Lintšing Tsa Lefu
HA KE sheba mosali oa ka, Bonnie, a robetse betheng ea sepetlele, ho ne ho se letho leo nka le etsang ha e se feela ho nahana kamoo ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahetseng kapele kateng. O ne a koetsoe mahlo ka lesela hoo le ho panya feela ho neng ho ke ke ha qetella matlanyana a setseng ’meleng oa hae. Letlalo la hae le ne le le lesoeu joaloka lehloa. Hoseng ha tsatsi leo ngaka e ne e itse, “Ruri kajeno o tla shoa.” E mong oa baoki o ne a itse, “A ke ke a phela ho fihlela motšehare.”
Ke hobane’ng ha Bonnie a ne a le boemong bo hlokang tšepo hakaana? Ke joang tlhohonolofatso ea ho ba le lesea le lecha e ka fetohang tšokelo bophelong ba hae? E re ke phete liketsahalo tse lebisitseng boemong bo lekang hakaana ba mosali oa ka.
Ha Bonnie a utloa hore o ithoetse hape, re ne re thabile empa hape re tšohile. Re ne re tšohile hobane morali oa rōna ea lilemo li leshome, Ashley, o belehuoe ka ho buuoa le hobane Bonnie o ile a senyeheloa habeli ho tloha nakong eo. Ho kopanyelletsa mabakeng ana a khathatsang ho ne ho ka etsahala hore taba ea ho tšela mali e phahame. Re kholisehile hore ’Mōpi oa rōna o tseba hamolemo ha a eletsa ho Liketso 15:29, ‘Le tele . . . mali.’
Boemo bo Hlobaetsang ba Tšohanyetso
E ne e le libeke tse hlano pele Bonnie a beleha ha re rera ho qeta motšehare oa Moqebelo, Tlhakola 28, 1987, serapeng sa liphoofolo sa San Diego. Re ne re sa hlokomele hakaalo hore nakong e ka tlase ho lihora tse 24, lesea le tla fihla. E, hoseng ha letsatsi le latelang maikutlo a rōna a khanyang a ile a fifatsoa ke ha Bonnie a tsoha a tsoa mali. Re ile ra bitsa ngaka hang-hang, ’me metsotsong e seng mekae re ne re le tseleng e eang sepetlele.
Ngaka e ne e hlokomela boemo ba rōna mabapi le ho tšela mali, ’me ka baka leo, ea rera ho etsa tšebetso ea ho buuoa le ho ntša lesea hang-hang. Re ile ra ea kamoreng ea ho bueloa moo, ka nako e khutšoaane, ngaka e ileng ea fa mooki lesea la rōna le lecha la ngoanana. Mooki o ile a bontša Bonnie moralinyana oa rōna, eaba o mo isa kamoreng ea bana. Ke ile ka laeloa ho ea kamoreng ea baeti le hore kamor’a halofo ea hora ke tla tseba ho buisana le mosali oa ka kamoreng eo batho ba isoang ho eona kamor’a ho buuoa.
Khabareng, metsoalle e meng ea rōna e ne e bokane ka kamoreng ea baeti ea sepetlele, kahoo ka nahana hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tsoela pele hantle ’me ka e tsebisa ka ho hlaha ha moralinyana oa rōna e mocha. Seo ke sa kang ka se lemoha ke hore nakong ea ho buoa, ngaka e ile ea hlokomela hore Bonnie o lokela ho ntšoa pōpelo. Lihora tse ka bang peli hamorao, ngaka e ile ea tla ’me ea ntsebisa se etsahetseng. Ea hlalosa hore ha ho itšohlolla ho qaleha, motsoako oa Bonnie oa hemoglobin e ne e le 12,5 empa joale o theohetse ho 6, 1. O ne a nkuoa a le boemong bo kotsi haholo, empa ngaka ea nahana hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tla khutlela malulong. Leha ho le joalo, kapele mathata a qala ho eketseha.
