Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 12/8 maq. 15-17
  • Na ho ba Motsoalle oa Molimo ho a Tsotelleha?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho ba Motsoalle oa Molimo ho a Tsotelleha?
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Sebetsana le Khatello
  • Litekanyetso tse Phahameng tsa Boitšoaro
  • Ha bo Teko e ka Holimo ho Matla a Motho
  • Bokamoso bo Khanyang!
  • Molimo o U Mema Hore U be Motsoalle oa Hae
    U ka ba Motsoalle oa Molimo!
  • Na ke Lokela ho Bolela ha Motsoalle oa ka a Entse Phoso?
    Tsoha!—2008
  • U ka ba Motsoalle oa Jehova
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Ke Hobane’ng ha Motsoalle oa ka oa Hlooho ea Khomo a Falletse?
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 12/8 maq. 15-17

Bacha Baa Botsa . . .

Na ho ba Motsoalle oa Molimo ho a Tsotelleha?

MOTSOALLE ke motho ea khethehileng. Bibele e hlalosa motsoalle oa ’nete e le ea khomarelang ho feta ngoan’abo motho, ea tsitsitseng botšepehi le botsoalleng ba hae, ea thusang motsoalle oa hae nakong ea tsieleho, le ho mo fa keletso ka botšepehi. (Liproverbia 17:17; 18:24; 27:6, 9) Na ho ka ba le kamano e molemonyana ho feta ena?

Bacha ba bangata ba lumela ka botšepehi hore ho ba motsoalle oa Molimo ho fana ka ho eketsehileng. Leha ho le joalo, mohlomong u lumellana le ba bang ba ikutloang hore kamano e joalo le Molimo e ke ke ea etsahala. Ba ka ’na ba re: ‘Batho ba bangata ba bolela hore ba lumela ho Molimo, empa le balumeli ba ntse ba tšoenyeha le ho phela joaloka ba sa lumeleng ho oona.’

Kahoo, phapang ke efe? Na hoa tsotelleha ho atamela haufi le Molimo? Na ho ba motsoalle oa Molimo ho ruisa molemo o itseng? Liphihlelo tsa bacha ba bang ba ka tlaase ho lilemo tse 20 kajeno li bontšitse hore melemo ea ho ba haufi le Molimo ke e ikhethang ’me e feta botsoalle bo atamelaneng boo u ka bo holisang le motsoalle leha e le ofe. Joang?

Ho Sebetsana le Khatello

Bacha ba bang, bao hona joale ba phehellang kamano e tebileng le Molimo, ba bolela hore ho ba motsoalle oa Molimo ho ba thusitse ho thibela maikutlo a ho hloka botsoalle. Virginia ea lilemo li 18, ea neng a anngoe ka ho teba ke ho arohana ha batsoali ba hae, o itse: “Ke ne ke boloketse ntate sekhopi. Ke ne ke halefile kamehla. Ka lebaka leo, ka qala ho hloea batho ba bang. Ke ne ke leka ho etsa hore metsoalle ea ka e ikutloe e sa thaba. Ke ne ke batla, hore ba bang ba utloe bohloko boo ke bo utloang!”

Hona joale, kamor’a hore Virginia a ithute Lentsoe la Molimo, o lumela ka thabo: “Ke fetohile haholo hakaakang! Ha ke sa nyatsa Ntate hohang. Ke hlokometse hore e mpa e le mohlaseluoa oa tsamaiso e bolileng e tšehelitsoeng ke Satane Diabolose. Kea mo hlompha ’me hona joale ke mamella e mong le e mong hamolemo.” E, tsebo ea Bibele e thusa bacha ba kang Virginia ho utloisisa ntho e bakang lipelaelo tsa kajeno le ho ithuta kamoo ba ka li mamellang.

