Ketsahalo ea Bohlokoahali Historing
Ketsahalo e ne e le lefu la Jesu Kreste. Ke hobane’ng ha ho le joalo?
Le sebelelitse ho halaletsa ho loka ha Molimo, la paka hore batho ba ka boloka bonngoe bo phethehileng ho Molimo.
Le buletse batho monyetla oa ho fumana bophelo bo sa feleng Paradeiseng lefatšeng.
Jesu ke eena ea theileng sehopotso sa lefu la hae bosiung ba pele a e-shoa. Ebile moketjana o itekanetseng. Nakong ea ’ona Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae: “Etsang hona hore le ’ne le nkhopole.”—Luka 22:19, 20.
Na u tla hopola?
Lipaki tsa Jehova li u mema hore u kopanele le tsona ho keteka ketsahalo ena ea bohlokoahali historing. Selemong sena letsatsi ke Laboraro, la 22 Tlhakubele, ka mor’a shoalane. Ka kōpo botsa Holong ea ’Muso e sebakeng sa lōna bakeng sa nako e nepahetseng le sebaka. Ha ho likoleke tse tla nkuoa, ’me baeti ba amoheloa ho tla mamela puo e rutang le bo bona lintho tse tla etsahala.