Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 2/8 maq. 22-26
  • Ke le ’Muelli oa Molao, ka Leka Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke le ’Muelli oa Molao, ka Leka Molimo
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha Hlaha Lipelaelo
  • Ho Ikutloa re sa Tšoanele ho ba Moo
  • Mohlokomell oa Ngoana o na le Likarabo
  • Ho Hlahlobisisa Bibele
  • Bothata ba ka ba Lithethefatsi
  • Mosebetsi oa ka Litabeng tsa Molao—Teko
  • Litšitiso tse Tharo tseo ke Lokelang ho li Hlōla
  • Na O Hlohonolofalitse Lelapa la Rōna?
  • O Finyelletse Pakane ea Hae
    Tsoha!—1988
  • Ho Atamela Haufi le Molimo ho Nthusitse ho Mamella
    Tsoha!—1993
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Ntho e Bohloko ho Feta—AIDS
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 2/8 maq. 22-26

Ke le ’Muelli oa Molao, ka Leka Molimo

BATSOALI ba ka ba ne ba rata thuto. Ho sa tsotellehe bothata ba lichelete, ba re isa kaofela bana ba robeli, likolong tsa K’hatholike.

Mantsiboea a mang le a mang a Motšeanong, lelapa la rōna le ne le phetapheta lithapelo ka Rosary. Khoeling ea borapeli bo khethehileng ba ’m’a Jesu, ’na le moena oa ka re ne re etsa aletare e nyenyane ea lipalesa le seemahale sa Maria.

Nakong ea Selemo re ne re tsoha ka hora ea botšelela hoseng ho ea ’Miseng. Ka lehlabula le leng ha ke ntse ke sebeletsa aletareng, ke ne ke thusa ’Miseng e mebeli kapa tse e meraro ka letsatsi. Ke ne ke nahanne ho ba moprista.

Ha Hlaha Lipelaelo

Leha ho le joalo, lintho tsa fetoha. Sekolong se phahameng ke ne ke kopanela lipapaling tsa mabelo, tse ileng tsa nthusa ho fumana chelete ea ho ea univesithing. Ke qalile ho belaela bolumeli ba ka ha ke le sekolong se phahameng. Ke hopola sehlopha se neng se rutoa ke moprista. Re ile ra qalisa khopolo ea hore ha ho Molimo, ’me pakane e ne e le ho qeta ka hore ho teng Molimo o matla ’ohle. Bothata e ne e le hore bohareng ba puisano, moprista o ne a hlōleha ho araba lipotso tsa rōna ka ho iphetola hoa lintho. Hape ho ne ho soabisa ho ’mona a tsielehile ka lipotso tse kang: “Ke hobane’ng ha re u bitsa ntate ha Jesu a itse re se ke ra bitsa motho ntate?”—Mattheu 23:9.

Ka nako eo, ka leka ho hlōla lipelaelo tsa ka ’me ka tsoela pele ho rapela le ho ea ’Miseng. Empa ha chelete eo ke e alimileng e nthusa ho fihla Univesithing ea Washington, lintho tsa mpefala. Joaloka liithuti tse ngata tsa mabelo, borapeli ea eba ba boithati bo feletseng. Pele ho papali e ’ngoe le e ’ngoe ke ne ke ea ’Miseng ho rapella tlhōlo. Kamor’a papali ke ne ke lebala Molimo ’me ke ithabela le libapali ’moho. Ntoa ea Vietnam e ne e ntse e ruthutha, le eona ea etsa hore ke ipotse hore na lintho li entsoe joang. Selemong sa ka sa ho qetela sekolong se phahameng, ke ne ke sebelisa matekoane matsatsi ’ohle.

Ho Ikutloa re sa Tšoanele ho ba Moo

Ho hlahlamang, ka 1968 Univesithing ea K’hatholike ea San Diego ea ruta lithuto tsa molao. Mona ke ile ka leka ho etsa tumellano le Molimo. Ka ikutloa hore haeba ke ea ’Miseng, nka kholiseha hore o tla tiisa hore ke fumane matšoao a phahameng. Karolong ea pele ea lithuto tsa ka, ka kopana le Melinda; lehlabuleng le hlahlamang ra nyalana. Letsatsi hoba re nyalane, ra ea ’Miseng empa ra fihla morao ho nako. Hoba re eme kamor’a batho ka nakoana, ra thalatsa hohle ’me ra shebana. Ra ikutloa re sa tšoaneleha ho ba mona. Ra tsamaea, ra se ke ra hlola re ea ’Miseng hape.

