Bacha Baa Botsa. . .
Na Nka Ikaha ’Mele ka Boikoetliso?
“UA TLA OA OTA!” Mantsoe a kang ana a somang a mpa a netefatsa seo u se boneng ka seiponeng—ha u e-s’o ‘nonopele’ joale ka lithaka tsa hao. Kapa mohlomong ka lehlakoreng le leng o songoa hobane ’mele oa hao o le moholo. Tabeng leha e le efe, u ka nahana haholo ka ho ikaha ’mele ka boikoetliso.
Kajeno banna ba bangata—le palo e hōlang ea basali—ba ikaha ’mele ka boikoetliso. Ha ho letho le phoso kapa le sa tloaelehang ka ho batla ’mele o hahehileng hamolemonyana. Kaofela re batla ponahalo e thabisang. Makasine oa Parents o’a tlaleha: “Ponahalo ea ’mele oa mocha ke ea bohlokoa. Ponohalo ea ’mele oa hae e amana le seriti sa hae. E ka ama ho itšepa ha hae le seo a se etsang kapa a sa se etseng.” Empa na ho haha ’mele ka boikoetliso ke karabo boemong ba hao?
Lintho Tseo u Lokelang ho li Nahana Pele
“Kamehla seo u se bonang ha se seo u hlileng u bonahalang u le sona,” ho bolela Ngaka James P. Comer oa Univesithi ea Yale ea Setsi sa Thuto ea Bana. Ka mantsoe a mang, hangata re ee re nahane hore re balelele kapa re ba khutšoane, re nonne kapa re basesane, ho feta kamoo re hlileng re leng kateng.
Joale, na e be mohlomong u na le pono e fosahetseng ka ’mele oa hao ’me ha ho hlile ha ho hlokahale hore u o hahe? Hobane’ng u sa buisane le batsoali ba hao, motsoalle, kapa ngaka ea lelapa ’me u fumane maikutlo a bona? ’Me u iphe nako! Ba bang ba ee ba liehe ho hōla. Ka ntle ho moo, metsoalle ea hao ea ’nete e u rata kamoo u leng kateng.
Leha ponahalo ea ka ntle e le bohlokoa, ha se phetho. Moprofeta oa Iseraeleng ea boholo-holo, ha a ne a ronngoe ke Molimo lelapeng la bashemane ba bangata ho ea tlotsa e mong oa bona ho ba morena, a nahana hore o fumane monna ea nepahetseng ha a bona moshemane ea ’mele o motle. “Jehova a re ho Saumele: U se ke ua talima tšobotsi ea hae . . . hobane motho o talima tšobotsi, empa Jehova eena o talima pelo,” (1 Samuele 16:7) Ho busa sechaba hantle ho ne ho feta sebopeho se setle sa ’mele, na ha ho joalo?
“Empa ke batla ho shebahala joaloka lithaka tsa ka hore li nkamohele ho ena le ho ntšoma,” u ka rialo. Ke ’nete, ha ho ea ratang ho songoa ka lebaka la ponahalo ea hae ea ’mele. Leha ho le joalo, na ho ikaha ’mele ka boikoetliso ho ka rarolla bothata ba hao? Morutoana Bill o hlalositse: “Moo ke kenang sekolo teng, nka re karolo ea mashome a robeli lekholong ea bashemane ba ne ba ikaha ’mele ka ho phahamisa litšepe. Ha ho thuse hobane se etsahalang ke ho ikoetlisa ba sa khaotse. Haeba ho se ea hahehileng haholo, joale bashemane ba se nang sefuba ba tla lula ba sa thaba. Boikoetliso ba bona bo tsoela pele, ha bo emise.”
Ntlha ke hore, haeba ho ikaha ’mele ka boikoetliso ho fetoha tlhōlisano, kamehla ho tla ba le ba hahehang ho feta ba bang. Kahoo, u ka senya nako e ngata u haha ’mele oa hao ka ho phahamisa litšepe empa ua fella ka masoabi, ua salla morao ho lithaka tsa hao. “Empa bonyane ke tla be ke phetse hantle ’meleng,” u ka rialo. “Ho shahla ’meleng ke ntho e ntle.”