Metsotsong e 15 feela kamor’a hore ke buisane le ngaka, lebitso la ka le ile la hoeletsoa ka libuela-hōle hore ke tle kamoreng ea bana. Ha ke fihla, ke ile ka tsebisoa hore methapo ea pelo ea morali oa rōna ha e sebetse hantle le hore ha a sa tseba ho hema. Ngoana o ile a tsosoa le ho pompeloa oxygen empa joale o ne a tla hloka ho etsoa liteko tse ngata, tseo tse ling tsa tsona li neng li tla ba boima haholo. Ke ile ka lokela ho saena tumello ea hore ba mo etse liteko ’me ka nako e tšoanang le ho bolela hore ba se ke ba mo tšela mali.
Qetellong, kamor’a lihora tse seng kae, ke ile ka ea ho bona mosali oa ka le ho buisana le eena. O ne a hlaphohetsoe ’me a le boemong bo tsitsitseng. Kaofela re ne re leboha Jehova hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tsamaile hantle. Ha kea ka ka mo bolella ka mathata a hlahetseng lesea hobane ke ne ke sa batle ho mo ferekanya.
Boemo ba Bonnie boa Mpefala
Hamorao hona letsatsing leo la Sontaha, boemo ba Bonnie ba mpefala. Ha ba hlahloba mali a hae hape, motsoako oa hemoglobin o ne o theohetse ho 2, 5. Mali a hae a ne a tsoela ka hare! Joale khatello ea hae ea mali ea theoha, matšoao ’ohle a bohlokoa a ne a fokola, ’me a tlameha ho hemisoa ka mechine. Hoseng ha ’Mantaha, Bonnie o ne a ferekane ’me ka linako tse ling a lahleheloa ke kelello. Ngaka e ’nile ea batla likeletso ho lingaka tse khethehileng bosiu bohle. Ea ba ea etsa lipatlisiso ka tšebeliso ea mali a maiketsetso. Ho ile ha fihleloa qeto ea hore phekolo feela e ka etsahalang e ka bolokang bophelo ba hae ke hore a kenngoe kamoreng e nang le mechine e fepelang oxygen.
Makasine oa Tsoha! oa May 22, 1979, o hlalosa phekolo ena e le e fepelang ’mele ka oxygen e ngata ka khatello e phahameng ho feta e teng moeeng. Khatello e phahamisitsoeng e qhibilihisa oxygen e liseleng tsa ’mele ka matla a fetang a tloaelehileng. Kamoreng ena ho sebelisetsoa ho phekola batho ba lahlehetsoe ke mali, ba cheleng haholo, le ba nang le mafu a tšoaetsang a mabe. Bonnie o ile a tlameha ho nkeloa Setsing sa Meriana sa Long Beach Memorial, se nang le likamore tse nang le mechine e fepelang oxygen le litsebi tse rupeletsoeng ho e sebelisa.
Ka nako ena Bonnie o ne a le boemong bo bobe haholo hoo a neng a sa tsebe ho tsamaisoa ka ambulanse ho ea sepetlele sebaka sa metsotso e 30. Kahoo, ha lokisetsoa hore o tla tsamaisoa ka sefofane, se neng se tla nka metsotso e mene feela. Mooki eo e neng e le setho sa basebetsi ba meriana ka sefofaneng, kamor’a hore a letsetse sepetlele le ho utloa hore motsoako oa Bonnie oa hemoglobin o theohetse ho 2, 2, a arabela: “Ha ke kholoe. A ka be a shoele!”
Liphekolo tsa mechine e fepelang oxygen li ile tsa qalisoa bosiung ba ’Mantaha ’me tsa tsoela pele bosiu bohle, o ne a kena ka kamoreng ka hora le halofo ’me a tsoe ka lihora tse peli le halofo. Liphekolo tse peli tsa pele li ile tsa bonahala li tsosolosa Bonnie le ho mo fa matla. Empa bonyenyane ba sebaka sa mochine ona oo a kentsoeng ho oona ba qala ho mo tšoenya. Mochine ona o kentsoe sebuela-hōle, kahoo ke ile ka se sebelisa ho mo kokobetsa. Ka ho mo bolella ka lefatše la Paradeise leo Bibele e buang ka lona ho Tšenolo 21 le Esaia likhaolo 35 le 65 le ho mo hopotsa ka tlhokomelo e lerato ea Jehova, ke ile ka nolofalloa ho etsa hore a khutse haholoanyane ka mochineng.