Ha mora oa rōna oa letsibolo, Joshua, a hlaha lilemo tse ’maloa tse latelang, ke ne ke sebetsa le sehlopha sa babuelli ba molao se neng se sireletsa bafumanehi ba qosoang ka tlolo ea molao oa naha. Ho ’na sena se ne se bonahala e le mosebetsi o phethahetseng, hobane ke ne ke fetohile ea batlang hore ’muso o etse liphetoho kapele ka lebaka la morusu oa Ntoa ea Vietnam. Ka ikutloa hore nka tsielehisa ’muso o senyehileng hore o sebelise chelete makhotleng a molao. Ka nako e tšoanang mohlomong ke tla thusa batho.

Mohlokomell oa Ngoana o na le Likarabo

Nkile ka abeloa ho emela monna ea neng a qosoa ka ho hana ho ea bosoleng. Ho ile ha utloahala hore ke e mong oa Lipaki tsa Jehova ’me o ne a ikemiselitse ho se bolaee batho ba bang empa ho ena le hoo a phehelle tsela ea khotso. (Esaia 2:4) Litlhaloso tsa hae le libuka tseo a mphileng tsona ha lia ka tsa nkhahla. Leha ho le joalo, ho tsoa mohloling o fapaneng, taba ea khutla hape. Melinda o ne a sebeletsoa ke mohlokomeli oa ngoana eo e neng e le Paki. Sena ebile sa bohlokoa ha Melinda a tšosoa ke lipotso tse bonolo tseo Joshua a neng a ’motsa tsona ka Molimo.

Melinda o hōlisitsoe e le Mok’hatholike ’me a kena univesithi ea Majesuite. Ho ntse ho le joalo a felloa ke tumelo ho Molimo. Ha e le hantle, matsatsing a phomolo Roma, a rapela hore haeba a ka bona mopapa, mohlomong tumelo ea hae e ka tsosolosoa. O ile a ’mona a jeroe mahetleng a banna ba bang. Ho ena le ho haha tumelo, hoo ha mo kholisa hore hase tsela e lokileng ea Jesu.

Ka baka leo, ho bonolo ho bona lebaka le entseng hore Melinda a makatsoe ke lipotso tsa Joshua. Leha ho le joalo, o ne a thabetse ho fumana likarabo tse khotsofatsang bukeng ea Ho Mamela Mosuoe e Moholo, eo a e fumaneng ho mohlokomeli oa ngoana. Hamorao a teana le motho eo ba tsebanang le eena ’me e le Paki. Melinda a ’motsa: “Ho tlile joang hore u be e mong ua Lipaki tsa Jehova, ’me u ka kholoa joang Bibele? E itoantša haholo” Ka bohlale Paki ea botsa Melinda hore na u kile a bala Bibele kaofela na. Karabo ea Melinda, ea hore “Che,” ea bula tselana ea leeto la ho boela le thuto ea kamehla ea Bibele.

Ho Hlahlobisisa Bibele

Ka bolella Melinda hore a ka tsoela pele ka thuto ea hae ea Bibele ha feela ho se motho ea nkhathatsang. Likhoeli tse ’maloa hamorao ka kopana le banyalani ba neng ba tsamaisa thuto, empa ka ba tšoara hampe haholo. Ha ke araba Melinda ea neng a re “Hobane’ng” ka re: “Bao hase batho. Ke Lipaki tsa Jehova!” Seo se ile sa lebisa boemong bo bosula ka lapeng. Qetellong, ka ho hloka tšepo, ka re: “Mema Lipaki. Ke tla li tšoara hantle, ’me ke tla u bontša hore u leoatla hakaakang ka ho ithuta Bibele.”

Banyalani ba Lipaki, Dan le Sharon, ba fihla, ba sebelisa Bibele feela, ba khona ho mamella lipotso tsa ka tse ngata. Ke ne ke ferekantsoe ke hore Dan o bonahala a na le karabo ea Bibele bothateng bo bong le bo bong boo ke bo hlahisang. Ka makhetlo a mararo ho ne ho tšoana le khotla. Qetellong Dan a itšetleha setulong ’me a re: “Lea tseba hore ke’ng? Ke ea le rata.” Seo sa felisa lehloeo. Boemong boo bo khutsitseng Dan a mpontša boprofeta bo hlollang ba ho tla ha Messia ho Daniele khaolo ea 9. Ke ile ka khahleha hoo ke ileng ka halefa—ke ne ke sa halefele eena empa thuto ea bolumeli e fokolang eo ke e fumaneng.

