Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt Jonase 1:1-4:11
  • Jonase

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jonase
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Jonase

JONASE

1 Jehova a bua le Jonase*+ mora oa Amitai a re: 2 “Ema, u ee Ninive+ motseng o moholo ’me u phatlalatse hore ke tl’o ahlola Baninive hobane ke hlokometse bokhopo ba bona.”

3 Empa Jonase a baleha Jehova eaba o ea Tarshishe. A theohela Jopa ’me a fumana sekepe se eang Tarshishe. Kahoo, a patala eaba oa se palama e le hore a lebe Tarshishe hole le Jehova.

4 Eaba Jehova o etsa hore ho be le moea o matla leoatleng ’me ha tsoha sefefo se matla hoo sekepe se neng se le haufi le ho soahlamana. 5 Basesisi ba sekepe ba ne ba tšohile hoo e mong le e mong oa bona a ileng a qala ho hoeletsa ho kopa thuso ho molimo oa hae. Ba ntša lintho tse neng li le ka sekepeng, ba li lahlela ka leoatleng e le hore ba fokotse boima ba sona.+ Empa Jonase o ne a le karolong e ka tlase ea sekepe a ile le sephume sa boroko. 6 Motsamaisi oa sekepe a ea ho eena a re: “U robaletse’ng? Tsoha, u hoeletse molimo oa hao. Mohlomong Molimo oa ’nete o tla re hauhela, re se ke ra shoa.”+

7 Eaba baa buisana ba re: “A re lahleng lotho+ e le hore re ka tseba hore na ke ka lebaka la mang re hlaheloang ke koluoa ena.” Kahoo, ba lahla lotho eaba lotho e supa Jonase.+ 8 Ba re ho eena: “Re kopa u re bolelle, ke ka lebaka la mang re hlaheloang ke koluoa ee? Mosebetsi oa hao ke ofe? U tsoa hokae? Naha ea heno ke efe? U tsoa sechabeng sefe?”

9 A re ho bona: “Ke Moheberu ’me ke rapela* Jehova Molimo oa maholimo, Eena ea entseng leoatle le lefatše.”

10 Joale banna bao ba tšoha le ho feta eaba ba re ho eena: “U entse’ng?” (Banna bao ba ile ba tseba hore o baleha Jehova hobane o ne a ba boleletse.) 11 Kahoo, ba re ho eena: “Re etse’ng ka uena e le hore leoatle le ka kokobela?” Etsoe leoatle le ne le ntse le befa le ho feta ka lebaka la sefefo se matla. 12 A re ho bona: “Ntahleleng ka leoatleng ’me leoatle le tla kokobela kaha kea tseba hore ke ka lebaka la ka ho nang le sefefo sena se matla.” 13 Leha ho le joalo, banna bao ba leka ka matla ho khutlisetsa sekepe lebopong empa ba hloleha hobane leoatle le ne le ntse le befa le ho feta kaha sefefo se ne se le matla.

14 Eaba ba hoeletsa ho Jehova ba re: “Jehova rea u kopa hle, e se eka re ke ke ra shoa ka lebaka la monna enoa! U se ke oa re nka re le mali matsohong ka lebaka la ho bolaea monna enoa ea se nang molato kaha u entse thato ea hao Jehova.” 15 Joale ba nka Jonase eaba ba mo lahlela ka leoatleng ’me leoatle la kokobela. 16 Eaba banna bao ba qala ho tšaba Jehova haholo.+ Ba etsetsa Jehova sehlabelo ’me ba ikana hore ba tla mo sebeletsa.

17 Joale Jehova a romela tlhapi e kholo hore e koenye Jonase. Jonase a qeta matsatsi a mararo le masiu a mararo a le ka mpeng ea tlhapi.+

2 Jonase a rapela Jehova Molimo oa hae a le ka mpeng ea tlhapi+ 2 a re:

“Ke ile ka hoeletsa ho uena Jehova ke le mahlomoleng ’me oa nkaraba.+

Ka hoeletsa ho kopa thuso ke le tlase ka har’a* Lebitla.*+

U ile oa utloa lentsoe la ka.

 3 Ha u ntahlela tlase botebong ba leoatle,

Metsi a ile a nkoahela.+

Metsi le maqhubu ’ohle a hao a ile a feta ka holim’a ka.+

 4 Eaba ke re, ‘U ntahletse hole le uena!

Na ke tla boela ke bone tempele ea hao e halalelang?’

 5 Metsi a ile a nkoahela ’me bophelo ba ka ba e-ba kotsing,+

Ka tebela tlase leoatleng.

Litlama-tlama tsa nthatela hloohong.

 6 Ka tebela tlase metsong ea lithaba.

Mamati a lebitla* a nkoallela ruri.

Empa oa ’nyolla lebitleng* ke ntse ke phela, Jehova Molimo oa ka.+

 7 Ha ke ne ke le makhatheng a lefu, Jehova ke eena eo ke ileng ka mo hopola.+

Eaba thapelo ea ka e fihla ho uena tempeleng ea hao e halalelang.+

 8 Ba rapelang litšoantšo ba furalla mohloli oa lerato.*

 9 Empa ha e le ’na, ke tla u leboha ke be ke u etsetse sehlabelo.

Ke tla phetha likano tsa ka.+

Jehova ke eena feela Mopholosi.”+

10 Ka mor’a nako, Jehova a laela tlhapi hore e hlatsetse Jonase lebopong la leoatle.

3 Jonase a utloa Jehova ka lekhetlo la bobeli a re:+ 2 “Ema, u ee Ninive+ motseng o moholo ’me u phatlalatse molaetsa oo ke u bolellang oona.”

