Jonase
1 Lentsoe la Jehova la qala ho hlaha ho Jonase+ mora oa Amitai, la re: 2 “Ema, u ee Ninive+ motseng o moholo, ’me u phatlalatse khahlanong le eona hore bobe ba bona bo nyolohetse ka pel’a ka.”+
3 Jonase a ema eaba o balehela Tarshishe+ ho tloha ka pel’a Jehova;+ qetellong a theohela Jopa+ ’me a fumana sekepe se eang Tarshishe. Kahoo a lefa tefo ea sona ’me a kena ka ho sona, e le ho ea le bona Tarshishe ho tloha ka pel’a Jehova.
4 Jehova a romela moea o moholo leoatleng,+ ’me ha e-ba le sefefo se matla+ leoatleng; ha e le sekepe, se ne se le haufi le ho soahlamana. 5 Bakhanni ba sekepe ba qala ho tšoha le ho hoeletsa ho kōpa thuso, e mong le e mong ho molimo oa hae.+ Ba ’na ba ntša lintho tse neng li le ka sekepeng ho li lahlela ka leoatleng, e le ho fokotsa boima ho sona.+ Empa Jonase o ne a theohetse likarolong tse ka hare-hare tsa sekepe se nang le mekato, ’me a robala a khaleha.+ 6 Qetellong motsamaisi oa sekepe a atamela ho eena ’me a re ho eena: “Molato ke’ng ka uena, morobali? Tsoha, u hoeletse ho molimo oa hao!+ Mohlomong Molimo oa ’nete o tla bontša hore oa re tsotella, ’me re ke ke ra timela.”+
7 Ba qala ho buisana ba re: “Tloong, ’me re lahleng lotho,+ e le hore re ka tseba hore na ke ka lebaka la mang re nang le tlokotsi ena.”+ Ba ’na ba lahla lotho, eaba qetellong lotho e oela ho Jonase.+ 8 Kahoo ba re ho eena: “Ka kōpo, re bolelle, ke ka lebaka la mang re nang le tlokotsi ee?+ Mosebetsi oa hao ke ofe, ’me u tsoa hokae? Naha ea heno ke efe, ’me u tsoa sechabeng sefe?”
9 Eaba o re ho bona: “Ke Moheberu,+ ’me ke tšaba+ Jehova Molimo oa maholimo,+ Ea entseng leoatle le naha e omileng.”+
10 Banna bao ba qala ho tšoha haholo, ’me ba qala ho re ho eena: “U entse’ng?”+ Etsoe banna bao ba ne ba tseba hore o ne a baleha ho tloha ka pel’a Jehova, hobane o ne a ba boleletse. 11 Qetellong ba re ho eena: “Re etse’ng ka uena,+ e le hore leoatle le ka khutsa bakeng sa rōna?” Etsoe leoatle le ne le ntse le tsoela pele ho loebehlana ke moea o matla oa sefefo. 12 Kahoo a re ho bona: “Mphahamiseng ’me le ntahlele ka leoatleng, ’me leoatle le tla khutsa bakeng sa lōna; hobane kea hlokomela hore ke ka lebaka la ka sefefo sena se matla se leng holim ’a lōna.”+ 13 Empa banna bao ba leka ho feta, e le ho khutlisetsa sekepe naheng e omileng; leha ho le joalo ba ne ba sa khone, hobane leoatle le ne le tsoela pele ho loebehlana ke moea o matla oa sefefo khahlanong le bona.+
14 Ba hoeletsa ho Jehova ba re:+ “Oho! Jehova, ka kōpo, e se eka re ke ke ra timela ka lebaka la moea oa motho enoa! U se ke ua beha mali a hlokang molato+ holim ’a rōna, kaha Jehova, u entse ho ea ka seo u se thabelang!”+ 15 Joale ba phahamisa Jonase eaba ba mo lahlela ka leoatleng; ’me leoatle la qala ho emisa ho loebehlana+ ha lona. 16 Eaba banna bao ba qala ho tšaba Jehova haholo,+ kahoo ba nyehela sehlabelo ho Jehova+ eaba ba etsa boitlamo.+
17 Joale Jehova a lokisetsa hore tlhapi e khōlō e metse Jonase,+ hoo Jonase a ileng a ba likarolong tse ka hare tsa tlhapi ka matsatsi a mararo le masiu a mararo.+
2 Joale Jonase a rapela Jehova Molimo oa hae a le likarolong tse ka hare tsa tlhapi+ 2 ’me a re:
“Ke ile ka hoeletsa ho Jehova+ ke le mahlomoleng a ka, ’me a nkaraba.+
Ka hooa ho kōpa thuso ke le ka mpeng ea Sheole.+
U ile ua utloa lentsoe la ka.+
3 Ha u ntahlela bolibeng, pelong ea leoatle le bulehileng,+
Joale nōka e ile ea mpota-pota.