Ka thuto eo le boprofeta bo bong ba Bibele, boikutlo ba ka ka Mangolo ba fetoha ka potlako. Ka qala ho nahana hore borabele ba ka khahlanong le ’muso, le ho sebelisa ha ka lithethefatsi, ho ke ke ha bontša pelo e mpe empa ho tla bonahatsa boitšoaro ba ka ka tsamaiso e lokelang ho nkeloa sebaka ke ’Muso oa Molimo.

Bothata ba ka ba Lithethefatsi

Ke ne ke thabela thuto ea Bibele haholo ka thuso ea buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng. Leha ho le joalo ke ne ke sebelisa matekoane, ke bea mabaka a hore, ‘Haeba ke tsebile ho qeta sekolong sa molao tlas’a tšusumetso ea oona, nka ithuta Bibele ka tsela e tšoanang.’ Ke ne ke fihla libokeng tse ling Holong ea ’Muso, empa ke ne ke sa batle ho tsoela pele kaha ke ne ke se ke khathetse ke sekolo kamor’a lilemo tse 19.

Ke ile ka lumela ho ea le mosali oa ka thutong ea sehlopha har’a beke. Libekeng tsa pele tse tharo, nako e ’ngoe le e ’ngoe ha ke loketse ho tsoa ofising ho ne ho kena motho e mong eo ke mo thusang ’nyeoeng ea hae ’me a mpha matekoane a bohale. Kamor’a hore ke tsube ke ne ke sa be boemong bo botle ba ho ea libokeng tsa Bokreste. Kahoo ke ne ke letsetsa Melinda ’me ke ’molelle hore a tsamaee a le mong. Qetellong a botsa: “Na ha u tsebe hore ke mang ea etsang sena ho uena?” Hoo ha nteanya le ntho eo ke neng ke eso nahane ka eona. Ke ne ke sa rate ho sebelisoa, haholo-holo ke Diabolose. Beke e latelang teko eona eane ea ntlhahela ka ofising, empa ka hana matekoane.

Ka nahana hore, ‘Na mohlomong ho tsuba matekoane ke tšitiso eo ke sa e hlokomeleng?’ Ha lelapa la rōna le ne le ea phomolong ea matsatsi a leshome, ka ikemisetsa ho leka Jehova. Ka thuso ea hae nke ke ka sebelisa matekoane ka nako eo eohle. Ho ne ho makatsa ho bona kamoo ke ileng ka ikutloa ke phetse hantle kateng ha ke khutla. Hape, ho ithuta ha rōna Bibele letsatsi le letsatsi ha re ntse re le leetong ha nkholisa ho feta leha e le neng pele ka ’nete ea Lentsoe la Molimo. Leeto leo le hlahisitse tlhohonolofatso e kaakang!

Ke hopola seboka sa pele kamor’a moo. Ho ena le hore ke be moshebelli feela, ka kopanela ka mafolofolo. Ebile thabo e kaakang ho Melinda ho bona phetoho bothong ba ka. Kapelepele metsoalle ea rōna ea hlooho ea khomo le e sebelisang lithethefatsi ea nkeloa sebaka ke botsoalle bo mofuthu, bo hloekileng har’a Lipaki.

Mosebetsi oa ka Litabeng tsa Molao—Teko

Ka 1975 ’na le Melinda ra bontša boineelo ba rōna ho Jehova Molimo ka ho qoelisoa metsing. Hamorao selemong sona seo, mor’a rōna oa bobeli, Jesse, a belehoa. Ho ne ho bonahala hore ruri ke thabela tlhohonolofatso ea Jehova. Leha ho le joalo, mosebetsi oa ka oa molao litabeng tsa bonokoane oa mpatla hore ke nke maeto a mangata ho ea metseng e hōle, hona ha bolela ho ba sieo lapeng la ka le phuthehong. Ka qala ho hlonamela boemo bona ha lerato la ka bakeng sa boboleli ba Bokreste le eketseha.