3 Jonase a ema ’me a ea Ninive+ feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse.+ Joale Ninive e ne e le motse o moholo,* o ka tsamauoang ka maoto matsatsi a mararo. 4 Kahoo, Jonase a kena motseng. Eitse ha a se a tsamaile sebaka se ka etsang letsatsi le le leng, a phatlalatsa a re: “Ho setse matsatsi a 40 feela, Ninive e tla felisoa.”

5 Batho ba Ninive ba ile ba lumela ho Molimo+ eaba ba phatlalatsa hore ho itingoe lijo ’me ho aparoe lesela le hoashang,* ho tloha ho e moholo ho ea ho e monyenyane. 6 Ha morena oa Ninive a utloa molaetsa, a ema teroneng ea hae ’me a hlobola seaparo sa hae sa borena eaba o apara lesela le hoashang* ’me o lula fatše moloreng. 7 Ho feta moo, a laela hore motseng oohle oa Ninive ho phatlalatsoe ho thoe:

“Ho ea ka taelo ea morena le matona a hae, ha ho motho ea lokelang ho ja lijo kapa ho noa metsi. Hape ha ho mohlape kapa liphoofolo tse lokelang ho ja lijo kapa ho noa metsi. 8 Batho le liphoofolo ba ke ba apare lesela le hoashang.* Bohle ba ke ba ipiletse ho Molimo ’me ba tlohele liketso tsa bona tse khopo le ho loana. 9 Ho tseba mang? Mohlomong Molimo oa ’nete a ka hauha ’me a kokobela bohale hore re se ke ra shoa.”

10 Ha Molimo oa ’nete a bona seo ba se entseng le hore ba tlohetse liketso tsa bona tse khopo,+ ha aa ka a ba felisa joalokaha a ne a boletse.+

4 Empa Jonase ha aa ka a thabela taba ena ho hang eaba oa tuka ke bohale. 2 Kahoo, a rapela Jehova a re: “Jehova, ke tsebile ke sa le haeso koana hore ho tla etsahala tjena. Ke kahoo li sa tloha feela ke ileng ka leka ho balehela Tarshishe+ hobane ke ne ke tseba hore u Molimo ea utloelang batho bohloko, ea mohau, ea liehang ho halefa, ea lerato+ le ea sa rateng ho fana ka kotlo. 3 Joale Jehova, ke kopa u ntlohele ke shoe hobane ho molemo hore ke shoe ho e-na le ho phela.”+

4 Jehova a re: “Na ho nepahetse hore ebe u halefile hakaale?”

5 Jonase a tsoa motseng ’me a lula fatše ka bochabela ho motse. A iketsetsa lephephe moo eaba o lula tlas’a moriti oa lona e le hore a bone hore na ho tla etsahala’ng ka motse oo.+ 6 Eaba Jehova Molimo o hlahisa semela sa mohope* hore se etse moriti holim’a hlooho ea Jonase e le ho mo tšelisa. Jonase o ne a thabetse semela sena haholo.

7 Empa letsatsing le hlahlamang ha mafube a hlaha, Molimo oa ’nete a romela seboko hore se je semela eaba semela seo sea omella. 8 Eitse hang ha letsatsi le chaba, Molimo a boela a etsa hore ho be le moea o chesang o hlahang bochabela ’me letsatsi la chesa Jonase holim’a hlooho hoo a ileng a tsekela. A ’na a ikopela ho shoa* ’me a re: “Ho molemo hore ke shoe ho e-na le hore ke phele.”+

9 Molimo a re ho Jonase: “Na ho nepahetse hore ebe u halefile hakaale ka lebaka la semela see?”+

Eaba o re: “Ke na le lebaka la ho halefa. Ke halefile hoo nka ’nang ka shoa.” 10 Empa Jehova a re: “U utloetse semela sena bohloko empa u sa ka oa se sebeletsa kapa hona ho etsa hore se hole. Se ile sa hola ka bosiu bo le bong feela, sa ba sa shoa ka bosiu bo le bong. 11 Na le ’na ha kea lokela ho utloela Ninive motse o moholo bohloko,+ o nang le batho ba fetang 120 000 ba sa tsebeng phapang pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng,* o bileng o nang le liphoofolo tse ngata?”+

E bolelang “Leeba.”

Ka Seheberu: “tšaba.”

Ka Seheberu: “ka mpeng ea.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lefatše.”

Ka Seheberu: “lefatše.”

Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso. Kapa mohlomong: “ba khaotsa ho tšepahala.”

Ka Seheberu: “motse o moholo ho Molimo.”

Sheba Tlhaloso.

Sheba Tlhaloso.

Sheba Tlhaloso.

Kapa mohlomong: “semela sa mohlafotha.”

Kapa: “hore moea oa hae o shoe.”

Kapa: “pakeng tsa letsoho la bona le letona le le letšehali.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela