2 “Gehena”—Tšoantšetso ea Timetso e Feletseng
Seheberu, הנם גי (geh hin·nomʹ, “phula ea Hinome”); Segerike, γέεννα (geʹen·na); Selatine, ge·henʹna
“Gehena” e bolela “phula ea Hinome,” kaha ke sebōpeho sa Segerike sa geh hin·nomʹ ea Seheberu. Ho Jos 18:16, moo ho hlahang “phula ea Hinome,” Septuagint ea Segerike e ngotse “Gehena.” E hlaha ka makhetlo a 12 Mangolong a Segerike a Bakreste, e hlaha ka lekhetlo la pele ho Mat 5:22. Phetolelo ea Lefatše le Lecha e e fetolela e le “Gehena” hohle moo e hlahang teng, e leng ho Mat 5:22, 29, 30; 10:28; 18:9; 23:15, 33; Mar 9:43, 45, 47; Lu 12:5; Jak 3:6.
Phula ea Hinome e ile ea fetoha thotobolo le sebōpi bakeng sa litšila tsa Jerusalema. Litopo tsa liphoofolo tse shoeleng li ne li lahleloa teng hore li chesoe ke mollo o neng o tšeloa ka sebabole, kapa brimstone ho thusa hore o tuke. Le litopo tsa batlōli ba molao ba bolailoeng, ba neng ba talingoa e le ba sa tšoaneloeng ke lepato le hlomphehang lebitleng la khopotso, li ne li lahleloa teng. Haeba litopo tse joalo li ne li oela mollong, li ne li cha, empa haeba litopo tsa bona li ne li oela mothating o lintšing tsa phula eo e tebileng nama ea tsona e bolang e ne e tlala libōkō, kapa tšenyane, e neng e sa shoe ho fihlela e jele likarolo tse linama, e siea masapo feela.
Ha ho liphoofolo tse phelang kapa libōpuoa tse batho tse neng li lahleloa Gehena hore li chesoe li phela kapa li hlokofatsoe. Kahoo, le ka mohla sebaka seo se ne se ke ke sa tšoantšetsa sebaka se sa bonahaleng seo ho sona meea ea batho e hlokofatsoang ka ho sa feleng mollong oa sebele kapa li hlaseloang ka ho sa feleng ke libōkō tse sa shoeng. Kahobane batlōli ba molao ba shoeleng ba neng ba lahleloa moo ba ne ba sa fuoe lepato le hlomphehang lebitleng la khopotso, e leng tšoantšetso ea tšepo ea tsoho, Gehena e ile ea sebelisoa ke Jesu le barutuoa ba hae ho tšoantšetsa timetso ea ka ho sa feleng, ho felisoa bokahohlenng ba Molimo, kapa “lefu la bobeli,” kotlo ea ka ho sa feleng.