Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt 1 Johanne 1:1-5:21
  • 1 Johanne

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 1 Johanne
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
1 Johanne

LENGOLO LA PELE LA JOHANNE

1 Re le ngolla ka ea tlisang lentsoe le fanang ka bophelo.+ O bile teng ho tloha qalong. Re utloile ka eena, re mo bone, ra sheba lintho tseo a li etsang ra ba ra mo tšoara. 2 Bophelo bo sa feleng bo ile ba bonahatsoa. Re bo bone, rea bo paka+ ebile re le bolella ka bona.+ Bophelo bo sa feleng bo tsoa ho Ntate ’me bo ile ba bonahatsoa ho rona. 3 Re le bolella lintho tseo re li boneng le tseo re li utloileng+ e le hore le ka momahana le rona feela joalokaha le rona re momahane le Ntate le Mora oa hae Jesu Kreste.+ 4 Re le ngolla lintho tsena e le hore re ka thaba haholo.

5 Molaetsa oo re le tsebisang oona oo re o utloileng ho eena ke ona: Molimo ke leseli+ ’me ha ho na lefifi ho hang ho eena. 6 Haeba re re: “Re momahane le eena” empa re tsoela pele ho tsamaea lefifing, re leshano ebile ha re phele ka ’nete.+ 7 Leha ho le joalo, haeba re tsamaea leseling joalokaha le eena a le leseling, re fela re momahane ’me mali a Mora oa hae Jesu a re hloekisa sebeng sohle.+

8 Haeba re re: “Ha re na sebe,” rea ithetsa+ ebile ha re lumele lithuto tsa ’nete.* 9 Kaha Molimo oa tšepahala ebile o lokile, haeba re bolela libe tsa rona o tla re tšoarela a be a hlatsoe bobe bohle bo ho rona.+ 10 Haeba re re: “Ho hang ha re e-s’o etse sebe,” re re Molimo o leshano ebile ha re lumele lentsoe la hae.

2 Bana ba ka bao ke ba ratang, ke le ngolla lintho tsena hore le se ke la etsa sebe. Leha ho le joalo, haeba mang kapa mang a etsa sebe, re na le mothusi* ea lokileng+ ea ho Ntate, e leng Jesu Kreste.+ 2 Ke sehlabelo+ se hlakolang libe tsa rona+ e le hore re ka boelana le Molimo, eseng libe tsa rona feela empa le tsa lefatše lohle.+ 3 Haeba re tsoela pele ho mamela litaelo tsa hae, ho tla bonahala hore rea mo tseba. 4 Ea reng: “Kea mo tseba” empa a sa mamele litaelo tsa hae o leshano ebile ha a na ’nete. 5 Empa haeba motho a mamela litaelo tsa hae, ho tla bonahala hore kannete o rata Molimo.+ Ha re etsa joalo, re tla be re bontša hore re momahane le eena.+ 6 Ea reng o momahane le eena o tlameha ho tsoela pele a mo etsisa.*+

7 Baratuoa, ha ke le ngolle taelo e ncha empa ke le ngolla taelo ea khale eo esale le e-na le eona ho tloha qalong.+ Taelo ena ea khale ke lentsoe leo le ileng la le utloa. 8 Hape, ke le ngolla taelo e ncha. Ke taelo eo Jesu a ileng a e mamela le eo le ileng la e mamela hobane lefifi lea feta ’me leseli la ’nete le se le ntse le khanya.+

9 Ea reng o leseling empa a hloile+ ngoan’abo o ntse a le lefifing.+ 10 Ea ratang ngoan’abo o lula leseling+ ’me ha a etse sebe.* 11 Ea hloileng ngoan’abo o lefifing, o tsamaea lefifing+ ebile ha a tsebe moo a eang+ hobane lefifi le mo foufalitse.

12 Bana ba ka, ke le ngolla hobane le tšoaretsoe libe ka lebaka la lebitso la Jesu.+ 13 Bo-ntate, ke le ngolla hobane le tseba Jesu eo esale a le teng ho tloha qalong. Bahlankana, ke le ngolla hobane le hlotse Satane.*+ Bana ba ka, ke le ngolla hobane le tseba Ntate.+ 14 Bo-ntate, ke le ngolla hobane le tseba Jesu eo esale a le teng ho tloha qalong. Bahlankana, ke le ngolla hobane le matla,+ le lumela lentsoe la Molimo+ ebile le hlotse Satane.*+

15 Le se ke la rata lefatše kapa lintho tse lefatšeng.+ Haeba motho a rata lefatše, ha a rate Ntate+ 16 hobane lintho tsohle tse lefatšeng e leng litakatso tse fosahetseng,+ ho lakatsa lintho tseo re li bonang+ le ho ithorisa ka* lintho tseo re nang le tsona, ha li tsoe ho Ntate empa li tsoa lefatšeng. 17 Lefatše le lintho tsohle tse ho lona tseo batho ba li lakatsang li tla fela+ empa ea etsang thato ea Molimo o tla phela ka ho sa feleng.+

18 Bana ba ka, re se re le horeng ea ho qetela. Le utloile hore mohanyetsi oa Kreste oa tla,+ le hona joale ho se ho e-na le bahanyetsi ba Kreste ba bangata+ e leng ntho e pakang hore re se re le horeng ea ho qetela. 19 Ba ile ba ikarola ho rona hobane e se karolo ea rona.+ Hoja e ne e le karolo ea rona, ba ka be ba lutse le rona. Empa ba ile ba ikarola ho rona e le hore ho bonahale hore ha se bohle bao e leng karolo ea rona.+ 20 Le khethiloe ke mohalaleli+ ’me kaofela ha lona le na le tsebo. 21 Ha ke le ngolle hobane le sa tsebe ’nete+ empa hobane le e tseba le hobane ha ho leshano le ka tsoang ’neteng.+

22 Ea latolang hore Jesu ke Kreste ke eena ea leshano.+ Ea latolang Ntate le Mora ke mohanyetsi oa Kreste.+ 23 E mong le e mong ea latolang Mora ha a amoheloe ke Ntate.+ Empa ea bolelang hore o lumela ho Mora+ o amoheloa ke Ntate.+ 24 Le lule le etsa lintho tseo le li utloileng ho tloha qalong.+ Haeba le li etsa, le tla lula le momahane le Ntate le Mora. 25 Hape Molimo o re tšepisitse bophelo bo sa feleng.+

26 Ke le ngolla lintho tsena hobane ho na le batho ba lekang ho le khelosa. 27 Kaha Molimo o le khethile ka moea o halalelang+ ’me moea oo o lutse ho lona, ha le hloke ho rutoa ke motho e mong. Moea oo o le ruta lintho tsohle,+ o na le ’nete ebile ha o na leshano. Le lule le momahane le eo moea o halalelang o tsoang ho eena feela joalokaha moea o le rutile.+ 28 Bana ba ka, le lule le momahane le eena e le hore ha a bonahatsoa re ka bua ka bolokolohi+ ’me re se ke ra ikhula ho eena re soabile nakong eo a seng a le teng. 29 Haeba le tseba hore o lokile, le boetse lea tseba hore e mong le e mong ea etsang lintho tse lokileng ke ngoan’a hae.+

3 Bonang hore na Ntate o re rata hakaakang!+ O re bitsa bana ba hae*+ ’me re fela re le bona. Empa lefatše ha le re tsebe+ hobane ha le tsebe Ntate.+ 2 Baratuoa, le hoja re le bana ba Molimo,+ ha re e-s’o tsebe hore na re tla ba joang ka moso.+ Empa rea tseba hore mohla a iponahatsang re tla tšoana le eena hobane re tla mo bona ka tsela eo a leng ka eona. 3 E mong le e mong ea mo tšepileng oa itlhoekisa+ kaha le eena o hloekile.

