Bacha Baa Botsa . . .
Hobane’ng ke sa Khone ho ba Boinotšing Nako e Eketsehileng?
Mokhatlo o Ratehang oa Watchtower:
Ke na le lilemo tse 12. Ke hobane’ng ha ke sa khone ho ba boinotšing? Batsoali ba ka ha ba ntšepe ka ho lekaneng ho ntumella hore ke be le TV ka kamoreng ea ka. Kea tseba hore ba amehile, empa ha ho hlokahale!
[Ho saenne] Keith
NAKO ea boinotši—hangata bacha ba lilemo tse ka tlaase ho 20 ba ikutloa hore ha ba fumane karolo ea bona e felletseng ea eona. Ha Heather ea lilemo li 15 a amohela lengolo kapa thelefone e tsoang ho metsoalle ea hae,’m’aè o ’motsa ka tsela e bohale ka hore na molaetsa kapa litaba li ne li re’ng. Ekasitana le ha Heather a batla ho lula a le mong ka kamoreng ea hae, ’m’aè a ka batla ho tseba hore na ke hobane’ng a batla ho etsa joalo.
Alison ea lilemo li 12 o na le bothata bo fapaneng. “Batsoali ba ka ba mpha tokoloho e lekaneng ea ho ba boinotšing, empa khaitseli ea ka ha e mphe tokoloho eo. Re sebelisa kamore e le ’ngoe. Ka linako tse ling ke fihla pelenyana hae ’me ke qalise ka mosebetsi oa ka oa sekolo, ’me hang feela ha a fihla, o qala ho mpolella se etsahetseng sekolong . . . Bosiu, ha ke ntse ke etsa mosebetsi oa ka oa sekolo, eena le moena oa ka . . . ba ikenela feela ka kamoreng. Ba qale ho e hlekemanya, ’me ke ’na ea tla lokela ho e hleka.”—Listen to Us!, e ngotsoe ke Dorriet Kavanaugh.
Nako ea boinotši e bolela lintho tse fapaneng ho batho ba fapaneng, ’me litlhoko tsa batho ka bomong lia fapana. Ba bang ba batla ho ba le nako e nyenyane ea ho phomola ba le bang. Ba bang ba batla ho laola nako ea bona le lintho tsa bona. Leha ho le joalo, ba bang ba batla ho sireletsoa baneng ba bobona ba ratang litaba tsa bona, bao ba kenang sekolo le bona, le batsoali ba itšunyang litabeng tsa bona ka ho fetelletseng.
Ho thoe’ng ka uena? Na ka linako tse ling u ikutloa u hloka “sebaka,” kapa nako ea boinotši, bophelong ba hao? Haeba ho le joalo, u se nahane hore mohlomong u batla ntho e sa tloaelehang. Bangoli ba The Healthy Adolescent: A Parents’ Manual, ba re: “Bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba batla nako ea boinotši ’me ba e hloka.” Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha tokoloho ena e le bohlokoa hakaale ho bacha? ’Me ke hobane’ng hangata ho le thata hore ba e fumane?
Nako ea Boinotši—Ea Hlokeha
Ho batla nako ea ho ba boinotšing ho utloahala haholo ha u le mocha ea lilemo tse ka tlaase ho tse 20. U hōlela botsoaling, ’me ka tlhaho u batla ho tsoa taolong ea batsoali ba hao. Ho ea ka babatlisisi Jane Norman le Myron W. Harris, ho batla nako ea ho ba boinotšing ke tsela e ’ngoe eo bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ‘ba beang lekhalo la maikutlo pakeng tsa bona le litho tse ling tsa lelapa.’
Hape nako ea boinotši e sebeletsa litlhoko tse ngatanyana tsa motheo tsa batho. Ho ea ka seithuti sa mahlale sa bolulo Albert Mehrabian, ho ipha nako e nyenyane ho ka sebeletsa e le tšireletso likhatellong tsa bophelo ba letsatsi le leng le le leng. Mehrabian o bolela hore “tokoloho e fokolang ea ho ba boinotšing e tsoala khathatso e khōlō maikutlong. U kula khafetsa, u pepesehela likotsing, u halefa kapele—ha u mamelle batho—’me haeba boemo bo phehella, u tepella maikutlong.”