Ho ba haufi le Molimo ho ka u thusa ho sebetsana le khatello e bonahalang e ke ke ea hlōloa. Juana ke ngoanana ea lilemo li 19 eo ntat’ae e leng lekhoba la joala. Oa bolela: “Ka linako tse ling Ntate o fihla hae a tahiloe ’me a re otle.” O mamella boemo bona joang? “Ha ke Ikutloa ke tepelletse maikutlong, kea tseba hore nka atamela Jehova Molimo ka thapelo ’me ke ikutloe ke matlafetse.” Ho tseba Molimo le ho etsisa litšoaneleho tsa oona tse ntle—tse kang mosa le mamello—ho thusitse Juana ho ithuta kamoo a ka sebetsanang le ntat’ae.—Ba-Galata 5:22, 23.

Kamehla ho ke ke ha e-ba bonolo ho hlompha batsoali ba hao le ho ba nea tlotla e loketseng. Empa se thusang ke hore u kholisehe ka matla a Lentsoe la Molimo, Bibele. Moapostola Johanne o bolela hore “bacha” ba leng matla moeeng ka phuthehong bao a ba ngoletseng “ba hlōtse e mobe” hobane ‘lentsoe la Molimo le lutse ho bona.’ (1 Johanne 2:14) Ka lebaka leo, keletso ea Bibele e kang e latelang e thusitse bacha ba kang Juana le Virginia: “Leha re sejoa, re hlonolofatsa ba bang; leha re hlorisoa, re mameletse. Leha re nyefoloa, re a rapela.”—1 Ba-Korinthe 4:12, 13.

Hape, moapostola Petrose o bolela hore mohlala o motle—‘boitšoaro bo hloekileng le hlomphe e tebileng’—o ka hapa ba le hatellang. (1 Petrose 3:1, 2, NW) Leha Petrose a ne a lebisitse mantsoe ana ho basali ba Bakreste, le uena u ka fumana molemo keletsong ena.

Ho hlakile hore hase kamehla ho leng bonolo ho emela khatello, empa ho tšollela pelo ea hao ho Jehova ka thapelo e susumelitsoeng hantle ho ka kokobetsa ho tepella maikutlong. Ho khatholla hakaakang ho tseba hore Jehova o batla ho thusa ’me o na le matla a ho “etsa ho fetang seo le ka mohla re ka se kōpang, kapa le ho se nahana”! (Ba-Efese 3:20, Today’s English Version; Jeremia 9:24) Ho feta moo, Bibele e re tiisetsa hore Molimo ‘ha o hōle ho e mong le e mong oa rōna.’ (Liketso 17:27) E, u ka ba le motsoalle ea fumanehang kamehla.

Litekanyetso tse Phahameng tsa Boitšoaro

Ho ba motsoalle oa Molimo ho thusitse bacha ho hlaolela litekanyetso tse phahameng haholoanyane tsa boitšoaro tse tlisang khotsofalo le khotso ea kelello. (Mattheu 6:13; Pesaleme ea 141:3, 4) Sofia ea lilemo li 16 o lumela hore o ile a kopanela liphate le moshemane ha a ne a le lilemo li 14 feela. Ha a sheba morao, Sofia o a bolela: “Ebile feela kamor’a hore ke ithute Bibele ke ileng ka etsa qeto ea ho emisa ho laetsa-na le eena.” Ho tloha nakong eo, o ile a hana boitšoaro bo bobe le ho bolela hore tsebo ea Bibele e sirelelitse kamano ea hae le Jehova.

Ho kopanela liphate pele ho lenyalo ho tloaelehile likarolong tse ngata tsa lefatše. Mexico feela, ho boleloa hore karolo ea 90 lekholong ea bacha e bile le likamano tsa liphate pele ho lenyalo! Ka lebaka leo, bacha ba bangata ba kotutse litholoana tsa hoo, tse kang lenyalo la pele ho nako le ho pepela matšeong. Ka selemo se le seng feela, banana ba ka tlaase ho lilemo li 20 ba bile le bana ba fetang millione Mexico!

Kajeno, ho na le khatello e matla ea ho kopanela liphate lilemong tsa bocha. Empa ho e-na le hore feela u kopanela boitšoarong bo bobe ba liphate, ke hobane’ng ha u sa hlahlobe liphello pele? Ka ntle ho liphello tsa hang-hang ’meleng, nahana kamoo Molimo o amehang kateng ha re tlōla molao oa oona. Satane o phephelitse Molimo, ka ho bolela hore ka tlas’a teko batho ba ke ke ba tšepahala ho Oona. Kahoo, Jehova oa phehella: “Mora oa ka, hlalefa, u nthabise pelo, ’me ke tla ba le puo ho fetola ba nkomanyang.” (Liproverbia 27:11) Nahana ka hona: Na u tla tlōla molao oa Molimo ’me u thabise Satane le ho soabisa Molimo?—Bapisa Pesaleme ea 78:38-41.