Khatello ea ho Amohela Mali
Hoseng ha Labobeli ngaka e ile ea tla ho ’na ’me ea mpotsa hore na nka se nahanisise hape ka boemo ba ka ka mali. E ile ea mpolella hore ho na le lero le lepinki le tsoang moo Bonnie a builoeng le bontšang hore o sa ntsane a tsoa mali. Qeto ea rōna e ne e tiile, e seng mali, bophelo kapa lefu. Litekanyetso tse lokileng tsa Jehova ha lia lokeloa ho tlōloa. Kahoo ngaka ea bolela hore e tla thiba leqeba ka motsoako o khomarelang o entsoeng ka lekoeba. Ha bonahala o sebetsa.
Ka nako ena ba bang ba beng ka rōna bao e seng Lipaki tsa Jehova ba ne ba re hatelletse hore re lumele tšelo ea mali. Hona ho ne ho utloahala hobane ngaka e ’ngoe le e ’ngoe e neng e ameha e ne e bua ntho e tšoanang: “Ho boloka bophelo ba hae, seo le lokelang ho se etsa feela ke ho ntumella hore ke mo tšele mali.” Setho se seng sa lelapa se ile sa qala ho batla ka mafolofolo litsela tsa ho qobella tšelo ea mali, ka ho ikopanya le sepolesa, ’muelli oa molao, ekasitana le ba likoranta.
Ka nako ena ba boholong ba sepetlele ba ne ba amehile ka hore taba ena e lokela ho isoa lekhotleng la molao haeba Bonnie a sa phele ka lebaka la ho hana ho tšeloa mali. Ho ile ha etsoa seboka le mosebeletsi e mong oa sepetlele eo e leng Paki ea Jehova. O ile a buisana le batsamaisi ba sepetlele ka metsotso e 45 ka boemo ba Bibele ka mali. Ho bonahala a ile a ba khotsofatsa hobane ba ne ba lumela ho sebelisana ka ho feletseng le litakatso tsa rōna.
Monyakong oa Lefu
Khabareng, boemo ba Bonnie bo ile ba tsoela pele bo theoha haholo. Hoseng ha Laboraro o ne a lahleheloa ke kelello ka linako tsohle, ’me ho otla ha pelo ea hae ha ema ho 170, ha ho otla ho tloaelehileng e le 70. Khatello ea hae ea mali e ne e e-ea holimo le tlase. Motsoako oa hae oa hemoglobin e ne e le 2, 2, ’me hematocrit (tekanyetso ea lisele tse maling) e le 6. Ha tekanyetso e tloaelehileng e le 40-65.
Nke ke ka hlōla ke lebala hoseng hoo ha Laboraro. Lingaka tse neng li fana ka likeletso betheng ea Bonnie li ile tsa kōpa ho mpona. “Ke moo he,” tsa rialo. “Bitsa beng ka uena le metsoalle ea hae. Bonnie o tla shoa kajeno. Ha ho letho le leng leo re ka le etsang. O tla bolaoa ke lefu la tlhaselo ea pelo kapa sethoathoa. Ekasitana le ho tšela mali ho ke ke ha hlola ho thusa mothating ona. O se a le boemong bo kotsi haholo hore lintho tseo li ka mo thusa. Re beile melao ea ‘ho se mo tsosolose,’ re ke ke ra mo fa meriana kapa ra leka ho mo tsosa haeba khatello ea hae ea mali e theoha.”
Ho tloha nakong eo, ha lumelloa le bao e seng beng ka lelapa ho ’mona. Lipaki tse ngata tse neng li le teng ka kamoreng ea baeti li ile tsa lumelloa ho bona Bonnie pele a e-shoa. Kamor’a hore bohle ba mo lumelise, lingaka li ile tsa fokolisa matla a Bonnie ka sethethefatsi se bitsoang Pavulon. Sethethefatsi sena se etsa hore a se tsebe ho tsamaisa mosifa leha o le mong. Motho o tšoaroa ke boroko bo boholo. Bonnie o ile a bonahala eka o akhehile. Ngaka ea bolela hore ha a le boemong bona a ke ke a utloa bohloko haeba a ka hlaseloa ke pelo le hore o tla shoa hamonate. Ka nako ena o ne a koetsoe mahlo ka lesela hoo le ho panya feela ho neng ho ke ke ha qetella matlanyana a setseng ’meleng oa hae.
