LENGOLO LA BOBELI LA PETROSE
1 ’Na Simone Petrose, mohlanka le moapostola oa Jesu Kreste, ke ngolla lona ba amohetseng lithuto tsa ’nete tsa bohlokoa tseo le rona re li amohetseng.* Kaofela ha rona re li amohetse hobane Molimo le Jesu Kreste Mopholosi oa rona ba lokile.
2 E se eka Molimo a ka le ekeletsa mosa* le khotso hobane le tseba Molimo+ le Morena oa rona Jesu hantle. 3 Matla a Molimo a re file lintho tsohle tseo re li hlokang e le hore re phelele ho mo sebeletsa ka botšepehi. Re ile ra fumana lintho tsena hobane re tseba Molimo hantle.+ O ile a re bitsa hobane ke Molimo e moholo, ea mosa. 4 O ile a re tšepisa lintho tse kholo le tsa bohlokoa hobane o moholo ebile o mosa.+ O ile a etsa joalo e le hore le ka ba le ’mele ea moea e tšoanang le oa hae+ hobane ha re sa etsa lintho tse mpe tse etsoang lefatšeng tse susumetsoang ke litakatso tse fosahetseng.
5 Ka lebaka leo, le leke ka matla+ ho ba le tumelo,+ ho etsa lintho tse lokileng, ho ba le tsebo,+ 6 ho ba le boitšoaro,+ ho mamella, ho sebeletsa Molimo ka botšepehi,+ 7 ho rata bana ba bo lona le ho rata batho bohle.+ 8 Haeba le etsa lintho tsena tsohle ebile le e-na le makhabane ana ka bongata, a tla le thusa hore le se ke la tlohela ho sebeletsa Molimo+ le ho etsa lintho tse lumellanang le tsebo e nepahetseng eo le nang le eona ka Morena oa rona Jesu Kreste.
9 Motho ea se nang makhabane ana ke sefofu hobane ha a batle ho bona khanya*+ ebile o lebetse hore nakong e fetileng o ile a hlatsuoa libe.+ 10 Bana beso kaha Molimo o le khethile le etse sohle seo le ka se khonang hore le lule le tšoaneleha.+ Haeba le lula le e-na le makhabane ana le tla lula le tšoaneleha.+ 11 Hape le tla hlohonolofatsoa haholo ka hore le kene ’Musong o sa feleng+ oa Morena le Mopholosi oa rona Jesu Kreste.+
12 Ka lebaka leo, ke ikemiselitse ho lula ke le hopotsa lintho tsena le hoja le li tseba ebile le kholisehile ka ’nete eo le ithutileng eona. 13 Ke nka ho loketse hore ke ’ne ke le hopotse+ lintho tsena ha ke sa ntse ke le ’meleng ona*+ 14 hobane kea tseba hore haufinyane ke tla siea ’mele ona joalokaha Morena oa rona Jesu Kreste a mpoleletse.+ 15 Ke tla lula ke etsa sohle seo nka se khonang e le hore le ’ne le hopole lintho tsena le ka mor’a hore ke shoe.*
16 Ha re ne re le bolella hore Morena oa rona Jesu Kreste o teng re bile re le bolella ka matla a hae, ha rea ka ra ipapisa le lipale tsa bohata tse iqapetsoeng ke batho ka bomenemene. Empa re buile hobane re bone hore o moholo.+ 17 Molimo Ntate ea phahameng haholo o ile a mo phahamisa ha a ne a bua mantsoe ana: “Enoa ke Mora oa ka eo ke mo ratang, ea nkhahlisang.”+ 18 Re ile ra utloa mantsoe ana a tsoa leholimong ha re ne re e-na le eena thabeng e halalelang.