“Bo na le Molemo o Monyenyane”
Leha mocha oa Mokreste a hlokomela hore bokoetliso ba ’mele bo molemo hanyenyane, ho phahamisa litšepe ho ka tlatsetsa ’meleng o phetseng hantle. Bibele e’a lumela hore ‘boikoetliso ba ’mele [boitlhakiso ba ho itšarolla ’mele] bo na le molemo.’ (1 Timothea 4:8; NW) Litlhahlobo tse ling tsa meriana lia lumela. Le Mike o’a lumela.
Mike o lumetse hore ha e ne e le mocha o ne a ikaha hore a bonahale a “shahlile ’me e be monna” ea shebahalang. Leha ho le joalo, ha a le lilemo li 36 a qalisa ho phahamisa litšepe hape ka lebaka le fapaneng. Kamor’a lilemo tse tšeletseng a sebetsa a lutse fatše, boima ba ’mele ba eketseha ka lik’hilogramo tse 11, a fumana ho ikaha ’mele ka ho phahamisa litšepe e le tsela e molemo ea ho fokotsa khatello le ho mo thusa ho theola ’mele. “Hona joale,” o’a bolela, “ke ikutloa ke phetse hantle kelellong le ’meleng, ke na le matla a mangata ’me ke theotse boima ba ’mele.” Leha ho le joalo, o boleletse Tsoha! “Ka nako e tšoanang, u lokela ho bo boloka sebakeng sa bona.” Hobane’ng a bua joalo? O’a hlalosa: “Boikoetliso bo bonyenyane bo molemo. Ke ne ke ikoetlisa metsotso e ka bang 45 habeli ka beke. Kantle ho moo, ho na le lintho tse ngata tsa bohlokoa tseo ke lokelang ho li etsa bophelong.” Mabapi le bohlokoa ba ho lekalekanya lintho, Bill, ea qotsitsoeng pelenyana, o hlalositse sena ha a bua ka metsoalle ea hae ea sekolo: “E mong le e mong o ne a ikaha ka nako e etsang hora ka letsatsi ha nka be ba etsa ho hong ho thabisang le ho molemo.” Kahoo, ho ka ’na ha etsahala hore u nkehe maikutlo haholo ka ntho e iqalletseng e se na molato.
Likotsi
E, ho na le likotsi. Sehloohong se neng se bua ka ho phahamisa litšepe, Changing Times e itse: “Kotsi e atileng haholo ke ho utloisa mokokotlo bohloko ka ho phahamisa litšepe. Hape ho taboha mafufuru a lengole ho tloaelehile.” Ho phaella moo, ho na le kotsi ea ho choachoasela ha mesifa le ho senyeha ha manonyeletso, haholo manonyeletsong a mahetla. Ho ea ka sehlooho sa Changing Times, likotsi tsena li “tloaelehile ho ba ikoetlisang ka litšepe tse boima, le haeba ba se ba tla tšoara lilemo tse mashome a mabeli kapa ba li tšoere.”
Hape, banana ba lokela ho hopola bohloko le litšitiso tse ka hlahang tsamaisong ea bona ea ho ilela khoeli ka ho ikoetlisa ho feta tekano. Banana ba bangata ka tlhaho ba na le maro a susumetsang ’mele le liphatsa tsa lefutso tse sa ba lumelleng ho shahla mesifeng. Kahoo, haeba morero oa bona ka ho phahamisa litšepe ke ho hōlisa mesifa, ba tla lokela ho nka nako e ngata ho ikoetlisa ho feta bashemane.
Basali ba na le mafura a mangata ’meleng ho feta banna. ’Me banana ba bang ba ja hanyenyane ho fokotsa mafura ana a tlhaho e le hore ba ka bonahala ba le basesane, ba shahlile. Leha ho le joalo, ho se je ka tsela e nepahetseng ho hlahisa kotsi phepong e ntle. Ha Newsweek e bua ka ponahala ea mosaii e mong ea hahang ’mele ka boikoetliso le ka lijo, e itse: “Le hoja a shahlile, o bonahala a hulane, a khathatse ’me a kula.”