Tšireletso e khōlōhali khahlanong le boitšoaro bo bobe ke hore u hōlise kamano ea botho e haufi-ufi le Jehova.

Ha bo Teko e ka Holimo ho Matla a Motho

Ka lehlakoreng le leng, bacha ba bang ba tsila-tsila ka ho etsa botsoalle le Molimo. “Ke tšaba haholo,” ho bolela ngoanana ea lilemo li 14, “hore ha ke amohela Molimo, o tla ntaola ka ho feletseng. Ke rata ho itaola, empa ke batla ho bula pelo ea ka. Ke hlile ke ferekane. Ke batla feela ho ithuta le ho qalisa butle. Ke ikutloa eka ha nka potlaka, ke tla tšoha ’me ka tlohela.” Na u ikutloa joalo?

Haeba ho joalo, u ka tšelisoa ke ’nete ea hore Molimo o tla u thusa ho feta bothateng leha e le bofe bophelong. “Hase teko e ka holimo ho matla a motho eo le bileng le eona,” ho bolela Bibele. “’Me ho ka tšepjoa hore Molimo o ke ke oa lumella hore le lekoe ka nģane ho matla a lōna, empa ha teko e tla, o tla le fa tsela ea ho feta ho eona, e le hore le ka e mamella.” (1 Ba-Korinthe 10:13, An American Translation) Ke eng hape seo u ka se kōpang?

Empa u ke ke ua rapella thuso eaba u bala libuka tsa boitšoaro bo bobe, ua ea libaesekopong tse bontšang boitšoaro bo bobe, kapa ua nahana ka setšoantšo sa boitšoaro bo bobe ka kelellong kapa ua bapala ka litaba tsa lerato le e mong e motona kapa e motšehali. Le hoja thapelo e e-na le bohlokoa bo boholo—joalo feela ka ha puisano e le ea bohlokoa kamanong leha e le efe ea botho—u lokela ho sebeletsa seo u se kōpang ka thapelo!—Luka 11:9, 13.

Bokamoso bo Khanyang!

Leha ho le joalo, u lokela ho etsa ho hong—boiteko bo kopanyeletsoang ho boloka setsoalle sa hao le Molimo—bo bonyenyane haholo ha ho bapisoa le mahlohonolo a mangata a kamoso ao Molimo o a tšepisang. Noe ea lilemo li 17 o re: “Jehova o re fa bokamoso bo khanyang: Bophelo thabong e sa feleng paradeiseng lefatšeng! Hona ke ho hong hoo ho seng motho ea ka fanang ka hona!”

Lentsoe la Molimo le tšepisa hore “ho se ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo . . . ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlōla ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:10, 29) Joale ka Mofani ea mosa oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e ntle, leha e le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethehileng,” Jehova o thabela ho putsa Lipaki tsa hae tse tšepahalang tsa bacha ka mahlohonolo.—Jakobo 1:5, 17; Pesaleme ea 35:27; 84:11, 12; 149:4.

Kahoo, ho ba motsoalle oa Molimo ho hlile hoa tsotelleha. Molimo oa u tsotella. Ha u e-na le bothata, o batla ho u thusa. O fumaneha kamehla. O na le matla a ho u thusa ka bothata leha e le bofe bophelong. ’Me ke Jehova feela ea ka o fang bophelo bo sa feleng—lefa le lekanyelitsoeng metsoalle ea Molimo feela.—Tšenolo 21:3, 4; Mattheu 25:46.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

“Abrahama o ne a bitsoa ‘Motsoalle oa Jehova.’ Jesu o bitsitse balateli ba hae ‘Metsoalle ea ka.’ . . . Kahoo, le ’na nka ba motsoalle oa bona!”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela