Lisakerete—Na Ua li Nena?
Naha e ileng ea kenya letsoho tabeng ea hore lefatše le tsebe koae, e etelletse pele ho hlokomeliseng ka kotsi ea eona.
RAHISTORI e mong o ngotse hore: “Paleng ha ho moo ho ngotsoeng ka koae pele ho ho sibolloa ha Amerika.” Matsoalloa a Caribbean a ile a e fa Columbus. Jamestown, motsana oa pele oo Mabrithani a ileng a tsitsa ho oona Amerika Leboea, o ile oa ntšetsoa pele ka matla ke ho romelloa ha eona linaheng tse ka ntle. Ho rekisoa ha eona ho ile ha thusa ho hlahisa chelete e ileng ea tšehetsa Phetohelo ea Amerika. Bapresidente ba pele ba United States, George Washington le Thomas Jefferson, e ne e le lihoai tsa koae.
Lilemong tsa morao-rao, Hollywood e ile ea sebelisa lisakerete e le letšoao la ho hoka ka lerato, botle bo hohelang le bonna. Masole a Amerika a ne a li fa batho bao a neng a teana le bona linaheng tseo a neng a loana ho tsona. ’Me ho boleloa hore ka mor’a ntoa ea bobeli ea lefatše, “ho tloha Paris ho ea Peking,” ho ne ho rekoa ka koae.
Empa lintho li ile tsa fetoha. Ka la 11 January, 1964, ngaka-kakaretso ea United States e ile ea lokolla tlaleho ea maqephe a 387 e amahanyang ho tsuba le emphysema, kankere ea matšoafo le maloetse a mang a tebileng. Kapele ka mor’a moo molao oa naha o ile oa laela hore mabokoseng ’ohle a lisakerete tse rekisoang United States ho ngoloe “Tlhokomeliso: Ho Tsuba Sakerete ho ka ba Kotsi Bophelong bo Botle ba ’Mele oa Hao.” Hona joale, ho boleloa hore ho tsuba ho ikarabella tabeng ea ho shoa ha batho ba hakanyetsoang ho 434 000 ka selemo United States. Palo eo e feta ea Maamerika ’ohle a ileng a bolaoa ntoeng lekholong le fetileng la lilemo!
Ho Behoa Lithibelo
Lilemong tse ka holimo ho tse leshome tse fetileng, Aspen, Colorado, sebaka sa phomolo se tummeng nakong ea mariha, e ile ea thibela ho tsuba libakeng tsa eona tsa ho jela. Ho tloha ka nako eo, likarolo tseo ho sa tsubeloeng ho tsona li tloaelehile haholo libakeng tsa ho jela, mesebetsing le libakeng tse ling tsa sechaba. Lilemong tse ngata tse fetileng, monna e mong oa California o ile a botsa morali oa hae hore na karolo eo ho sa tsubeloeng ho eona sebakeng se seng sa ho jela sa Virginia e hokae. A araba: “Ntate, mona ho busa koae!” Nakong ea leeto la hae la bobeli moo, halofo ea sebaka seo sa ho jela e ne e boloketsoe batho ba sa tsubeng. Morao tjena, ha aa ka a bona motho ea tsubang moo.
Empa ho ba le likarolo tse ka thōko bakeng sa batho ba tsubang ha hoa rarolla bothata. Mamatjana a phatlalatso a maholo a tšehetsoang ke ’muso a sikileng le litsela tse khōlō California, a hlahisitse potso: “Ebe u nahana hore mosi o tseba ho fella feela ka karolong ea ba tsubang?”
Ha ho ne ho thibeloa ho tsuba libakeng tsa ho jela tse ka sehloohong New York City, beng ba tsona ba ile ba tletleba ka ho re sena se ne se tla leleka bahahlauli ba tsoang Europe moo ba neng ba bolela hore ho na le melao e fokolang e laolang ho tsuba. Empa, patlisiso ea pejana e ne e sibolotse hore karolo ea 56 lekholong ea Maamerika e ne e ka thabela haholo ho ea libakeng tsa ho jela tseo ho sa tsubeloeng ho tsona, ha karolo ea 26 lekholong feela e ne e ka ba monyebe ho etsa joalo.