Esita le Mora oa Molimo o kile a re ho barutuoa ba hae: “Tlong kathōko feelleng, le phomole hanyenyane. Hobane batho ba bangata ba ne ba etla, ba bang ba eea, ’me baapostola ba ne ba se na sebaka le sa ho ja.” (Mareka 6:31) Nakong eo, ba ne ba hloka nako ea ho ba boinotšing! Ho hlakile hore e ne e le batho ba baholo. Leha ho le joalo, bacha ba bangata ba ka utloa tlhoko e tšoanang. Nahana ka Erika e monyenyane. Ha a ferekane, u fumana ho le molemo haholo ho qoba ho ba har’a batho. Ua hlalosa: “Ba nkhathatsa maikutlong. Ke tlhaho ho batla ho ba mong ka nako e itseng. U lokela ho ba le nako ea boinotši ho seng joalo u tla halefa kapa u tepelle maikutlong.”
Patlisiso e bontša hore ho ba mong ka nako e itekanetseng ho molemo. Buka Being Adolescent e re: “Batho ba hloka ho ba bang ho haha botho ba bona.” E phaella ka hore “ha feela nako ea boinotši e sa feteletsoe—ho ba sieo ha ba bang ho re nolofalletsa ho hlophisa menahano ea rōna, ho nahanisisa hamolemonyana.” Tlhahlobo e entsoeng ke bangoli ho bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba 75 e senotse hore kamor’a nako e nyenyane ea boinotši, ‘boemo ba kelello’ ba bacha bo a ntlafala. “Ho phaella ho beng seli haholoanyane, bacha ba tlaleha hore ba ikutloa ba thabile haholoanyane ’me ba le matla kamor’a hore ba be boinotšing.”
Ka ho thahasellisang, ka Bibeleng re bala hore mopatriareka Isaaka o ne a “tsoetse naheng ho ea imamela ha e le mantsiboea.” (Genese 24:63) Kapelenyana boikarabelo bo boima bo ne bo tla beoa holim’a hae. Ha ho pelaelo hore linako tse joalo tsa ho ba boinotšing li thusitse Isaaka ho hlophisa menahano ea hae le ho phomola.
Nako ea Boinotši—Ke Hobane’ng ha ho le Thata Hakaana ho e Fumana
Makasine American Health: Fitness of Body and Mind e tlalehile ka likarabo tsa liphuputso tsa Ngaka Lawrence Fisher, moprofesara oa thuto ea kelello Univesithing ea California, li re: “Bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba phela hantle maikutlong le kelellong, haeba ba na le tokoloho e lekaneng ea ho ba boinotšing.” Kahoo, ke hobane’ng hangata ho le thata hakaana ho e fumana ha u sa le mocha?
U ka lumellana habonolo le bangoli ba The Healthy Adolescent: A Parents’ Manual, ba reng: “Ho bohlokoa haholo hore [bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20] ba be le. . . menahano ea bona ea lekunutu, mangolo a bona, lithelefone le libuka tsa ho ngola liketsahalo tsa letsatsi ka leng tse sa tšoaroeng ke ba bang.” Leha ho le joalo, batsoali ba hao ba ka batla ho ba ba fapaneng, ba nahane hore ba na le tokelo ea ho thahasella lintho tsohle tse etsahalang bophelong ba hao.
Ka hobane batsoali ba hao ba amehile, kapa ba belaela ha ba hlokomela hore u qeta nako e telele ka kamoreng ea hao u koetse lemati, ba ka batla ho kenella nakong eo u e qetang u le mong. Kapa joaloka batsoali ba Keith ba boletsoeng qalong, ba ka batla ho hlokomela haufinyana seo u se shebellang thelevishining kapa libaesekopong. Ka linako tse ling, ho itšunya ha batsoali ho bonahala ho feteletse ho bacha ba bang. Ngoanana ea lilemo li 16 o tletlebile ho mongoli oa likoranta: “Haeba ke etetsoe ke moshemane, ’mè oa ka o nahana hore ke ntho e mpe ha re koala monyako re le ka kamoreng. Kamehla o hoeletsa ka lentsoe le phahameng, Tlohelang monyako o butsoe!’ Taba ena e ne e ntšoabisa. . . Ha ho letho leo re ntseng re le etsa.” Empa, ’mè o nepile, ho tlohela monyako o butsoe ke tšireletso e loketseng le e molemo tekong ea ho etsa bobe.