Leetong le leng, ka kopana le Lipaki tse ngata tseo e neng e le babuelli ba molao le lingaka. Ba babeli ho bona ba nkhahla haholo, hobane e ne e le banna ba inehetseng, bao le hoja e ne e le babuelli ba molao, ba qetileng nako e telele tšebeletsong ea nako e tletseng ea Jehova Molimo. Hona ho ile ha hōlisa takatso ea ka ea ho sebelisa tsebo ea ka ea molao ho sireletsa batho ba Molimo le ho o sebeletsa ka ho eketsehileng. Bohato bo boholo mosebetsing oo ebile ha ke qala ho etsa lihora tse 60 khoeli e ’ngoe le e ’ngoe boboleling ba Bokreste. Ke entse sena ka lilemo tse ’maloa, ’me ke ile ka fetoa ke khoeli feela ha mor’a rōna oa boraro, Ryan, a hlaha.

Ka letsatsi le leng moholo phuthehong ea rōna a hlahisa monyetla oa hore nka ba mosebeletsi oa nako e tletseng. Ka arabela ka hore: “Ha ho tsela ea hore nka etsa se fetang seo ke ntseng ke se etsa, hobane ke lokela ho etsa mosebetsi oa ka le ho hlokomela lelapa la ka.” Empa matsatsing a ’maloa a hlahlamang, ka khathatsoa ke potso, ‘Ke hobane’ng ha ke sa kenele tšebeletso ea nako e tletseng?’ Ka isa taba ena ho Jehova ka thapelo, ke ntse ke hopotse mantsoe a ho Malakia 3:10, moo a memang batho hore ba mo leke ’me ba bone haeba a ke ke a ba hlohonolofatsa.

Litšitiso tse Tharo tseo ke Lokelang ho li Hlōla

Ha ke hlahlobisisa boemo ba ka, ha bonahala hore ke na le lintho tse tharo tse ntšitisang ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Ke ne ke tla hloka tšireletso bakeng sa chelete ha ke fokotsa mosebetsi oa ka oa molao. Kahoo tšitiso ea pele ke hore ke ne ke ena le ntlo eo ke neng ke batla ho e rekisa. Tšitiso ea bobeli. Paki e ’ngoe e ne e lula tlung ena, ’me ke ne ke sa rate ho e qobella hore e tsamaee. Bothata ba boraro, ke ne ke le selekaneng sa babuelli ba molao.

Ka rapela Molimo: “Haeba u mpatla tšebeletsong ea nako e tletseng, nthuse ho rekisa ntlo ena ntle le ho bakela mohlanka ’moho le ’na bothata ’me nthuse ho ikhula selekaneng sa babuelli ba molao. Ha ho ka etsoa lintho tsena tse tharo, ke tla kenela tšebeletso ea nako e tletseng.” Hoo ekabang beke hamorao, Paki eane ea tla ka molaetsa o makatsang. Ea re e tšepa hore nke ke ka utloa bohloko, hobane e’a tsamaea, e fumane mosebetsi motseng o mong!

Letsatsing leo a fallang ka lona ka ea mo thusa ho qetella ho tlama liphahlo. Tseleng, ka emisa lebenkeleng ’me ka reka letšoao lelenyenyane le ngotsoeng “For Sale.” Kamor’a hore ke laele phahlo, ka beha letšoao fenstereng e ka pele ’me ka notlela monyako. Ha ke fihla hae, Melinda a mpolella hore mosali e mong o ne a letsitse ’me o siile linomoro tsa hae tsa mohala. Ha ke mo letsetsa, ka tšoha ha a re, ‘ke lokela ho fumana ntlo eo.’ O ne a bua ka ntlo efe? A re pele a nyaloa, a bolella ea tla mo nyala hore ba ka nyalana ha feela a ka tšepisa hore, ha ntlo eo a nahanang ka eona e rekisoa o tla e reka. O ne a bolela ntlo eo ke batlang ho. e rekisa. Ka lumela!

Kapele kamor’a moo e mong eo ke entseng selekane sa molao a mpolella ka qeto ea hae ea ho fetola mosebetsi ’me re khaotse ho sebetsa ’moho. Ha kea senya nako ho ea hae le ho phetela Melinda le bar’a seo Jehova a se entseng. Bohle ba lumela hore ho tla ba molemo ha nka hla ka qalisa tšebeletso ea ka ea nako e tletseng, eo ke e qalileng ka Phupjane 1979.

