Ketsahalo eo U sa Lokelang ho e Fosa
“Etsang hona hore le tle le ’ne le nkhopole.” Mantsoe ao a Morena oa rōna Jesu Kreste, a fumanoa ho Luka 22:19, a boletsoe mohlang ho neng ho hlongoa sehopotso sa lefu la hae. Ke lefu la Jesu le buletseng batho tebello ea ho fumana bophelo bo sa feleng maemong a paradeise. Ka baka leo re lokela ho hopola lefu la hae. Na u tla ikhopotsa lona monongoaha?
Re kōpa hore u amohele memo ena e tsoang ho Lipaki tsa Jehova e u memelang ho kopanela le tsona ha li ikhopotsa ketsahalo ena ea bohlokoa. Sehopotso sena se tla tšoaroa kamor’a shoalane letsatsing le tsamaisanang le la la 14 Nisane almanakeng ea Bibele. Tšoaea letsatsi lena almanakeng ea hao hore u se lebale. Ke Sontaha, la 12 ’Mesa, 1987. Motho ea u fileng sememo sena a ka u bolella sebaka se nepahetseng sa seboka le nako.