Metsi a hao ’ohle a loebehlanang le maqhubu a hao ’ohle—a ile a feta holim ’a ka.+
4 Ha e le ’na, ka re, ‘Ke lelekiloe ka pel’a mahlo a hao!+
Ke tla boela ke talime tempele ea hao e halalelang joang?’+
5 Metsi a ile a mpota-pota ho fihlela moeeng;+ boliba ba ’na ba nkoahela.
Litlama-tlama tsa nthatela hlooho.
6 Ka theohela botlaaseng ba lithaba.
Ha e le lefatše, mekoallo ea lona e ne e le holim ’a ka ka nako e sa lekanyetsoang.
Empa ua nyolla bophelo ba ka sekoting, Jehova Molimo oa ka.+
7 Ha moea oa ka o tepeletse ka hare ho ’na,+ Jehova ke Eena eo ke ileng ka mo hopola.+
Joale thapelo ea ka e ile ea kena ho uena, ea kena tempeleng ea hao e halalelang.+
8 Ha e le ba bolokang litšoantšo tse rapeloang tsa leshano, ba tlohela mosa oa bona o lerato.+
9 Empa ha e le ’na, ke tla u etsetsa sehlabelo ka lentsoe la liteboho.+
Seo ke itlammeng ka sona, ke tla se phetha.+ Poloko ke ea Jehova.”+
10 Ka mor’a nako Jehova a laela tlhapi, hoo e ileng ea hlatsetsa Jonase naheng e omileng.+
3 Joale lentsoe la Jehova la hlaha ho Jonase ka lekhetlo la bobeli, la re:+ 2 “Ema, u ee Ninive motseng o moholo, ’me u phatlalatse ho eona phatlalatso+ eo ke u bolellang eona.”
3 Eaba Jonase oa ema ’me o ea Ninive tumellanong le lentsoe la Jehova.+ Joale ho Molimo Ninive e ne e le motse o moholo,+ o nang le sebaka se ka tsamauoang matsatsi a mararo. 4 Qetellong Jonase a qala ho kena motseng sebaka se ka tsamauoang letsatsi le le leng, ’me a ’na a phatlalatsa a re: “Ho setse matsatsi a mashome a mane feela, ’me Ninive e tla lihuoa.”+
5 Batho ba Ninive ba qala ho beha tumelo ho Molimo,+ eaba ba phatlalatsa hore ho itingoe lijo ’me ho aparoe lesela la mokotla,+ ho tloha ho e moholo ho bona esita le ho ea ho e monyenyane ho bona. 6 Ha lentsoe le fihla ho morena oa Ninive,+ joale a ema teroneng ea hae ’me a hlobola seaparo sa hae khethehileng eaba o ikoahela ka lesela la mokotla ’me o lula fatše moloreng.+ 7 Ho feta moo, a etsa hore ho etsoe mohoo, ’me a etsa hore ho boleloe Ninive, ho ea ka molao-taelo oa morena le ba baholo ba hae, o reng:
“Ha ho motho le phoofolo e ruuoang, ha ho mohlape oa liphoofolo tse khōlō le mohlape oa likhutšoane, ea lokelang ho latsoa letho. Ha ho le ea mong ea lokelang ho ja lijo. Esita le metsi ha baa lokela ho a noa.+ 8 Ba ke ba ikoahele ka lesela la mokotla, motho le phoofolo e ruuoang; ba ke ba hoeletse ho Molimo ka matla ’me ba khutle,+ e mong le e mong tseleng ea hae e mpe le pefong e neng e le matsohong a bona. 9 Ke mang ea tsebang hore na ebe Molimo oa ’nete a ka khutla ’me a ikutloe a soabile+ eaba o khutla bohaleng ba hae bo tukang, e le hore re se ke ra timela?”+