Na O Hlohonolofalitse Lelapa la Rōna?

Ka Loetse 1979, ka khethoa ho ba molebeli phuthehong ea rōna. Melinda a nka karolo tšebeletsong e eketsehileng ka likhoeli tse ngata ’me ha joale ke mosebetsi ’moho le ’na tšebeletsong ea nako e tletseng. Bara ba rōna ba bararo le bona ba mafolofolo mosebetsing oa boboleli oa Bokreste ’me ba re thabisa haholo. Ka thuso ea Lentsoe la Molimo le phutheho, ’na le Melinda re ithutile ho ba batsoali ba molemo, ’me sena se tliselitse bana tlhohonolofatso.

Selemong se fetileng tlhohonolofatso e ’ngoe ea fihla ha ke lumela ho ea ntlokhōlō ea Mokhatlo oa Watchtower New York ho ea sebetsa ka nakoana mosebetsing oa kaho o neng o tsoela pele moo. Matsatsi a pele a ’maloa a mosebetsi oa matsoho ebile phihlelo e fapaneng. Joale ha buleha monyetla o khethehileng ka lebaka la tlhokahalo ea nakoana ea thuso e eketsehileng litabeng tsa molao ntlokhōlō, ’me ka thabela ho sebelisoa.

Ha joale ke khutletse San Diego, ’me ke fumana mahlohonolo a maholo le thabo letsatsi le letsatsi mosebetsing oa boboleli. Ka mohlala, ka letsatsi le leng ka kokota monyakong oa monna e mong, empa ka bohale a nteleka. Ka ea ho batho ba bang matlung a mang moahong oo. Ha ke tsamaea moahong oo monna eena eloa a hlaha ’me a nkopa ho kena ka tlung. Ampolella hore ha e le hantle o ne a ntse a rapela Molimo bakeng sa thuso ka bophelo ba hae, boo bo neng bo senyehile. Ha ke kokota, o ile a halefa hobane ke ile ka sitisa thapelo ea hae. Kamor’a hore a ’nyatse, a hlokomela hore mohlomong leeto la ka ke karabelo ea thapelo ea hae. “Kahoo eng kapa eng eo u tlileng ho mpolella eona, kea tseba hore ke lokela ho e mamela, a rialo.” O ile a mamela ’me kamor’a ho khanneloa thuto ea Bibele ea eba mosebeletsi ea inehetseng.

Ho arabela likopong tsa batho ba neng ba le literenkong tsa sebaka sa rōna ha ntlisetsa tlhohonolofatso e khethehileng. Ho tšoara lithuto tsa Bibele le banna ba Teronko ea Toropo ea San Diego, esita le ba bang ba bangata bao ke ba fumaneng tšebeletsorig, ho ne ho nketsa hore ke lule ke tšoarehile. Ka linako tse ling ke tlameha ho etsa litokiso mosebetsing oa ka oa molao le mosebetsi oa nako e tletseng. Hangata ke etsa mesebetsi ea ho hlaha khotla hoseng haholo ’me karolo e setseng ea letsatsi ke e sebelisa tšebeletsong ea tšimo. Ke etsa mosebetsi oa ka motšehare oa mantsiboea. Motšehare oa mantsiboea le pele ho shoalane ke khutlela tšebeletsong le lithutong tsa Bibele.

Ha ke nahana hore bophelo ba ka bo ka be bo feletse kae ka tšebeliso ea matekoane le boikutlo ba ka ba borabele, ke leboha tlhohonolofatso ea Jehova ka ho nkhulela botsoalleng le eena le phutheho ea hae ea Bokreste. Ntle ho tlhohonolofatso ea hae, kea tseba hore nkabe ke se na bophelo bo thabileng ba lelapa boo ke bo thabelang, le ho kopanela bonngoeng ba Bokreste ba lefatše lohle. E reng ke le tiisetse ka pelo eohle hore haeba le leka Jehova, o tla le tšollela mahlohonolo ho fihlela le sa hloke letho.—Joalokaha ho boletse Jim McCabe.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

‘Na mohlomong ho tsuba matekoane ke tsitiso eo ke neng ke sa e hlokomele’

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Ka ithuta Bibele le batšoaruoa

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Bara ba rōna ba thabela ho kenya letsoho le rōna borapeling

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela