Likotsi Tsa Bophelo Esita le Sebakeng Seo “Ho sa Tsujoeng” ho Sona
The Journal of the American Medical Association (JAMA), February 10, 1989, e tlalehile: “National Academy of Sciences e hlahlobile mamane a ba phefumolohang mosi o tsoang lisakareteng tsa batsubi..., haholo-holo tikolohong ea lifofane.” Puello ebile ena: “Ho thibela ho tsuba lifofaneng tsohle tsa ka hare ho naha ka mabaka a mane a maholo: ho bebofatsa khathatso, ho fokotsa likotsi tsa bophelo, ho fokotsa likotsi tsa mollo, ho etsa hore boleng ba moea o hloekileng o sefofaneng o tšoane le oa libaka tse ling tse koetsoeng.”
Phuputso e tebileng ea lefapha leo e senotse hore: “Ho pepesetsoa bokoali nakong ea maeto a sefofane ho ne ho na le liphello tse sa tšoaneng ho ea ka litekanyetso tsa mechine, ’me libaka tse ling tseo ho sa tsujoeng ho tsona li ne li e-na le tekanyetso e tšoanang ea mosi joaloka tseo ho tsujoang ho tsona. Ba sebeletsang libakeng tseo ho sa tsujoeng ho tsona ba ne ba sa sireletsoa mosing oa batsubi.”
Phuputso e bontšitse hore “litekanyetso tsa moea o nang le bokoali li ne li fapana haholo, libaka tse ling tseo ho sa tsujoeng ho tsona li ne li e-na le tekanyetso e phahameng ho feta eo ho tsujoang ho eona” ’me ba hopotsa babali hore “liphello tse mpe bophelong ba ba sa tsubeng ba phefumolohang moea oa koae, li akarelletsa kankere ea matšoafo le mafu a ho phefumoloha.”
Tokollo e tšoanang ea JAMA e tlalehile ka phuputso e fumanoeng tabeng ea matla a bokhoba a bokoali, e re: “Batho ba lekang ho fumana
pheko bothateng ba ho itšetleha ka sethethefatsi ba thathamisa matla a hohelang a sakarete le bothata ba ho tlohela sakarete a le tekanyong e tšoanang kapa e phahameng joaloka mathata ao ba nang le ’ona metsoakong ea [tahi, cocaine, heroin]”
Ka 1987 Canada e ile ea thibela ho tsuba lifofaneng tsohle tse nkang leetong la lihora tse peli kapa ka tlaase. Mekhatlo e ’meli e meholo ea lifofane ea Canada e ile ea nka mehato e phahameng haholoanyane, e thibela ho tsuba lifofaneng tsohle tsa Amerika Leboea. United States, molao oa naha o thibetse ho tsuba lifofaneng tsa maeto a makhutšoanyane, ’me “mokhatlo o mong oa US oa lifofane ka boithaopo o thibetse ho tsuba lifofaneng tsa maeto ’ohle a ka hare ho United States, ntle le a eang Hawaii le ho khutla.” Ha mekhatlo e eketsehileng ea lifofane e amohela melao e tšoanang ea ho se tsube hona ho tla thusa ho fokotsa likotsi tsa maeto a lifofane.