NAHUME
1 Ona ke molaetsa oa kahlolo ea Ninive:+ Ke buka e buang ka pono ea Nahume* oa Moelkoshe.
2 Jehova ke Molimo ea batlang hore ho rapeloe eena feela.+
Jehova o fa lira tsa hae kotlo.+
Ha a lebale liketso tsa tsona tse mpe hape o li tukela ka bohale.
Jehova o iphetetsa ho lira tsa hae.
Ha a tsamaea ho ba le moea le sefefo.
Maru a phahama joalokaha eka ke lerole tlas’a maoto a hae.+
Lijalo tsa Bashane le Karmele li ponne,+
Lithunthung tsa Lebanone le tsona li ponne.
Lefatše lea reketla
Hammoho le bohle ba lulang ho lona.+
6 Ke mang ea ka tiisetsang khalefo ea hae?+
Ke mang ea ka mamellang bohale ba hae?+
Khalefo ea hae e tla tuka joaloka mollo,
Mafika a tla heleha ka lebaka la hae.
7 Jehova o molemo,+ ke setšabelo mohla letsatsi la mahlomola.+
O hlokomela* ba balehelang ho eena.+
8 O tla felisa Ninive joalokaha eka ke ka sekhohola,
Lira tsa hae a li lelekele lefifing.
9 Le tla lohela Jehova mano afe?
O tla le felisetsa ruri.
A ke ke a hloka ho le pheta.+
10 Le hoja batho ba Ninive ba le joaloka lihlahla tse meutloa tse teteaneng,
Ba bile ba tšoana le motho ea tahiloeng ke biri,*
Ba tla cha joaloka litlhaka tse omeletseng.
11 Motho ea rerelang Jehova mano,
Ea fanang ka keletso e se nang thuso, o tla hlaha Ninive.
12 Jehova o re:
“Le hoja ba le matla ba bile ba le bangata,
Ba tla felisoa, ba felisetsoe ruri.*
Ke tla u* otla empa nke ke ka hlola ke u otla hape.
14 Jehova o laetse tjena ka Asiria:
‘U ke ke oa hlola u e-ba le litloholo.
Ke tla thuha liemahale tsa hao tse entsoeng ka lepolanka le ka tšepe ntlong* ea melimo ea hao.
Ke tla u chekela lebitla hobane ha u na thuso.’
Keteka mekete ea hao+ uena Juda, u phethe boitlamo ba hao
Hobane batho ba khopo ba ke ke ba hlola ba le hlasela hape.
Ba tla timetsoa.”
2 Lona baahi ba Ninive, le tla futuheloa ke motho ea tla le hasanya.+
Lebelang marako a lona a sireletsang motse,
Le lebele litsela tsa lona.
Itokisetseng ntoa, le hlomele.
2 Jehova o tla etsa hore Jakobo a hlomphuoe hape,
A etse joalo le ka Iseraele
Hobane sera se ba senyelitse,+
Se ba senyelitse lifate tsa bona tsa morara.
3 Lithebe tsa masole a Ninive li khubelu,
Liaparo tsa ’ona li khubelu tlere!
Likariki tsa ’ona li benya joaloka mollo
Letsatsing leo ka lona a itokisetsang ntoa
’Me banna ba leotsa marumo a bona a entsoeng ka patsi ea sefate sa junipere.
4 Likariki tsa masole a bona tsa ntoa li matha ka lebelo literateng,
Li ea holimo le tlase limmarakeng.
Li khanya joaloka lirumula, li lebelo joaloka lehalima.
5 Morena oa Asiria o tla bitsa masole a hae a matla.
Ha a ntse a tsamaea, a tla khothometseha,
A mathele lerakong la motse
E le ho le sireletsa ka thata.
6 Likeiti tsa linoka li tla buloa
’Me ntlo ea morena e tla heleha.
7 Ho se ho entsoe qeto, Ninive o hlobolisitsoe,
O tla nkoa a isoe botlamuoeng ebe basebeletsi ba hae ba baroetsana baa lla,
Ba lle joaloka maeba ba ntse ba ikotla lifuba.
“Khutlang! Khutlang!”
Empa ha ho le ea mong ea khutlang.+
9 Ikhapeleng silevera, le ikhapele khauta.
Lintho tse bolokiloeng li ngata haholo,
Ho tletse lintho tsa bohlokoa tsa mefuta-futa.
10 Motse o bolutu, ke lesupi.+
Baahi ba oona ba oele ke letsoalo,* mangole a bona aa tšerema,
Baa bonahala hore ba pulufaletsoe.
11 Ho etsahetse’ng ka motse o neng o ka selao sa litau,+ moo litau* li neng li jella teng,
Moo tau e neng e tsamaea le malinyane a eona,
Moo ho neng ho se na motho ea ka li tšosang?