Hape nako ea boinotši e ka lekanyetsoa ke maemo a hao. Linaheng tse ngata, sebaka sa bolulo se phahame haholo ka theko, ’me malapa a lula a khobokane ka kamoreng e le ’ngoe. Esita le linaheng tse ruileng, malapa a mangata ha a khone ho fa ngoana ka mong kamore ea hae. Sena e ka ’na ea eba mohloli oa lintoa tse ngata tsa bolulo. Ngoanana e mocha eo ka tšohanyetso a iphumaneng lelapeng la bana ba bane kamor’a hore ’mè oa hae a nyaloe hape o boletse: “Hajoale ha ke sa na kamore ea ka. Ke lokela ho kopanela ntho e ’ngoe le e ’ngoe le ba bang.”
Litokelo ha li Bapisoa le Tšoanelo
Batsoali ba itšunyang litabeng tsa hao, likhaitseli, le bana beno ka motsoali oa bobeli, sebaka se lekanyelitsoeng sa bolulo—tsena e ka ba mohloli oa sebele oa ho halefa ha mocha ea lilemo tse ka tlaase ho tse 20 ea batlang tokoloho e nyenyane ea ho ba boinotšing. Leha ho le joalo, ho bohlokoa haholoanyane ho feta “litokelo” tsa botho ke tšoanelo le boikarabelo tseo Molimo a faneng ka tsona.
Ka mohlala, batsoali ba laetsoe ho “ruta” bana ba bona. (Liproverbia 22:6, NW) Ka linako tse ling sena se kopanyelletsa ho lekanyetsa nako ea hao ea ho ba boinotšing. Ba tseba ho tsoa phihlelong hore ho ikhetha haholo ho ba bang ha ho hotle, ho fella ka hore mocha a fetohe ea iphapanyang, a tepelle maikutlong, kapa a ikhohomose. Joaloka ha Liproverbia 18:1 e bolela: “Motho ea ikhethang ho ba bang o batla ho ikhahlisa eena a ’notši.” Hape ba tseba hore “bothoto bo tlameletsoe pelong ea moshanyana”—kapa ngoanana. Mocha “ea ipusang” kantle ho litataiso kapa lithibelo a ka intša kotsi habonolo ’meleng, maikutlong, le moeeng. (Liproverbia 22:15, NW; 29:15) Ka lebaka leo, ha ho makatse hore batsoali ba bona e le tšoanelo ea bona ho hlokomela nako ea hao ea ho ba boinotšing.
Le uena u na le tšoanelo ea bohlokoa. “Hlonepha ntat’ao le ’m’ao.” (Ba-Efese 6:2) Sena se bolela ho se rabele kapa ho loantša litakatso tsa batsoali ba hao empa ho sebelisana le bona ka hohle kamoo u ka etsang kateng. Empa ho thoe’ng haeba ba u behela lithibelo tseo u nahanang hore ha lia loka? Ho bua ha hao ka bolokolohi se pelong, ho tšepahala, le ho ka tšepjoa ka ho feletseng ho neoa boikarabelo ho ka fella ka ho fokotsa ha bona leihlo la bona ho uena. Ho joalo le ka mathata a hlahang a ho kopanela lintho le likhaitseli tsa hao—hangata ho ka nkuoa mehato e bohlale ho ntlafatsa boemo. Sehlooho se latelang se tla bua ka tse ling tsa lintho tsena.
Khabareng, leka ka hohle ho lokisa boemo ba hao. Nako e lekanyelitsoeng ea ho ba boinotšing e batloa ke bacha ba limillione. Leka ho ba le boikutlo ba botho ka boemo ba hao, ’me o leke ho qoba ho tšoenyeha maikutlong kapa ho halefa. Tsena li ka etsa hore boemo ba hao bo thata bo mpefale. ’Me u hopole hore taolo e nepahetseng ea tokoloho ea hao ka batsoali ba hao ba lerato le ba tsotellang ke tšireletso le tlhohonolofatso. E lebohe.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Hangata ho thata ho fumana nako ea ho ba boinotšing ha u kopanela kamore le ngoan’eno