Letšoao le leng le behiloeng litereneng tse tsamaeang ka tlaase ho lefatše tsa New York City, le re: “Molaetsa oa tšoana ka puo efe kapa efe: Liteisheneng tsa rōna kapa litereneng tsa rōna, ha ho tsujoe ka nako efe kapa efe le kae kapa kae. Rea leboha.” Letšoao lena ha le bolele molaetsa ona ka Senyesemane feela empa le o bolela le ka lipuo tse ling tse 15.
Na taba ee e hlile e tebile hakaalo? E. Haeba batho ba 300 ba ne ba ka shoa tlokotsing e khōlō, taba ena e ne e tla phatlalatsoa ka matsatsi a mangata, mohlomong le ka libeke tse ngata. Empa sehlooho se leng ho The Journal of the American Medical Association se boletse hore ho ’nile ha hakanngoa hore selemong se seng le se seng Maamerika a 53 000 a bolaoa ke liphello tsa ho phefumoloha mosi oa lisakerete tsa batho ba bang ka nako e telele. E ile ea bolela hore hoo ho ne ho tla etsa hore ho phefumoloha mosi oa koae o tsoang ho motho e mong kapa o tikolohong e be “sesosa sa boraro ho tse ka sehloohong tse ka thibeloang tsa lefu, ha ho qaloa ka ho tsuba le tahi.”
Bana—Bahlaseluoa ba se Nang Boitšireletso
Ho thoe’ng ka ho tsuba ka lapeng? Healthy People 2000, eo e leng khatiso ea ’muso ea United States e behang lipakane tsa ho fokotsa “lefu le tlang pele ho nako le maloetse a sa hlokahaleng le kholofalo,” e ile ea re: “Tšebeliso ea koae e ikarabella ho shoeng ha batho ba fetang a le mong ho ba bang le ba bang ba tšeletseng United States ’me ke sesosa se le seng se seholo ka ho fetisisa sa lefu le maloetse se ka thibeloang sechabeng sa habo rōna.”
E ile ea phaella: “Ho tsuba lisakerete nakong ea boimana ho ikarabella karolong ea 20 ho isa ho ea 30 lekholong ea bana ba hlahang ba fokola boimeng ba ’mele, le ho ea ho karolo ea 14 lekholong ea bana ba hlahang pele ho nako le hoo e ka bang karolo ea 10 lekholong ea masea ’ohle a shoang.” E boletse hore bo-’mè ba tsubang ba ke ke ba fetisa likarolo tsa mosi oa koae feela ka ho nyantša lesea kapa ka ho tsuba moo lesea le leng teng empa ba ka li fetisa le ka “ho beha lesea ka kamoreng eo ho sa tsoa tsubeloa ka ho eona.”
Bo-ntate le bona baa ameha. Khatiso eona eo e ile ea eletsa: “Haeba batho ba bang sebakeng se le seng le bana ba tlameha ho tsuba, ba lokela ho tsubela ka ntle kapa libakeng tse sa iseng moea libakeng tseo ngoana a ka bang ho tsona.” Kotsi ea eketseha ha ho e-na le palo e eketsehileng ea batho ba baholo ba tsubang ka kamoreng e le ’ngoe, le ha palo ea lisakerete tse tsujoang e eketsehile. Kahoo, Joycelyn Elders, eo e kileng ea e-ba ngaka-kakaretso United States, o ile a re: “Bana ba lōna ke bahlaseluoa ba se nang molato ba lintho tseo le li lemaletseng.”
Batho ba bang le bona ba kotsing. Papatso e ’ngoe e tšehetsoang ke ’muso ea thelevishene California e bontšitse monna-moholo e mong ea lutseng a le mong. O ile a bolela hore mosali oa hae kamehla o ne ‘a lula a mo kentse lephele ka tsebeng’ ka taba ea ho tsuba. “O bile a ntšosa ka hore o tla khaotsa ho ntšuna haeba ke sa tlohele. Ke ile ka re matšoafo ke a ka, le bophelo ke ba ka. Empa ke ne ke fositse. Ha kea ka ka tlohela. Ke ne ke sa hlokomele ho hang hore bophelo bo neng bo tla ntahlehela e ne e se ba ka . . . E ne e le ba hae.” Ha a shebile setšoantšo sa hae ka pelo e bohloko, monna-moholo o ile a phaella: “Mosali oa ka e ne e le tšiea bophelong ba ka.”