Ho Ithata ka Tsela ea ho Ithapela Joaloka Molimo
Ba bangata ba neng ba ikoetlisa ba bitsa boikoetliso “papali e bontšang cheseho ea bohlanya.” “Se hlileng se leng ka papaling ena ke ho ikoetlisa ho ea pele, ho bona hore na u ka hōla hakae,” ho bolela moikoetlisi e mong. Puong ea hae ho makasine oa Time, Lance Morrow o hlokometse hore baikoetlisi ba inehetseng ba ’mele, “ba banna kapa ba basali, ba fetohile bachesehi ba hlanyang ba [boikoetliso]. Ho ikutloisa bohloko ka lebaka la ho rata ’mele, ha e le hantle, ho fetohile bolumeli bo cheseheloang ka bohlanya.”
Boithati ke tsela e ’ngoe ea ho rapela ’mele. Ho haha ’mele ka boikoetliso e ka ’na ea ba ho ithata joaloka molimo. Leha ho le joalo, Bibele e’a eletsa: ‘Balehelang tšebeletso [ea mofuta ofe kapa ofe] ea melimo.’—1 Ba-Korinthe 10:14; 1 Johanne 2:15-17.
U Tla Etsa’ng?
Joale, nahana haholo ka taba ena. Seo u tlang ho se fihlela e lokela ho ba qeto ea hao, e entsoeng ka tsebo le kamohelo ea batsoali. (Ba-Efese 6:1-3) Haholo-holo, se ke ua hlokomoloha bohlokoa ba ho hlahloba maikutlo a hao ka botšepehi. Tlhaloso e ’ngoe hape ea “ho haha ’mele” ke: “Ho haha sebopeho sa ’mele bakeng sa ho hlahella litlhōlisanong.” Na ebe mohlomong eo ke eona takatso ea hao ea ka sephiring?—Ba-Roma 12:1, 2.
Haeba u etsa qeto ea ho ikoetlisa ka ho phahamisa litšepe, u se lebale bohlokoa ba ho lekalekanya lintho—nako le matla tseo u li sebelisang u ikoetlisa. Hopola, Bibele ha e khothalletse “ho se hauhele ’mele.” (Ba-Kolosse 2:23) Kantle ho moo, ho feteletsa boikoetliso ho ntša likotsi.
Bakeng sa mananeo a mang a ho phahamisa litšepe, le ka mohla u se be mong! Ho bile le likotsi tse mpe kapa lefu ha ba bang ka bothoto ba ikoetlisa ba le bang. Ka ho tšoanang, boikoetliso bo bong le bo bong ba ’mele bo kopanyeletsang ho phahamisa litšepe bo lokela ho etsoa kamor’a ho buisana le ngaka haeba uena kapa batsoali le amehile ka boemo ba hao ba ’mele.
Hape ke ha bohlokoa ho hlokomela metsoalle ea hao. (1 Ba-Korinthe 15:33) U se lumelle hore e u susumeletse ho sebelisa lithethefatsi tse itseng tse seng kotsi ho potlakisa ho haheha ha ’mele oa hao. Ka ho se ‘itekanye boholo bo tlolisang,’ u ka thibela tšekamelo ea ho batla ho ba le “’mele” o ratehang.—Ba-Roma 12:3.
Khetho leha e le efe—ho haha ’mele kapa che—ho thoe’ng ka ho nehela nako le matla ho haha kelello? Hobane’ng u sa sebelise nako e ’ngoe ea hao ho haha kelello le pelo tse phetseng hantle, le tse koetlisitsoeng hantle tse tla ratoa ke Molimo le batho? Ha u sa le mocha, u na le kelello e emetseng ho koetlisoa ho ba matla. “Kelello ke eona e entšang ’mele,” ho boletse Shakespeare.
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 16]
Banana ba bang ha ba je e le hore ba bonahale ba le basesane, ba shahlile