Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 1/8 leq. 30
  • Ho Talima Lefatše

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Talima Lefatše
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lingaka tse Buoang Tse Tšohileng
  • Baruti ba Kolobelitsoe Hape
  • Ka Lekhetlo la Pele Bakeng sa Lipaki!
  • Balekane ba Utloa Bohloko ka Bobeli
  • Tšoarelo ea Mopresidente
  • Setsebi sa Fisiks se Hlalosa Tumelo ea Sona
    Tsoha!—2014
  • Ho Etsa Hore Boimana ba Hao e be bo Sireletsehileng
    Tsoha!—2003
  • Ha Bana Ba E-ba le Bana
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Tsoha!—1988
g88 1/8 leq. 30

Ho Talima Lefatše

Lingaka tse Buoang Tse Tšohileng

Lingaka tse buoang li talimane le qeto e thata mabapi le ho buoa bakuli bao liteko li bontšang hore ba na le AIDS. “Nakong ena, ke molao oa rōna hore re se buoe [batho ba joalo],” ho bolela Ngaka W. Dudley Johnson, ngaka e tsebahalang ea ho buoa pelo. “Re sebetsana le boemo bo tletseng mali. Ho na le kotsi e khōlō ea ho hlajoa ke linale.” Ho bonahala lenane le eketsehang la lingaka le tšaba ntho e tšoanang. Phuputsong e ’ngoe, karolo e fetang 90 lekholong ea lingaka e lumellane le mokhoa oa Ngaka Johnson oa ho se phekole bakuli ba joalo. “Ha e le hantle,” ho hlokomela makasine oa Newsweek “kano ea boholo-holo e etsoang ke ba qalisang bongaka kapa melao ea hona joale ea boitšoaro ea bongaka ha e qobelle ngaka ho phekola mokuli ha e sa batle.” Ngaka Johnson o lumetse hore ho fihlela joale ha a tsebe ngaka le e ’ngoe eo mokuli a e tšoaelitseng AIDS. “Empa ha ke fetohe maikutlong a ka,” o boletse joalo.

Baruti ba Kolobelitsoe Hape

Baruti ba babeli ba Protestanta, Reinhart Weber oa Luthere le Klaus Hoffmann oa United Church, “ba kolobelitsoe hape ‘ka mokhoa oa bibele’” Lensahn, Rephabliking e Kopaneng ea Jeremane, ho tlaleha Tšebeletso ea Litaba tsa Likereke. Moruti Weber ea phomolitsoeng mosebetsing o hlalositse hore kolobetso ea masea “ha e lumellane le Bibele.” Tlaleho e hlokometse hore Hoffmann o ile a kōpa baetapele ba setereke ba Kereke ea Evangeli “ho khaotsa ho kolobetsa masea.” Karabelo ebile efe? A tlosoa ka nakoana litšebeletsong tsa hae tsa boruti.

Ka Lekhetlo la Pele Bakeng sa Lipaki!

Ka lekhetlo la pele ba boholong naheng ea Afrika ea Tanzania ba lumeletse Lipaki tsa Jehova ho kopana ka bolokolohi bakeng sa borapeli ba Bokreste. Khoeling ea Motšeanong le Phuptjane ngoahola, letoto la likopano tsa potoloho tse hlano le ile la tšoaroa ka katleho hohle naheng. Lenane lohle la ba bileng teng likopanong tsena ebile 5 177, ha kolobetsoa ba 124—palo e phahameng ka ho fetisisa ea batho ba kolobelitsoeng historing ea mosebetsi oa Lipaki Tanzania. Ho ba bangata ba bileng teng, e ne e le kopano ea bona ea pele. Kopano e ’ngoe e ne e tšoaretsoe lebaleng le leholo la lipapali la Univesithi ea Dar es Salaam. Dar es Salaam ke motse-moholo oa Tanzania.

Balekane ba Utloa Bohloko ka Bobeli

Banna ba nang le mathata a lenyalo ba hlaseloa habonolo ke mafu ho feta ba thabileng lenyalong, ho bolela mofuputsi Janice Kiecolt-Glaser le monna oa hae, Ronald Glaser, ba Univesithi ea ’Muso ea Ohio. Le hoja liphuputso tsa nakong e fetileng li ne li bontšitse hore le basali ba sa thabang lenyalong ba kulang kapele, ho fihlela hona joale tekanyo eo tšebetso ea ho itšireletsa ha ’mele mafung e fokolisoang kateng ke khatello ea lenyalo e ne e e-so ho tsejoe. Leha ho le joalo, liteko tsa mali ho banna ba nang le mathata lenyalong li bontšitse hore ba ka tšoaetsoa habonolo ke mefuta e ’meli ea kokoana-hloko ea herpes. Ho phaella moo, phuputso e entsoeng ke mofuputsi Christopher Coe, oa Univesithi ea Wisconsin, e boletse hore “litšusumetso tsa maikutlo ’meleng li tla phehella nako e telele kamor’a hore mathata a rarolloe,” ho tlaleha New York Post.

Tšoarelo ea Mopresidente

Polelo ea ’muso e rometsoeng khatisong ho tsoa ho Moemeli oa Rephabliki ea Rwanda Canada e tsebisitse hore mopresidente oa Rwanda, Molaoli Major Juvènal Habyarimana, o “hlakotse ka ho feletseng liqoso” bakeng sa Lipaki tsohle tsa Jehova tse tšoeroeng ka mabaka a bolumeli. Ho ea ka polelo ea moemeli oa ’muso ketso ena e etsahetse mohla ho neng ho ketekoa selemo sa bo25 sa boipuso ba Rwanda. Ho ba Lipaki tsa Jehova li lokolloe, li ile tsa lumelloa ho khutlela mahaeng a tsona esita le mesebetsing ea tsona. Ho tlalehoa hore bahlokomeli ba hanang ho lumellana le tšoarelo ea mopresidente ba ile ba khalemeloa ke ’muso.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela