Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 3/8 leq. 20
  • Na Bolumeli ba Hao bo Lokile ho Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bolumeli ba Hao bo Lokile ho Molimo?
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na “Melimo” e Mengata le “Marena” a Mangata?
  • “Molimo o le Mong le Ntate”
  • Litholoana li Khetholla Bolumeli ba ’Nete
  • Mantsoe a Loantšana le Liketso
  • Ba Fumane Karabo
  • Na Malumeli a Lefatše a Fana ka Ketello Pele e Nepahetseng?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Ke Hobane’ng ha u Lokela ho Thahasella Malumeli a Mang?
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Borapeli Boo Molimo a bo Amohelang
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Bolumeli
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 3/8 leq. 20

Pono ea Bibele

Na Bolumeli ba Hao bo Lokile ho Molimo?

“MONA e mong le e mong a ka bolokeha ka tsela eo a ikhethelang eona,” ho ithorisitse joalo Frederick e Moholo oa Prussia mabapi le tokoloho ea bolumeli naheng ea hae. Joale, lilemo tse makholo a mabeli hamorao, Majeremane a qotsa mantsoe a hae joaloka ha e ka e ne e le Mangolo a Halalelang, ho paka hore malumeli ’ohle e mpa e le feela litsela tse sa tšoaneng tsa ho atamela Molimo o tšoanang.

Ba phea khang ka hore, ‘ho sa tsotellehe hoo, ho na le Molimo o le mong feela, na ha ho joalo?’ Empa haeba ho joalo, ke hobane’ng ha litsela tsena tse sa tšoaneng tseo ho nahanoang hore li leba ho Molimo o le mong li ruta lithuto tse hanyetsanang ka oona? Sena se lumellana joang le ho ba ha oona “Molimo, e seng oa moferefere, empa oa khotso”?—1 Ba-Korinthe 14:33, NW.

Na “Melimo” e Mengata le “Marena” a Mangata?

Ke ’nete, moapostola oa Mokreste Pauluse o itse: “Rea tseba hore . . . ha ho Molimo o mong, ha e se o le mong feela.” Empa hlokomela tlhaloso ea hae: “Hobane leha ho le ba bitsoang melimo maholimong le lefatšeng—ho batho melimo e fela e le mengata, le marena a mangata leha ho le joalo, ho rōna Molimo o mong feela, e leng Ntat’a rōna.” (1 Ba-Korinthe 8:4-6) Ka ho hlakileng, taba ea Pauluse ke hore batho ba bang ba rapela melimo e sa pheleng. Empa Bakreste ba tseba Molimo o le mong feela o lokeloang ke borapeli, oo ‘lebitso la oona e leng Jehova.’—Pesaleme ea 83:18.

“Molimo o le Mong le Ntate”

Ntate oa motho ea thahasellang bophelo bo botle ba bana ba hae le ea ratang ho ba sireletsa kotsing o ba behela melao e ba tataisang le metheo eo ba lokelang ho e latela. Leha ka lerato a nahanela litlhoko tsa bona ka bomong le mefokolo ea bona, o batla hore kaofela ba mamele melao e tšoanang.

Le hoja a talima motho e mong le e mong e le ea fapaneng, Ntate oa leholimo oa batho o hloka hore libōpuoa tsohle tsa hae li mamele melao e tšoanang ’me li phele ka melao-metheo e tšoanang. ’Me melao-metheo ena ha e fapane ho ea ka batho kapa naha. Hape, haeba ke sebe hore Mok’hatholike a ntše mpa, na e lokela ho ba taba e fapaneng ho setho sa kereke e sa khomareleng melao haholo sa Protestanta? Kapa haeba ke sebe hore Moamerika ea khomarelang melao ea kereke a noe lino tse tahang, na e lokela ho ba ntho e fapaneng ho Mok’hatholike oa Europa ea noang biri kapa veine le lijo?

Litholoana li Khetholla Bolumeli ba ’Nete

Kamor’a hore ’muso o ka leboea oa Iseraele oa meloko e leshome o hapuoe ke Assyria lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., batho ba tsoang likarolong tse fapaneng tsa ’muso oa Assyria ba ile ba isoa Samaria. Baahi bana ba bacha ba ile ba tsoela pele ho “etsa ka ho latela malumeli a bona a pele.” Empa na malumeli ana e ne e le litsela tse fapaneng tsa ho atamela Molimo oa ’nete Jehova? Che, hobane temana ka ho hlakileng e re: “Ho ne ho se ea tšabang Jehova le ea latelang melao ea hae le likahlolo tsa hae.”—2 Marena 17:34, NW.

