Ba Nang le AIDS—ke ba Bakae ba ka Shoang?
HA AIDS e ne e tsejoa ka lekhetlo la pele ka 1981, balaoli ba bophelo bo botle ba ’mele ba ile ba lekanyetsa hore karolo e etsang 5 ho ea ho 10 lekholong ea ba neng ba e-na le kokoana-hloko ena ba ne ba tla tšoaroa ke boloetse boo ’me ba shoe. Empa kokoana-hloko ena e bonahala kamor’a nako e telele ’meleng o tšoaelitsoeng. Matšoao a ho ba teng ha eona a ka nka lilemo tse hlano kapa ho feta pele a bonahala.
Hona joale, balaoli ba bang ba nang le phihlelo ea lilemo tse robeli, ba lekanyetsa hore karolo ea 40 ho ea ho 50 lekholong, kapa ho feta, ea ba nang le kokoana-hloko ea AIDS ba tla ba le boloetse boo ’me ba shoe. AIDS and the Third World e boletse: “Ho boletsoe hore mohlala oa computer o bontšitse hore karolo ea 50% ea batho ba nang le HIV ba tla ba le AIDS e feletseng nakong ea lilemo tse hlano, ’me karolo ea 75% nakong ea lilemo tse supileng tse latelang.” (Lentsoe “HIV” le tsoa mantsoeng “Human Immunodeficiency Virus,” [Kokoana-hloko e Felisang Boitšireletso ba Motho Mafung], kokoana-hloko ea AIDS.)
Khatiso ena e tsoetse pele ka ho re: “Litsebi tse ngata tsa meriana, le litsebi tse ngata tsa mahlale a likokoana-hloko, ha joale li lumela hore palo ea ba shoang har’a ba nang le kokoana-hloko ea HIV e tla atamela haholo ho karolo ea 100% . . . Tumelo ea hore qetellong ba tla shoa kaofela e theiloe hanyenyane ’neteng ea hore selemo ka seng ha se fela, batho ba eketsehileng ba tšoaelitsoeng ke kokoana-hloko ena lilemong tse tharo tse fetileng kapa tse ’ne kapa tse hlano ka sebele ba tšoaroa ke boloetse bona. ’Me e theiloe hanyenyane lithutong tsa kokoana-hloko ea HIV ka boeona.” Ho hlakile hore maikutlo a joalo e mpa e le a lekanyetsang feela. Ho tla bonahala feela ha nako e ntse e tsamaea haeba sena se tla etsahala.
Dr. Anthony Fauci, mobatlisisi Sepetleleng sa Sechaba sa Bophelo bo Botle United States, o hlokometse hore karolo e ka etsang 90 lekholong ea batho bao liteko li bontšang hore bana le kokoana-hloko ea HIV nakong ea lilemo tse hlano ba ba le mofuta o mong oa ho senyeha ha tšebetso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung.
Esita le haeba ho ne ho ka shoa karolo ea 50 lekholong “feela” ea batho ba limillione tse 50 ho ea ho tse 100 bao ho lekanyetsoang hore ba tla ba le kokoana-hloko ena haufinyana, hona ho ne ho tla bolela ho shoa ha batho ba limillione selemo ka seng neng-neng lilemong tse leshome tse tlang. Mohloli o mong o bolela palo e lekanyelitsoeng ea ba tla shoa Afrika feela e le e ka bang mashome a limillione.
Ha e Bapisoa le Ntoa
Liphello tsa koluoa ea AIDS bophelong bo lahlehang, ho senyeheng ha mokhatlo oa batho, le ho senyeheng ha chelete li bapisoa le liphello tsa lintoa tse khōlō.
Ka mohlala, United States, ba ka bang 40 000 ba se ba shoele. Ho boleloa hore ba bang ba millione o le mong ho ea ho tse peli ba tšoaelitsoe. Motseng oa New York feela, baahi ba lekanyetsoang ho 250 000 ho ea ho 400 000 ba na le kokoana-hloko ena. Libakeng tse ling tsa motse, AIDS e fetohile lefu le tloaelehileng le tšoaetsang haholo masea a sa tsoa belehoa.
