E ne e le Moqoqo oa Motse
LIHOLO tsa ’Muso tse tharo, le matlo a mabeli a bolulo, li hahuoe mekatong e meraro sebakeng se boholo ba limithara tse lekanang ka hohle tse 1 500, ’me li hahuoe ka matsatsi a mararo—ke sona se ileng sa fetoha moqoqo oa motse oa Waterbury, Connecticut. Li hahuoe mafelo-bekeng a malelele a la 11-13 Mphalane, ke Lipaki tsa Jehova tse ka bang 1 500, ’me The Sunday Republican e ile ea bitsa seo “mohlolo oa mafelo-beke.”
Bahlokomeli ba motse ba bileng le tšebelisano e khōlō ba ile ba etela setša sena. Ramotse a re: “Ke mohaho o motle. Le tlameha e be le motlotlo ka oona.”
Motsamaisi oa banka ea moo a talima mohaho ka ho makala: “Ebile mosebetsi o boima haholo ho haha lekala la banka ea rōna ka lilemo tse peli, empa lōna le emisitse mohaho oa lōna ka matsatsi a mararo!”
Setsebi sa lipolane tsa motse se ne se shebile basebetsi ’me sa re: “Le tšoana le mochine o sebetsang hantle o tšetsoeng oli.” Mongoli oa hae a phaella: “Le na le tataiso ea Molimo.”
’Muelli oa molao litabeng tsa mohaho ona o ile a tla le mosali oa hae, moprofesara Univesithing ea Connecticut. Mosali a re: “Ho hlolla ka sebele ho bona seo batho ba ka se etsang ha ba sebetsa hammoho.” Monna a fana ka thuso ena: “Re na le likamore tse tharo tse sa sebelisoeng. Haeba le hloka marobalo bakeng sa basebetsi ba lōna, re ka thabela ho ba neha tsona.”
E mong oa bahlahlobi ba mohaho a re: “Ke bokhabane, ke bokhabane. Mohaho ona o feta hōle se hlokoang ke melao ea kaho.”
Ha Lipaki li kōpa tumello ea ho kenya tšebetso ea moea o chesang le o batang, mohlahlobi a hlahloba lipolane tsa eona, ’me a botsa: “Le tla nka nako e kae ho emisa mohaho oa lōna?” “Matsatsi a mararo.” A sisinya hlooho ’me a tšeha. “Matsatsi a mararo? Le nkile likhoeli tse peli ho etsa lipolane tsena!” A boela a tšeha.
Nakong eo mohaho o tsoelang pele, baeti ba ne ba fihla ka bongata, ba bontšoa mohaho, ’me ho ne ho fanoa ka kofi le lijo tsa motšehare. Ka Sontaha, letsatsi la boraro la mohaho, batho ba 3 000 ba feptjoa ka metsotso e 12.
[Lebokose leqepheng la 31]
Sena se Phethuoe ka Tumelo e Kopaneng le Mesebetsi
“Ke tumelo e susumelitseng mocha ho luba konkreite ha ntat’ae a hlōtsoe ho mo qobella hore a kute joang hae. Ke tumelo e entseng hore ba neng ba tsamaisa baeti ba ikutloe ba le motlōtlō ka seo ba se finyelletseng ...Ba entse mohaho o bitsang lidolara tse limillione tse 2 [liranta tse limillione tse 4,4] ka lidolara tse 700 000 [R1 600 000].
“Ba batšo le ba basoeu, ba banyenyane le ba baholo, banna le basali bohle ba bile le tumelo ’me ba ne ba sebetsa lehetla ka lehetla, ho ea ka matla a bona. Bana ba ne ba thonaka majoe; basali ba sebetsa ka kichineng ba bang ba ne ba khanna; e mong le e mong o ne a etsa ho itseng. Ena ke kereke ea bona ’me ho tla ba joalo kamehla. Ha ho hlokahale hore re ba lakalatse katleho, kahobane ba se ba bontšitse hore ba sebeletsa katleho.”
—Lihlaloso tsa Moqolotsi ho The American (Waterbury. Cotmecticut) ea la 15 Mphalane, 1986.