Ka ho utloahalang, malumeli a hlokomolohang melao ea Molimo ha a khahlise Molimo. Sena se kopanyelletsa molao-motheo o boletsoeng ke Jesu: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” Ho tla joang hore bolumeli bo emele “Molimo [eo] e leng lerato” haeba litho tsa bona li se na tholoana ena e khethollang bolumeli ba ’nete?—Johanne 13:35; 1 Johanne 4:8.

Bolumeli bo hlileng bo emelang Molimo o le mong oa ’nete bo lokela ho hlahisa batho ba tšoanang le oona: ba lerato, ba thabileng, ba nang le khotso, ba nang le mamello, ba mosa, ba lokileng, ba pelo e nolo, le ba nang le boitšoaro. (Ba-Galata 5:22, 23) Bo lokela ho hlahisa batho ba nang le tumelo e matla ba tšehetsang ka matla litekanyetso tsa boitšoaro. Ha Jesu a sebelisa mohlala oa sefate o itse: “Le tla ba tseba ka ho bea ha bona.” ‘Ke feela ba etsang thato ea Molimo ba ka kenang ’musong oa maholimo.’ Haeba bolumeli bo hlahisa batho ba beang litholoana tse mpe, ke eng se bo buellang e le bo lokileng?—Mattheu 7:16-23.

Ipotse: Malumeli a mangata a ruta hore ho phoso ho bolaea, empa litho tsa oona li etsa eng nakong ea ntoa? Malumeli a mangata a ruta hore lenyalo ke tokisetso e halalelang, empa litho tsa oona li na le tlaleho efe mabapi le tlhalo le ho kopanela liphate pele ho lenyalo le bofebe?

Mantsoe a Loantšana le Liketso

Ka 1982 moprofesara oa mahlale a tlhaho univesithing ea Europa Bochabela o ile a bua mantsoe ana kamor’a hore e be e mong oa Lipaki tsa Jehova: “Ke hlokometse hore ho na le mokhatlo o le mong feela oa bolumeli lefatšeng o tsebang ho hlalosa ka ho hlakileng tokoloho e sehetsoeng meeli. Se ileng sa nkholisa ka ho khethehileng ha ke ntse ke ithuta le Lipaki tsa Jehova ke ’nete ea hore mokhatlo ona o na le matla a ho lebela hore litho tsa oona li lule ka har’a meeli ena.”

Na malumeli a mang a ka bolela joalo? Ka mohlala, ha Mopapa John Paul II a fana ka molaetsa oa Keresemose ka 1986, o boletse ka ho felisoa ha lehloeo, a bolela hore “ke lerato feela le ka fetolang sebōpeho sa lefatše la rōna.” Empa Kereke e K’hatholike e atlehile hakae ho phetha sena ka har’a litho tsa eona? ’Me haeba malumeli ’ohle e mpa e le feela litsela tse sa tšoaneng tse lebisang ho “Molimo oa khotso” ke hobane’ng ha ho fumanoa khotso e fokolang hakaale har’a litho tsa oona?—Ba-Filippi 4:9.

Ba Fumane Karabo

Kurt o ile a nyahamisoa ke bolumeli ba hae kahobane “bo ne bo lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe ’me bo hlokomoloha boithuto bo tebileng ba Lentsoe la Molimo.” Dieter o ile a tšoha ha a fumana hore moruti oa hae ha a lumele Bibele. Gunter o ile a utloisisa hore “ho sebeletsa Molimo ho lokela ho kopanyeletsa ho fetang feela ho mamela lipolelo tsa moruti le ho bina lifela.” Ka boraro ba bona ba se ba fumane khotsofalo ka ho kopanela lenaneong le leholo la koetliso ea Bibele le tsamaisoang ke Lipaki tsa Jehova.

U se ke ua lumella monahano oa lefatše ho u lahla ka ho lumela hore ‘e mong le e mong o tla bolokeha ka tsela eo a ikhethelang eona.’ Thuto ea Bibele e tla u thusa ho ithuta ho eketsehileng ka Jehova, Molimo o le mong oa ’nete, le Jesu Kreste, Mora oa hae. E boetse e tla u lebisa bolumeling bo le bong ba ’nete bo Mo emelang hantle.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela