo bara ba hae ba mo isa naheng ea Kanana ’me ba mo pata lehaheng la tšimo ea Makpela, tšimo eo Abrahama a e rekileng ho Efrone Mohethe hore e be sebaka sa lepato ka pel’a Mamre.+ 14 Ka mor’a moo Josefa a khutlela Egepeta, eena le barab’abo le bohle ba nyolohileng le eena ho ea pata ntat’ae, ka mor’a hore a pate ntat’ae.

15 Ha barab’abo Josefa ba bona hore ntat’a bona o shoele, ba qala ho re: “E ka ’na eaba Josefa o re koetletse lehloeo+ ’me ruri o tla re buseletsa bakeng sa bobe bohle boo re mo entseng bona.”+ 16 Kahoo ba bolella Josefa taelo ka mantsoe ana: “Ntat’ao o fane ka taelo pele a shoa, a re, 17 ‘Le re ho Josefa: “Ke etsa thapeli ho uena, ka kōpo, tšoarela+ bofetoheli ba barab’eno le sebe sa bona hobane ba u etselitse bobe.”’+ Joale ka kōpo, tšoarela bofetoheli ba bahlanka ba Molimo oa ntat’ao.”+ Josefa a itšela ka meokho ha ba bua le eena. 18 Ka mor’a moo barab’abo ba boela ba tla eaba ba itihela fatše ka pel’a hae ’me ba re: “Bona! re makhoba a hao!”+ 19 Joale Josefa a re ho bona: “Le se ke la tšoha, etsoe na ke sebakeng sa Molimo?+ 20 Ha e le lōna, le ne le nkhopoletse bobe. Molimo o ne a hopotse se molemo ka morero oa ho etsa joaloka letsatsing lena ho boloka batho ba bangata ba phela.+ 21 Kahoo joale le se ke la tšoha. Ke tla ’ne ke le fe lijo le bana ba lōna ba banyenyane.”+ Kahoo a ba tšelisa ’me a bua le bona ka mokhoa o khothatsang.

22 Josefa a ’na a lula Egepeta, eena le ba ntlo ea ntat’ae; ’me Josefa a phela lilemo tse lekholo le leshome. 23 Josefa a bona bara ba Efraime ho fihlela molokong oa boraro,+ le bara ba Makire,+ mora oa Manase. Ba ile ba beleheloa mangoleng a Josefa.+ 24 Qetellong Josefa a re ho barab’abo: “Kea shoa; empa ruri Molimo o tla lebisa tlhokomelo ea hae ho lōna,+ ’me ka sebele o tla le ntša naheng ena a le ise naheng eo a e hlapanyelitseng Abrahama, Isaka le Jakobo.”+ 25 Kahoo Josefa a hlapantša bara ba Iseraele, a re: “Ruri Molimo o tla lebisa tlhokomelo ea hae ho lōna. Tumellanong le hoo le tlose masapo a ka mona.”+ 26 Ka mor’a moo Josefa a shoa a le lilemo li lekholo le leshome; ’me ba etsa hore setopo sa hae se tlotsoe,+ eaba o kenngoa ka har’a lekese Egepeta.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela