Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt 2 Johanne 1-13
  • 2 Johanne

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 2 Johanne
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
2 Johanne

LENGOLO LA BOBELI LA JOHANNE

1 ’Na monna e moholo,* ke ngolla mofumahali ea khethiloeng le bana ba hae bao ke ba ratang haholo. Ha se ’na feela ea le ratang empa le ratoa ke bohle ba tsebang ’nete. 2 Re le rata ka lebaka la ’nete eo re e tsebang le e tla lula e le teng ka lipelong tsa rona. 3 Molimo eo e leng Ntate oa rona ea leholimong le Mora oa hae Jesu Kreste ba tla re fa lithuto tsa ’nete le ho re bontša lerato. Ba tla re bontša mosa* le mohau ba be ba re fe khotso.

4 Ke thabile haholo hobane ke utloile hore bana ba bang ba hao ba ntse ba tsamaea tseleng ea ’nete+ feela joalokaha Ntate a ne a re laetse. 5 Kahoo mofumahali, ha ke u kope hore u latele taelo e ncha empa ke u kopa hore u latele taelo eo esale re e-na le eona ha re ne re qala ho ithuta ka Kreste, e leng taelo ea hore re ratane.+ 6 Ha re lula re mamela litaelo tsa Ntate, rea bontša hore re lerato.+ Joalokaha le utloile ho tloha qalong, taelo eo a faneng ka eona ke e reng le tsoele pele ho bontša lerato. 7 Ho na le bathetsi ba bangata lefatšeng+ ba sa lumeleng hore Jesu Kreste o ile a tla lefatšeng e le motho.+ Motho ea sa lumeleng taba ena ke mothetsi ebile o hanyetsa Kreste.+

8 Itlhokomeleng hore le se ke la lahleheloa ke lintho tseo re li sebelelitseng ka thata e le hore le ka fumana litlhohonolofatso tseo Molimo a le lokiselitseng tsona.+ 9 Mang kapa mang ea sa lateleng lithuto tsa Kreste a bile a li ruta ka tsela e fosahetseng, ha a amoheloe ke Molimo.+ Ea tsoelang pele ho latela lithuto tsa Kreste o amoheloa ke Ntate le Mora.+ 10 Ha motho e mong a tla ho lona ’me a le ruta lintho tse sa lumellaneng le tseo Jesu a li rutileng, le se ke la mo amohela malapeng a lona+ kapa la mo lumelisa. 11 Ea mo lumelisang o tšehetsa mesebetsi ea hae e mebe.

12 Le hoja ho e-na le lintho tse ngata tseo ke batlang ho le bolella tsona, ha ke batle ho le ngolla tsona empa ke batla ho le bolella tsona ha ke tlile e le hore le ka thaba haholo.

13 Bana ba ausi oa lona ea khethiloeng ba re le lumele.

Kapa: “’Na moholo.”

Sheba Tlhaloso.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela