Bosodoma le Baruti
Na ho hlile ho na le kamano ea sebele? Makasine o hlomphuoang haholo The Atlantic Monthly oa hlokomela: “Lingaka tse sebetsanang le mafu a tšoaetsanang ka likamano tsa botona le botšehali, ke khale li le seli ka palo e phahameng ea basodoma har’a baprista ba K’hatholike. Ho ea ka mantsoe a ngaka e ’ngoe, ‘’Na le batsamaisi ba bangata ba bophelo ba sechaba bao ke buisaneng le bona, re lekanya hore metseng ea rōna karolo ea boraro ea baprista ba K’hatholike ba ka tlaase ho lilemo tse mashome a mane a metso e mehlano ke basodoma, ’me bongata ba bona ba kopanela liphate. Ba atisa ho robala le batho ba sele, ba sa khethoe, kotsi e khōlōhali.’”—Tlhakola 1987, leqephe 48.
Ho thoe’ng ka bosodoma le baruti ba malumeli a mang? Kamor’a hore The New York Times e tlalehe haholo ka AIDS har’a baprista ba K’hatholike, e hlokometse hore lefu lena le hōlisoa haholo ke basodoma: “AIDS e tšoaelitse Maamerika a mangata, ho kopanyeletsa le baruti, baprista ba Episcopale, baruti ba Baptiste le ba bang.”