4 Sebe ke tlolo ea molao. Kahoo, e mong le e mong ea tloaetseng ho etsa sebe o tloaetse ho etsa tlolo ea molao. 5 Le lona lea tseba hore o ile a bonahatsoa hore a tlose libe+ tsa rona empa eena ha a na sebe. 6 E mong le e mong ea lulang a momahane le eena ha aa tloaela ho etsa sebe.+ Ea tloaetseng ho etsa sebe ha a e-s’o mo bone ebile ha a mo tsebe. 7 Bana ba ka, le se ke la thetsoa hobane motho ea tloaetseng ho etsa lintho tse lokileng, o lokile feela joalokaha Jesu a lokile. 8 Ea tloaetseng ho etsa sebe o tsoa ho Diabolose hobane haesale Diabolose a etsa sebe ho tloha qalong.+ Mora oa Molimo o ile a bonahatsoa hore a senye mesebetsi ea Diabolose.+

9 Bana ba Molimo ha ba itloaetse ho etsa sebe+ hobane moea oa hae o halalelang* o lula ho bona. Ba ke ke ba tloaela ho etsa sebe hobane ba tsoetsoe ke Molimo.+ 10 Bana ba Molimo le bana ba Diabolose ba bonahala ka tsela ena: E mong le e mong ea sa etseng lintho tse lokileng le ea sa rateng ngoan’abo, ha se ngoan’a Molimo.+ 11 Ho tloha qalong le tsebile molao o reng re lokela ho ratana.+ 12 Re se ke ra tšoana le Kaine, ea ileng a etsisa Diabolose* eaba o bolaea ngoan’abo.+ O ile a mo bolaea hobane mesebetsi ea hae e ne e le mebe+ empa ea ngoan’abo e le metle.+

13 Bana beso, le se ke la makala ha batho ba lefatše lena ba le hloile.+ 14 Rea tseba hore re tlositsoe lefung ra isoa bophelong+ hobane re rata bana ba bo rona.+ Ea se nang lerato o ntse a shoele.+ 15 E mong le e mong ea hloileng ngoan’abo ke ’molai+ ’me lea tseba hore ha ho ’molai ea tla fumana bophelo bo sa feleng.+ 16 Rea tseba hore na lerato ke’ng hobane Jesu o ile a tela bophelo ba hae bakeng sa rona,+ le rona re tlameha ho tela bophelo ba rona molemong oa bana ba bo rona.+ 17 Haeba mang kapa mang a e-na le lintho tse lekaneng hore a ka iphelisa ’me a bona hore ngoan’abo oa hloka ebe ha a mo bontše mohau, na a ka re o rata Molimo?+ 18 Bana ba ka, re se ke ra bua feela hore re rata batho ba bang+ empa re bontše le ka liketso hore rea ba rata+ hape lerato la rona e be la ’nete.+

19 Ka tsela eo, re tla tseba hore re na le ’nete ’me re tla ikholisa hore Molimo oa re rata. 20 Leha lipelo tsa rona li ka re qosa ka ntho efe kapa efe, re lule re hopola hore Molimo o moholo ho lipelo tsa rona ebile o tseba lintho tsohle.+ 21 Baratuoa, haeba lipelo tsa rona li sa re qose, re ka bua le Molimo ka bolokolohi.+ 22 O tla re fa eng kapa eng eo re e kopang+ hobane re mamela litaelo tsa hae hape re etsa lintho tse mo khahlisang. 23 O re laetse hore re lumele lebitsong la Mora oa hae Jesu Kreste+ le hore re ratane.+ 24 Ho feta moo, ea mamelang litaelo tsa Molimo o tla lula a momahane le Molimo, le Molimo o tla lula a momahane le eena.+ Kaha o re file moea oa hae, rea tseba hore o tla lula a momahane le rona.+

4 Baratuoa, le se ke la kholoa motho e mong le e mong ea reng molaetsa oa hae o tsoa ho Molimo.+ Le hlahlobe hore na molaetsa oo o tsoa ho Molimo+ hobane hohle lefatšeng ho tletse baprofeta ba bohata.+

2 Ena ke tsela eo ka eona le tla tseba hore molaetsa oo le o utloang o tsoa ho Molimo: Molaetsa o reng Jesu Kreste o ile a tla lefatšeng e le motho o tsoa ho Molimo.+ 3 Empa molaetsa o reng Jesu ha aa tla lefatšeng e le motho ha o tsoe ho Molimo.+ Ona ke molaetsa oa mohanyetsi oa Kreste oo le utloileng hore oa tla+ ’me molaetsa ona o se o le teng lefatšeng.+

4 Bana ba ka, le tsoa ho Molimo ’me le hlotse baprofeta ba bohata+ hobane ea nang le lona+ o matla ho feta ea nang le batho ba lefatše.+ 5 Baprofeta bana ba bohata ba tsoa lefatšeng.+ Kahoo, ba bua lintho tseo lefatše le li buang. Ke kahoo lefatše le ba mamelang.+ 6 Rona re tsoa ho Molimo. Ea tsebang Molimo oa re mamela,+ ea sa tsoeng ho Molimo ha a re mamele.+ Ena ke tsela eo ka eona re tla bona phapang pakeng tsa molaetsa oa ’nete o tsoang ho Molimo le molaetsa oa leshano.+

7 Baratuoa, a re luleng re ratana+ hobane lerato le tsoa ho Molimo. E mong le e mong ea nang le lerato ke ngoan’a Molimo ’me o tseba Molimo.+ 8 Motho ea se nang lerato ha a tsebe Molimo hobane Molimo ke lerato.+ 9 Molimo o ile a re bontša hore oa re rata ka hore a romele Mora oa hae ea mong*+ lefatšeng e le hore re ka fumana bophelo ka eena.+ 10 O ile a romela Mora oa hae e le sehlabelo se hlakolang libe tsa rona+ e le hore re ka boelana le eena.+ O entse joalo hobane a re ratile eseng hobane re mo ratile.

11 Baratuoa, haeba Molimo o re ratile joalo, le rona re tlameha ho ratana.+ 12 Ha ho na motho ea kileng a bona Molimo le ka mohla.+ Haeba re tsoela pele ho ratana, Molimo o tla lula a e-na le rona ’me lerato la hae le tla bonahala ka tsela e phethahetseng ho rona.+ 13 Rea tseba hore re lula re momahane le eena ’me le eena o momahane le rona hobane o re file moea oa hae. 14 Hape re bone ebile rea paka hore Ntate o rometse Mora oa hae e le mopholosi oa lefatše.+ 15 Mang kapa mang ea lumelang hore Jesu ke Mora oa Molimo+ o lula a momahane le Molimo, le Molimo o lula a momahane le eena.+ 16 Rea tseba ebile rea lumela hore Molimo oa re rata.+

Molimo ke lerato+ ’me motho ea lerato ka linako tsohle o lula a momahane le Molimo, le Molimo o lula a momahane le eena.+ 17 Ona ke mokhoa oo ka oona lerato le bonahetseng ka tsela e phethahetseng ho rona e le hore re ka bua ka sebete+ ka letsatsi la kahlolo hobane bophelo ba rona lefatšeng lena bo tšoana le ba Kreste. 18 Motho ea ratang Molimo ha a tšohe.+ Lerato le phethahetseng le etsa hore re se ke ra tšoha hobane ho tšoha ho re sitisa ho etsa lintho tse ngata. Motho ea letsoalo ha a na lerato le phethahetseng.+ 19 Re bontša lerato hobane Molimo o ile a re rata pele.+

20 Motho ea reng: “Ke rata Molimo” empa a hloile ngoan’abo o leshano.+ Motho a ka rata Molimo eo a e-s’o mo bone+ joang empa a sa rate ngoan’abo+ eo a mo bonang? 21 Taelo eo re e filoeng ke eena ke ena, hore ea ratang Molimo o lokela ho rata le ngoan’abo.+

5 Motho e mong le e mong ea lumelang hore Jesu ke Kreste, ke ngoan’a Molimo.+ E mong le e mong ea ratang Ntate e leng Molimo, o rata le bana ba Molimo. 2 Rea tseba hore re rata bana ba Molimo+ ha re rata Molimo ebile re mamela litaelo tsa hae. 3 Ha re rata Molimo re tla mamela litaelo tsa hae+ hobane litaelo tsa hae ha li boima.+ 4 Bana ba Molimo ba hlola lefatše.+ Ntho e re thusitseng hore re hlole lefatše ke tumelo ea rona.+

