Leqephe la Bobeli
“Khanna ka polokeho!”
Sena se buuoe hangata hakaakang ho litho tsa lelapa tse tsamaeang kapa baeti! Ke khopotso e molemo. Ho khanna ho ka ba kotsi. Ho na le mabaka a mangata a amehang hore u fihle moo u eang teng u bolokehile, selemo ka seng batho ba limillione ha ba fihle moo ba eang.
Na ho na le ho ka etsoang ho ntlafatsa polokeho ho khanneng? Mongolli oa Tsoha! Brithani o hlahloba boemo bona linaheng tse ngatanyana ’me o fana ka keletso e utloahalang ho thusa bakhanni ba likoloi hore ba khanne ka mokhoa o tla boloka bophelo ba bona le ba ba bang.