Leqephe la Bobeli
Ho lekanyetsoa hore ho tloha ka 1970 ho ea ho 1980 palo ea batho ba lapileng lefatšeng e eketsehile ka hoo e batlang e le limilione tse 1,5 ka selemo. Empa lilemo tse qalang tsa bo-1980 li bile le keketseho e makatsang ea batho ba lapileng ba batlang ba e-ba limillione tse 8 ka selemo, ho fihla ho limillione tse 512 ka 1985—ho sa tsotellehe tšepiso ea Mokhatlo oa Lefatše oa Lijo oa Machaba a Kopaneng morao ka 1974 ea ho felisa tlala ea lefatše nakong ea lilemo tse leshome.
Hona joale, mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho o nkuoa e le tharollo—o kopanyeletsa likereke ntoeng ea lipolotiki le khahisano bakeng sa ho felisa lisosa tsa bofutsana.
Tokollo ea rōna ea August 8, 1987, e hlalositse ka bokhutšoanyane se finyelletsoeng ke mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho bofutsaneng ba linaha tse fokolang moruong. Tokollong ena, mongolli oa Tsoha! Mexico o tsoela pele ho hlahloba potso ea hore ebe mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho ka sebele o ka thusa bahloki.