5 Ke mang ea ka hlolang lefatše+ haese ea nang le tumelo ea hore Jesu ke Mora oa Molimo?+ 6 Jesu Kreste o tlile ka metsi le mali eseng ka metsi feela+ empa ka metsi le ka mali.+ Moea oa e paka taba ena+ hobane moea ke ’nete. 7 Ho na le lipaki tse tharo, 8 ke moea,+ metsi+ le mali+ ’me li le tharo joalo lia lumellana.

9 Haeba re amohela bopaki boo batho ba fanang ka bona, bopaki boo Molimo a fanang ka bona bo matla le ho feta hobane Molimo ka boeena o fana ka bopaki bo mabapi le Mora oa hae. 10 Motho ea lumelang ho Mora oa Molimo o bontša hore o lumela seo Molimo a mo rutileng sona. Motho ea sa lumeleng ho Molimo o re Molimo o leshano+ hobane ha a lumele bopaki boo Molimo a faneng ka bona mabapi le Mora oa hae. 11 Bona ke bopaki boo Molimo a re fileng bona: O re file bophelo bo sa feleng+ ’me re bo fumana ka lebaka la Mora oa hae.+ 12 Motho ea amohelang Mora o na le bophelo boo, ea sa amoheleng Mora oa Molimo ha a na bona.+

13 Ke le ngolla lintho tsena e le hore le tsebe hore ha le e-ba le tumelo lebitsong la Mora oa Molimo,+ le tla ba le bophelo bo sa feleng.+ 14 Re kholisehile* hore ho sa tsotellehe hore na re kopa eng ho Molimo,+ hafeela e le tumellanong le thato ea hae, o tla re utloa.+ 15 Kaha oa re utloa ho sa tsotellehe hore na re kopa eng, rea tseba hore o tla re fa lintho tseo re li kopang hobane re mo kopile.+

16 Haeba motho a bona ngoan’abo a etsa sebe se sa lebiseng lefung, a rapelle ngoan’abo ’me Molimo o tla mo fa bophelo.+ Taba ena e sebetsa ho batho ba etsang sebe se sa lebiseng lefung.+ Leha ho le joalo, ho na le sebe se lebisang lefung. Ha ke re a rapelle motho ea entseng sebe se joalo. 17 Lintho tsohle tse sa lokang ke sebe.+ Leha ho le joalo, ho na le sebe se sa lebiseng lefung.

18 Rea tseba hore bana ba Molimo ha ba itloaetsa ho etsa sebe hobane Mora oa Molimo* oa ba hlokomela ’me ea khopo a ke ke a ba etsa letho.+ 19 Rea tseba hore re ba Molimo empa lefatše lohle le busoa ke Satane.*+ 20 Rea tseba hore Mora oa Molimo o tlile lefatšeng+ ’me o re file kutloisiso e le hore re ka tseba Molimo oa ’nete. Ka lebaka la Mora oa hae Jesu Kreste, re momahane le eena.+ Ke Molimo oa ’nete ebile ke mohloli oa bophelo bo sa feleng.+ 21 Bana ba ka, suthelang hole le litšoantšo tse rapeloang.+

Ka Segerike: “’nete ha e eo ho rona.”

Kapa: “’muelli.”

Ka Segerike: “ho tsamaea feela joalokaha eo a ile a tsamaea.”

Kapa mohlomong: “ha a lihele ba bang hore ba etse sebe.”

Ka Segerike: “ea khopo.”

Ka Segerike: “ea khopo.”

Kapa: “ho batla hore batho ba bone.”

Ka Segerike: “bana ba Molimo.”

Ka Segerike: “peo ea Hae.”

Ka Segerike: “ea khopo.”

Ka Segerike: “ea tsoetsoeng a ’notši.”

Kapa: “Re bua le Molimo re sa tšabe letho.”

E leng Jesu Kreste.

Ka Segerike: “ke ea khopo.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela