Ho Talima Lefatše
1986—Na ke Selemo sa Khotso?
Machaba a Kopaneng a ile a hoeletsa selemo se fetileng e le Selemo sa Khotso ea Machaba. Empa leha ho le joalo, ka 1986 ho bile le likhohlano tsa libetsa tse ngata ho feta leha e le neng ha esale ho tloha Ntoeng ea II ea Lefatše. Sephetho seo se finyelletsoe ke sehlopha sa univesithi ea Hamburg ha se beha ka pokello ea sona ea litlaleho tsa lintoa le liphello tsa tsona kamor’a 1945. Ho ea ka koranta ea Sejeremane Schwahische Zeitung, bafuputsi ba balile lintoa tse 37 ka 1986—tse ling tsa tsona li ’nile tsa loanoa ka lilemo tse 20.
Lipaki li Beheloa Kathoko Bosoleng
Motho leha e le ofe ea ka pakang “ka tieo le ka tšoanelo hore ke setho sa mokhatlo oa bolumeli oa Lipaki tsa Jehova” o tla beheloa kathoko litabeng tsa tšebeletso ea bosole. Ena ke qeto e fihletsoeng ke Lekhotla le Kopaneng la Bosole la Berlin, ho tlalehile koranta ea Sejeremane Tagesspiegel. Ho ea ka pono ea baahloli, ho ipolela ha motho hore o lumela lithuto tsa Lipaki ho tla amoheloa e le bopaki bo tiileng ba ho hana tšebeletso ea bosole ka mabaka a letsoalo.
Ho Tsuba Hoa Bolaea
Ho tsuba ho bolaea batho ba likete tse lekholo ka selemo United Kingdom, ho boletse Lefapha la Meriana pehong ea lona ho Charter for Action. Hape lipalo-palo li bontša hore karolo ea 90 lekholong ea mafu a kankere ea matšoafo Brithani, le karolo ea boraro ea mafu a mefuta e meng ea kankere, e ka jarisoa temallo ea ho tsuba. Molao o mocha o entsoe ka sepheo sa ho thibela bacha ho fetoha makhoba a mekotlana e mecha ea koae e buelloang haholo. Brithani, thekiso ea litlhahisoa tsa koae ho bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 16 e fihla ho limillione tse 90 tsa liponto (limillione tse 281 tsa liranta) ka selemo.
Na ba Fanang ka Litho Tsa Bona B’a Phela?
Lingaka tse ngata li se li belaela haholo taba ea hore na e be liphofu tsa likotsi tsa mebileng “tse fanang ka litho tsa tsona hore li ntšuoe ke lingaka bakeng sa ho sebelisoa ho batho ba bang kamor’a hore li boleloe li shoele empa lipelo tsa tsona li sa ntse li uba” li shoele eleruri, ho beha The Sunday Times ea London. Lingaka tse nyatsang ho fanoa ha ‘pelo e ubang’ li bontša hore liteko tse sebelisoang ho ahlola lefu mabakeng ao “li bontša hore ho na le liphoso tse khōlō.” Hobane’ng? Peho eo e bontša hore setopo seo setho se ntšuoang ho sona hangata sea sisinyeha nakong eo ngaka e buoang. “Maoto a arabela ka ho itšireletsa, ’me mesifa ea mala e-ea funyela, hoo ho sitisa mosebetsi oa ho buoa. . . . Khatello ea mali ea ea fanang ka setho e’a nyoloha hammoho le ho uba ha pelo . . . , matšoao a bontšang . . . hore mokuli o utloa bohloko ho buoeng ho tloaelehileng,” ho hlokomelisitse Times. Ha ngaka e ’ngoe e bolela ho ameha ha eona ka tseko ena, e itse: “Ho bonahala ho na le phapano e khōlō pakeng tsa ho bitsoang lefu la boko le lefu la ’mele. . . . ’Nete ke hore ha ba batla litho tsa hao . . . ba seha tse ling ha u e-s’o shoe ’me hoo kea ho utloisisa.”
Thero ea Malapa Chaena
Ka mashome a lilemo Chaena e ile ea nka mehato e tiileng ho theola ho tsoaloa ha bana naheng. Ho ea ka koranta ea letsatsi le letsatsi ea Fora Le Figaro, molao oa ngoana a le mong lelapeng “o lekane empa o na le tšobotsi e ’ngoe e tšosang. . . . Ho ea ka moetlo, malapa a Machaena a lokela ho ba le ngoana oa moshemane. Ka hona bana ba banana ba amoheloa ka matsoho a batang, hobane banyalani ba fumana ho le thata ho amohela mojalefa oa ngoanana.” Linaheng tse ngata, phuputso ea masea a 1 000 e bontša hore ho belehoa palo e batlang e lekana ea bana ba bashemane le banana. Leha ho le joalo, Chaena “har’a masea a 1 000 a belehuoang [a ngolisoa libeke tse ’nè hamorao], ho fumanoa hore ho na le bashemane ba 660 ha banana ba le 340.” Ke eng se ikarabellang ka phapang eo? Le Figaro e re: “Ho bonahala ho tiile hore masea a limillione a lahluoa selemo le selemo.”