Pono e Fetohileng
Litemoso tse joalo li tlatselitse tabeng ea hore ho tsuba ho fokotsehe haholo United States. Ho makatsang ke hore Maamerika ao ho hakanngoang hore a ka ba limilione tse 46—karolo ea 49,6 lekholong ea ba kileng ba tsuba—a tlohetse!
Leha ho le joalo, lik’hamphani tsa koae li lokiselitse lichelete tse ngata tsa ho bapatsa ’me lia itoanela. Kahoo, palo e neng e theoha ea ba tsubang ha e sa fokotseha. Joseph A. Califano e monyenyane, oa Center on Addiction and Substance Abuse e Univesithing ea Columbia, New York, o itse: “Tšokelo e khōlōhali bophelong bo botle ba sechaba e tsoang indastering ea koae [ke] tšebeliso ea eona ea papatso le mekhoa ea thekiso tse tobisitsoeng ho bana le bacha ba emelang letlōbō le lecha la ba lemallang sehlahisoa sa eona se bolaeang.”
The Journal of the American Medical Association e ile ea re: “Batho ba sa leng bacha bao ho hakanngoang hore ba 3000, haholo-holo bana le ba sa leng lilemong tsa bocha, ba fetoha litsubi tsa kamehla letsatsi le leng le le leng. Sena se emela litsubi tse ncha tse ka bang milione, tseo selemo le selemo, li koalang sekheo sa karolo e ’ngoe ea litsubi tse ka bang limilione tse 2 tse tlohelang ho tsuba kapa tse shoang selemo le selemo.”
Palo e ka holimo ho halofo ea litsubi tsohle United States e qala ha e le lilemo li 14. David Kessler, mokomishinara oa Food and Drug Administration ea United States, o boletse hore ho bana ba 3000 ba qalang ho tsuba letsatsi le leng le le leng, ba ka bang 1000 qetellong ba tla bolaoa ke maloetse a amanang le ho tsuba.
Haeba u tšoenngoa ke lipalo tse joalo, e ne e ka ba hantle ho hopola hore bana ba rōna ba latela mohlala oa rōna. Haeba ha re batle ha ba tsuba, le rōna ha rea tšoanela ho tsuba.
Thekiso Mose ho Maoatle
Le hoja ho tsujoa ha lisakerete United States ho fokotsehile, thekiso ea tsona linaheng tse ling e eketsehile. Los Angeles Times e ile ea tlaleha hore “[koae] e romelloang ka ntle ho naha e eketsehile ka makhetlo a fetang a mararo ’me thekiso e etsoang ke lifeme tsa koae tsa United States mose ho maoatle e ipabotse.” The New England Journal of Medicine e boletse hore linaheng tse hōlang moruong “likotsi tsa ho tsuba ha li totobatsoe hakaalo,” e leng ho lumellang lik’hamphani tsa koae ho “itsetsepela ka potlako limmarakeng tsa linaha lisele.”
Leha ho le joalo, Patrick Reynolds, mora oa R. J. Reynolds, e monyenyane, e bile e le setloholo sa mothehi oa k’hamphani e etsang lisakerete tsa Camel le tsa Winston, o boletse hore lefu le le leng ho a mahlano United States le bakoa ke ho tsuba. Reynolds o ile a boela a tlalehoa moo a reng ho tsuba ho bolaea batho ba eketsehileng selemo le selemo ho feta ba bolaoang ke k’hok’heine, tahi, heroine, mollo, ho ipolaea, ho bolaeana, AIDS le likotsi tsa makoloi li le kaofela, le hore mehleng ea rōna ke sesosa se le seng se seholo ka ho fetisisa se ka thibeloang sa lefu, maloetse le temallo.