12 Tau e ile ea rusolla liphofu tse lekaneng ho fepa malinyane a eona,
Ea li rusolla le bakeng sa litauhali tsa eona.
Ea tlatsa selao sa eona ka liphoofolo tseo e li bolaileng,
Liphoofolo tseo e li harotseng.
13 Jehova oa mabotho o re:
“Ke tla u hlasela uena Ninive,+ ke chese likariki tsa hao tsa ntoa,+
Ke tla bolaea bahlankana ba hao* ka sabole,
Ke u thibele hore u se ke oa hlola u tlatlapa lefatše,
Baromuoa ba hao ba ke ke ba hlola ba utloahala.”+
3 Ho malimabe motse o tletseng tšollo ea mali.
Baahi ba teng ba leshano ebile ke masholu.
Ho lula ho e-na le liphofu.
2 Ho lla sephali, ho utloahala molumo oa mabili a likariki,
Lipere lia matha le likariki li matha ka lebelo.
3 Ho na le monna ea palameng pere, ho benya sabole le lerumo,
Ho bolailoe batho ba bangata, litopo ke liqubu,
Li ngata bo se nang palo.
Batho ba ntse ba khothometseha holim’a tsona.
4 Tseo ke litholoana tsa botekatse ba Ninive,
Ke nkhekhe ea boloi. Kaha o motle,
O hohela lichaba ka botekatse ba hae le malapa o a hohela ka boloi.
5 Jehova oa mabotho o re: “Ke tla u hlasela uena Ninive,+
Ke tla phahamisa mose oa hao ke u koahele ka oona mahlong,
Ke etse hore lichaba li u bone ha u hlobotse
Le mebuso e bone lihlong tsa hao.
7 E mong le e mong ea u bonang o tla baleha+ a re:
‘Ninive o tlatlapuoe.
Ke mang ea tla mo utloela bohloko?’
Ke mang ea tla u tšelisa?
8 U nahana hore u betere ho feta No-amone*+ ea neng a lula melapong ea Nile?+
O ne a pota-potiloe ke metsi,
Metsi a leoatle e ne e le lona leruo la hae, a sirelelitsoe ke leoatle.
9 Boholo ba matla a hae a ne a tsoa Ethiopia, a mang a tsoa Egepeta.
Pute+ le Libia ba ne ba mo thusa.+
Bana ba hae ba ile ba fumanoa ba khaotsoe likoto seterateng se seng le se seng.
Le banna ba hae ba matla ba arolelanoa ka lotho.
Banna ba hae ba hlomphuoang ba tlangoa ka liketane.
U tla batla setšabelo e le hore u ipatele sera.
12 Libaka tsa hao tse sirelelitsoeng ekare lifate tsa feie* tse nang le litholoana tsa pele tse butsoitseng,
Tseo e reng ha li tsukutloa, litholoana tsa tsona li oele ka lehanong la motho ea li jang.
13 Masole a hao ekare basali.
Likeiti tsa hao li tla buloa e le hore lira tsa hao li kene.
Mekoallo ea likeiti tsa hao e tla cha.
14 Khang metsi le itokisetse ho thibelloa.+
Tiisang liqhobosheane tsa lona.
Nkang foromo, le batle letsopa
Ebe le etsa litene.
15 Leha u ka etsa joalo, mollo o tla u chesa.
U tla bolaoa ka sabole.+
Le haeba u ka itokisa ka hore u eketse palo ea sechaba sa hao,
Mollo le sabole li ntse li tla u timetsa joalokaha litsie li ja lijalo.+
16 U ekelitse palo ea bo-rakhoebo ba hao, palo ea bona e feta ea linaleli tsa leholimo.
Tsie e hlobola letlalo la eona la khale ebe ea fofa.
17 Balebeli ba hao ekare litsie,
Balaoli ba hao bona ekare sehlopha sa litsie.
Ba lula masakeng ha ho bata
Empa ha letsatsi le chaba baa baleha
Ebe ha ho motho ea tsebang hore na ba hokae.
18 Balisana ba hao baa otsela uena morena oa Asiria,
Bahlomphehi ba hao ba lula malapeng a bona.
Sechaba sa hao se hasane lithabeng
’Me ha ho ea se bokellang.+
19 Mathata a hao ha a fele.
Leqeba la hao ha le fole.
Bohle ba utloang hore na u hlahetsoe ke’ng ba tla opa liatla+
Hobane ha ho motho eo u sa kang oa mo etsetsa sehloho.”+
E bolelang Motšelisi.
Ka Seheberu: “tseba.”
Kapa: “biri ea koro.”
Kapa mohlomong: “Ba tla felisoa, ha ke feta.”
E leng Juda.
Kapa: “tempeleng.”
Ka Seheberu: “Pelo li nyahame.”
Ka Seheberu: “litau tse moetse.”
Ka Seheberu: “litau tsa hao tse moetse.”
E leng Thebese.
Kapa: “feiga.”