Ka lekhetlo la pele, ’na le morali oa ka Ashley re ile ra khutlela hae ho hloekisa ntlo le ho leka ho fumana boroko bo lekaneng. Hang feela ha re fihla, ra khumama le ho lla, re tšolella lipelo tsa rōna ho Jehova. Ho bonahala hohle moo re neng re retelehela teng, ntlo e re hopotsa Bonnie. Ha qala ho tetebela lipelong tsa rōna kamoo e neng e le ’mè le mosali ea molemo kateng. Re ile ra ba ra lokolisa lintho tseo Bonnie a re etselitseng tsona tseo joale re neng re tla lokela ho iketsetsa tsona. Re ne re tseba hore ho tšepahala ha rōna ho tla re tiisetsa hore re ’mone hape kamor’a hore Molimo o timetse tsamaiso ena ea khale le ho tlisa e ncha.
Mantsiboeeng a Laboraro re ile ra khutlela sepetlele, seo re neng re se etsa e ne e le ho leta, leha re sa ka ra leta nako e telele. Beng ka rōna le Lipaki ’moho ba ne ba le moo ka linako tsohle ho re tšelisa. Laboraro le ile la feta, empa basebetsi ba sepetlele ba tsota ho bona hore Bonnie o ne a ntse a phela. Hamorao thapameng eo, ngaka e ile ea tla ho ’na ’me ea mpolella hore e batla ho leka phekolo ea oxygen hape. Phekolo ena e ile ea tsoela pele bosiu bohle.
Boemo boa Ntlafala
Hoseng ha Labohlano, ke ne ke robetse ka kamoreng ea boikhathollo ha ke tsosoa ke lingaka tse peli. Li ile tsa ntiisetsa ka potlako hore li ntšoaretse litaba tse monate. Boemo ba Bonnie ha bo sa fetoha ho hang. “Ua tseba ke’ng? Ke nahana hore re hlile re na le lebaka la tšepo,” ha rialo ngaka e ’ngoe. “Haeba khatello ea hae ea mali e theoha, ho tla be ho loketse hore a fuoe meriana, kahoo ke se ke bile ke fetotse litaelo chateng ea hae. U lokela ho hopola hore re boemong bo sa tloaelehang mona hobane ha re e-s’o ka re ea bohōleng bona kantle ho tšebeliso ea mali.”
Bosiung ba Moqebelo ke ne ke le lehlakoreng la bethe ea Bonnie ke ena le mooki oa hae. Re ile ra maneha setšoantšo sa lesea la rōna le lecha ka holim’a hlooho ea Bonnie le hoja mahlo a hae a ne a ntse a koetsoe. Re entse sena hore ha mahlo a hae a buloa, ntho ea pele eo a tla e bona e be setšoantšo sa lesea la hae le lecha. Ho ne ho tšepjoa hore sena se ne se tla mo fa lebaka la ho tsoela pele a loanela ho phela. Ka tlas’a mabaka ana, ke ile ka bolella mooki hore hosane re ne re tla keteka selemo sa rōna sa bo18 re nyalane. Ha a utloa sena, o ile a phumola likeleli mahlong a hae.
Sontaha ebile letsatsi le letle hobane tekanyetso ea lisele tse maling a Bonnie e ile ea nyolohela ho 11, ’me o ile a ntšuoa Pavulon le ho tsosolosoa boemong bo fokolang boo a bileng ho bona ka matsatsi a mane. Empa ngaka e ile ea hlokomelisa: “U se ke ua tšepa haholo hobane lintho li ka ’na tsa fetoha. U ka thaba ha tekanyetso ea lisele tse maling a hae e ka nyolohela ho 20.”
Leha ho le joalo, tšepo ea ka ea eba matla. Ho bona mosali oa ka a butse mahlo ka lekhetlo la pele kamor’a matsatsi a mane ho ne ho le joaloka ha eka ke fuoe bophelo bo bocha. Bonnie o ne a sa tsebe ho bua hobane o ne a kentsoe mechine e mo thusang ho hema ’me a fokola haholo. Ke ile ka mo lakaletsa mahlohonolo a ho kena selemong se seng se secha sa lenyalo. O ne a khona ho tsamaisa molomo feela, empa lentsoe le sa tsoe. O ne a fokola hoo a neng a hlōloa le ke ho tšoara pene.
Mothating ona ho ile ha lokisetsoa hore lesea la rōna le lecha le tlisoe Long Beach Memorial hore Bonnie a bone ntho ea sebele e seng setšoantšo feela. Ha ngoana a fihla le ho kengoa kamoreng ea tlhokomelo e khethehileng, lingaka li ile tsa ’montša Bonnie. Li ile tsa bala menoana ea hae ea maoto le matsoho, ho bontša Bonnie likarolo tsohle tsa ’mele hore a kholisehe hore lesea la hae le ne le phetse hantle ’meleng. Ka leboha ha ngoana a folile.
Leha ho le joalo, ngaka e ne e nepile, ha e ne e re ke se ke ka potlakela ho thaba. Mathata a macha a phahama. Bonnie o ile a ba le maloetse a mefuta e ’meli a matšoafo, ’me letšoafo le ka lehlakoreng le letšehali la qala ho se sebetse hantle. Hape, litlhahlobo li ile tsa bontša hore o na le boloetse ba Legionnaire. Boloetse bo bong ba ana bo ka be bo ’molaile. Ke thaba ho bolela hore ha ho le bo bong ba oona bo entseng joalo. Ka lilemo tse 15 Bonnie o sebelelitse e le pula-maliboho, joaloka ha baseletsi ba nako e tletseng ba Lipaki tsa Jehova ba bitsoa. Kahoo ho tsamaea hoo a ho entseng tšebeletsong le lenaneo la kamehla la boikoetliso ba ’mele li mo bolokile a le boemong bo botle ba ’mele. Ha ho pelaelo hore tsena li mo tiisitse hore a pholohe phihlelo ena e bohloko.
Kamor’a hore a lahleheloe ke karolo ea 80 lekholong ea mali a hae, a qete matsatsi a 28 sepetlele (a 22 a oona a le tlhokomelong e khethehileng), le ho qeta makhetlo a 58 kamoreng ea ho fepela oxygen, qetellong Bonnie o ile a lokolloa sepetlele ho ea lapeng. Ka makalo, ngaka e ile ea khotsa: “O shebahala hantle haholo. Ke mohlolo, ke sohle seo nka se bolelang.”
Le hoja nako ena e bile e bohloko haholo, le e tepelletsang maikutlong, e bile le liphello tse ntle. Lingaka, baoki, batsamaisi ba sepetlele, batho ba litumelo tse ling, le ba khaso ea moeeng kaofela ba ile ba thusoa ho utloisisa hamolemonyana pono ea Bibele ka mali. Hape e bile lipaki tse boneng ka mahlo ho sebetsa ha tumelo e sa sisinyeheng.
Likhoeli tse peli feela kamor’a phihlelo ea hae e bohloko, Bonnie o ne a tsoetse mosebetsing oa bopaki ba phatlalatsa hape, a etsa mosebetsi oo ao ratang haholo. ’Me joale ka tlhohonolofatso e eketsehileng, o na le molekane e mocha oa pula-maliboho, lesea la rōna la ngoanana, Allie Lauren.—Joaloka ha ho boletse Steven M. Beaderstadt.
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 26]
Mooki oa basebetsi ba tsa meriana ba sefofaneng o boletse, “A ka be a shoele!”
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 28]
Ngaka ea re: “Re boemong bo sa tloaelehang mona hobane ha re e-s’o ka re fihla bohōleng bona kantle ho tšebeliso ea mali”
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Mosali oa ka o ile a phekoleloa mochineng o fepelang oxygen o tšoanang le ona
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Setsi sa Meriana sa Memorial Long Beach
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Mosali oa ka le morali oa ka kamor’a hore ba fole