19 Ke kahoo re kholisehileng le ho feta hore boprofeta bo tla phethahala. Le ele hloko boprofeta bona. Mantsoe a boprofeta bona a be joaloka lebone+ le khanyang sebakeng se lefifi e leng lipelong tsa lona. Le a ele hloko ho fihlela letsatsi le chaba le naleli ea meso+ e hlaha. 20 Le tseba taba ena ea bohlokoa, hore ha ho boprofeta bo hlahang ka Mangolong bo thehiloeng tlhalosong ea batho. 21 Ha ho mohla boprofeta bo kileng ba tla ka thato ea motho+ empa batho ba ile ba bua litaba tse tsoang ho Molimo hobane ba susumetsoa ke moea o halalelang.+
2 Ho ile ha hlaha baprofeta ba bohata har’a batho ba Molimo. Ka tsela e tšoanang, ho tla boela ho hlahe batho ba rutang mashano har’a lona.+ Ba tla etsa hore ka lekunutu ho be le maquloana a tla senya tumelo ea lona ebile ba tla latola le mong’a bona ea ba rekileng.+ Ba tla felisoa kapele ka lebaka la ho etsa lintho tseo. 2 Hape ba tla etsa boitšoaro bo bobe ba sa soabe*+ ’me batho ba bangata ba tla ba etsisa. Tsela ea Molimo e tla buuoa hampe ka lebaka la bona.+ 3 Kaha ba meharo, ba tla le qhekella ka mashano. Empa kahlolo ea bona eo e leng khale Molimo a itse o tla ba fa eona,+ e ke ke ea lieha ho fihla ebile joang kapa joang ba tla felisoa.+
4 Molimo o ile a otla mangeloi a entseng sebe,+ a a lahlela Tartarase,*+ a a fasa ka liketane eaba o a beha lefifing le letšo-letšo* moo a emetseng ho ahloloa.+ 5 Hape o ile a otla batho ba lefatše la khale+ empa a sireletsa Noe ea neng a phatlalatsa litaba tse lokileng+ hammoho le ba bang ba supileng+ ha a ne a tlisa moroallo lefatšeng la batho ba sa rateng Molimo.+ 6 O ile a ba a otla metse ea Sodoma le Gomora ka ho e chesa ho fihlela ho setse molora feela,+ e le ho bontša batho ba sa mo mameleng hore na ho tla etsahala’ng nakong e tlang.+ 7 O ile a pholosa Lota ea lokileng,+ ea neng a utloisitsoe bohloko ke batho ba sa mameleng ba neng ba etsa boitšoaro bo bobe ba sa soabe.* 8 Ha monna eo ea lokileng a ne a phela le batho bao ba khopo, o ne a lula a utloile bohloko letsatsi le leng le le leng hobane a bona tsela eo ba phelang ka eona le ho utloa lintho tseo ba neng ba li bua. 9 Jehova* o tseba ho pholosa batho ba mo sebeletsang ka botšepehi mathateng+ hape o tseba ho boloka ba sa lokang e le hore a tle a ba felise ka letsatsi la kahlolo,+ 10 haholo-holo ba batlang ho silafatsa batho ba bang ka ho etsa thobalano le bona+ le ba sa batleng ho laeloa.*+
Kaha baa itšepa ebile ba rata hore lintho li etsoe ka tsela ea bona, ha ba tšabe ho bua hampe ka bao Molimo a ba phahamisitseng. 11 Le hoja mangeloi ’ona a le matla haholo ho feta batho bana ba rutang mashano, ha a ba qose ebile ha a bue hampe ka bona hobane a hlompha Jehova.*+ 12 Empa batho bana ba bua hampe ka lintho tseo ba sa li tsebeng. Ka lebaka la mekhoa ea bona e mebe, ba tla bolaoa joaloka liphoofolo tse sa nahaneng, tse tsoaletsoeng ho tšoasoa le ho bolaoa feela.+ 13 Ba tla fuoa kotlo ka lebaka la mesebetsi ea bona e mebe.
Ba natefeloa ke ho phelela monate+ esita le motšehare. Ba tšoana le matheba a liaparong le maqeba a sefahlehong. Ha ba ntse ba keteka le lona, ba thabela ho khelosa ba bang ka ho ba bolella mashano.+ 14 Ba na le takatso e matla ea ho etsa bofebe,*+ ha ba khone ho tlohela ho etsa sebe ebile ba cheha ba sa tieang tumelong. Lipelo tsa bona li tletse meharo. Molimo o tla ba ahlola. 15 Ba khelositsoe hobane ba lahlile tsela e nepahetseng. Ba khethile ho etsisa Balame+ mora oa Beore ea ileng a etsa sebe hobane a khalletse ho fumana moputso+ 16 empa a khalemelloa ho tlola molao.+ Tonki e sa tsebeng ho bua e ile ea bua ka lentsoe le kang la motho e le hore e thibe moprofeta eo hore a se ke a etsa ntho e se nang kelello.+
17 Batho bana ba tšoana le liliba tse se nang metsi le meholi e khannoang ke sefefo se matla ’me lefifi le letšo-letšo le ba emetse.+ 18 Ba bua lintho tseo ekang li bohlokoa empa li se na thuso. Ba etsa boitšoaro bo bobe ba sa soabe*+ ebile ba etsa hore batho ba be le litakatso tse fosahetseng e le hore ba ba susumeletse ho etsa lintho tse fosahetseng tseo ba tlohetseng ho li etsa.+ 19 Batho bana ba rutang mashano ba ntse ba ba tšepisa tokoloho empa bona e le makhoba a sebe+ kaha motho ke lekhoba la ntho e mo laolang.*+ 20 Tsebo e nepahetseng ea Morena le Mopholosi oa rona Jesu Kreste e ile ea ba pholosa litšileng tsa lefatše lena.+ Joale haeba ka mor’a hore tsebo eo e ba pholose ebe ba khutlela ho tsona ’me lia ba laola, maemo a bona a ho qetela a mabe ho feta a pele.+ 21 Ho ka be ho bile molemo hore ba se ke ba tseba tsela e nepahetseng ho e-na le hore ba e tsebe ebe ka mor’a moo ba furalla taelo e halalelang eo ba e filoeng.+ 22 Ba etsahaletsoe ke ntho e buuoang ke maele ana a ’nete a reng: “Ntja e khutletse mahlatseng a eona le kolobe e ileng ea hlatsuoa e boetse e ipitika seretseng.”+
3 Baratuoa, lena ke lengolo la bobeli leo ke le ngollang lona. Ke le hopotsa lintho tse tla le thusa hore le nahane hantle joalokaha ke ile ka etsa lengolong la ka la pele.+ 2 Ke etsa tjena e le hore le ka hopola lintho tseo baprofeta ba halalelang ba ileng ba li bua* le lithuto tseo Morena le Mopholosi oa rona a li fetisitseng a sebelisa baapostola. 3 Pele ho tsohle, tsebang hore mehleng ea bofelo ho tla ba le batho ba somang lintho tse ntle, ba laoloang ke litakatso tsa bona.+ 4 Ba tla re: “O kae ea tšepisitseng hore o tla tla?+ Ha ho na letho le fetohileng esale baholo-holo ba rona ba shoa. Lintho tsohle li ntse li le kamoo li neng li le kateng ho tloha nakong eo Molimo a neng a bopa batho.”+
5 Ba iphapanyetsa taba ea hore haesale maholimo a le teng ho tloha khale le hore lefatše le ne le pota-potiloe ke metsi, la arohanngoa le metsi ka taelo ea Molimo+ 6 le hore lefatše la nako eo le ile la felisoa ka moroallo.+ 7 Empa maholimo le lefatše tse teng hona joale li boloketsoe ho chesoa ho ea ka eona taelo eo ea Molimo. Li ntse li bolokiloe ho fihlela letsatsing la kahlolo leo ka lona ho tla timetsoa batho ba sa rateng Molimo.+
8 Baratuoa, ntho eo le sa lokelang ho e lebala ke ena: Ho Jehova* letsatsi le le leng le lekana le lilemo tse sekete ’me lilemo tse sekete li lekana le letsatsi le le leng.+ 9 Jehova* ha a liehe ho phethahatsa tšepiso ea hae+ joalokaha batho ba bang ba nka hore oa lieha. Ha a le felle pelo hobane ha a lakatse hore mang kapa mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba bake.+ 10 Letsatsi la Jehova*+ le tla tla joaloka lesholu.+ Letsatsing leo maholimo a tla feta+ ka lerata le tšabehang,* lintho tse maholimong le tse lefatšeng li tla qhibiliha ’me lefatše le lintho tse ho lona li tla chesoa.+
11 Kaha lintho tsena tsohle li tla qhibiliha ka tsela eo, le ele hloko hore na le tšoanela ho ba batho ba mofuta ofe. Le lokela ho halalela le ho sebeletsa Molimo ka botšepehi. 12 Le ’ne le lebelle letsatsi la Jehova*+ ’me le lule le le hopola.* Letsatsing leo, maholimo a tla chesoa,+ lintho tse maholimong le lefatšeng li tla qhibiliha ka lebaka la mocheso o bohale. 13 Re lebeletse maholimo a macha le lefatše le lecha tseo a re tšepisitseng tsona+ ’me bohle ba tla lula ho tsona ba tla etsa lintho tse lokileng kamehla.+
14 Kahoo baratuoa, kaha le lebeletse lintho tsena, le etse sohle se matleng a lona hore Molimo a le fumane le hloekile, le se na molato le bile le e-na le khotso.+ 15 Ho feta moo, le nke mamello ea Morena e le monyetla oa hore le pholohe, feela joalokaha ngoan’abo rona eo re mo ratang Pauluse a ile a le ngolla ho ea ka bohlale boo a bo filoeng ke Molimo.+ 16 Ha e le hantle, o ngotse ka lintho tsena mangolong ’ohle a hae. Leha ho le joalo, lintho tse ling tseo a li ngotseng li thata ’me batho ba sa li utloisiseng* le ba se nang tumelo e matla baa li sotha feela joalokaha ba etsa ka Mangolo a mang. Ba tla timetsoa ka lebaka la ho etsa joalo.
17 Baratuoa, kaha le tsebile lintho tsena esale pele, le itebele e le hore batho bana ba sa mameleng molao ba se ke ba le khelosa ka mashano a bona eaba le qetella le lahlile tsela e nepahetseng.+ 18 Empa le phele ka tsela e tla etsa hore le fumane mosa* o eketsehileng le tsebo ea Morena le Mopholosi oa rona Jesu Kreste. E se eka a ka rorisoa hona joale le ka ho sa feleng. Amen.
Kapa: “ba fumaneng tlotla ea bohlokoa joaloka rona.”
Kapa mohlomong: “o bonela haufi.”
Kapa: “tenteng ena.”
Ka Segerike: “tsamaee.”
Kapa: “boitšoaro bo hlabisang lihlong.” Ka Segerike ke bongata ba lentsoe a·sel′gei·a. Sheba Tlhaloso.
Kapa mohlomong: “likoting tse lefifi.”
Kapa: “boitšoaro bo hlabisang lihlong.” Ka Segerike ke bongata ba lentsoe a·sel′gei·a. Sheba Tlhaloso.
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “ba khellang borena fatše.”
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “Mahlo a bona a tletse bofebe.”
Kapa: “boitšoaro bo hlabisang lihlong.” Ka Segerike ke bongata ba lentsoe a·sel′gei·a. Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “motho ea mo laolang.”
Kapa: “profeta.”
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “le sheshang.”
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “le etse hore le tle ka potlako.”
Kapa: “ba sa rutoang.”