10 Molimo oa ’nete a bona mesebetsi ea bona,+ hore ba ne ba khutlile litseleng tsa bona tse mpe;+ kahoo Molimo oa ’nete a ikutloa a soabile+ ka lebaka la tlokotsi eo a neng a buile hore o tla ba bakela eona; ’me ha aa ka a e baka.+
4 Leha ho le joalo, ho Jonase e ne e le ho sa khahliseng ho hang,+ ’me a tuka ke bohale. 2 Kahoo a rapela Jehova a re: “Oho! Jehova, na see hase sona seo ke neng ke tšoenyehile ka sona, ha ke sa ntse ke le naheng ea heso? Ke ka lebaka leo ke ileng ka tsoela pele ’me ka balehela Tarshishe;+ etsoe ke ne ke tseba hore u Molimo ea mosa le ea mohau,+ ea liehang ho halefa le ea tletseng mosa o lerato,+ le ea ikutloang a soabile ka lebaka la tlokotsi.+ 3 Joale, Jehova, ka kōpo, u tlose moea+ oa ka ho ’na, etsoe ho shoa ha ka ho molemo ho feta ho phela ha ka.”+
4 Eaba Jehova o re: “Na ke ka nepo u tukang ke bohale?”+
5 Joale Jonase a tsoa motseng ’me a lula fatše ka bochabela ho motse; ’me butle-butle a iketsetsa lephephe moo, e le hore a ka lula tlas’a lona moriting+ ho fihlela a ka bona se neng se tla etsahalla motse oo.+ 6 Ka lebaka leo Jehova Molimo a lokisetsa hore semela sa mohope se okamele Jonase, e le hore se ka etsa moriti holim ’a hlooho ea hae, ho mo lopolla boemong ba hae bo bakang tlokotsi.+ Jonase a qala ho thaba haholo ka lebaka la semela sa mohope.
7 Empa Molimo oa ’nete a lokisetsa hore ha mafube a hlaha letsatsing le hlahlamang, sebōkō+ se phunye semela sa mohope; eaba se omella+ butle-butle. 8 Eitse hang ha letsatsi le chaba, Molimo a boela a lokisetsa hore ho be le moea oa bochabela o omeletsang,+ ’me letsatsi la ’na la bataola Jonase holim ’a hlooho, hoo a ileng a akheha;+ ’me a ’na a kōpa hore moea oa hae o shoe, ’me ka ho pheta-pheta a re: “Ho shoa ha ka ho molemo ho feta ho phela ha ka.”+
9 Molimo a re ho Jonase: “Na ke ka nepo u tukang ke bohale ka lebaka la semela sa mohope?”+
Eaba o re: “Ke ka nepo ke tukang ke bohale, ho fihlela lefung.” 10 Empa Jehova a re: “U ile ua utloela semela sa mohope bohloko, seo u sa kang ua se sehlela kapa ua etsa hore se be seholo, seo e neng e le semela feela sa bosiu ’me sa timela joaloka semela feela sa bosiu. 11 Na ha kea tšoanela ho utloela Ninive motse o moholo+ bohloko, oo ho oona ho nang le batho ba fetang likete tse lekholo le mashome a mabeli bao ho hang ba sa tsebeng phapang pakeng tsa letsoho la bona le letona le letsoho la bona le letšehali, ho phaella liphoofolong tse ngata tse ruuoang?”+