Na ho utloahala ho makatsa hore naha e ileng ea kenya letsoho tabeng ea hore lefatše le ithute ho tsuba joale e se e hlahisa khanyetso e hōlang e akaretsang naha khahlanong le koae? Haeba ho joalo, e ka ba hantle hore re ipotse, ‘Ke mang ea ka arabelang hamolemo?’
Makasine ea Modern Maturity e boletse ka mosali ea neng a ile a tsuba ka lilemo tse fetang 50. O ile a re: “Ha u tšoasehile, u tšoasehile.” Empa o ile a itebatsa boikutlo ba monyaka bo ileng ba mo etsa hore a qale ho tsuba, a seka-seka mabaka ao a neng a ikemela ka ’ona hore a tsoele pele, eaba oa tlohela.
O ile a ngola: “Ho leke. Hoa babatseha.”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 28]
Ho ’nile ha “hakanngoa hore ka bo-1990 linaheng tse tsoetseng pele moruong, koae e tla bolaea hoo e ka bang karolo ea 30 lekholong ea batho bohle ba shoang ba le lilemo li 35 ho isa ho tse 69, e leng ho e etsang sesosa se le seng se seholo ka ho fetisisa sa lefu le tlang pele ho nako linaheng tse tsoetseng pele moruong.”—NEW ENGLAND JOURNAL OF MEDICINE
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 29]
Litemoso Mabapi Le Kankere
Litemoso tse latelang li tsoa libukaneng tsa American Cancer Society tse bitsoang Facts on Lung Cancer le Cancer Facts & Figures—1995:
• “Basali ba sa tsubeng ba kotsing ea kankere ea matšoafo ka 35% haeba banna ba bona baa tsuba.”
• “Bakuli ba hakanyetsoang ho 90% ba kankere ea matšoafo banneng le 79% basaling, ba teng ka lebaka la ho tsuba lisakerete.”
• “Bakeng sa setsubi se tsubang lipakete tse 2 ka letsatsi se tsubileng ka lilemo tse ka holimo ho 40, ho bolaoa ke kankere ea matšoafo ho phahame ka makhetlo a ka bang 22 ho feta ho motho ea sa tsubeng.”
• “Tšireletso e molemohali kankereng ea matšoafo ke ho se qale ho tsuba le ka mohla, kapa ho khaotsa hang-hang.”
• “Ha ho ntho e kang sakerete e se nang kotsi.”
• “Ho sebelisoa ha koae e hlafunoang kapa senifi ho phahamisa kotsi ea kankere ea lehano, qoqotho, ’metso le kolu ’me ke mokhoa o lemallehang habonolo.”
• “Kotsi e eketsehileng ea kankere ea marama le marenene e ka ’na ea imena ka makhetlo a ka bang mashome a mahlano har’a batho ba porompang ka nako e telele.”
• “Batho ba tlohelang ho tsuba, ho sa tsotellehe lilemo, ba phela haleletsana ho feta batho ba tsoelang pele ba tsuba. Ha ho bapisoa le litsubi tse tsoelang pele ho tsuba, litsubi tse tlohelang ho tsuba pele li e-ba lilemo li 50 li na le monyetla o etsang karolo ea 50 lekholong oa ho se oele kotsing ea ho shoa lilemong tse latelang tse 15.”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 31]
Qaka Ea Rapolasi
Melokong e latellanang koae e ’nile ea phelisa malapa ao mapolasi a ’ona a leng manyenyane haholo hore a ka phela ka sejalo leha e le sefe se seng. Ho totobetse hore ’nete ena e bakela batho ba bangata bothata ba letsoalo. Stanley Hauerwas, moprofesa oa melao ea litekanyetso tsa thuto ea bolumeli Univesithing ea Duke, sekolo se ileng sa thehoa ke ’mampoli e mong oa koae, o itse: “Ke lumela hore matšoenyeho a maholohali a lihoai tsa koae ke hore . . . ha li ne li qala ho e lema, li ne li sa tsebe hore ho ne ho e-na le bao e tla ba bolaea.”
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Mosi ha o felle feela karolong ea ba tsubang
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Ho tsuba nakong ea boimana ho ikarabella ho seo e ka bang karolo ea 10 lekholong ea masea ’ohle a shoang