Leqephe la Bobeli
Ho na le phapang e khōlō litšebeletsong tsa bophelo bo botle ba ’mele tse fumanehang lefatšeng ka bophara. Libakeng tse ling litšebeletso tsena li ngata haholo ’me ke tsa bohlale bo phahameng. Likarolong tse ling tsa lefatše litšebeletso tsa meriana li hlōleha ho finyella litlhoko tsa motheo, kapa ha li teng ho hang. Esita leha litšebeletso tsa bophelo bo botle li tsoetse pele ka ho babatsehang, li sa ntse li hlōleha ho thibela mafu esita le ho a phekola.
Na litšebeletso tsa motheo tsa bophelo bo botle ba ’mele li tla fumaneha bakeng sa bohle nakong e haufi e tlang? Ke tšepo efe e teng bakeng sa phekolo e phethahetseng le thibelo e feletseng ea mafu ’ohle?
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng leqepheng la 2]
Sepetlele se Seholo sa Washington, D.C.
Foto ea WHO/UNICEF