Le hoja palo ea batho ba tšoaetsoang haholo ke lefu lena e batla e fokotsehile United States le tšabo ea ho tšoaetsoa ke AIDS har’a batho ba bang le likamano le balekane ba bong bo sa fapaneng le ba bona ha e e-so ho fele, lenane la ba shoang e tla ’ne ebe le phahameng nakong e tlang. Litsi tsa U.S. tsa Taolo ea Mafu Atlanta li lekanyetsa hore bofelong ba 1991, Maamerika a fetang 200 000 a tla be a bolauoe ke AIDS. Selemong se le seng, 1991, ho lebelletsoe hore e tla bolaea ba fetang 50 000. ’Me bofelong ba 1992—lilemo tse ’ne feela ho tloha ha joale—Maamerika a mangata a tla be a bolauoe ke AIDS ho feta ba shoeleng Ntoeng ea I ea Lefatše, Ntoeng ea Korea, le Ntoeng ea Vietnam li kopane.
Ha e le hantle, The Futurist ea bolela: “AIDS e ka bolaea batho ba bangata bofelong ba lekholo lena la lilemo ho feta ba bolailoeng lintoeng tsohle tsa rōna [tsa lichaba tsohle]”.
Litšenyehelo tse lekanyelitsoeng lia tšosa. United States ho lekanyetsoa liranta tse 115 000 kapa ho feta ka selemo bakeng sa mokuli ka mong. Kahoo lilemong tse ka pele, ho tla hlokoa liranta tse limillione tse likete ho lefella tlhokomelo ea mokuli selemo se seng le se seng. Ba bang ba na le tšabo ea hore litsamaiso tsa tlhokomelo ea bophelo bo botle li tla hlōleha ho mamella palo ea bakuli kapa litšenyehelo.
E Mpe Haholo Afrika
Afrika ke lintoa tse ’maloa feela, haeba li bile teng, tse entseng se kileng sa etsoa ke AIDS hona joale. New Scientist ea Brithani e hlalositse: “AIDS e atile Afrika.” Sehlooho ho Politiken ea Denmark se boletse: “Molaoli ea ka sehloohong oa AIDS Uganda o boletse, ‘Ka ntle le hore ho hong ho fetohe, har’a batho ba babeli a le mong o tla ba le kokoana-hloko ea HIV selemong sa 2000.’ Hoo e batlang e le halofo ea bakuli bohle ba AIDS Afrika ke basali ba leng lilemong tsa bona tsa ho ba le bana. Rwanda ho lekanyetsoa hore har’a bakuli ba bahlano ba nang le AIDS a le mong ke ngoana. Zambia, ho tla tsoaloa masea a 6 000 a nang le AIDS selemong sena. Har’a liotsoa tse 800 tse hlahlobiloeng Nairobi, tse 9 ho tse 10 li ne li tšoaelitsoe ke kokoana-hloko ea HIV. ’Me ka karolelano basali bana ba kopanela liphate le banna ba 1 000 ka selemo.”
“Haeba re sa etse letho, kontinente ena e tla shoa,” ho bolela Pieter Piot, setsebi sa Belgium. Jonathan Mann, ea etelletseng phutuho ea WHO, o boletse: “Ntho e ka etsoang feela ke ho tela Afrika, joaloka ha eka lefatše ha se planete e le ’ngoe. Empa lefu lena la seoa le ke ke la thibeloa naheng leha e le efe e le ’ngoe pele le ka thibeloa linaheng tsohle.”
Ka baka leo, balaoli ba bangata ba meriana ba lumela hore koluoa ea lefatše ea AIDS e se e qalile. Mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng Javier Perez de Cuéllar o e bitsa “khohlano ea lefatše” e “re tšosang ka liphello tsohle tsa ntoa.”
Ka litsela tse ling e mpe ho fetisa ntoa. Hobane’ng? Hobane ha e bonahale e tla fela, ba shoang ba ntse ba eketseha, ’me “mahlatsipa” ha a fole.
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 5]
‘Ba bangata hajoale ba lumela hore palo ea ha bolaoang ke kokoana-hloko ea HIV e tla atamela karolong ea 100’
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 5]
“AIDS e tla bolaea batho ba bangata bofelong ba lekholo lena la lilemo ho feta ba bolailoeng lintoeng tsohle tsa rona”